Ntate eo Bana ba mo Hlokang
BANA ba hloka ntate ea ba ratang, ea ba khathallang le ea etsang eng kapa eng eo a e khonang ho ba thusa hore ba hōle hore e be batho ba baholo ba nang le boikarabelo, ba ka tšeptjoang. ’Nete ea hore bana ba hloka ntate oa mofuta ona ha e e-s’o be ntho e eloang hloko.
Ke ’nete hore bo-’mè ke bona ba tsoalang masea, ’me ho hlakile hore ’mè ke eena ea phethang karolo ea bohlokoa haholo. Empa ha e bolela hore ntate o phetha karolo ea bohlokoa ka ho tšoanang, The Wilson Quarterly e itse: “Ho fokotseha ha banna ba nkang boikarabelo ba ho ba bo-ntate ke lebaka le ka sehloohong la mathata a mangata a tšoenyang, a hlasetseng sechaba sa Amerika”—’me re ka boetse ra phaella ka hore le a hlasetseng le lefatše ka kakaretso.
Koranta ea Brazil, Jornal da Tarde e tlaleha ka phuputso e ileng ea fihlela qeto ea hore mathata a mangata a boitšoaro ba bacha—a kang ho ba mabifi, ho se laolehe, ho se sebetse hantle sekolong le ho se tsotelle—hangata “ke phello ea ho ba sieo ha ntate.” ’Me buka ea Setaliana Gli imperfetti genitori (Batsoali ba sa Phethahalang), ea Marcello Bernardi, e hatisa hore e le hore bana ba ka hōla ka katleho, ba hloka batsoali ba babeli.
Bophelo ba Lelapa bo ka Ntlafatsoa
Esita le haeba ntate ea sa tsotelleng a koleketse mathateng a ka lapeng kapa a ikarabella haholo ho ’ona, ha ho bolele hore litaba li ke ke tsa lokisoa ’me bophelo ba lelapa ba ntlafatsoa. Joang? Ho hlokahala hore ntate a etse eng?
Ho hlakile hore bana ba hloka tokisetso ea lelapa, ea hore ho na le motho ea ikarabellang ea tsotellang boiketlo ba bona. Ha tlhoko eo e sa finyelloe, joalokaha ho atisa ho etsahala mehleng ena, bophelo ba bana bo ameha habohloko. Leha ho le joalo, boemo hase boo ho se nang tšepo ho bona, ebang ntate oa ameha kapa che. Bibele Pesalemeng ea 68:5 e re: “Molimo ke ntat’a bashanyana ba se nang bo-ntate, . . . sebakeng sa hae sa bolulo se halalelang.”a
Tsela ea ho Fumana Thuso
Hore thuso ea Molimo ke ea bohlokoa bakeng sa ho atleha le hore e ka fumanoa, ho bontšoa ke boemo bo hlalositsoeng ke Lidia, ngoanana oa Poland ea boletsoeng sehloohong se etellang sena pele. Bophelo ba lelapa labo bo ne bo le joang? Lelapa leo le ile la fumana thuso ea Molimo joang?
Franciszek, ntate oa Lidia, o oa lumela hore ha bana ba hae ba sa le banyenyane, o ile a hlokomoloha lelapa la hae, feela joalokaha morali oa hae a boletse. O re: “Ke ne ke sa tsotelle hore na bana ba rōna ba etsa eng. Ke ne ke sa bontše kameho e lerato, ’me ho ne ho se na kamano ea letho pakeng tsa rōna.” Kahoo o ne a sa hlokomele hore ha Lidia a ne a le lilemo li 14, eena le khaitseli ea hae e nyenyane le ngoan’abo e mong oa ngoanana ba ne ba se ba ntse ba tsamaea liphathi tse lerata, ba tsuba, ba e-noa joala le ho ameha lintoeng.
Qetellong, Franciszek o ile a hlokomela khathatso eo bana ba hae ba kenang ho eona, ’me o ile a tšoha hoo a ileng a etsa qeto ea ho etsa ho hong ka hona. O re: “Ke ile ka rapela Molimo hore a nthuse.” Ho makatsang ke hore, hang-hang ka mor’a moo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa mo etela ha hae, ’me eena le mosali oa hae ba ile ba lumela ho ithuta Bibele. Hamorao batsoali ba ile ba qala ho sebelisa lithuto tsa eona bophelong ba bona. Phello e bile efe baneng?
Franciszek o oa hlalosa: “Ba ile ba qala ho hlokomela hore ke ne ke tlohetse ho noa joala le hore ke ne ke fetoha ntate ea molemo. Ba ne ba batla ho tseba Lipaki Tsa Jehova hamolemo. Le bona ba ile ba qala ho ithuta Bibele le ho tlohela litloaelano tsa bona tse mpe.” Mora, Rafał, o bua tjena ka ntat’ae: “Ke ile ka mo rata joaloka motsoalle.” Oa phaella: “Lequloana la seterateng kapele le ile la fetoha leo e seng la bohlokoa. Re ne re phathahane ka mesebetsi ea moea.”
Hona joale Franciszek ke moholo oa Mokreste phuthehong e ’ngoe ea Lipaki Tsa Jehova, ’me o ntse a ameha ka lelapa la hae le ka khōlo ea moea ea e mong le e mong. Mosali oa hae le Lidia ke bo-pula-maliboho, baevangeli ba nako e tletseng. Rafał le khaitseli ea hae e nyenyane, Sylwia, ba kopanela ka hohle-hohle thutong ea Bibele, ba fana ka litlhaloso libokeng tsa Bokreste, le ho bolella ba bang ka tumelo ea bona.
O Ile a Sebelisa Seo a Neng a se Ruta
Nahana hape ka se etsahetseng ka Luis, ntate oa Macarena. Hopola hore ke ngoanana ea lilemo li 21 oa Spain ea qotsitsoeng sehloohong se qalang. Luis o ile a phela ka tsela e tšoanang le ea ntate oa hae ea neng a lemaletse joala. Joalokaha Macarena a boletse, o ne a ee a nyamele le metsoalle ea hae ka nako e ’ngoe matsatsi-tsatsi. Ho feta moo, o ne a tšoara mosali oa hae joaloka lekhoba ho e-na le molekane ea ananeloang. Lenyalo la bona le ne le mothating oa ho qhalana, ’me Macarena le bana babo ba mo hlahlamang ba ne ba sithabetse maikutlong.
Leha ho le joalo, ka mor’a nako, Luis o ile a lumela ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Oa hlalosa: “Ke ile ka qala ho ba le nako ea mosali oa ka le bana ba ka. Ra bua hammoho, ra ja hammoho le ho ithuta Bibele hammoho. Hape re ile ra kopanela mesebetsi ea lelapa hammoho le ho ithabisa hammoho.” Macarena o re: “Ke ile ka qala ho utloa boteng ba ntate ea tsotellang ea bontšang thahasello ea sebele lapeng la hae.”
Habohlokoa le ho feta ke hore Luis ha aa ka a khothalletsa lelapa la hae feela hore le sebeletse Molimo empa o ile a sebelisa seo a neng a se ruta. Macarena o hlalosa hore o ile a tlohela “khoebo e atlehang, hobane e ne e mo nkela nako e ngata ’me a batla ho lebisa tlhokomelo e eketsehileng litabeng tsa lelapa.” Phello e bile e tsotehang. Macarena o re: “Mohlala oa hae o nthutile mokhoa oa ho tsepamisa leihlo nthong e le ’ngoe le ho etelletsa pele lintho tsa moea.” Hona joale o sebeletsa e le pula-maliboho, ’me ’mè oa hae le bana babo ba mo hlahlamang ke litho tse mafolofolo tsa phutheho ea Bokreste.
Qeto ea Motsamaisi oa Tsamaiso ea Literene
Ho hlakile hore ntate eo bana ba mo hlokang ke ea etsang liqeto a nahanetse boiketlo ba bana ba hae. Mora ea lilemong tsa bocha oa Takeshi Tamura, motsamaisi oa Mojapane ea boletsoeng sehloohong se etellang sena pele, o ne a qalile ho tsamaea le metsoalle e mebe ’me ho ne ho bonahala a lebile selomong. E ne e le ka 1986, selemong seo Takeshi a ileng a etsa qeto ea ho tlohela boemo ba hae ba boikarabelo Tsamaisong ea Literene ea Sechaba ea Japane. Takeshi o ikutloa joang ka qeto ea hae hona joale, lilemo tse fetang 18 hamorao?
O sa tsoa re: “Mohlomong ke qeto e molemohali eo nkileng ka e etsa. Ho qeta nako le mora oa ka le ho etsa lintho hammoho, ho akarelletsa ho ithuta Bibele le eena, ho bile le phello e tsotehang. Re ile ra ba metsoalle, o ile a khaotsa litloaelano tsa hae tse mpe le ho tlohela boitšoaro bo sa lokelang.”
Mosali oa Takeshi e ne e bile e mong oa Lipaki Tsa Jehova lilemo tse seng kae pejana, ’me e bile boitšoaro ba hae bo behang mohlala bo ileng ba susumelletsa monna oa hae ho hlahloba Bibele le ho ameha ka lelapa haholoanyane. Qetellong eena, mora oa hae le morali oa hae kaofela ba ile ba fetoha Lipaki. Takeshi le mora oa hae hona joale ke baholo liphuthehong tseo ba leng ho tsona, ’me mosali oa hae le morali ke bo-pula-maliboho.
Bo-ntate ba Hloka Thuso
Bo-ntate ba bangata, ho sa tsotellehe ho hlokomela ha bona hore ba hlokomolohile bana ba bona, ha ba tsebe hore na ba ba etsetse eng. Koranta ea Spain, La Vanguardia e kile ea e-ba le sehlooho se reng “Karolo ea 42 Lekholong ea Batsoali [ba Masepanishe] e ea Lumela Hore ha e Tsebe Mokhoa oa ho Hōlisa Bana ba Bona ba Lilemong Tsa Bocha.” Empa ho ka buuoa se tšoanang le ka bo-ntate ba bana ba e-s’o kene bocheng hammoho le bana ba banyenyane. Ho fapana le seo ba bangata ba se nahanang, bana ba banyenyane le bona ba hloka hore ntate ea inehetseng a be teng le hore a lebise tlhokomelo ho bona.
Ke eng hape se ka ithutoang ka hore ntate e be ea molemo? Mehlala e molemohali ke efe bakeng sa bo-ntate, hona ho ka ithutoa eng ho eona? Sehlooho sa rōna se qetellang se tla hlahloba lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka kōpo bona khaolo e reng “Malapa a Motsoali a le Mong a ka Atleha!” bukeng ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Bo-ntate ba ileng ba fana ka se hlokoang ke bana ba bona
Franciszek le lelapa la hae
Luis le lelapa la hae
Takeshi le lelapa la hae