Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 8/8 maq. 29-31
  • Nka Etsa Joang Hore ke Bohehe Haholoanyane?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa Joang Hore ke Bohehe Haholoanyane?
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Booatla ba ho Lakatsa ’Mele o “Phethahetseng”
  • Litšoaneleho Tsa ka Hare
  • Phapang Pakeng Tsa Botsoalle le ho Bapala ka Maikutlo a Lerato
  • Ke Hobane’ng ha Banana ba sa Nthate?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ha Banana ba sa Nthate?
    Tsoha!—2009
  • Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho Khaotsa ho Nahana ka ba Bong bo Fapaneng?
    Tsoha!—1994
  • Na ke Motsoalle Feela—Kapa Kea mo Rata?, Karolo ea 2
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 8/8 maq. 29-31

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Etsa Joang Hore ke Bohehe Haholoanyane?

“Ho ne ho se bonolo kapa ke ne ke ikutloa ke sa phutholoha ho qoqa le banana. Ke ne ke sa tsebe seo ba se nahanang, kamoo ba ikutloang kateng, kapa kamoo ba neng ba talima lintho kateng.”—Tyler.

KE LITŠOANELEHO life tseo banana ba li ratang haholo ho bashemane? Mocha ea bitsoang Emily o re: “Ea tsebang litaba tsa hae.” Mocha e mong, ea bitsoang Robyn o re o rata bashemane ba qabolang. Ka lehlakoreng le leng, ke litšoaneleho life tseo bashemane ba li nkang e le tsa bohlokoa ho banana? Ha ho makatse hore ebe patlisiso e ’ngoe e bontšitse hore ntho e ka sehloohong ke ponahalo ea bona e ntle. Lithahasello le litekanyetso tse tšoanang li ne li thathamisitsoe e le tsa botšelela.

Lihlooho le lipatlisiso tse buang ka likamano tsa bashemane/banana ke lintho tse tloaelehileng haholo limakasineng tsa bacha. Ka ho hlakileng, bacha ba bangata ba nahana haholo—kapa mohlomong ba tšoenyeha haholo—ka tsela eo batho ba bong bo fapaneng le ba bona ba ba talimang ka eona. Mohlomong le uena u tšoenyeha ka seo ka linako tse ling. Seo ha se bolele hore u se u loketse lenyalo. Lebaka ke hobane ha ho na motho ea batlang ho ba mobe kapa ho ba ea sa rateheng! Tyler oa hlalosa: “Ha u le mocha, u batla ho ba motho ea bohehang ho batho bohle. U batla ho amoheleha lithakeng tsa hao, ho ba batona le ho ba batšehali.” Hape, ka letsatsi le leng u ka ’na ua batla ho fumana molekane ea tšoanelehang oa lenyalo. Ha nako eo e fihla, ka tlhaho u tla batla ho ba ea bohehang mahlong a motho eo.

Leha ho le joalo, joaloka mocha oa Mokreste, mohlomong ha u na phihlelo e ngata ea ho sebelisana le batho ba bong bo fapaneng. Ho phaella moo, u ka tlas’a khatello ea lithaka hore u bonahale u le ea bohehang. Ha ho makatse hore ebe ka lebaka la limotlelara le libapali tsa litšoantšo tsa baesekopo tse mesifa-sifa tseo u li bonang thelevisheneng le maqepheng a limakasine, mohlomong u ikutloa u sa sireletseha kapa u fokola! Ha ho le joalo, ho hlokahala eng hore u be ea ratehang mahlong a batho ba bang—ho kopanyelletsa le batho ba bong bo fapaneng—ka mokhoa o loketseng le o nepahetseng?

Booatla ba ho Lakatsa ’Mele o “Phethahetseng”

Setsebi sa kelello lefapheng la tsa bongaka la ho lisa boitšoaro ba bakuli, William S. Pollack o bolela hore ka lebaka la tšusumetso ea indasteri ea boithabiso, bacha ba bangata “ba qeta lihora tse ngata ba theola boima ba ’mele, ba phahamisa litšepe le ho koetlisa ’mele, ’me ba etsa sena sohle ho fokotsa boholo ba ’mele ea bona le ho e fetola sebōpeho.” Ba bang ba bile ba etsa lintho tse feteletseng ka tsela e kotsi, ha ba je ho hang, e le hore ba ka ba le ’mele eo e “phethahetseng.” Leha ho le joalo, Setsi sa Lipatlisiso Tsa Litaba Tsa Sechaba se re: “Botle bo buelloang mecheng ea litaba bo ka finyelloa ke basali ba ka tlas’a karolo ea 5%—’me e le ha ho buuoa feela ka boima ba ’mele le sebōpeho. Haeba u batla sebōpeho se setlehali, sefahleho jj., mohlomong ke karolo ea 1% ea ba finyellang boemo boo.”

Kahoo keletso ea Bibele e ho Baroma 12:2 ke e sebetsang: “U se ke ua lumella lefatše le u potolohileng hore le u hatelle hore u tšoane le lona.” (Phillips) Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore ha ua lokela ho itlhokomela. Ke ntho e utloahalang ho itlhokomela ’meleng ka boikoetliso bo itekanetseng le lijo tse hahang. (Baroma 12:1; 1 Timothea 4:8) Ho phomola le ho robala hantle ho ka boela ha u thusa hore u shebahale le ho ikutloa ka tsela e molemohali. Ka nako e tšoanang, lebisa tlhokomelo ea hao bohloeking ba ’mele le boitlhophong ba hao. Mocha oa Brithani ea bitsoang David o re: “Ho na le ngoanana e mong ea hlileng a bohehang, empa o na le bothata ba lephoka. Batho baa mo koekoetla ka lebaka la lona.” Kahoo hlapa kamehla. Matsoho, moriri le manala a hloekileng a ka ntlafatsa ponahalo ea hao.

Le hoja Bibele e sa khothalletse ho ameha haholo ka seo u se aparang, e eletsa Bakreste ho “ikhabisa ka moaparo o hlomphehileng, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong.” (1 Timothea 2:9) Apara liaparo tse ntlafatsang ponahalo ea hao empa li se majabajaba ho tlōla kapa li sa theole seriti.a Ho itlhokomela ka tsela e ntle ho ka ntlafatsa ho itšepa ha hao. Mocha e mong ea bitsoang Paul o re: “Mohlomong ha u motho e motle hakaalo, empa u ntse u ka ’na ua intlafatsa.”

Litšoaneleho Tsa ka Hare

Le hoja sefahleho se setle le sebōpeho se setle li ka hohela, qetellong “botle ke lekoeba.” (Liproverbia 31:30, Byington) Botle ke ba nakoana, ebile bo ke ke ba nkela litšoaneleho tse ratehang tsa ka hare sebaka. (Liproverbia 11:22) Hape, hopola hore “motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.” (1 Samuele 16:7) Kahoo ho e-na le ho lebisa tlhokomelo eohle ea hao lethekeng kapa lipotongoaneng tsa hao, sebeletsa ho ikhabisa ka “motho ea ka sephiring oa pelo ka seaparo se ke keng sa bola sa moea o thōtseng le o bonolo, oo e leng oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo.” (1 Petrose 3:3, 4; Baefese 4:24) Ke ’nete hore bacha ba bangata kajeno ha ba thahaselle litšoaneleho tse lakatsehang tsa ka hare—ho se ho sa thoe letho ka litšoaneleho tsa moea.b Empa ba nang le litšoaneleho tsa moea baa li ananela ebile ba li nka li boheha!

Ha ho le joalo, tsela e molemo ea ho ba ea ratehang ho banna le basali ba Bakreste ba likelello li sekametseng linthong tsa moea ke hore le uena u be le kelello e sekametseng linthong tsa moea. Hlaolela bomoea ba hao ka thapelo, thuto ea botho ea Bibele le ka ho kopanela libokeng tsa Bokreste. (Pesaleme ea 1:1-3) Leha ho le joalo, ho boetse ho na le mekhoa le litšobotsi tse ling hape tse nang le thuso tseo u ka li ntlafatsang. Ha ho hlokahale hore u intše le moshemane kapa ngoanana kapa hore u be le likamano tsa lerato e le hore u ka ba le litšoaneleho tsena. Ho e-na le hoo, u ka li sebelisa litšebelisanong tsa hao le batho ba bang bophelong ba hao ba letsatsi le leng le le leng.

Ka mohlala, na ha u lokolohe kapa u ba lihlong ha u le har’a batho ba bong bo fapaneng? Mocha e mong ea bitsoang Paul oa lumela: “Ka linako tse ling ke ikutloa ke sa lokoloha—hobane ke banana, ’me ha ke utloisise banana joalokaha ke utloisisa bashemane. Ebile ha ke batle ho itlotlolla.” Ke joang u ka bang le sebete le boitšoaro tse tla etsa hore ba bang ba ikutloe ba lokolohile? Tsela e ’ngoe ke ka ho sebelisa monyetla oa ho ba le mefuta e mengata e sa tšoaneng ea botsoalle e fumanehang ka phuthehong ea Bokreste. Ha u le libokeng thahasella batho ba bang—eseng feela lithaka tsa hao tsa bong bo fapaneng empa le bana, batho ba baholo le ba hōlileng. (Bafilipi 2:4) Ho ithuta ho sebelisana hantle le mefuta e mengata hakaalo ea batho ho tla u thusa hore u itšepe.

Leha ho le joalo, hlokomela. Jesu o ile a re: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Matheu 19:19) Haeba u e-na le boikutlo bo nepahetseng, u ke ke ua tlatselela le ho ikutloa u sa phutholoha ha u le har’a batho ba bang.c Leha ho le joalo, le hoja ho hlokahala ho ba le boitlhompho ka tekanyo e itseng, u se ke ua feteletsa. Moapostola Pauluse o itse: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana.”—Baroma 12:3.

Ak’u boele u hlahlobisise mekhoa ea hao le mokhoa oo u sebelisanang le batho ba bang ka oona. Ngoanana e mong oa Brithani ea bitsoang Lydia o re: “Ho na le moshemane e mong sekolong ea ratoang haholo ke banana ba bangata. Empa ka mor’a hore ba mo tsebe hantle, ha ba mo rate hobane o tala ebile ha a nahanele.” Batho ba hoheloa ke motho ea buang ka mosa le ka masene, le ea nahanelang ba bang. (Baefese 4:29, 32; 5:3, 4) Dr. T. Berry Brazelton o re: “Mekhoa e metle e tšoana le phasepoto, e fana ka tokoloho le ho atametsa motho haufi le ba bang.” Mekhoa e metle “ke ea bohlokoa hore motho a amoheloe ke ba bang.”

Meetlo le melao ea mekhoa e metle ea fapana lefatšeng ka bophara. Kahoo ho ka ba hotle hore u hlokomele tsela eo banna le basali ba Bakreste ba hōlileng ba tšoaranang ka eona. Ka mohlala, na ke ntho e tloaelehileng naheng ea heno hore monna a bulele mosali lemati? Kahoo ho ithuta ho hōlisa mokhoa ona o motle ho tla u hahela botumo bo botle u le motho ea nang le botsitso le mekhoa e metle.

Qetellong, u ka fumana ho le molemo ho hlaolela boikutlo bo leka-lekaneng ba ho qabola. Bibele e re ho na le “nako ea ho tšeha,” ’me hangata ho ba bonolo hore motho ea qabolang a fumane metsoalle.—Moeklesia 3:1, 4.

Phapang Pakeng Tsa Botsoalle le ho Bapala ka Maikutlo a Lerato

Buka e ’ngoe e fanang ka “tataiso e atlehang ea ho intša le moshemane kapa ngoanana” e re lekunutu la ho hohela motho oa bong bo fapaneng ke ho hapa maikutlo ka lebonyo. Babali ba ile ba bolelloa hore ba itloaetse ho bososela, ho sheba motho eo mahlong le ho etsa ‘kenyelletso’ e phethahetseng. Keletso e joalo e fapana hakaakang le moea oa temoso ea Pauluse ho Timothea ea ho tšoara batho ba bong bo fapaneng “ka tlhoeko eohle”!—1 Timothea 5:2.

Le hoja ho hapa maikutlo ka lebonyo ho ka etsa hore motho a be le seriti, ke ho ikaketsa le ho se tšepahale. Ha ho hlokahale hore u hape maikutlo a motho ka lebonyo e le hore u ka ba le moqoqo o thahasellisang. Hape ha ua lokela ho botsa lipotso tse hlabisang lihlong kapa tse sa lokelang e le hore u ka ithuta kamoo batho ba bong bo fapaneng ba ikutloang kateng le kamoo ba nahanang kateng. Phehella ho bua ka lintho tse ‘lokileng, tse hloekileng le tse ratehang,’ ’me u tla be u bontša ho hōla le hore u monna kapa mosali eo kelello ea hae e sekametseng linthong tsa moea. (Bafilipi 4:8) Ho mamela melao-motheo ea bomolimo ho tla u etsa motho ea bohehang eseng ho batho ba bong bo fapaneng feela empa le ho Molimo ka boeena.d—Liproverbia 1:7-9.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “Bacha Baa Botsa . . . Lekunutu la ho Khetha Liaparo Tse Loketseng ke Lefe?” tokollong ea Tsoha! ea October 8, 1989.

b Ho ea ka mofuputsi e mong, lipatlisiso li bontša hore bacha ba bohlale hangata baa songoa ka lebaka la bokhoni ba bona. Ba bang ba nyelisa bohlale ba bona.

c Khaolo 12 ea buka ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, e na le litlhahiso tse ’maloa tsa ho haha boitlhompho.

d Haeba u sa ntse u le monyenyane haholo hore u ka kena lenyalong, ke ntho e bohlale hore u thabele botsoalle ba batho ba bong bo fapaneng le le sehlopha se tsoakaneng. Bona sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Ho Thoe’ng Haeba Batsoali ba ka ba Nahana Hore ke sa le Monyenyane Haholo ho Intša le Moshemane Kapa Ngoanana?” tokollong ea Tsoha! ea February 8, 2001.

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Ho e-na le ho lebisa tlhokomelo ea hao ponahalong ea hao, hlaolela litšoaneleho tsa moea

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Itloaetse ho phutholoha har’a batho ba mefuta eohle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela