Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 7/8 leq. 3
  • Ho Lahleheloa ke Mosebetsi ka Tšohanyetso!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Lahleheloa ke Mosebetsi ka Tšohanyetso!
  • Tsoha!—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pele le ka Morao—Lentsoe la Molimo Lea Sebetsa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Tlokotsi ea—ho Hloka Mosebetsi
    Tsoha!—1996
  • Tsoela Pele ho Sebeletsa Jehova ka Thabo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Ho Hloka Mosebetsi Hobane’ng?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 7/8 leq. 3

Ho Lahleheloa ke Mosebetsi ka Tšohanyetso!

“Ha ke ne ke lahleheloa ke mosebetsi, ke ile ka utloa eka ke tšeloa ka metsi a batang. Ke ile ka tloha seriti habohloko.”—Tony, Jeremane.

“E ne eka ke jarisitsoe lefikahali. Kaha ke motsoali ea se nang molekane, ke ne ke tšoenyehile ka hore na ke tla fepa bana ba ka ba babeli joang le ho lefa mekoloto.”—Mary, India.

“Ke ne ke nyahame haholo ha ke lahleheloa ke mosebetsi, ’me ke ne ke tšoenyehile ka hore na ebe ke sa tla fumana o mong.”—Jaime, Mexico.

LEFATŠENG ka bophara, batho ba limilione ba mamella mahlomola a tšoanang le a Tony, Mary le Jaime. Hoo e ka bang mathoasong a lekholo lena la lilemo, ho ne ho hakanngoa hore liphesente tse 10 tsa batho Europe le Asia Bohareng—batho ba limilione tse ka bang 23—ba ne ba batla mosebetsi. Linaheng tse ling tse sa tsoelang pele, batho ba fetang kotara ba ka sebetsang ba hloka mesebetsi. United States, The New York Times ea July 2003 e boletse hore, “mesebetsi e ka bang limilione tse 2,6 e lahlehile ka ho feletseng likhoeling tse 28 tse fetileng.”

Linaheng tse ngata ho batla mosebetsi ke tšitiso e khōlō. Ka mohlala, selemo le selemo palo e khōlō ea baithuti ba qetileng likolong tse phahameng le likolecheng e batla mosebetsi. Ho phaella moo, ho ba le lengolo la thuto e phahameng kapa koetliso e khethehileng hase tiiso ea hore motho o tla fumana mosebetsi oa mofuta o itseng. Kahoo, hona joale ho batla ho tloaelehile haholo hore batho ba chenche mesebetsi e ’maloa bophelong ba bona ha ba ntse ba le lilemong tsa ho sebetsa. Ba bang ba ee ba be ba fetole le mesebetsi eo ba ithutetseng eona ka ho feletseng.

Haeba u iphumana u lahlehetsoe ke mosebetsi, u ka etsa’ng ho ntlafatsa menyetla ea hao ea ho fumana mosebetsi? ’Me hang ha u fumane mosebetsi, u ka etsa’ng hore o se ke oa u lahlehela hape?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela