Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w02 7/1 maq. 5-8
  • Rapela Molimo “ka Moea”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Rapela Molimo “ka Moea”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto e Hlakileng ea Bibele
  • Kotsi e Ipatileng
  • Ho Rapela “Bahalaleli” Kapa Maria?
  • Sireletsa Kamano ea Hao le Molimo
  • Litšoantšo Tsa Bolumeli li Simolohile Linakong Tsa Boholo-holo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Na Litšoantšo li Lokela ho Sebelisoa Borapeling?
    Tsoha!—2005
  • Tšebeliso le Tšebeliso e Mpe ea Litšoantšo tsa Bolumeli
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Pono ea Bokreste ka Litšoantšo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
w02 7/1 maq. 5-8

Rapela Molimo “ka Moea”

“Le tla tšoantša Molimo le mang? Le ka mo etsa ka setšoantšo sefe?”—ESAIA 40:18, “THE JERUSALEM BIBLE”

MOHLOMONG u kholisehile ka tieo hore hoa amoheleha ho sebelisa litšoantšo ha ho rapeloa Molimo. U ka ’na ua nahana hore li u atametsa ka ho eketsehileng ho Ea Utloang thapelo, ea sa bonahaleng le eo ho ka ’nang ha bonahala eka ha a na kamano ea botho le batho ’me ho thata ho mo utloisisa.

Empa na re lokolohile ka ho feletseng ho ikhethela mokhoa oa ho atamela Molimo? Na hase Molimo ea lokelang ho etsa qeto ka se amohelehang le se sa amoheleheng? Jesu o ile a hlalosa pono ea Molimo tabeng ena ha a re: “Ke ’na Tsela, ’Nete le Bophelo. Ha ho ea ka tlang ho Ntate haese ka ’na.” (Johanne 14:6)a Mantsoe ana ka booona a thibela tšebeliso ea litšoantšo kapa lintho leha e le life tse ling tse halalelang.

E, Jehova Molimo o amohela mofuta o itseng oa borapeli. Ke ofe? Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a hlalosa: “Hora e tla tla—le joale e se e fihlile—ha barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete: ke bona barapeli bao Ntate a ba batlang. Molimo ke moea, ’me ba mo rapelang ba lokela ho rapela ka moea le ka ’nete.”—Johanne 4:23, 24.

Na Molimo, eo e leng “moea,” a ka emeloa ke setšoantšo se bonahalang? Che. Ho sa tsotellehe hore na setšoantšo se ka ba setle hakae, se ke ke sa tšoantša khanya ea Molimo. Kahoo le ka mohla setšoantšo sa Molimo se ke ke sa tšoantšetsa Molimo e le kannete. (Baroma 1:22, 23) Na ekaba motho ‘o rapela ka ’nete’ haeba a atamela Molimo ka setšoantšo se entsoeng ke motho?

Thuto e Hlakileng ea Bibele

Molao oa Molimo o ne o thibela ho etsoa ha litšoantšo bakeng sa ho li rapela. Molao oa bobeli Melaong e Leshome o ne o re: “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebōpeho leha e le sefe sa ntho leha e le efe e maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše; u se ke ua li inamela kapa ua li sebeletsa.” (Exoda 20:4, 5) Hape Mangolo a Bakreste a bululetsoeng a re: “Le be hōle le borapeli ba litšoantšo.”—1 Bakorinthe 10:14.

Ke ’nete hore ba bangata ba tsitlella hore tšebeliso ea bona ea litšoantšo borapeling hase borapeli ba litšoantšo. Ka mohlala, hangata Bakreste ba Maorthodox ha ba lumele hore ba hlile ba rapela litšoantšo tseo ba inamang, ba khumamang le ho rapela ka pel’a tsona. Moprista oa Moorthodox o ile a ngola: “Re li hlompha kahobane e le lintho tse halalelang, le kahobane re bontša tlhompho ea borapeli ho se emeloang ke Setšoantšo.”

Leha ho le joalo, potso ea sala: Na Molimo o amohela tšebeliso ea litšoantšo ka morero oo ho thoeng ke ho bontša tlhompho e sa tobang ea borapeli? Ha ho moo Bibele e lumellang ketso e joalo teng. Ha Baiseraele ba ne ba emisa setšoantšo sa namane, ba bolela hore ke ka morero oa ho isa tlhompho ea borapeli ho Jehova, o ile a bontša hore o hloile seo, a bolela hore ba koenehile.—Exoda 32:4-7.

Kotsi e Ipatileng

Ho sebelisa lintho tse bonahalang borapeling ho kotsi. Ho bonolo hore ho leke batho hore ba rapele ntho eo ho e-na le Molimo eo ho thoeng ntho eo ea mo emela. Ka mantsoe a mang, setšoantšo se fetoha ntho ea bohlokoa bakeng sa borapeli ba litšoantšo.

Sena se ile sa etsahala malebana le lintho tse ngata mehleng ea Baiseraele. Ka mohlala, Moshe o ile a etsa noha ea koporo nakong ea ha ba ne ba le lefeelleng. Qalong, setšoantšo sa noha e palong se ne se sebelisetsoa pholiso. Ba neng ba fuoe kotlo ea ho longoa ke linoha ba ne ba ka talima noha ea koporo ’me ba fumana thuso ea Molimo. Empa ha batho ba se ba lula Naheng e Tšepisitsoeng, ho bonahala eka ba ile ba fetola ntho ena setšoantšo se rapeloang, ha e-ba joalokaha eka noha ea koporo ka boeona e ne e e-na le matla a ho folisa. Ba ile ba e etsetsa libano ’me ba e reha lebitso la Nehushtane.—Numere 21:8, 9; 2 Marena 18:4.

Hape Baiseraele ba ile ba leka ho sebelisa areka ea selekane e le thatho khahlanong le lira tsa bona, ka liphello tse bohloko. (1 Samuele 4:3, 4; 5:11) Mehleng ea Jeremia, baahi ba Jerusalema ba ne ba amehile ka tempele ho feta ho ameha ka Molimo ea neng a rapeloa ho eona.—Jeremia 7:12-15.

Tloaelo ea ho rapela lintho ho e-na le Molimo e sa ntsane e atile haholo. ’Matlisisi ea bitsoang Vitalij Ivanovich Petrenko o ile a re: “Setšoantšo . . . se fetoha ntho e rapeloang ’me se ka sebelisoa borapeling ba litšoantšo . . . Motho o lokela ho lumela hore ena ke tumelo ea bohetene e kentsoeng borapeling ba litšoantšo ke litumelo tse tummeng.” Ka ho tšoanang, moprista oa Orthodox ea Bagerike, Demetrios Constantelos, bukeng ea hae Understanding the Greek Orthodox Church, o re: “Ho ka etsahala hore Mokreste a fetole setšoantšo ntho e rapeloang.”

Ho bolela hore litšoantšo e mpa e le lithuso feela tsa borapeli, ho baka khoao e khōlō. Ka lebaka lefe? Na hase ’nete hore litšoantšo tse ling tsa Maria kapa tsa “bahalaleli” li ka nkoa hore li lokeloa ke boinehelo bo eketsehileng le hore ke tsa bohlokoa ho feta litšoantšo tse ling tseo e ntseng e le tsa motho ea tšoanang, eo e leng khale a shoele? Ka mohlala, ho na le batho ba Maorthodox ba inehetseng ho setšoantšo se seng sa Maria se leng Tínos, Greece, athe ka lehlakoreng le leng ho na le batho ba bang ba inehetseng ka botšepehi bo tšoanang ho setšoantšo sa Maria se Soumela, Greece ka leboea. Sehlopha ka seng ho tsona se lumela hore setšoantšo sa sona se phahame ka ho eketsehileng, se etsa mehlolo e babatsehang ho feta se seng, le hoja litšoantšo tsena e le tsa motho a le mong eo e seng e le khale a shoele. Kahoo, ka liketso, batho ba re litšoantšo tse ling li matla ’me baa li rapela.

Ho Rapela “Bahalaleli” Kapa Maria?

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ho fa batho tlhompho ea borapeli, ba joaloka Maria kapa “bahalaleli”? Ha Satane a mo leka, Jesu o ile a bua ka Deuteronoma 6:13 ’me a re: “U lokela ho rapela Morena Molimo oa hao, ’me u sebeletse eena feela.” (Matheu 4:10) Hamorao o ile a bolela hore barapeli ba ’nete ba ne ba tla rapela “Ntate,” eseng e mong. (Johanne 4:23) Kaha lengeloi le ne le tseba sena, le ile la khalemela moapostola Johanne ha a ne a leka ho le rapela, la re: “U se ke ua etsa joalo . . . U lokela ho rapela Molimo.”—Tšenolo 22:9.

Na ho loketse ho rapela ’mè oa Jesu oa lefatšeng, Maria, kapa “bahalaleli” ba bang, u ba kōpa hore ba u kōpele ntho e itseng ho Molimo? Karabo e tobileng ea Bibele ke ena: “Ho na le ’muelli a le mong feela pakeng tsa Molimo le batho, Kreste Jesu eo eena ka boeena e leng motho.”—1 Timothea 2:5.

Sireletsa Kamano ea Hao le Molimo

Kaha tšebeliso ea litšoantšo borapeling e khahlanong le thuto e hlakileng ea Bibele, e ke ke ea thusa batho hore ba amoheloe ke Molimo ’me ba fumane poloko. Ho fapana le sena, Jesu o ile a re bophelo bo sa feleng bo itšetlehile ka hore re rue tsebo ka Molimo a le mong feela oa ’nete, re tsebe botho ba hae bo ke keng ba lekanngoa esita le merero ea hae le litšebelisano tsa hae le batho. (Johanne 17:3) Litšoantšo tse sa boneng, tse sa utloeng, kapa tse sa bueng ha li thuse motho hore a tsebe Molimo ’me a mo rapele ka tsela e amohelehang. (Pesaleme ea 115:4-8) Thuto ena ea bohlokoa ka ho fetisisa e fumaneha feela ka ho ithuta Lentsoe la Molimo, Bibele.

Ho phaella tabeng ea hore borapeli ba litšoantšo ha bo na molemo, bo ka ba kotsi moeeng. Joang? Haholo-holo hobane bo ka senya kamano ea motho le Jehova. Mabapi le Baiseraele ba ileng “ba mo halefisa ka litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang,” Molimo o ile a bolela esale pele: “Ke tla ba patela sefahleho sa ka.” (Deuteronoma 32:16, 20, The New American Bible) Hore ba tsosolose kamano ea bona le Molimo, ba ne ba lokela ho ‘nyonya litšoantšo tse rapeloang tsa boetsalibe.’—Esaia 31:6, 7, NAB.

Kahoo, keletso ea Mangolo e loketse hakaakang: “Bana ba ka ba banyenyane, le itebele khahlanong le litšoantšo tse rapeloang”!—1 Johanne 5:21, NAB.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ntle le ha ho bontšitsoe ka hosele, Mangolo ’ohle a qotsitsoe ho The Jerusalem Bible ea K’hatholike.

[Lebokose le leqepheng la 6]

Ba Ile ba Thusoa ho Rapela “ka Moea”

Olivera e ne e le setho se chesehang sa Kereke ea Orthodox Albania. Ha naha eo e thibela bolumeli ka 1967, Olivera o ile a tsoela pele ka bolumeli ba hae ka sekhukhu. O ne a sebelisa boholo ba cheletana ea hae ea penshene ho reka litšoantšo tsa khauta le silevera, libano le likerese. O ne a pata lintho tsena ka tlas’a bethe ’me hangata o ne a robala setulong se haufi ka ho tšaba hore ho na le ea tla li bona kapa a li utsoe. Ha a eteloa ke Lipaki tsa Jehova lilemong tse qalang tsa bo-1990, Olivera o ile a hlokomela ’nete ea Bibele molaetseng oa tsona. O ile a bona se boleloang ke Bibele hore borapeli ba ’nete ke ‘ba moea,’ ’me o ile a ithuta kamoo Molimo a ikutloang kateng ka litšoantšo. (Johanne 4:24, The Jerusalem Bible) Paki e neng e ithuta Bibele le eena e ile ea hlokomela hore nako le nako ha e etetse ha Olivera, litšoantšo li ne li ntse li fokotseha. Qetellong ha hoa ka ha sala le se le seng. Ha a qeta ho kolobetsoa, Olivera o ile a re: “Kajeno, ha ke sa na litšoantšo tse se nang thuso, ke na le moea o halalelang oa Jehova. Ke leboha haholo hore ebe ha ho hlokahale litšoantšo hore ke fumane moea oa hae.”

Athena, oa sehlekehlekeng sa Lesbos, Greece, e ne e le setho se mafolofolo sa Kereke ea Orthodox. O ne a bina k’hoaereng ’me a boloka lineano tsa bolumeli ba hae ka hloko, ho kopanyelletsa le ho sebelisa litšoantšo. Lipaki tsa Jehova li ile tsa thusa Athena hore a lemohe hore hase sohle seo a neng a se rutiloe se neng se lumellana le Bibele. Sena se ne se kopanyelletsa ho sebelisa litšoantšo le lifapano borapeling. Athena o ile a tsitlella hore o tla iketsetsa lipatlisiso hore na lintho tsena tse sebelisoang bolumeling li simolohile hokae. Ha a qeta ho etsa lipatlisiso ka ho feletseng libukeng tse sa tšoaneng tsa litšupiso, o ile a kholiseha hore lintho tseo li ne li sa simoloha Bokresteng. Takatso ea hae ea ho rapela Molimo ka “moea” e ile ea mo susumelletsa hore a senye litšoantšo tsa hae, ho sa tsotellehe theko ea tsona. Leha ho le joalo, Athena o ne a ikemiselitse ho lahleheloa e le hore a rapele Molimo ka tsela e hloekileng moeeng le e amohelehang.—Liketso 19:19.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

Na Litšoantšo e Mpa e le Tsebo ea Mosebetsi oa Matsoho?

Lilemong tsa morao tjena, litšoantšo tsa Maorthodox li ’nile tsa bokelloa lefatšeng ka bophara. Hangata ba li bokellang ha ba nke setšoantšo e le ntho e halalelang ea borapeli, empa ba se nka e le mosebetsi oa matsoho oa setso sa baahi ba Byzantium. Ho tloaelehile ho fumana bongata ba litšoantšo tsena tsa bolumeli bo khabisitse lapeng kapa ofising ea motho ea ipolelang hore ha a lumele hore Molimo o teng.

Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ha ba lebale morero oa sehlooho oa setšoantšo. Sea rapeloa. Le hoja Bakreste ba sa hanele ba bang ho ba le litšoantšo, bona ha ba na litšoantšo, esita le tse bokeletsoeng ke ’mokelli oa litšoantšo. Sena se tumellanong le molao-motheo o fumanoang ho Deuteronoma 7:26, The Jerusalem Bible: “U se ke ua kenya ntho leha e le efe e manyala [litšoantšo tse sebelisoang borapeling] ka tlung ea hao ho seng joalo, le uena, joaloka eona, u tla thibeloa. U lokela ho nka hore e litšila ebile ea khopisa.”

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Molimo ha aa ka a lumella tšebeliso ea litšoantšo borapeling

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Tsebo ea Bibele e re thusa hore re rapele Molimo ka moea

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela