Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 1/8 maq. 20-23
  • Likotsi Tsa ho Lelekisa Botle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likotsi Tsa ho Lelekisa Botle
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ponahalo e Ntle”—Na Liphello le Tsona li Ntle?
  • Na ke Lokela ho Buuoa ka Morero oa ho Intlafatsa?
    Tsoha!—2002
  • Ke Hobane’ng ha Ke Nonne Hakaale?
    Tsoha!—1994
  • Ha ho Ameha ka Ponahalo ho se ho Iphetola Boloetse
    Tsoha!—2004
  • Botle
    Tsoha!—2016
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 1/8 maq. 20-23

Likotsi Tsa ho Lelekisa Botle

HO KA thoe motho o motle e le kannete e le ha ho itšetlehiloe ka eng? Ba bang ba nahana hore botle bo itšetlehile ka hore na motho o bo bona joang. Ka sebele, kutloisiso ea botle e pharaletse haholo ho ea ka batho ho fapana. Ho feta moo, maikutlo a tloaelehileng a hore na ha e le hantle botle ke eng a fapana haholo ho latela litso le ho ea ka hore na mehla ke efe.

Jeffery Sobal, morupeli oa univesithi ea boemong bo tlaasana ho moprofesa ho tsa saense e sebetsanang le lijo le bophelo bo botle Univesithing ea Cornell, U.S.A., o re: “Lekholong la bo19 la lilemo, hoo e ka bang lichaba tsohle li ne li nka botenya e le pontšo ea ho ba boemong bo phahameng sechabeng. Ho ba le mpa e khōlō ho ne ho nkoa e le pontšo ea katleho le borui, ha motho ea mamaraneng a ne a nkoa e le mofutsana ea kollang ntsi hanong.” Baetsi ba litšoantšo ba mehla eo ba ne ba bontša maikutlo ao, kaha batho bao ba neng ba ba tšoantša—haholo-holo ba basali—ba ne ba shilikane hantle matsohong, maotong, thekeng le liqholong. ’Me boholo ba litšoantšo tsena e ne e le tsa batho ba sebele ba neng ba nkoa e le likhalala tsa botle.

Maikutlo ao a ntse a le teng le kajeno, le hoja botle bo ama lintho tse ngata ho feta ho ba motenya kapa ho ba mosesaane. Leha ho le joalo, litsong tse ling tsa Pacific Boroa, botenya ke ntho ea bohlokoa haholo. Libakeng tse ling tsa Afrika, banyaluoa ba isoa libakeng tseo ba feptjoang lijo tse mafura haholo ho tsona ka morero oa hore ba be batle mohla monene. Mong’a sebaka se seng sa boithabiso ba bosiu Nigeria, o re: “Ka karolelano mosali oa Moafrika o koenne . . . Ke bona botle ba hae. Ke setso sa rōna, se joalo.” Ho koena ho boetse ho nkoa e le pontšo ea borui le katleho litsong tse ngata tsa Maspanishe.

Leha ho le joalo, libakeng tse ling tse ngata ha ho joalo. Hobane’ng? Ba bang ba re ha khoebo e atoloha ’me indasteri e hōlisa phepelo le kabo ea lijo ka bongata, batho ba maemong “a tlaase” ba ne ba se ba ka khona ho ja lintho tseo pele e neng e le tsa barui feela. Ka hona, taba ea ho nkela botenya holimo e ile ea fokotseha butle-butle. Ka lehlakoreng le leng, malumeli a mang a hokahanya ho nona haholo le bonyollo, ’me sena se entse hore ho koena ho nkoe e le ntho e sa amoheleheng. Hape, se sibolotsoeng ke saense ka mathata a bophelo a bakoang ke botenya le sona se susumelitse batho ka tsela e itseng. Lintho tsena le tse ling li entse hore maikutlo a fetohe tabeng ea hore na botle ke eng, ’me e se e le lilemo tse ka bang mashome joale karolo e khōlō ea batho e buella bosesaane e le bona bo khahlang.

Tsa phatlalatso ea litaba le tsona li entse ho hongata ho hōliseng maikutlo ana. Batho ba hlahang ho tsa papatso mamatjaneng a liphatlalatso le thelevisheneng hangata ba basesaane, ba na le ’mele e kang ea baatlelete. Ba hlahisoa ka morero oa hore ba ba bonang ba nke hore ba sireletsehile ba bile ba atlehile. Ho joalo le ka likhalala tsa libaesekopo le tsa lithelevishene.

See se susumetsa batho feela ba tloaelehileng joang, ho kopanyelletsa le bacha? Sehlooho se seng sa morao tjena se buang ka ponahalo ea ’mele se bontša hore “nakong eo ngoanana ea tloaelehileng oa Moamerika a qetang sekolong se phahameng, o tla be a shebeletse thelevishene lihora tse 22 000.” Boholo ba nako eo, o tla be a bona ka bongata litšoantšo tsa basali ba itlhophisitseng ka tsela e hohelang ba nang le ’mele eo ho thoeng “e botle bo tsotoang.” Sehlooho seo sea phaella: “Ha basali ba bona litšoantšo tsena khafetsa, ba qala ho amahanya ’mele ena e metle le botumo, thabo, lerato le katleho.” Ka hona, ha ho makatse hore ebe ka mor’a ho bona lifoto tsa limotlelara makasineng, banana ba etsang karolo ea 47 lekholong bao ho ileng ha etsoa lipatlisiso ho bona ba ile ba ikutloa ba tlameha ho fokotsa ’mele, le hoja ba neng ba le batenya ho bona e ne e le feela ba etsang karolo ea 29 lekholong.

Indasteri ea feshene le eona e na le tšusumetso e khōlō maikutlong a batho ka botle. Jennifer, motlelara oa Venezuela ea sebetsang Mexico City, o re: “Mosebetsi oa hao ke hore u shebahale hantle, ’me kajeno seo se bolela hore motho a be mosesaane.” Motlelara oa Mofora ea bitsoang Vanessa, o re: “Hase hakaalo-kaalo hore u qobelloa ho ba mosesaane, empa uena ka bouena ua iqobella. Ke tšekamelo e teng lefatšeng ka bophara.” Phuputsong e ’ngoe, banana ba etsang karolo ea 69 lekholong ba ile ba lumela hore limotlelara tse hlahang limakasineng li susumetsa maikutlo a bona tabeng ea hore na botle ba ’mele ke eng.

Empa hase basali feela ba pepesehetseng tšusumetso ea ho batla ho ba le “’mele o motle.” Koranta ea Mexico ea El Universal e re: “Ha ho mohla ho kileng ha rekisoa lihlahisoa tse ngata hakana tsa banna tsa ho itlhokomela ’meleng joaloka hona joale.”

“Ponahalo e Ntle”—Na Liphello le Tsona li Ntle?

Moo batho ba lekang ho ba le “ponahalo e ntle” kapa ho shebahala hantle, ba bangata baa buuoa ka morero oa ho intlafatsa. Mekhoa ena ea phekolo e ntse e ba theko e tlaase ebile ho ba le mefuta e mengata ea eona. Mekhoa ee ea ho buuoa ka morero oa ho intlafatsa e qalile joang?

Ho latela Encyclopædia Britannica, mekhoa ea kajeno ea ho buoa motho ka morero oa ho ntlafatsa ponahalo ea hae e qalile lilemong tsa ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ha ho ne ho etsoa boiteko ba ho lokisa batho ba senyehileng litšobotsi ntoeng. Ho tloha ka nako eo mekhoa ena e ile ea e-ba ea bohlokoa ho lokiseng litšobotsi tse sentsoeng haholo ke ho cha, likotsi tse khōlō le lipha tsa tlhaho. Leha ho le joalo, joalokaha Britannica e bontša, ho buuoa ka morero oa ho ntlafatsa ponahalo hangata “ho etsoa le bathong bao ha e le hantle ba se nang lipha.” Ka mohlala, ho ka ’na ha bōptjoa nko bocha, ha fokotsoa letlalo sefahlehong le molaleng, ha fokotsoa litsebe, ha fokotsoa mafura mpeng le liqholong, ha eketsoa likarolo tse itseng tsa ’mele, esita le oona mokhubu ho ka etsoa hore o shebahale “hantle.”

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka batho ba phetseng hantle ba ipehang kotsing ka lebaka la ho ntlafatsa ponahalo ea bona? Ba ka tobana le likotsi life? Angel Papadopulos, mongoli oa Mexican Association of Plastic, Aesthetic, and Reconstructive Surgery, o hlalosa hore ka linako tse ling batho ba buuoa ke batho ba sa koetlisoang hantle, ’me sena se felle ka tšenyo e khōlō. Ho na le litleleniki tse fang bakuli lintho tse kotsi e le hore li bōpe ’mele ea bona hantle. Mathoasong a 2003, koranta e ’ngoe e ile ea tlaleha hore maemo a seng matle khoebong e ’ngoe ea ho iketsa botle a ile a baka sekhobo se hlabisang lihlong Canary Islands, moo basali ba makholo e ileng ea e-ba liphofu tsa ho buuoa tlas’a maemo a sa lokelang.a

Banna le bona ba ka tšoasoa lerabeng lena la ho lelekisa “ponahalo e ntle.” Ba bang ba qeta lihora tse ngata boikoetlisong ba ’mele, ba sebelisa nako eohle eo ba e fumanang ka thōko bakeng sa ho bōpa le ho tiisa ’mele ea bona. Makasine ea Milenio e re: “Qetellong, ho lemalla ha bona ho ikoetlisa ho etsa hore ba se ke ba ba le lintho tse ling tsa boithabiso tseo ba li etsang ’me likamano tsa bona le batho lia fokotseha.” Lerato lena le feteletseng la ho batla ho ba le ’mele o koenneng le bile la etsa hore ba bangata ba noe lintho tse ka bang kotsi ’meleng, ho kopanyelletsa le li-steroid.

Ho ameha ka ho feteletseng ka ponahalo ho entse hore baroetsana ba bang ba oele lerabeng la ho ba le mathata a ho ja, a kang lefu la ho ja haholo ebe hamorao motho oa itlhatsisa, le lefu la ho itima lijo hobane motho a nahana hore o motenya. Ba bang ba noa lintho tseo ho thoeng li theola ’mele, tse tšepisang liphello tse sa tloaelehang ka nako e khutšoanyane empa li sa hlahisoa ke lik’hamphani tsa bophelo bo botle tse tummeng hantle. Ho sebelisa lintho tse joalo ho ka baka likotsi tse tebileng.

Likotsi tsa ho ameha ka ho feteletseng ka ponahalo li fetela ka nģ’ane ho mathata a ka bang teng ’meleng feela. Dr. Katherine Phillips, oa Brown University, U.S.A., o re batho ba amehileng ho tlōla tekano ka ponahalo ea ’mele ea bona ba ka ba le mafu a kelello, moo bakuli ba sotloang ke mehopolo ea hore ba na le lipha tse itseng. Lefu lena le ka tšoara motho a le mong bathong ba 50. O re ba tšoeroeng ke lona “ba ka kholiseha hore ba babe hoo ba ka ikarolang metsoalleng ea bona le bathong ba ba ratang. Ba ka tepella maikutlong ’me ba sekamela ho ipolaeeng.” Phillips o qotsa mohlala oa ngoanana ea motle ea neng a e-na le lihlobanyana empa a ne a lumela hore sefahleho sa hae se tletse mabali. E le ha a sa batle ho bonoa ke batho, ngoanana eo o ile a tlohela sekolo a le sehlopheng sa borobeli.

Na tsela eo motho a shebahalang ka eona ka sebele ke ea bohlokoa hoo a tlamehang ho beha maikutlo a hae le ’mele oa hae kotsing hobane feela a batla “ponahalo e ntle”? Na ho na le botle bo bong ba bohlokoa haholoanyane boo motho a ka loanelang ho bo fumana?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho Bakreste, ho buuoa ka morero oa ho intlafatsa ke qeto ea motho ka mong. Leha ho le joalo, ho tlameha ho nahanisisoe ka lintlha tse ling tsa bohlokoa. Bakeng sa boitsebiso bo pharaletseng tabeng ena, bona Tsoha! ea September 8, 2002, leqepheng la 16-18.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]

Maikutlo a banana ba etsang karolo ea 69 lekholong a hore na botle ke eng, a susumetsoa ke limotlelara tse hlahang limakasineng

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Papatso e na le tšusumetso e khōlō tabeng ea se nkoang e le botle ba ’mele

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Ba bang ba intšitse kotsi ka ho buuoa ka tsela e feteletseng e le ha motho a batla ho ntlafatsa ponahalo

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Ba bang ba etsa boiteko bo matla hore ba shebahale hantle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela