Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 5/8 maq. 13-14
  • Na Litšoantšo li Lokela ho Sebelisoa Borapeling?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Litšoantšo li Lokela ho Sebelisoa Borapeling?
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bakreste ba Pele
  • Ho Amoheloa ha Litšoantšo ke “Bakreste”
  • Ho Rapela “ka Moea le ka ’Nete”
  • Rapela Molimo “ka Moea”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Litšoantšo Tsa Bolumeli li Simolohile Linakong Tsa Boholo-holo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Tšebeliso le Tšebeliso e Mpe ea Litšoantšo tsa Bolumeli
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Pono ea Bokreste ka Litšoantšo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 5/8 maq. 13-14

Pono ea Bibele

Na Litšoantšo li Lokela ho Sebelisoa Borapeling?

SELEMO LE SELEMO ka la 15 August, sehlekehlekeng sa Greece sa Tínos ho ba le mokete o moholo oa bolumeli. Batho ba likete ba bokana ka morero oa ho rapela Maria ’m’a Jesu le setšoantšo sa hae, seo ho lumeloang hore se na le matla a ho etsa mehlolo.a Buka ea Greek Orthodox e ea hlalosa: “Ka tumelo e khethehileng le boinehelo re tlotla Theotokos ea Halalelang ka ho Fetisisa, ’Mè oa Morena oa rōna, ’me re kōpa hore a re sireletse ’me a potlakele ho re pata le ho re thusa. Re kōpa thuso ho Bahalaleli ba etsang mehlolo—banna le basali ba Halalelang—bakeng sa litlhoko tsa rōna tsa moea le tsa nama . . . Ka boinehelo bo tebileng re aka le ho hlompha ka ho tebileng litšoantšo tsa bona tse halalelang.”

Bongata ba batho ba ipitsang Bakreste ke litho tsa malumeli ao le ’ona a etsang liketso tse tšoanang tsa borapeli. Empa na lithuto tsa Bibele li tšehetsa tšebeliso ea litšoantšo borapeling?

Bakreste ba Pele

Nahana ka se etsahetseng ka hoo e ka bang ka 50 C.E. ha moapostola Pauluse a ne a etetse Athene, motse oo ho oona tšebeliso ea litšoantšo borapeling e neng e nkoa e le ea bohlokoa. Pauluse o ile a hlalosetsa Baathene hore Molimo “ha a lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho, leha e le hore o hlokomeloa ke matsoho a batho joalokaha eka o hloka letho . . . Ka hona, . . . ha rea tšoanela ho nahana hore Boleng ba Molimo bo joaloka khauta kapa silevera kapa lejoe, joaloka ntho e betliloeng ka tsebo le maqheka a motho.”—Liketso 17:24, 25, 29.

Ha e le hantle, Mangolong a Segerike a Bakreste, ao hape a bitsoang Testamente e Ncha, a na le litemoso tse joalo tse ngata mabapi le tšebeliso ea litšoantšo. Ka mohlala, moapostola Johanne o ile a eletsa Bakreste a re: “Le itebele litšoantšong tse rapeloang.” (1 Johanne 5:21) Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe a re: “Tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang?” (2 Bakorinthe 6:16) Bakreste ba bangata ba pele ba ne ba kile ba sebelisa litšoantšo tsa bolumeli borapeling. Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Thesalonika ka sena ha a ne a ngola: ‘Le ile la retelehela ho Molimo ho tloha litšoantšong tsa lōna tse rapeloang hore le be makhoba a Molimo ea phelang le oa ’nete.’ (1 Bathesalonika 1:9) Ho hlakile hore Bakreste bao ba ne ba tla ba le pono e tšoanang le ea Johanne le Pauluse ka litšoantšo.

Ho Amoheloa ha Litšoantšo ke “Bakreste”

Encyclopædia Britannica e bolela hore “makholong a mararo a lilemo a qalang a Kereke ea Bokreste, . . . ho ne ho se na litšoantšo tsa Bokreste, ’me ka kakaretso kereke e ne e li hanela ka matla. Ka mohlala, Clement oa Alexandria, o ile a nyatsa litšoantšo tsa bolumeli (tsa bohetene) ka hore li khothalletsa batho ho rapela libōpuoa ho e-na le ho rapela ’Mōpi.”

Joale ho tlile joang hore tšebeliso ea litšoantšo e ate hakaale? Britannica e tsoela pele: “Hoo e ka bang bohareng ba lekholo la boraro la lilemo ho ile ha simoloha tšebeliso ea litšoantšo ’me ea bonahala e amoheleha Kerekeng ea Bokreste le hoja e ne e hanyetsoa ka matla liphuthehong tse ling. E bile feela ha Kereke ea Bokreste e fetoha kereke ea ’muso oa Roma tlas’a Moemphera Constantine mathoasong a lekholo la bone la lilemo moo litšoantšo li ileng tsa sebelisoa likerekeng, ’me tsa qala ho tloaeleha bolumeling ba Bokreste.”

Mokhoa o tloaelehileng har’a bahetene ba bangata bao joale ba ileng ba qala ho ipolela e le Bakreste e bile oa borapeli ba litšoantšo tsa moemphera. John Taylor oa hlalosa bukeng ea hae ea Icon Painting, o re: “Ho latela sehlotšoana sa borapeli ba moemphera, batho ba ne ba rapela setšoantšo sa hae se pentiloeng seileng kapa lepolankeng, ’me seo se lebisitse ho hlompheng litšoantšo ka tsela ea borapeli.” Kahoo borapeli ba bohetene ba litšoantšo bo ile ba nkeloa sebaka ka ho hlompha litšoantšo tsa Jesu, Maria, mangeloi le “bahalaleli” ka ho tebileng. Litšoantšo tsena tse qalileng ho sebelisoa likerekeng butle-butle li ile tsa kena ka malapeng a batho ba limilione, moo li neng li hlomphuoa ka ho tebileng.

Ho Rapela “ka Moea le ka ’Nete”

Jesu o ne a bolella bamameli ba hae hore bahlanka ba Molimo ba tlameha ho rapela “ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Ka hona ha motho ea tšepahalang a batla ho tseba ’nete mabapi le tšebeliso ea litšoantšo borapeling, o lokela ho ea Lentsoeng la Molimo bakeng sa ho fumana tsebo tabeng ena.

Ka mohlala, ka Bibeleng ho na le polelo ea Jesu e reng: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo. Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6) Pauluse o ile a bolela hore “ho na le Molimo a le mong, le mokena-lipakeng a le mong pakeng tsa Molimo le batho, motho, Kreste Jesu,” le hore ‘Kreste . . . o re kōpela ka tieo.’ (1 Timothea 2:5; Baroma 8:34) Sena se hlaka haholoanyane ha re bala hore Kreste o khona ho “pholosa ka ho feletseng ba atamelang Molimo ka eena, hobane o phela kamehla ho ba kōpela ka tieo.” (Baheberu 7:25) Re lokela ho atamela Molimo ka lebitso la Jesu Kreste. Ha ho motho ea ka mo nkelang sebaka, ’me ka sebele setšoantšo se sa pheleng se ke ke sa mo nkela sebaka. Tsebo e joalo e tsoang Lentsoeng la Molimo e ka thusa mang kapa mang ea batlang ’nete hore a fumane tsela ea ho rapela “Ntate ka moea le ka ’nete” ’me a fumane mahlohonolo a tsela ena e phahameng ea borapeli. Ka sebele, joalokaha Jesu a boletse, “Ntate o batla ba joalo hore ba mo rapele.”—Johanne 4:23.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hangata, setšoantšo sa bolumeli ke ntho e emelang ho itseng kapa letšoao, seo litho tsa bolumeli bo itseng li se hlomphang ka ho tebileng. Ka mohlala, Kerekeng ea Orthodox ea Bochabela, tse ling ke tse emelang Kreste; tse ling li emela Boraro-bo-bong, “bahalaleli,” mangeloi kapa, joaloka tabeng eo ho builoeng ka eona ka holimo, Maria ’mè oa Jesu. Batho ba limilione ba hlompha litšoantšo ka ho teba ka tsela e tšoanang le eo ba bangata ba ikutloang ka eona ka litšoantšo tse sebelisoang borapeling. Malumeli a itseng a ipolelang e se a Bokreste a na le litumelo le maikutlo a tšoanang mabapi le litšoantšo tsa melimo ea ’ona.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]

Boris Subacic/AFP/Getty Images

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela