Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 9/8 maq. 19-20
  • Ho ba Sieo ha Bo-ntate ke Bothata bo Ntseng bo ja Setsi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho ba Sieo ha Bo-ntate ke Bothata bo Ntseng bo ja Setsi
  • Tsoha!—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Teng Empa ha ba Eo
  • Ho Hlokahala Hore ba Itlhahlobe
  • Ho Etelletsa Lintho Tsa Bohlokoa Pele
  • Kamoo U ka Bang Ntate ea Molemo
    Tsoha!—2013
  • Ke Mang ea Lokelang ho Ruta Bana ka Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ntate eo Bana ba mo Hlokang
    Tsoha!—2004
  • Bo-ntate ba ka Lula ba le Haufi le Bara ba Bona Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 9/8 maq. 19-20

Ho ba Sieo ha Bo-ntate ke Bothata bo Ntseng bo ja Setsi

PALO ea bo-ntate ba lahlang malapa a bona kherehloa e ntse e eketseha joalo. Qetellong ea lilemo tsa bo-1990, koranta ea USA Today e ile ea re United State “e itlhomme pele lefatšeng ka malapa a se nang bo-ntate.” Leha ho le joalo, ho ba sieo ha bo-ntate ke bothata ba lefatše lohle.

Brazil tlaleho ea palo ea sechaba ea 2000 e ile ea senola hore palo ea malapa ao lihlooho tsa ’ona e leng basali a ne a le limilione tse 11,2 ho a limilione tse 44,7. Nicaragua, karolo ea 25 lekholong ea bana, ba phela le bo-’m’a bona feela. Costa Rica, palo ea bana bao bo-ntat’a bona ba sa itšoenyeng ka bona e ile ea phahama lilemong tsa bo-1990 ho tloha karolong ea 21,1 lekholong ho ea karolong ea 30,4 lekholong.

Lipalo-palo tsena tsa linaha tse tharo e mpa e le mehlala feela ea moo lefatše lohle le sekametseng teng. Nahana ka lehlakore le leng la bothata ba ho ba sieo ha bo-ntate.

Ba Teng Empa ha ba Eo

Ka kōpo bona lebokose le reng “Ntate, U Tla Tla Neng Hape?” Nao, eo hona joale a leng lilemo li 23, o re: “Pele ke kena sekolo sa mathomo, ke ne ke bona Ntate seoelo. Ka le leng ha a tsamaea, ke ile ka mo kōpa, ‘U tla khutla, akere?’”

Likamano tsa lelapa tse kang tsa Nao le ntat’ae ke tsona tse ileng tsa susumelletsa mongoli oa Mopolishe Piotr Szczukiewicz hore a re: “Ho bonahala ntate e le ntho ea bohlokoa e haellang ka lapeng.” Ke ’nete hore bo-ntate ba bangata ba phela le ba malapa a bona ’me baa ba phelisa. Empa, joalokaha makasine ea Sefora Capital e hlalosa, “bo-ntate ba bangata ba khotsofaletse feela ho tlisa lijo ka lapeng, ba sa ameha ka ho ba barupeli.”

Hangata, boemo ke ba hore ntate o teng ka lapeng empa ha a amehe bophelong ba bana ba hae. O lebisitse tlhokomelo ea hae hosele. Makasine ea Sefora Famille chrétienne e re: “Esita le haeba [ntate] a ka ba teng ka nama, a ka ba sieo kelellong.” Ke hobane’ng ha kajeno ho ena le bo-ntate ba bangata hakaale ba sieo kelellong le maikutlong a malapa a bona?

Joalokaha koranta e ka holimo e hlalosa, lebaka le ka sehloohong ke hore “o hlōleha ho utloisisa karolo eo ntate kapa monna a lokelang ho e phetha.” Ho latela pono eo bo-ntate ba bangata ba nang le eona, karolo e phethoang ke ntate ea molemo e mpa feela e le ho tlisa chelete e lekaneng ka lapeng. Joalokaha mongoli oa Mopolishe, Józef Augustyn, a boletse, “bo-ntate ba bangata ba nahana hore ke batsoali ba molemo hobane ba fa lelapa chelete.” Empa ho etsa joalo e mpa e le karolo feela e ’ngoe ea boikarabelo ba ntate.

’Nete ke hore bana ha ba nke bo-ntat’a ba bona e le ba bohlokoa ho latela bongata ba chelete eo ba e etsang kapa boleng ba limpho tseo ba li rekeloang. Ho e-na le hoo, seo bana ba hlileng ba se hlokang—se fetang hōle limpho tsa lintho tse bonahalang—ke lerato, nako le tlhokomelo ea bo-ntat’a bona. Sena ke sona seo e hlileng e leng sa bohlokoa ho bona.

Ho Hlokahala Hore ba Itlhahlobe

Ho latela tlaleho ea Lekhotla la Thuto le ka Sehloohong la Japane, “bo-ntate ba lokela ho hlahloba tsela eo ba phelang ka eona, e leng ea ho inehela mosebetsing ka ho feteletseng.” Potso ke hore, Na ntate o tla fetola maemo a hae molemong oa bana ba hae? Koranta ea Jeremane Gießener Allgemeine e ile ea tlaleha phuputso eo ho eona boholo ba bo-ntate bao ho buisanoeng le bona ba ileng ba hana ho etelletsa bana ba bona pele ho mosebetsi.

Bana ba ka utloisoa bohloko haholo ke se ka ’nang sa bonahala e le ho se amehe ha ntate oa bona ka bona. Lidia, eo hona joale a leng lilemo li 21, o hopola hantle hore na ntate oa hae o ne a le joang ha e ne e sa le ngoananyana Poland. Oa hlalosa: “Ha ho mohla a neng a re buisa. Re ne re phela bophelo bo sa tšoaneng. O ne a sa tsebe hore nako ea ka ea boithabiso ke e qeta lidiscong.” Ka ho tšoanang, Macarena, ea lilemo li 21, oa Spain, o re ha e ne e sa le ngoana, ntate oa hae “o ne a tsamaea le metsoalle ea hae ka mafelo-beke ho ea ithabisa, ’me ka linako tse ling o ne a nyamela matsatsi-tsatsi.”

Ho Etelletsa Lintho Tsa Bohlokoa Pele

Bo-ntate ba bangata ba ka ’na ba hlokomela hore ha ba fe bana ba bona nako le tlhokomelo e lekaneng. Ntate e mong oa Mojapane ea nang le mora ea lilemong tsa bocha o itse: “Ke tšepa hore ngoana oa ka o tla utloisisa boemo ba ka. Ke nahana ka eena kamehla, esita leha ke phathahane.” Empa, na ho lakatsa feela hore ngoana o tla utloisisa ho ba sieo ha ntat’ae ho tla rarolla bothata?

Ha ho pelaelo, boiteko ba sebele—e, boitelo—boa hlokahala ho khotsofatsa seo ngoana a se hlokang. Ka ho hlakileng, ho hlokomela bana ka seo ba se hlokang haholo—e leng lerato, nako le tlhokomelo—ha ho bonolo. Jesu Kreste o itse: “Motho a ke ke a phela ka bohobe [kapa lijo tsa nama] feela.” (Matheu 4:4) Hape ke ’nete hore bana ba ke ke ba hōla ka katleho ka lintho tse bonahalang feela. Joaloka ntate, na u ikemiselitse ho tela seo e ka ’nang eaba ke sa bohlokoa haholo ho uena—nako ea hao kapa mohlomong le tsoelo-pele mosebetsing oa hao—hore u be teng ha bana ba hao ba u hloka?

Mainichi Daily News ea la 10 February, 1986, e ile ea bua ka ntate e mong ea ileng a ananela hore na bana ba hae ke ba bohlokoa hakae ho eena. E ile ea re: “Motsamaisi ea ka sehloohong oa Tsamaiso ea Literene ea Sechaba Japane (JNR) o khethile ho itokolla mosebetsing ho e-na le ho arohana le lelapa la hae.” Joale koranta eo e ile ea qotsa motsamaisi eo a re: “Mosebetsi oa ho ba motsamaisi-kakaretso o ka nkoa ke mang kapa mang. Empa ke ’na feela eo e leng ntate oa bana ba ka.”

Ka sebele, bohato ba pele ba ho ba ntate ea molemo ke ho hlokomela hore na bana ba hloka ntate ea joang. A re hlahlobeng hore na ho ameha eng ho ba ntate eo bana ba mo hlokang.

[Lebokose le leqepheng la 19]

“Ntate, U Tla Tla Neng Hape?”

Eo e ne e le potso ea Nao ea lilemo li hlano, ngoanana oa Mojapane, a botsa ntate oa hae ha a ea mosebetsing ka letsatsi le leng. Le hoja a ne a lula lapeng, o ne a mo bona seoelo. O ne a tloaetse ho fihla hae a tsoa mosebetsing Nao a se a robetse ’me a tsohella mosebetsi pele a tsoha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela