Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 4/8 maq. 28-30
  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Etsa Mosebetsi oa Matsoho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Etsa Mosebetsi oa Matsoho?
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ikoetlisetsa ka Moso
  • Ho Ikaha ka Bouena
  • Tšebeletso e Halalelang
  • Mokhoa oa ho Ithuta
  • U ka Etsa’ng Hore U Thabele ho Sebetsa ka Thata?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Nka Itokisetsa Mosebetsi oa Boipheliso Joang?
    Tsoha!—1992
  • Bona se Molemo Bakeng sa Mosebetsi oa Hao o Thata
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Ho Sebetsa Ka Thata—Ha e le Ntho ea Bohlokoa
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 4/8 maq. 28-30

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Etsa Mosebetsi oa Matsoho?

“Le ka mohla ha ke e-s’o ka ke nahana ka ho etsa mosebetsi oa matsoho. Ke thabela ho bapala ka k’homphieutha ea ka haholo.”—Nathan.

“Rōna ba etsang mosebetsi oa matsoho, bana ba bang ba re shebela tlaase joalokaha eka ha rea hlalefa ka ho lekaneng hore re ka etsa mesebetsi e meng.”—Sarah.

MOSEBETSI OA MATSOHO—ba bangata ba o nka e le mosebetsi o sa thahaselliseng, o litšila le o sa rateheng. Moprofesa e mong oa tsa moruo o re mabapi le mosebetsi oa matsoho: “Mesebetsi e joalo e nkeloa tlaase lefatšeng lena la kajeno le lemaletseng botumo.” Ha ho makatse hore ebe bacha ba bangata ba nyatsa le khopolo feela ea ho etsa mosebetsi oa matsoho.

Leha ho le joalo, Bibele e khothalletsa maikutlo a fapaneng ka ho sebetsa ka thata. Morena Solomone o ile a re: “Ho motho ha ho letho le molemo ho feta hore a je ’me ka sebele a noe le ho etsa hore moea oa hae o bone se molemo ka lebaka la mosebetsi oa hae o boima.” (Moeklesia 2:24) Mehleng ea Bibele, Baiseraele e ne e le lihoai. Ho lema, ho kotula le ho pola kaofela e ne e le mesebetsi e hlokang matla. Leha ho le joalo, Solomone o ile a re ho sebetsa ka thata ho ka tlisa melemo e meholo.

Lilemo tse makholo hamorao, moapostola Pauluse o ile a re: “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae.” (Baefese 4:28) Pauluse ka boeena e ne e se mokhelo tabeng ea ho etsa mosebetsi oa matsoho. Le hoja e ne e le monna ea rutehileng haholo, ka linako tse ling o ne a iphelisa ka ho etsa litente.—Liketso 18:1-3.

U ikutloa joang ka ho sebetsa ka matsoho? Ebang ua elelloa kapa che, mosebetsi oa matsoho o ka u tsoela molemo ka litsela tse ngata.

Ho Ikoetlisetsa ka Moso

Ho ikitlaetsa ka matla mosebetsing oa matsoho—ebang ke ho sebelisa hamore kapa ho kuta mohloa—ho ka u phelisa hantle ’meleng. Ho ka u tsoela molemo o fetang feela oa ho boloka ’mele oa hao o koenne ’me o hahehile hantle. Na u tseba ho lokisa lebili le tsoileng moea kapa ho chencha oli koloing? Na u ka lokisa fensetere e pshatlehileng kapa ua thibolla phaephe e kibaneng? Na u tseba ho pheha? Na u tseba ho hloekisa ntloana hoo e ka hlokang le lethebanyana kapa tsona likokoana-hloko? Ena ke mesebetsi eo bahlankana le baroetsana ba lokelang ho e tseba, mesebetsi e tla ba thusa hore ba atlehe ha ba se ba lula ba le bang ka le leng.

Ho thahasellisang, ho bonahala Jesu Kreste a ile a ipabola mosebetsing o itseng oa matsoho ha a sa le mona lefatšeng. O ile a ithuta mosebetsi oa ho betla mapolanka—ha ho pelaelo hore o ithutile ’ona ho ntate oa hae oa mohōlisi, Josefa—kaha o ne a bitsoa ’metli oa mapolanka. (Matheu 13:55; Mareka 6:3) Le uena u ka ithuta mesebetsi e fapa-fapaneng ea bohlokoa ka ho sebelisa matsoho a hao.

Ho Ikaha ka Bouena

Ho sebetsa ka thata ho ka boela ha ama tsela eo u inkang ka eona. Ha Dr. Fred Provenzano a ngolla U.S. National Mental Health and Education Center, o bontša hore ho ithuta mesebetsi ea matsoho ho ka etsa hore u “kholisehe hore u ka iketsetsa lintho le ho itšepa” ’me “ho ka boetse ha u thusa hore u tsebe ho ithiba le ho hlophiseha hantle, e leng lintho tsa motheo tse hlokahalang bakeng sa ho atleha mosebetsing.” Mohlankana e mong ea bitsoang John o re: “Mosebetsi oa matsoho o u thusa hore u ithute mamello. U ithuta ho sebetsana le mathata.”

Sarah ea qotsitsoeng pejana, oa hlalosa: “Ho etsa mosebetsi oa matsoho ho nthutile ho sebetsa ka thata le ho ba mahlahahlaha. Ke ithutile ho itaea kelellong le ’meleng.” Na mosebetsi oa matsoho e lokela ho ba o tenang? Nathan o re: “Ke ithutile ho thabela ho sebetsa ka matsoho a ka. Ha ke ntse ke ntlafatsa tsebo ea ka, ke bone ha mosebetsi oa ka o ntse o ntlafala le ho feta. Sena se entse hore ke itšepe.”

Mosebetsi oa matsoho o ka boetse oa u ruta thabo eo motho a bang le eona ha a entse ntho e itseng. Mohlankana e mong ea bitsoang James o itlhalosa tjena: “Ke thabela ho betla mapolanka. Le hoja ka linako tse ling e le mosebetsi o khathatsang, neng kapa neng nka sheba ntho eo ke e betlileng ’me ka apareloa ke thabo ka seo ke se entseng. Ruri hoa khotsofatsa.” Brian o na le maikutlo a tšoanang. “Ke thabela ho lokisa likoloi. Ho tseba hore ke na le bokhoni ba ho tea ntho e robehileng ’me e sebetse hantle joalokaha eka e ncha, ho mpha kholiseho le khotsofalo.”

Tšebeletso e Halalelang

Ho bacha ba Bakreste, ho tseba ho sebetsa ka thata ho ka ba thusa tšebeletsong ea bona ho Molimo. Ha Morena Solomone a ne a fuoa kabelo ea ho haha tempele e hlollang ka botle ea Jehova, o ile a lemoha hore oo e ne e le mosebetsi o hlokang boiteko bo matla haholo le tsebo. Bibele e re: “Morena Solomone a romeletsa ’me a lata Hirame Tyre. E ne e le mora oa mosali oa mohlolohali ho tsoa lelokong la Nefthali, ’me ntat’ae e ne e le monna oa Motyre, ea sebetsang ka koporo; o ne a tletse bohlale le kutloisiso le tsebo ea ho etsa mosebetsi oa mofuta o mong le o mong ka koporo. Ka lebaka leo a tla ho Morena Solomone ’me a qala ho etsa mosebetsi oohle oa hae.”—1 Marena 7:13, 14.

Hirame o bile le tokelo e kaakang ea ho sebelisa tsebo ea hae ho ntšetseng pele borapeli ba Jehova! Phihlelo ea Hirame e totobatsa ’nete ea mantsoe a Bibele a ho Liproverbia 22:29: “Na u bone motho ea nang le tsebo mosebetsing oa hae? O tla ema ka pel’a marena; a ke ke a ema ka pel’a batho feela ba tloaelehileng.”

Kajeno, esita le bacha ba tsebang ho fokolang kapa ba sa tsebeng letho ka mohaho ba ’nile ba ba le tokelo ea ho kenya letsoho kahong ea Liholo Tsa ’Muso. Ka lebaka la ho sebetsa moo, ba bang ba ithutile litsebo tsa bohlokoa, tse kang ho sebetsana le motlakase, ho sebetsana le lipompo tsa metsi, ho tseba ho haha ka majoe le ho betla mapolanka. Mohlomong o ka bua le baholo ba phutheho ea heno ho fumana hore na ho na le monyetla oa hore u kene lenaneng la ba thusang kahong ea Liholo Tsa ’Muso.

James, ea sebelitseng Liholong Tsa ’Muso tse ngata, o re: “Ba bangata ka phuthehong ba ka ’na ba se ke ba e-ba le nako kapa mokhoa oa ho thusa. Ka hona, ha u ithaopela ho thusa, u thusa phutheho eohle.” Nathan, ea ithutileng ho sebetsa ka konkreite, o ile a buleheloa ke menyetla e meng tšebeletsong ea Molimo ka lebaka la tsebo eo. Oa hopola: “Ke ile ka ea Zimbabwe ’me ka sebelisa tsebo ea ka ho thusa ho haheng ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka sebeletsa moo likhoeli tse tharo, ’me eo e bile phihlelo e ’ngoe ea tse nthabisang ka ho fetisisa bophelong ba ka.” Ho lakatsa ho sebetsa ka thata ho susumelitse bacha ba bang hore ba kenye kōpo ea ho sebetsa e le baithaopi ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e naheng ea habo bona.

Ho ba le tsebo ea ho sebetsa ka matsoho ho ka boela ha etsa hore u itjare. Bacha ba bangata ba Lipaki Tsa Jehova ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho, kapa baboleli ba nako e tletseng. Ho tseba mesebetsi e itseng ho thusitse ba bang hore ba fumane mokhoa oa ho phela ntle le hore ba qete nako e ngata le chelete ba ithuta likolong.

Mokhoa oa ho Ithuta

Ka ho hlakileng, u ka rua molemo ka ho ithuta ho etsa mosebetsi oa matsoho, ebang ke bakeng sa ho iphelisa kapa feela molemong oa ho thusa lapeng. E ka ’na eaba sekolo seo u se kenang se fana ka koetliso ea mesebetsi e itseng. Mohlomong u ka ba ua fumana koetliso u ntse u le hae. Joang? Ka ho ithuta ho phetha mesebetsi ea lapeng. Dr. Provenzano, ea qotsitsoeng pejana, oa ngola: “Mesebetsi ea lapeng ke ea bohlokoa haholo bakeng sa bacha kaha e ba fa ‘tsebo ea ho ikhoantlella’ ea motheo e tla ba thusa hore ha nako ea hore ba arohane le batsoali e fihla, ba atlehe ho lula ba le bang ba sa sokole.” Kahoo, falimehela ho etsa mosebetsi leha e le ofe o hlokahalang lapeng. Na mohloa o tlameha ho kutoa kapa ho na le shelefo e batlang ho lokisoa?

Ho e-na le hore e be mosebetsi o tlaase le o theolang motho maemong, mosebetsi oa matsoho o ka u thusa ka litsela tse ngata. U se ke ua qoba ho etsa mosebetsi oa matsoho! Ho e-na le hoo, leka ho “bona se molemo” ka mosebetsi oo o u etsang, joalokaha Moeklesia 3:13 e re, “ke mpho ea Molimo.”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

Ho ithuta mosebetsi o itseng ho thusitse bacha ba bangata hore ba atolose tšebeletso ea bona ho Molimo

[Litšoantšo tse leqepheng la 30]

Hangata batsoali ba ka u ruta mesebetsi ea motheo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela