SEHLOOHO SE KA NTLE
Kamoo U ka Bang Ntate ea Molemo
“Lintho li ile tsa senyeha hokae?” Potso ena e ’nile ea tšoenya Michaela ea lulang Afrika Boroa. Le hoja a entse sohle se matleng a hae hore e be ntate ea molemo, kamehla ha a nahana ka mora oa hae ea lilemo li 19 ea tsoileng tseleng, oa ipotsa hore na ebe ho na le ntho eo a sa e etsang hantle.
Ho fapana le Michael, Terry, ea lulang Spain eena o ile a atleha. Mora oa hae Andrew o re: “Ntho eo ke e hopolang haholo ka Ntate ke hore o ne a mpalla, a bapala le ’na re bile re ea moo re ka qetang nako re le babeli feela. O ne a etsa hore ho be monate ho ithuta.”
Ke ’nete hore ha ho bonolo ho ba ntate ea molemo. Empa Bibele e fana ka keletso e ka u thusang hore u be ntate ea molemo. Bo-ntate ba bangata ba hlokometse hore ba rua molemo hammoho le malapa a bona, ha ba latela keletso e bohlale e fumanoang ka Bibeleng. A re ke re hlahlobeng tse ling tsa likeletso tsa Bibele tse sebetsang tse ka thusang bo-ntate.
1. Iphe Nako ea ho ba le Lelapa la Hao
Joaloka ntate, u bontša bana ba hao joang hore ke ba bohlokoa ho uena? Ho hlakile hore u etsa lintho tse ngata molemong oa bona, tse akarelletsang ho itima lintho tse itseng e le hore ba be le lijo le lehae le loketseng. U ne u ke ke ua etsa lintho tseo haeba bana ba hao ba se bohlokoa ho uena. Empa haeba u sa iphe nako e lekaneng ea ho ba le bana ba hao, ba ka ’na ba etsa qeto ea hore u tsotella lintho tse ling ho ba feta, tse kang mosebetsi oa hao, metsoalle le lintho tseo u li etsang ho itlosa bolutu.
Ntate o lokela ho qala neng ho qeta nako le bana ba hae? ’Mè o qala ho ba le kamano e haufi le ngoana ha a sa ntse a le ka pōpelong. Libeke tse 16 ka mor’a hore ’mè a ime, ngoana ea e-s’o hlahe a ka ’na a qala ho utloa. Nakong ena ntate le eena a ka qala ho ba le kamano e khethehileng le ngoana oa hae ea e-s’o hlahe. A ka mamela ho otla ha pelo ea ngoana, a utloa ha a raha, a bua le eena le ho mo binela.
Molao-motheo oa Bibele: Mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, banna ba ne ba ruta bana ba bona. Bo-ntate ba ne ba khothalletsoa hore kamehla ba qete nako le bana ba bona joalokaha ho ka bonoa mantsoeng ana a Bibele a hlahang ho Deuteronoma 6:6, 7, a reng: “Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao; u a rute mora oa hao ka ho pheta-pheta ’me u bue ka ’ona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robetse le ha u tsoha.”
2. Bo-ntate ba Molemo ba Tseba ho Buisana le Bana ba Bona
Ba mamele u khobile matšoafo, u sa ba tšoae liphoso
E le hore u atlehe ho buisana le bana ba hao, u lokela ho ba mamela ka hloko. U lokela ho ithuta ho ba mamela u khobile matšoafo.
Haeba bana ba hao ba nahana hore u tla halefa kapele le ho ba tšoaea liphoso ha ba bua le uena, ha ho na letho le tla ba susumeletsa hore ba u phetlele sefuba. Empa ha u ba mamela u khobile matšoafo, u bontša hore u ba tsotella e le kannete. Joale le bona ba tla phutholoha ho u bolella lintho tseo ba li nahanang le tsela eo ba ikutloang ka eona.
Molao-motheo oa Bibele: Ho na le bopaki bo bontšang hore bohlale bo sebetsang bo fumanoang ka Bibeleng bo molemo likarolong tse ngata tsa bophelo. Ka mohlala, Bibele e re: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua, a liehe ho halefa.” (Jakobo 1:19) Bo-ntate ba sebelisang molao-motheo ona oa Bibele, ba khona ho buisana hantle le bana ba bona.
3. Ba Khalemele ka Lerato ’me U ba Babatse
Esita le haeba u ferekane kapa u halefile, khalemelo eo u fanang ka eona e lokela ho bontša hore u rata ngoana oa hao le hore u batla hore a atlehe bophelong. Khalemelo e joalo e akarelletsa ho mo eletsa, ho mo laea, ho mo ruta le ho mo fa kotlo ha ho hlokahala.
Ho feta moo, bana ba amohela khalemelo haholoanyane ha ntate a ba babatsa kamehla. Maele a boholo-holo a re: “Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera.” (Liproverbia 25:11) Ha bana ba babatsoa seo se ba thusa hore ba be le litšobotsi tse ntle. Bana ba itšepa haholoanyane ha ba hlokomela hore batsoali baa ba ananela ebile ba ba nka e le ba bohlokoa. Ntate ea batlang menyetla ea ho babatsa bana ba hae, o tla ba thusa hore ba itšepe le ho ba khothalletsa hore ba se ke ba tela ho leka ho etsa se nepahetseng.
Molao-motheo oa Bibele: “Lōna bo-ntate, le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.”—Bakolose 3:21.
4. Rata Mosali oa Hao ’me U mo Hlomphe
Tsela eo ntate a tšoarang mosali oa hae ka eona e ama bana. Litsebi tse ling tsa khōlo ea ngoana li re: “Ntho e ’ngoe e molemo ka ho fetisisa eo ntate a ka e etsetsang bana ba hae ke hore a hlomphe ’mè oa bona. . . . Ha ntate le ’mè ba hlomphana ba bile ba etsa hore bana ba bona ba tsebe seo, bana ba tla thaba le ho ikutloa ba sireletsehile.”—The Importance of Fathers in the Healthy Development of Children.b
Molao-motheo oa Bibele: “Banna, le tsoele pele le rata basali ba lōna . . . E mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae joalokaha a ithata.”—Baefese 5:25, 33.
5. Sebelisa Keletso e Bohlale e Tsoang ho Molimo
Bo-ntate ba ratang Molimo ka lipelo tsohle tsa bona, ba ka fa bana ba bona lefa la bohlokoa ka ho fetisisa la hore ba be le kamano e haufi-ufi le Ntate oa bona oa leholimo.
Ka mor’a lilemo tse mashome tsa mosebetsi o thata oa ho hōlisa bana ba tšeletseng, Antonio, e leng Paki ea Jehova, o ile a fumana lengolo le tsoang ho e mong oa barali ba hae le reng: “Ntate ea ratehang, ke lakatsa ho u leboha ka ho nkhōlisa hore ke rate Jehova Molimo, ke ithate ’me ke rate le moahelani oa ka—e leng lintho tse etsang hore ke be le botho bo ratehang. U ile ua mpontša hore u rata Jehova le hore u ntsotella e le kannete. Kea leboha Ntate hore ebe u ile ua beha Jehova pele bophelong ba hao, ’me ua tšoara bana ba hao joaloka mpho e tsoang ho Molimo!”
Molao-motheo oa Bibele: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka mafolofolo a hao ’ohle. Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao.”—Deuteronoma 6:5, 6.
Ho hlakile hore ho ba ntate ho akarelletsa lintho tse ngata tse fetang tsena tse hlano le hore esita leha u leka ka hohle ho ba ntate ea molemo ho ke ke ha etsahala hore u etse lintho ka tsela e phethahetseng. Empa ha u leka ka matla ho sebelisa melao-motheo ena ka tsela e bontšang lerato le e leka-lekaneng, u ka atleha e le kannete ho ba ntate ea molemo.c
a Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.
b Ha ntate a tšoara ’mè oa bana ba hae ka tlhompho esita le haeba a se a arohane le eena, seo se tla thusa bana hore ba be le kamano e ntle le ’mè oa bona.
c E le hore u fumane likeletso tse eketsehileng ka bophelo ba lelapa, sheba buka e reng Lekunutu la Thabo ea Lelapa, e fumanehang Inthaneteng ho www.jw.org/st.