Litšoantšo Tsa Bolumeli li Simolohile Linakong Tsa Boholo-holo
“Litšoantšo ke tsela ea ho re kopanya le molemo le khalalelo ea Molimo le Bahalaleli ba Hae.”—DIOCESE EA MOAREKABISHOPO EA ORTHODOX EA BAGERIKE EA AUSTRALIA
KA LETSATSI lena la August le chesang hoo le ntšang koena bolibeng, mahlaseli a letsatsi a phatsima litepising tsa samente tse nyolohelang ntlong ea baitlami ea “’Mè ea Halalelang ka ho Fetisisa oa Molimo,” sehlekehlekeng sa Tínos, Leoatleng la Aegean. Mocheso ona o bataolang ha o nyahamise baeti ba fetang 25 000 ba Orthodox ea Bagerike ba tsamaeang butle ha ba leka ho fihla setšoantšong se majabajaba sa ’mè oa Jesu.
Ngoananyana ea holofetseng, eo ho totobetseng hore oa opeloa ’me a shebahala a tsielehile, o khasa ka mangole a seng a lutla mali haholo. Haufi le eena, mosali-moholo ea khathetseng ea tsoang pheletsong e ’ngoe ea naha, o se a hulanya maoto feela ho ea pele. Monna ea hōlileng ea habelelitseng o tletse mofufutso ha a ntse a leka ho fohla matšoele a loebehlanang. Ba ikemiselitse ho suna setšoantšo sa Maria le ho khumama ka pel’a sona.
Ha ho pelaelo hore batho bana ba thahasellang bolumeli ka botebo ba lakatsa ka tieo ho rapela Molimo. Leha ho le joalo, ke ba bakae ba lemohang hore boinehelo bo joalo litšoantšong tsa bolumeli bo simolohile mekhoeng e neng e tloaelehile ka lilemo tse makholo pele ho Bokreste?
Ho Ata ha Litšoantšo
Litšoantšo li fumaneha ka bongata har’a Maorthodox. Ka likerekeng, litšoantšo tsa Jesu, Maria le “bahalaleli” ba bangata, ke tsona tsa bohlokoa. Hangata balumeli ba tlotla litšoantšo tsena ka ho li suna, ho li etsetsa libano le ho li khantšetsa likerese. Ho phaella moo, hoo e ka bang matlo ’ohle a Maorthodox a na le sekhutloana sa litšoantšo, moo ho etsetsoang lithapelo teng. Ho tloaelehile hore Bakreste ba Maorthodox ba bolele hore ha ba rapela setšoantšo, ba ikutloa ba le haufi le Molimo. Ba bangata ba lumela hore litšoantšo li na le khanya ea Molimo le matla a ho etsa mehlolo.
Balumeli bana ba ka ’na ba makala ha ba utloa hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba sa amohele tšebeliso ea litšoantšo borapeling. Buka ea Byzantium e re: “Bakreste ba pele, kaha ba ne ba ithutile ho hloea borapeli ba litšoantšo tsamaisong ea bolumeli ea Sejuda, ba ne ba sa amohele tlhompho leha e le efe ea borapeli e fuoang litšoantšo tsa bahalaleli.” Buka ena e re: “Ho tloha Lekholong la Bohlano la Lilemo ho ea pele, litšoantšo . . . li ile tsa ata haholo borapeling ba phatlalatsa le ba boinotšing.” Haeba tšebeliso ea litšoantšo tsa bolumeli ha ea simoloha Bokresteng ba lekholong la pele la lilemo, joale e simolohile hokae?
Ho Batla Tšimoloho ea Tsona
’Matlisisi ea bitsoang Vitalij Ivanovich Petrenko o ile a ngola: “Tšebeliso ea litšoantšo le neano ea tsona e simolohile khale pele ho mehla ea Bokreste ’me e ‘qalile boheteneng.’” Bo-rahistori ba bangata ba lumellana le sena, ba bolela hore borapeli ba litšoantšo bo simolohile malumeling a boholo-holo a Babylona, Egepeta le Greece. Ka mohlala, liemahale e ne e le tsona litšoantšo tsa bolumeli Greece ea boholo-holo. Ho ne ho lumeloa hore li filoe matla a kang a Molimo. Batho ba ne ba nahana hore tse ling tsa litšoantšo tsena li ne li sa etsoa ke batho empa li ne li oele leholimong. Nakong ea mekete e khethehileng, ho ne ho potoa motse ka litšoantšo tsena tsa borapeli, ’me li ne li etsetsoa mahlabelo. Petrenko o re: “Barapeli ba ne ba nka setšoantšo sa borapeli e le molimo ka booona, le hoja ho se ho entsoe boiteko . . . ba ho etsa phapang pakeng tsa molimo le setšoantšo sa oona.”
Litumelo le litloaelo tse joalo li ile tsa kenella joang Bokresteng? ’Matlisisi enoa o re makholong a lilemo ka mor’a lefu la baapostola ba Kreste, haholo-holo Egepeta, “litumelo tsa Bokreste li ile tsa hlaseloa ke ‘litumelo tse kopakaneng tsa bohetene’—tse simolohileng litloaelong le litumelong tsa Baegepeta, Bagerike, Bajuda, baahi ba linaha tsa Bochabela le Baroma, tse neng li sebelisoa hammoho le litumelo le litloaelo tsa Bokreste.” Ka lebaka lena “litsebi tsa mesebetsi ea matsoho tsa Bakreste li ile tsa amohela mokhoa [oa ho kopanya litumelo] ’me tsa sebelisa litšoantšo tsa bohetene, tsa li fa mabitso a macha, le hoja li sa ka tsa tlosa tšusumetso ea bohetene ka ho feletseng ho tsona.”
Ka potlako litšoantšo li ile tsa ata bolumeling ba motho ka mong le ba sechaba. Bukeng ea The Age of Faith, rahistori Will Durant o hlalosa kamoo sena se etsahetseng kateng, o re: “Ha palo ea bahalaleli ba rapeloang e ntse e eketseha, ho ile ha hlokahala hore ba tsejoe ba be ba hopoloe; litšoantšo tsa bona le tsa Maria li ile tsa etsoa ka bongata; ’me tabeng ea Kreste, hase setšoantšo sa Hae feela se ileng sa fuoa tlhompho ea borapeli empa esita le sefapano sa Hae—’me ho batho ba lumelang lintho habonolo, li ile tsa fetoha lintho tse tlisang mahlohonolo. Batho ba ile ba sebelisa matla a bona a tlhaho a ho inahanela lintho ho fetola lireliki tse halalelang, litšoantšo le liemahale hore e be lintho tse rapeloang; batho ba ile ba khumama ka pel’a tsona, ba li suna, ba khantša likerese le ho besa libano ka pel’a tsona, ba li khabisa ka lipalesa ’me ba batla mehlolo tšusumetsong ea tsona ea matla a phahametseng a tlhaho. . . . Khafetsa bo-ntate le makhotla a Kereke ba ne ba hlalosa hore litšoantšo hase melimo, ho e-na le hoo li hopotsa batho melimo; empa batho ba ne ba sa batle ho etsa phapang e joalo.”
Kajeno ba bangata ba sebelisang litšoantšo tsa bolumeli ba pheha khang e tšoanang ea hore litšoantšo li mpa li hlomphuoa feela—ha li rapeloe. Ba ka ’na ba bolela hore litšoantšo tse ferefiloeng tsa bolumeli ke lithuso tse loketseng—esita le tsa bohlokoahali—ha ho rapeloa Molimo. Mohlomong u ikutloa ka tsela e tšoanang. Empa potso ke hore, Molimo o ikutloa joang ka see? Na ho fa setšoantšo tlhompho ea borapeli ho tšoana le ho se rapela? Na ruri litloaelo tse joalo li ka baka likotsi tse ipatileng?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4
Setšoantšo sa Bolumeli ke Eng?
Ho fapana le liemahale tse sebelisoang haholo borapeling ba Roma e K’hatholike, litšoantšo tsa Kereke ea Orthodox tsa Kreste, Maria, “bahalaleli,” mangeloi, batho le liketsahalo tsa Bibeleng, kapa liketsahalo tsa historing ea kereke ena, li bontša bolelele le bophara feela. Hangata li pentiloe holim’a mapolanka.
Ho latela Kereke ea Orthodox, “Litšoantšo tsa Bahalaleli ha li tšoane le litšoantšo tsa batho ba tloaelehileng.” Hangata “ha li bontše meriti ho tsona, kapa hona hore na ke motšehare kapa ke bosiu.” Hape ho lumeloa hore lepolanka le pente e setšoantšong li ka “tlala boteng ba Molimo.”
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Tšebeliso ea litšoantšo e simolohile litloaelong tsa bohetene
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
© AFP/CORBIS