Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 1/8 leq. 19
  • Ho Ameha ka Botle ho Tlōla Tekano

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ameha ka Botle ho Tlōla Tekano
  • Tsoha!—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo bo Nang le Morero
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • “Ke Ile ka Loana Hore ho Khaohe Moo ho Khoehlang”
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2015
  • Likotsi Tsa ho Lelekisa Botle
    Tsoha!—2005
  • Ho Mamella Mathata ho ka re Tlisetsa Litlhohonolofatso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 1/8 leq. 19

Ho Ameha ka Botle ho Tlōla Tekano

MARIAa ke mosetsana ea tsamaeloang ke lintho hantle ’me lelapa labo ke la batho ba lerato. Leha ho le joalo, ha aa thaba. Lebaka? Ha a khotsofalle tsela eo a shebahalang ka eona. Le hoja lelapa labo le leka ho mo khothatsa, Maria o inka a le mobe ’me seo se mo tepeletsa maikutlo.

José o tsoa lelapeng le hlomphehang ’me ho bonahala a e-na le mabaka ’ohle a ho thaba. Empa o nahana hore ho hang a ke ke a fumana molekane. Hobane’ng? José o nahana hore ha a bohehe ebile o mobe. O kholisehile hore ha ho mosali ea itseng cha! ea ka khahloang ke eena.

Luis ea lilemo li robeli o rata ho ea sekolong ’me ke motho ea botsoalle. O rata ho bapala le bana bao a kenang sekolo le bona, empa hangata o oa lla hobane ba mo soma ka ponahalo ea hae. Ba re o motenya.

Tsena hase lintho tse etsahalang seoelo. Ho re Maria, José, le Luis ba na le bothata ba ho ikhella fatše e tla be e le ho bebofatsa taba. ’Nete ke hore ha ho motho ea ratang ho ikutloa a sa ratoe ka lebaka la ponahalo ea hae.

Leha ho le joalo, batho ba nka ponahalo e le ntho ea bohlokoa haholo. Ha e le hantle, ho bonahala hangata katleho e tsamaea le ponahalo. Ka mohlala, ho bonahala batho ba batle haholo ba na le menyetla e mengata ea ho hiroa. Pilar Muriedas, e mong oa baokameli ba Latin-American and Caribbean Women’s Health Network, o re basali “ba nka ponahalo e ntle e le e ’ngoe ea lintho tse ka sehloohong tse hlokahalang bakeng sa ho atleha.” Hape, ho latela Dr. Laura Martínez, basali ba tseba hantle hore bonneteng, “ponahalo ke ea bohlokoa haholo ha ho tluoa tabeng ea ho hiroa.”

Ke ’nete hore banna le bona ba se ba ameha ka ho ba le ’mele e “metle.” Ka sebele, banna le basali ba bangata ba etsa sohle se matleng a bona hore ba be batle, esita le ho itima lijo kapa ho latela mehato e itseng e bohloko hore ba be le lifahleho tse ntle ka ho fetisisa kapa fikara e ntle ka ho fetisisa. Na boiteko boo bo ba tsoela molemo? Na ho na le likotsi tse itseng tse amehang?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Ponahalo ea ’mele e ka ama menyetla eo motho a e fumanang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela