Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g02 9/8 maq. 16-18
  • Na ke Lokela ho Buuoa ka Morero oa ho Intlafatsa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ke Lokela ho Buuoa ka Morero oa ho Intlafatsa?
  • Tsoha!—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Tharollo ea Mathata a Hao?
  • Bala Litšenyehelo
  • Sepheo sa Hao
  • Botle ba Hao ba Bohlokoa ka ho Fetisisa
  • Likotsi Tsa ho Lelekisa Botle
    Tsoha!—2005
  • Lipaki Tsa Jehova li Thusitse Tsoelo-peleng ea ho Buuoa ha Pelo
    Tsoha!—1996
  • Ha ho Ameha ka Ponahalo ho se ho Iphetola Boloetse
    Tsoha!—2004
  • Leqephe la Bobeli
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Tsoha!—2002
g02 9/8 maq. 16-18

Bacha Baa Botsa . . .

Na ke Lokela ho Buuoa ka Morero oa ho Intlafatsa?

“Pele ke buuoa nko, ke ne ke utloa bohloko hobane batho ba ne ba ntšeha. Ke ne ke sa batle nko e khethehileng, ke ne ke batla e ntšoanelang feela. Ke thabile haholo ka chebahalo ea ka hona joale, ebile haeba ho ne ho hlokahala, ke ne ke tla e pheta hape.”—Eleni.a

“Ke hobane’ng ha ke lokela ho lumellana le maikutlo a tloaelehileng a ho iketsa ea shebahalang hantle? Ka likarolo tsa ’mele tse fetotsoeng ka ho buuoa, ke ne ke tla ikutloa joalokaha eka ke chelete ea mokunyata. Eseng ea sebele.”—Mathias.

“Motho e mong le e mong o lokela ho iketsetsa qeto. Ho thata hore motho e mong osele a ahlole.”—Manuela.

“MANG kapa mang ea motle ho mpheta, o tlameha a itlotsitse ka li-makeup.” Poleloana ena e qabolang ke puo e tloaetseng ho sebelisoa Jeremane ke batho ba bang ba nahanang hore chebahalo ea bona e na le lipha e le ha ba itšireletsa. Leha ho le joalo, linaheng tse ling mehleng ea kajeno, polelo eo e ka ntlafatsoa tjena: “Mang ka mang ea motle ho mpheta, o tlameha a ile a buuoa.” Ka sebele, ho buuoa ka morero oa ho intlafatsa ke ntho e tloaelehileng.

Koranta ea Switzerland e bitsoang Neue Zürcher Zeitung e re: “Mehla ea ha ho buuoa sefahleho ho ne ho boloketsoe barui, e fetile,” ebile ea phaella: “Ntho li peli: Banna ba eketsehileng ba retelehela ho buuoeng sefahleho . . . , ’me le basali ba etsang joalo ba ntse ba nchafala le ho feta.” Ho ea ka lipatlisiso tse entsoeng Jeremane, hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea basali ba ileng ba botsoa e lipakeng tsa lilemo tse 14 le 29 e se e buuoe ka morero oa ho intlafatsa, e rera ho etsa joalo, kapa e kile ea nahana ka hona.b Mohlomong e meng ea metsoalle ea hao, bao u kenang sekolo le bona, kapa beng ka uena ba ile ba buuoa ka morero oa ho intlafatsa.

Ho thoe’ng ka uena? Na u se u kile ua nahana ka ho ntlafatsa chebahalo ea hao ka ho buuoa? Na u nahana hore litsebe tsa hao li khōlō haholo, hore matsoele a hao a maholo haholo kapa a manyenyane ho feta tekano, hore mpa ea hao ke lekuka kapa u liqholo li khōlō kapa hore nko ea hao e sephara? Haeba ho joalo, hase uena u le mong ea utloang bohloko ka lebaka la maikutlo a joalo. Sehlopha sa banana ba sekolo se phahameng se ile sa ngolla koranta e ’ngoe ea Jeremane sa re: “Ha ho ngoanana le ea mong ea lilemong tsa rōna eo ho seng mohla a kileng a tletleba ka ’mele oa hae.” Ho rata ho boheha le ho ratoa ke batho ba bang ke ntho ea tlhaho. Empa na ho buuoa ke eona tharollo?

Na ke Tharollo ea Mathata a Hao?

Ak’u nahane ka bacha bao u ba tsebang. Na u ke ke ua makatsoa ke ho tseba hore ba bangata ba bona—esita le ba shebahalang ba boheha ho uena—ha baa thaba ka lebaka la chebahalo ea bona? Empa ho joalo. Potso ke hore, Na u nahana hore kaofela ha bona ba lokela ho buuoa hore ba intlafatse? Kapa na u nahana hore ho ka ba molemo ha ba ne ba ka thaba le ho ba le boikutlo bo nepahetseng ka chebahalo ea bona? Na le uena u ka sebelisa molao-motheo o tšoanang?

Joalokaha mantsoe a Eleni a bontša, ho buuoa ka morero oa ho intlafatsa ka linako tse ling ho felisa ho songoa le ho hobosoa. Ka lehlakoreng le leng, ho buuoa hoo hase makhona-tsohle. Ka sebele ho ke ke ha nkela mokhoa o motle oa bophelo sebaka, e leng ntho e ntlafatsang chebahalo ea botho haholo. Athe le hoja ngaka e ka khona ho fetola chebahalo ea hao, e ke ke ea fetola botho ba hao, leha e le hore e ka khona ho felisa matšoenyeho a hao kapa ea eketsa boitlhompho ba hao.

Hape, lula u hopola hore, litleleniki kapa lingaka tse ling li tšepisa lintho tseo li ke keng tsa khona ho li phethahatsa. Ha e le hantle, li ka bonahala li u tšepisa thabo. Ha e le hantle, mohlomong li shebile chelete ea hao ho e-na le ho thahasella thabo ea hao. Ka masoabi, ho na le lingaka tse ’maloa tse buoang tse sa tšepahaleng tse ka batlang ho buoa motho ho sa hlokahale, li e-na le monyetla o fokolang oa ho atleha, kapa ho etsa joalo ho le kotsi—hafeela ho e-na le motho ea lefang sekoloto.

Ho boetse ho na le mathata a nako e telele ao u tlamehang ho nahana ka ’ona. Ka mohlala, ntho e shebahalang e le mpe haholo ha u le lilemo li 16 e ka ’na ea shebahala ka ho fapaneng haholo ha u le lilemo li 21. Dr. Urs Bösch eo e leng ngaka e buoang ka morero oa ho ntlafatsa, o re: “E le molao o akaretsang, ke nahana hore bacha ba ka tlase ho lilemo tse 20 ha baa lokela ho buuoa lifahleho ka morero oa ho intlafatsa. Sebōpeho sa ’mele oa mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 sea fetoha le boikutlo ba hae ka ’mele oa hae boa fetoha.” Ho feta moo, ka mor’a ho buuoa ho ka hlokahala hore bacha ba buuoe hape e le hore ho ka lokisoa mathata. ’Me ha ’mele oa hao o ntse o hōla, mabali a moo u buuoeng teng le ’ona a ka hōla.

Bala Litšenyehelo

Bibele e re eletsa ho bala litšenyehelo pele re qala morero o itseng oa bohlokoa. (Luka 14:28) Ho bacha ba bangata, ho buuoa sefahleho ka morero oa ho intlafatsa ke ntho eo ba ke keng ba e khona hobane ho etsa joalo ho hloka chelete e ngata. Ebile chelete eo motho a e lefang ha e kopanyelletse ho hlahlojoa ke lingaka ka mor’a ho buuoa sefahleho—kapa ho tšoaroa mona le mane ho ka ’nang ha hlokahala hamorao.

Ho na le batho ba bangata ba ileng ba lefa bakeng ho buuoa eseng ka chelete feela empa le ka bophelo ba bona bo botle ba ’mele. Ho ea ka Mokhatlo oa Amerika oa Aesthetic Plastic Surgery, likotsi tse bang teng li akarelletsa ho ruruha ha nakoana, mabali a sa feleng, ho lahleheloa ke boikutlo le ho hlōleha ho antša ngoana letsoele, esita le ho lahleheloa ke mali a mangata. Ka mohlala, Anna, o batlile a e-shoa nakong eo a neng a ntšoa mafura ’meleng ka ho buuoa. Oa tletleba: “Hona joale ke na le mabali a tšabehang le sephobe mpeng.” Ha e bua ka tšebetso ea ho ntša mafura ’meleng, koranta e ’ngoe ea Jeremane e re: “Litlaleho tsa mathata a tebileng a bakoang ke ho ntša mafura ’meleng haesita le tsa batho ba shoang ka lebaka la hoo, li ntse li eketseha.” U se ke ua lebala hore koranta ea bophelo bo botle, Apotheken Umschau, e re: “Ho buuoa sefahleho ka morero oa intlafatsa e sa ntse e le ho buuoa, ho nang le likotsi tsa hona tse feletseng.” Ka lebaka leo, hlahlobisisa maemo pele u ipeha kotsing ka ho khetha ho buuoa leha e le hofe—haholo-holo ho buuoa hoo u ka khonang ho phela ntle le hona.

Mohlomong u ka ipotsa: ‘Ke fetisa molaetsa ofe? Na ke fetisa molaetsa oa hore chebahalo ea ka ke eona ntho e tlang pele bophelong ba ka? Khetho ea ka e tla ba le tšusumetso efe ho metsoalle ea ka le ho banab’eso ba ntlhahlamang?’c

Sepheo sa Hao

U lokela ho nahanisisa le ka sepheo sa hao. ’Me ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo ho se utloisisa hantle. Ka mohlala, mohlomong, u ka rata ho ipotsa: “Na ke batla ho koala melomo ea batho ba ntšehang ka lebaka la sebōpeho se sa khahliseng? Kapa na ke mpa ke batla ho ba motle ho feta batho ba bang? Na ke batla ho fetola chebahalo ea ka ka lebaka la khatello ea lithaka, kapa na ke susumetsoa ke liphatlalatso, kapa na ke ka lebaka la khalala e itseng ea boithabiso? Na ke batla ho khema le linako ka ho ba motle haholo joalokaha mecha ea litaba ea kajeno e khothalletsa?’

Ba bang ba nahana hore ka ho ntlafatsa ’mele ea bona ba eketsa menyetla ea ho fumana molekane oa lenyalo kapa mosebetsi o motle. Empa ha e le hantle, na motho e mong le e mong eo u mo tsebang ea lenyalong o libōpeho li bohehang? Ho thoe’ng ka chebahalo ea motho e mong le e mong ea sebetsang? Che, lenyalo kapa ho fumana mosebetsi ha hoa itšetleha ka ho feletseng ka chebahalo ea botho. Ntle ho moo, na u ne u ka batla ho lefa chelete e ngata le ho ipeha kotsing ka ho buuoa hobane feela motho eo e ka ’nang ea e-ba molekane oa hao oa lenyalo kapa mohiri oa hao a thahasella chebahalo ea hao ho e-na le botho ba hao?

Ha u ntse u e-ja masapo a hlooho ka sepheo sa hao, bolella batsoali ba hao kapa motsoalle ea hōlileng tsebong maikutlo a hao. Haeba u nahana hore setho se seng sa ’mele oa hao se hlile se baka bothata, kōpa ho utloa maikutlo a tiileng a bona. U se ke ua tšepa seipone feela. Ha a bua ka tsela eo re bonang mefokolo ea rōna ka eona, Nana o re: “U ela mefokolo ea hao hloko ho feta batho ba bang hobane u ipona ka mahlakoreng a sa tšoaneng.” Bafuputsi Univesithing ea Landau, Jeremane, ba hlalositse hore hangata motho o nahana ka ho buuoa ka morero oa ho intlafatsa, “eseng hobane setho se itseng sa ’mele oa hae se hlile se sa bōpeha hantle, empa hobane se bonahala se sa bōpeha hantle ho eena.”

U se ke ua potlakela ho etsa qeto, empa hlahlobisisa mabaka ’ohle ka hloko. Nka ho buuoa ha mofuta o mong le o mong e le ketso e ke keng ea etsolloa. Empa haeba ho etsahala hore u buuoe, u tla tlameha ho mamella liphello ka nakoana.

Botle ba Hao ba Bohlokoa ka ho Fetisisa

Thabo ha e hlahe chebahalong ea hao e ntle. Kaha chebahalo e ka ntlafatsa kapa ea sitisa boitlhompho, botho ba hao le hore na u ikutloa joang ke tsona tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa. Ka mor’a hore a behe bophelo ba hae kotsing, Anna o lihela likhala ka ho re: “Ke ithutile hore ha ho moo botle bo amanang teng le chebahalo ea hao ea ka ntle.”

Le hoja Bibele e bua hantle ka botle ba ’mele, e bontša hore bo lokela ho nka boemo ba bobeli ha bo bapisoa le botle ba moea: “Khahleho e ka ’na ea thetsa, ’me botle e ka ’na ea e-ba lefeela; empa mosali ea tšabang Jehova ke eena ea iphumanelang thoriso.” (Liproverbia 31:30; 1 Samuele 16:7) Ho sebelisa keletso ena ho tla u thusa ho ba le khotso ea kelello, le hoja ho e-na le setho se seng sa ’mele seo u sa se rateng.

Ho sa tsotellehe hore na u etsa qeto efe, hopola hore chebahalo e phethahetseng le thabo e feletseng li ke ke tsa finyelloa hona joale. Motho e mong le e mong o na le moo a sa phethahalang teng. (Baroma 3:23) Seo u ke ke ua se fetola. Ntho eo u ka e fetolang ke seo u leng sona ka hare—ntho eo Bibele e reng ke “motho ea ka sephiring oa pelo.” (1 Petrose 3:3, 4) Inchafatse ka ho ba le litšoaneleho tse ntle mahlong a Molimo. U ke ke ua ipeha kotsing leha e le hore u tla tlameha ho lefa, ’me meputso ke e ke keng ea lekanngoa!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe.

b Ho buuoa ka morero oa ho intlafatsa ho etsoa likarolong tsa ’mele tse phetseng hantle ho etsa hore motho a bohehe a le motle. Ho buuoa ka morero oa ho bōpa litho tsa ’mele tse senyehileng hona ho etsoa ka lebaka la ho tsoa kotsi, maloetse, kapa ho lokisa litho tse holofetseng ka tlhaho. Ka bobeli ke mefuta ea plastic surgery.

c Hape bona sehlooho se reng “Chebahalo e Bohlokoa Hakae?” bukeng ea Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 17]

Na ekaba “bothata” ba hao ke ba sebele, kapa u hloka ho lokisa tsela eo u italimang ka eona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela