Ha ho Ameha ka Ponahalo ho se ho Iphetola Boloetse
BONGATA ba rōna ha re icheba ka seiponeng, re bona libaka tseo re ka li ntlafatsang. Ka hona, re lokisa liaparo tsa rōna hantle kapa moriri oa rōna, kapa re tlotse makeup hanyenyane ebe re tsoela pele le mesebetsi ea rōna ea letsatsi. Ho ameha ho joalo ka ponahalo ea rōna ke ntho ea tlhaho ebile ho loketse. Empa ho batho ba bang, ho ameha ka ponahalo ea bona ho tlōla meeli, ho ba bakela boemo boo lingaka li bo nkang e le boloetse.
The Merck Manual of Diagnosis and Therapy e hlalosa boloetse bona e le “ho ameha ho feteletseng ka sepha se itseng se bonahalang, ebe ho bakela motho matšoenyeho kapa ho kena-kenane le bophelo ba hae ba ho thabela botsoalle le ba bang, ba mosebetsing kapa linthong tse ling tsa bohlokoa bophelong.”a Kaha ba nang le boloetse bona ba ka ’na ba ipona eka ba na le sepha se itseng kapa ba fetelletsa phosonyana e itseng ponahalong ea bona, tsela eo ba inkang ka eona e boetse e bitsoa bobe bo sieo bo inahaneloang.
Moprofesa J. Kevin Thompson oa Univesithi ea South Florida, United States, o re e ka ’na eaba boloetse bona ha boa tloaeleha, “mohlomong bo tšoara karolo e pakeng tsa 1,0-2,0% ea baahi ka kakaretso, ha bakuling ba mafu a hlooho ba sa robaleng sepetlele teng e ka ba ba pakeng tsa karolo ea 10-15%.” Leha ho le joalo, oa phaella: “Bafuputsi ba bang ba lumela hore boloetse bona boa eketseha, kaha mekhoa ea ho fumana hore motho o tšoeroe ke boloetse bona e ea ntlafala, ’me le sechaba le sona se ameha ka ho eketsehileng ho tlōla tekano ka ponahalo.” Le hoja boloetse bona bo ka tšoara batho ba lilemo tsohle, hangata bo qala bacheng. Tabeng ea batho ba baholo, ho bonahala bo ama banna le basali ka tsela e tšoanang. Ena ke phapang e khōlō ha e bapisoa le mafu a ho ja, kaha ’ona a ata haholo ho basali.
Ho ameha ho kotsi ka ponahalo, e leng ntho e tloaelehileng ho batho ba nang le boloetse bona hangata ho etsa hore ba lule ba icheba khafetsa ka seiponeng, ’me maemong a mang ho be ho etse hore ba itšehle thajana. Ho hobe le ho feta, The Merck Manual, e re: “Matšoenyeho le ho sitoa ho sebetsa hantle ho tsamaisanang le boloetse bona ho ka etsa hore motho a qetelle a kena sepetlele hangata kapa a batle ho ipolaea.” Ha ho makatse hore ebe bakuli ba bang ba batla ho buuoa e le hore ho ntlafatsoe ponahalo ea bona. Dr. Katharine Phillips, ea ngotseng buka ka boloetse bona ba ho ameha ka ho feteletseng ka ponahalo, o re: “Hangata ha ke ho khothalletse.” Oa hlalosa: “Ha motho a se a buuoe, ho ke ke ha etsolloa, ’me hangata batho ba boloetse bona ba tloaetse ho ikutloa eka ho buuoa ha bona ha hoa atleha ho ba ntlafatsa.”b
Ka linako tse ling, boloetse ba ho ameha ka ho feteletseng ka ponahalo bo qala motho a sa le monyenyane haholo. George Street Journalc e tlaleha ka moshanyana e mong ea lilemo li tšeletseng “ea neng a lumela hore meno a hae a masehla, mpa ea hae e ‘tenya,’ ’me moriri oa hae o na le ho phoso. Ho ne ho se ea bonang ‘lipha’ tsena tseo a buang ka tsona. O ne a ka kama moriri oa hae ntho e ka etsang hora hoseng ho hong le ho hong, ’me haeba o ne o sa khone ho ‘ba ka tsela eo a e batlang,’ o ne a ina hlooho ka metsing ebe o qala ho itokisa bocha, e leng ntho eo hangata e neng e etsa hore a fihle ka mor’a nako sekolong.” Ka letsatsi le leng ha a fihla phaposing ea ngaka, o ile a ba a khumama e le hore a ka icheba tšepeng e benyang ea setulo.
U se ke Ua Lumella Lefatše Hore le Laole Boikutlo ba Hao
Limakasine tse maqephe a benyang, likoranta le lipapatso tsa thelevishene li lula li bontša litšoantšo tse ngata-ngata tsa batho ba nang le ’mele e metle. Sepheo sa babapatsi se seng: Hlahisa setšoantšo se itseng e le se tloaelehileng, ’me batho ba tla arohana le chelete eo ba e sebelelitseng ka thata hore ba be le ponahalo eo. Ha seo se kopana le khatello ea lithaka, mohlomong le lipolelo tse seng kae tse sa nahaneleng tse buuoang ke ba lelapa kapa metsoalle, ha ho makatse hore ebe batho ba bang e ba ba sa tsitsang ka ponahalo ea bona.d Ke ’nete hore boikutlo ba ho hloka botsitso bo ka fapana haholo le boloetse ba kelello ba ho ameha ka ho feteletseng.
Ke ntho e sa tloaelehang ebile ha se ’nete ho nahana hore haeba u sa shebahale hantle kapa u se motle, batho ba bang ba ke ke ba u thahasella. Hangata batho ha ba khethe metsoalle ho ea ka ponahalo ea ’mele. Ke ’nete, ponahalo e ka ’na ea e-ba lebaka la pele, empa botho, litekanyetso tsa boitšoaro le melao-motheo ke tsona tse tiisang setsoalle sa ’nete. Ka litsela tse ling e mong le e mong oa rōna a ka ’na a tšoantšoa le buka—e ka ’na ea e-ba le sekoahelo se khahlang, empa haeba likahare tsa eona li sa ipiletse, babali ba tla potlakela ho tlohela ho e bala. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe sekoahelo sa eona, haeba buka eo e thahasellisa, batho ba tla e khomarela. Kahoo, ke hobane’ng ha u sa tsepamise mohopolo litšoanelehong tsa hao joaloka motho? Ke seo Lentsoe la Molimo, Bibele, le u khothalletsang hore u se etse.—Liproverbia 11:22; Bakolose 3:8; 1 Petrose 3:3, 4.
Ha re se re bua ’nete, ponahalo ea rōna ea fetoha ha re ntse re tsofala. Haeba bophelo, botsoalle le thabo li itšetlehile ka ponahalo e ntle ea bocha, bokamoso ba rōna e ka ba bo lerootho hakaakang! Empa boemo ba rōna bo ka fetoha haholo. Hoo ho ka etsahala joang?
Botle bo Tla Tšoarella
Liproverbia 16:31 e re: “Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.” Mahlong a Jehova Molimo—le mahlong a bohle ba nang le maikutlo a tšoanang le a hae—batho ba tsofallang tšebeletsong ea Molimo ho khahleha ha bona ha ho fokotsehe. Ha e le hantle, ka lebaka la tlaleho ea ho cheseha ha bona le boinehelo ba bona ba bomolimo, ba finyella moqhaka oa botle ba bona ka bohlooho-putsoa. Batho ba joalo ba bohlokoa ba lokeloa ke hore re ba rate le ho ba hlompha ka ho tebileng.—Levitike 19:32.
Ho phaella moo, Jehova, lefatšeng le lecha le tlang leo a le tšepisitseng, o tla etsolla liphello tseo sebe se futsitsoeng se bileng le tsona ho batho ba hae ba tšepahalang ba baholo le ba banyenyane. Letsatsi le leng le le leng le fetang, ba tla ikutloa le ho bona ’mele ea bona e ntlafala ho fihlela ba qetella ba finyeletse tlhorong ea ’mele o phethahetseng. (Jobo 33:25; Tšenolo 21:3, 4) Eo ke tebello e hlollang hakaakang! Na u tla rata ho ba har’a bona? Haeba ho joalo, joale loanela ho tsepamisa maikutlo botleng boo e leng bona ba bohlokoa, ’me u se ke ua lumella monahano oa lefatše oa lefeela le oo hangata o se nang boikutlo, hore o laole maikutlo a hao. U tla ba motho ea thabileng haholoanyane le ea khahlehang haholoanyane ka ho etsa joalo.—Liproverbia 31:30.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The Medical Journal of Australia, e re: “Ho ameha ho feteletseng ka ponahalo ea ’mele ke le leng la matšoao a tloaelehileng mafung a ’maloa a kelello.” Ana a akarelletsa ho tepella maikutlong, boloetse ba menahano e sa laoleheng e susumelletsang motho ho etsa lintho ka ho feteletseng le maloetse a ho ja a kang ba ho itima lijo motho a nahana hore o motenya. Ka hona, ho ka ba thata ho fumana ha motho a e-na le boloetse bona ba ho ameha ka ho feteletseng ka ponahalo ea hae.
b Ka kōpo bona sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Na ke Lokela ho Buuoa ka Morero oa ho Intlafatsa?” tokollong ea September 8, 2002, ea koranta ena. Ho hlakile hore haeba motho a e-na le bothata bo tebileng ba lefu la kelello, ho ka ’na ha hlokahala hore a thusoe ke lingaka tsa mafu a hlooho.
c Sengoliloeng sa Univesithi ea Brown, Rhode Island, U.S.A.
d Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo bona khaolo e reng “Chebahalo e Bohlokoa Hakae?” bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.