Lichaba li Ntse li sa Ithute
“Haeba batho ba ne ba ka ithuta ho se etsahetseng nakong e fetileng—re ne re ka ithuta ho hongata hakaakang! Empa re foufatsoa ke Takatso e Matla le ke Mokha, ’me leseli le fumanoang Liketsahalong tse Fetileng ke lebone le ka morao sekepeng le bonesitseng feela maqhubu a ka mor’a rōna!”—Samuel Taylor Coleridge.
NA U lumellana le seroki see sa Lenyesemane, Samuel Coleridge? Na ho ka etsahala hore re foufatsoe ke takatso e matla ea ho itseng hoo re ka bang ra pheta liphoso tse tebileng tseo moloko oa nakong e fetileng o ileng oa li etsa?
Lintoa Tsa Bolumeli
Ka mohlala, nahana ka tse ling tsa lintho tseo batho ba ileng ba li etsa nakong ea Lintoa tsa Bolumeli. Ka 1095 C.E., Mopapa Urban II o ile a khothalletsa “Bakreste” hore ba nke Naha e Halalelang matsohong a Mamosleme. Marena, bahlomphehi, bahlabani le batho feela lichabeng tsohle tse tlas’a taolo ea Urban II ba ile ba arabela pitsong ena. Ho latela rahistori e mong oa mehleng e bohareng, “ha ho motho ea neng a phela ho ea ka molao oa Kreste” ea sa kang a potlakela ho arabela pitso eo.
Rahistori Zoé Oldenbourg o bolela hore boholo ba masole a bolumeli a ne a “lumela ka tieo hore ka ho jara sefapano sena [ba ne ba] sebeletsa Molimo ka Boeena ka ho toba.” O re a ne a ipona e le “mangeloi a timetso a hlaselang bana ba diabolose.” Sengoli Brian Moynahan o re a ne a boetse a lumela hore “bohle ba shoang ba tla hapa moqhaka oa ho ba bashoela-tumelo ha ba le leholimong.”
Mohlomong masole a bolumeli a ne a sa hlokomele hore sera sa ’ona se na le tumelo e tšoanang. Rahistori J. M. Roberts bukeng ea hae ea Shorter History of the World o re masole a Maislamo le ’ona a ile a ea ntoeng a kholisehile hore a ne a loanela Molimo, le “hore ha a ne a ka shoela ntoeng moo a loantšang bahetene, a ne a tla kena paradeiseng” leholimong.
Mahlakore ka bobeli a ne a rutiloe hore ntoa ea ’ona ke ea toka—e amoheloang le ho hlohonolofatsoa ke Molimo. Baeta-pele ba bolumeli le ba lipolotiki ba ile ba hōlisa litumelo tsena le ho fehla moea ona bathong bao ba ba busang. ’Me mahlakore ka bobeli a ile a etsa liketso tse sehlōhō ka tsela e ke keng ea hlalosoa.
Ke Batho ba Mofuta Ofe?
Ke batho ba mofuta ofe ba ileng ba etsa lintho tsee tse tšabehang? Boholo e ne e le batho ba tloaelehileng—ba sa fapanang le batho ba kajeno. Ha ho pelaelo hore ba bangata ba bona ba ile ba hlohlelletsoa ke likhopolo tsa batho le ke takatso ea ho lokisa ho hloka toka ho lefatšeng la mehla ea bona. Kaha maikutlo a bona a ne a phahame, ho bonahala ba ne ba sa lemohe ’nete ea hore moo ba reng ba loanela “toka,” ba ne ba tlisa ho hloka toka, bohloko le matšoenyeho ho banna, basali le bana ba likete tse makholo ba se nang molato, ba tšoasehileng libakeng tseo ntoa e kupang ho tsona.
Na seo hase sona se ’nileng sa ipheta historing? Na baeta-pele ba nang le tšusumetso e matla ha baa hlohlelletsa ka makhetlo batho ba limilione—bao ka tloaelo ba neng ba ke ke ba nahana ho etsa lintho tse joalo le ka mohla—hore ba kenelle lintoeng tse mabifi le tse sehlōhō khahlanong le lira tsa bona tsa bolumeli kapa tsa lipolotiki? Ho bitsetsa batho ntoeng mahlakoreng ka bobeli, le ho bolela hore Molimo o lehlakoreng ka leng, ho ile ha etsa hore khatello e mabifi ea lipolotiki le ea bolumeli khahlanong le ba lireng e be molaong. Sena e ne e le tsela ea ho etsa lintho e ’nileng ea khotsofatsa bahatelli ka makholo a mangata a lilemo. Moynahan o re sena ke motheo o ileng “oa lateloa ke ba ileng ba kenella Polaong e Sehlōhō ea Bonazi le ke batho ba kajeno ba hloekisang morabe o itseng, joalokaha e le oona o ileng oa fehla ntoa ea pele ea bolumeli.”
U ka ’na ua re: ‘Empa batho ba kajeno ba nang le kelello ba ke ke ba lumela hore ba thetsoe ka tsela eo. Na hona joale ha rea tsoela pele haholoanyane?’ Ho ne ho lokela ho ba joalo. Empa na ho na le se ithutiloeng liketsahalong tse fetileng? Ke mang eo ka sebele a ka reng ho na le se ithutiloeng ha a nahana ka ho teba ka se etsahetseng lilemong tse lekholo tse fetileng?
Ntoa ea Pele ea Lefatše
Ka mohlala, liketso tse entsoeng nakong ea Lintoa tsa Bolumeli li ile tsa phetoa nakong ea ntoa ea pele ea lefatše. Roberts o re ke “bo bong ba boemo bo makatsang ba 1914, ba hore naheng e ’ngoe le e ’ngoe, batho ba bangata ba mekha eohle, litumelo tsohle le merabe eohle, ba ile ba bonahala ba ikemiselitse ba bile ba thabetse ho ea ntoeng.”
Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba tloaelehileng ba ile ba ea ‘ntoeng ba ikemiselitse ba bile ba thabile’? Hobane joaloka ba ileng ba ea ntoeng ka boithatelo pele ho bona, litekanyetso le litumelo tsa bona li ne li fetotsoe ke lifilosofi tsa mehleng eo. Le hoja e ka ’na eaba ba bang ba susumelitsoe ke ho batla tokoloho le toka, ha ho pelaelo hore ba bangata ba susumelitsoe ke boikhohomoso boo ba nang le bona ba ho lumela hore sechaba sa bona se phahametse tse ling ’me ka hona, ba lokela ho li busa.
Batho bana ba ile ba susumelletsoa ho lumela hore ntoa ke karolo ea tlhaho e ke keng ea qojoa—‘ntho e itseng e tlamang bophelong.’ Sengoli Phil Williams se re “Thuto ea Darwin ea Tlhōlisano Bophelong” e ne e khothalletsa khopolo e itseng, ka mohlala, ea hore ntoa ke mokhoa o nepahetseng oa “ho felisa mefuta e sa hlokahaleng bophelong.”
Ho hlakile hore batho ka bomong ba ne ba nahana hore khopolo ea hae e nepahetse. Liphello e ile ea e-ba life? Sengoli seo e bileng e leng rahistori, Martin Gilbert, se re nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, “mebuso e ile ea khothalletsa ka matla le hona ho tšehetsa khethollo ea morabe, lerato la naha le bonatla ba sesole”—’me batho ba ile ba latela ka bofofu. John Kenneth Galbraith eo e leng setsebi ho tsa moruo, o hōletse mahaeng Canada nakong ea ntoa eo. O itse batho bohle ba neng ba mo potolohile ba ne ba bua ka “booatla ba ntoa e neng e le Europe.” Ba ne ba re “banna ba hlalefileng . . . ba ke ke ba lumella bohlanya boo.” Empa ba ile ba boela ba bo lumella. Ka liphello life? Masole a ka bang 60 000 a Canada a bile har’a masole a limilione tse robong a ileng a shoa mahlakoreng ka bobeli liketsong tse hlabisang lihlong tsa se ileng sa bitsoa ntoa ea pele ea lefatše.
Ha Hoa Ithutoa Letho
Nakong ea lilemo tse mashome a mabeli tse latelang, moea o tšoanang o ile oa boela oa bonahala ka ho hlaha ha Bofascista le Bonazi. Hugh Purcell o ngola hore Bofascista bo ile ba qala ho sebelisa “liphatlalatso tsa leshano tse tloaelehileng bo sebelisa matšoao le lipale tse iqapetsoeng ho phahamisa maikutlo a batho.” Sebetsa seo ka ho khetheha se neng se le matla e bile sa ho kopanya bolumeli le lipolotiki, moo ho neng ho rapeloa Molimo hore a hlohonolofatse masole.
Adolf Hitler e bile e mong oa “litsebi tse matla tsa ho susumetsa maikutlo a sechaba le ho bua ka bokheleke bo hlollang.” Dick Geary bukeng ea Hitler and Nazism, o re joaloka baeta-pele ba bangata ba nakong e fetileng bao e leng bo-ramenyetla, Hitler o ne a lumela hore ‘batho ba bangata ba ne ba laoloa ke maikutlo a bona, eseng likelello tsa bona.’ Purcell o re [Hitler] o ile a nka monyetla ka bofokoli bona ba motho ka hore ka masene, a sebelise hampe mokhoa oa khale oa ho susumelletsa batho hore ba hloee lira tsa bona—joalokaha a ile a “tsosa tšabo le lehloeo la Majeremane khahlanong le Bajuda.” O ile a nyelisa Bajuda a re: ‘Bajuda ba bolisa sechaba sa Majeremane.’
Se tšosang ka mehla eo ke tsela eo ho bonahalang batho ba limilione ba hlomphehang ba ileng ba susumetsoa habonolo ka eona hore ba bolaee batho ba bangata. Geary oa botsa: “Ho tlile joang hore batho bao ho nkoang hore ba linaheng tse tsoetseng pele ba se ke ba mamella feela liketso tse tšabehang tsa puso ea Bonazi, empa ba boele ba kenelle ho tsona?” Hape hase linaha tse “tsoetseng pele” feela tse ileng tsa kenella, empa le linaha tseo ho thoeng ke tsa Bokreste! Li ile tsa hoheloa ke sena hobane li khetha ho latela lifilosofi le merero ea batho ho e-na le ho latela lithuto tsa Jesu Kreste. ’Me ke banna le basali ba bangata hakaakang ba tšepahalang, ba nkoang ke likhopolo tsa lefeela, ba ’nileng ba lebisoa liketsong tse tšabehang joalo esale ho tloha ka nako eo!
Rafilosofi oa Lejeremane, Georg Hegel o re: “Phihlelo le liketsahalo tsa nakong e fetileng li re ruta hore ha ho mohla lichaba le mebuso li kileng tsa ithuta ho itseng historing kapa tsa sebelisa thuto eo li ithutileng eona haeba e le teng.” Ba bangata ba ka ’na ba hanyetsa filosofi ea Hegel mabapi le bophelo, empa ke ba ’maloa ba tla hanyetsa polelo ena. Ka masoabi, ho bonahala batho ba thatafalloa haholo ke ho ithuta ho itseng liketsahalong tsa nako e fetileng. Empa na le uena u lokela ho oela sehlopheng see?
Ka sebele, thuto e hlakileng e ka ithutoang ke ena: E le ho qoba likoluoa tse hlahetseng meloko e fetileng, re hloka ho hong ho tšepahalang haholo ho feta feela ho itšetleha ka filosofi ea motho e tletseng liphoso. Joale, haeba re sa tataisoe ke filosofi ea batho, ke eng e lokelang ho tataisa monahano oa rōna? Lilemo tse likete pele ho mehla ea Lintoa tsa Bolumeli, barutuoa ba Jesu Kreste ba ile ba bontša hore na tsela ea sebele ea Mokreste e lokela ho ba efe—’me e bile e le eona feela tsela e molemo. A re hlahlobeng hore na ba ile ba etsa’ng e le ho qoba ho kenella lintoeng tse bolaeang tsa mehla ea bona. Empa na ebe ho ka etsahala hore lichaba kajeno li ithute ho etsa seo ’me ka tsela eo li qobe lintoa? Ho sa tsotellehe seo lichaba li se etsang, tharollo ea Molimo e tla ba efe bakeng sa ho felisa mesarelo ee eohle ea batho?
[Litšoantšo tse leqepheng la 22]
Liketso tse sehlōhō le mahlomola li bonahetse ka lintoa tsa batho
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Holimo: Baphaphathehi linaheng tse tsekolotsoeng ke ntoa
Ho tla joang hore batho ba nkoang ba tsoetse pele ba kenelle liketsong tse sa hlaloseheng joalo tsa pefo?
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Rwandan refugees: UN PHOTO 186788/J. Isaac; collapse of World Trade Center: AP Photo/Amy Sancetta