Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb15 leq. 118-leq. 119 ser. 4
  • “Ke Ile ka Loana Hore ho Khaohe Moo ho Khoehlang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ke Ile ka Loana Hore ho Khaohe Moo ho Khoehlang”
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Nete e Fetola Bophelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Re Hloka ho Tšelisoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Ntate eo Bana ba mo Hlokang
    Tsoha!—2004
  • Ke Bone Hore Jehova o Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
yb15 leq. 118-leq. 119 ser. 4

DOMINICAN REPUBLIC

“Ke Ile ka Loana Hore ho Khaohe Moo ho Khoehlang”

Luis Eduardo Montás

  • O HLAHILE KA 1906

  • O KOLOBELITSOE KA 1947

  • PALE EA BOPHELO BA HAE Ofisiri ea mehleng ea mokha oa lipolotiki oa Rafael Trujillo. O ithutile ’nete ’me a sebeletsa Jehova ka botšepehi ho fihlela ka 2000 ha a hlokahala.

Setšoantšo se leqepheng la 118

LUIS e ne e le mong ka Trujillo ’me e le motšoari oa matlotlo mokheng o busang oa Partido Dominicano (Dominican Party). Leha ho le joalo, Luis o ne a se a sa batle ho sebeletsa mokha oa Trujillo ’me le hoja a ’nile a leka ho itokolla, ’musi eo oa mohatelli o ne a mo hanela.

Ka mor’a hore Trujillo a bolaee baholoane ba Luis ba babeli, Luis o ile a leka ka makhetlo a mabeli ho bolaea Trujillo. Leha ho le joalo, ha aa ka a belaelloa ka hore o nkha lefotha. Luis o ne a bile a e-ea lingakeng tsa setso e le hore a betse Trujillo, eo ha a bua ka eena a neng a re: “O itšoere joaloka phoofolo ebile o inka a phahametse batho ba bang.” O ile a bona buka ea “’Nete e Tla le Lokolla” ha a ntse a le ho e ’ngoe ea lingaka tsa setso ’me a e bala. E ile ea mo khahla hoo a ileng a e nka ’me hamorao a etsa qeto ea hore bona ke bolumeli boo a ntseng a bo batla.

Ha Luis a etetse Ciudad Trujillo, o ile a ea libokeng ’me a fumana libuka le limakasine. A sesa bosiu a ntse a bala lingoliloeng tseo ’me hamorao a kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele. Ha a ntse a tsoela pele ka thuto, Luis o ile a etsa qeto ea ho tlohela mosebetsi. Ka mor’a hore Trujillo a tsebe ka taba eo, o ile a tšepisa Luis boemo bo phahameng ba ho ba lenģosa la Dominican Republic, sehlekehlekeng sa Puerto Rico. Leha ho le joalo, Luis o ile a hana mosebetsi oo le hoja a ne a tseba hore ho etsa joalo ho ne ho ka etsa hore a hlorisoe.

Luis o re: “Ke ne ke hlekefetsoa ka litsela tse sa tšoaneng, ’me bahlanka ba ’muso ba nchehela maraba. Empa ke ne ke ikemiselitse ho tela menate eohle ea lefatše lena.” Luis e ile ea e-ba mohoeletsi ea chesehang hoo baruti ba K’hatholike ba neng ba mo bitsa “moruti.” Ka la 5 October, 1947, e leng likhoeli tse tšeletseng ka mor’a hore Luis a tle libokeng ka lekhetlo la pele, o ile a kolobetsoa.

Ka mor’a hore Luis a kolobetsoe, o ile a tsongoa, a kenngoa teronkong a ba a koalloa a le mong ka seleng. O ile a batla a bolaoa ka makhetlo a ’maloa. Leha ho le joalo, kamehla ha a tšoeroe ’me a isoa khotla, o ne a sebelisa monyetla oo ho fana ka bopaki. Luis o re: “Ke ile ka loana hore ho khaohe moo ho khoehlang e le hore ke emele tumelo ea ka, ’me seo sea nthabisa.”

Luis o ne a tsebahala e le Paki e tšepahalang motseng oa habo. Ka 1994, koranta ea Dominican Republic e bitsoang El Siglo e ile ea re: “Ntate Luis Eduardo Montás hase motho oa masaoana. Ke motho oa bohlokoa, ea nang le kutloelo-bohloko le ea ikokobelitseng. Hohle moo ho buuoang ka eena mona San Cristobal, o amahanngoa le mosebetsi oa ho ruta batho Bibele.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela