Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 10/8 leq. 18
  • Letša le ’Mala o Mopinki?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letša le ’Mala o Mopinki?
  • Tsoha!—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baikal Letša le Leholo ka ho Fetisisa Lefatšeng
    Tsoha!—2007
  • “Le Letsoai la Lefatše”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Letša la Mollo Ke’ng? Na ke Ntho e le ’Ngoe le Lihele Kapa Gehenna?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Matlotlo a Fumanoang Letšeng le Leholo ka ho Fetisisa Amerika Bohareng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 10/8 leq. 18

Letša le ’Mala o Mopinki?

Ka Mongoli oa Tsoha! Senegal

NA LETŠA le ka hla la e-ba lepinki? Letša la Retba le bitsoa Letša le Lepinki, ’me kaha le bohōle ba lik’hilomithara tse 30 feela ho tloha moo re lulang teng Dakar, Senegal, Afrika Bophirimela, re ile ra etsa qeto ea ho ea moo ho ea inoesa ka nkho. Ha re fihla, re bona metsi a phatsimang ka lebaka la khanya ea letsatsi. Ruri a fela a le ’mala o motle o mopinki. Motho ea re bontšang sebaka sena o re hlalosetsa hore khanya ea letsatsi ha e kopana le likokoanyana tse nyenyane tse ke keng tsa bonoa ka mahlo ka metsing, e hlahisa ’mala ona. Leha ho le joalo, ho na le ho hongata hoo re ka ho bonang ho feta feela ’mala oa letša lena.

Ka tlas’a metsi a letša lena le sa tebang hakaalo, ke moalo oa letsoai le lengata. Metsi ana a letsoai hoo u ka phaphamalang habonolo feela ka har’a ’ona. Baeti ba bang ba sebelisa monyetla ona hore ba hle ba phaphamale letšeng lena.

Ho hlakile hore Letša le Lepinki le kenyetsa batho ba makholo chelete (1). Lebōpong la nōka, basebetsi ba laela letsoai literakeng. Re ema hanyenyane ho shebella ha batho ba sebaka sena ba rafa letsoai ka letšeng. Re bona banna bao metsi a letša a ba khutlang lifubeng, ba pshatla letsoai ka lipeke tse telele. Ba le tšela ka libasketeng ’me ba le laele liketsoaneng. Mosebetsi e mong o re bolella hore ho nka lihora tse tharo ho bokella thane e le ’ngoe ea letsoai. Liketsoana tsena li laetsoe hoo li phaphamalang ka thata (2). Ha liketsoana li fihla lebōpong, basali ba qetela mosebetsi, ba roala letsoai lena ka libakete (3). Ba sebetsa hammoho ka bokhabane joaloka mochine o moholo.

Leeto la rōna e bile le hlollang. Letša lena le lepinki ke e ’ngoe ea limakatso tse ngata tse etsang hore lefatše la rōna e be mpho e babatsehang e tsoang ho Jehova.—Pesaleme ea 115:16.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]

Photo by Jacques CLEMENT, Clichy, FRANCE at http://community.webshots.com/user/pfjc

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela