Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/07 maq. 15-19
  • Baikal Letša le Leholo ka ho Fetisisa Lefatšeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baikal Letša le Leholo ka ho Fetisisa Lefatšeng
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thulana ha Lik’honthinente
  • Ho Nyarela se ka Letšeng la Baikal
  • Linako Tsa Selemo Tse Fetohang
  • Tikoloho e Nang le Libaka Tse Ngata Tse Khahlang Mahlo
  • Ho Nahana Kamoo Pōpo e Tebileng Kateng
  • Letša le ’Mala o Mopinki?
    Tsoha!—2005
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2007
  • Letša la Mollo Ke’ng? Na ke Ntho e le ’Ngoe le Lihele Kapa Gehenna?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Matlotlo a Fumanoang Letšeng le Leholo ka ho Fetisisa Amerika Bohareng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 12/07 maq. 15-19

Baikal Letša le Leholo ka ho Fetisisa Lefatšeng

KA MONGOLI OA TSOHA! RUSSIA

HO THEOSA le lilemo, merabe ea Mongolia e lulang libakeng tse hōle le moo kajeno ho tsejoang e le ka boroa ho Siberia e ’nile ea le nka e le la bohlokoa haholo. Le hoja matša a mangata a batla a le sephara ho le feta, ke lona letša le tebileng ka ho fetisisa lefatšeng ’me le na le metsi a mangata ka ho fetisisa a hloekileng. Le leng la mabitso a lona a ntseng a sebelisoa ke Baikal, eo ho thoeng e bolela “Letša le Hlollang ka Botle” kapa “Leoatle.” Ha e le hantle, kaha letša lena le “leholo haholo ebile ha lea khutsa,” ka linako tse ling bo-ralikepe ba sesisang ho lona ba ntse ba re “ba ea leoatleng.”

Ha ho buuoa ka Letša la Baikal batho ba Russia ba hlatsoeha lipelo. Setsebi se seng sa saense sa Moscow se ile sa le tšoantša le “lehlaso le monate la ’mino oo e mong le e mong a ithutileng oona ho tloha bongoaneng.” Joalokaha ’mino o na le “linoto” tse ngata—letša lena le lona lea hlolla, le na le metsi a hloekileng ka tsela e makatsang, le na le boieane ba lintho tse phelang tsa mefuta-futa tse sa tloaelehang tse fumanehang mona feela.

Ha motho a le sheba a le sepakapakeng, Letša la Baikal—le ka bang bolelele ba lik’hilomithara tse 636 le bophara ba lik’hilomithara tse 80 moo le leng sephara ka ho fetisisa—le boheha joaloka khoeli e thoasang e ’mala o moputsoa. Letša lena le na le metsi a etsang karolo ea 20 lekholong ea metsi ’ohle a hloekileng lefatšeng, e leng a fetang metsi a hloekileng a matša a maholo a mahlano a Amerika Leboea a bitsoang Great Lakes! Letša la Baikal le botebo ba limithara tse fetang 1 600. Ha le ne le ka pshesoa, ho ne ho ka nka selemo kaofela hore metsi a phallang linōkeng tsohle tsa lefatše a boele a le tlatse tsoete!

Ho Thulana ha Lik’honthinente

Litsebi tsa thuto ea mafika li nahana hore khale-khale paleng ea lefatše, karolo ea k’honthinente e neng e lebile ka leboea e ile ea thula Asia. Matla a maholo ao lik’honthinente tsena li ileng tsa thulana ka ’ona a ile a pshatla sebaka se seholo sa mafika habonolo feela ’me a kunyula bokaholimo ba lefatše ho etsa mokoloko oa lithaba tsa Himalaya. Ba bang ba lumela hore ho thulana ho matla ha lik’honthinente ho ile ha hlahisa likhohlo tse ngata Siberia. E ’ngoe ea tsona e tsejoa e le Khohlo ea Baikal. Ha nako e ntse e feta, metsi a phallang a tsoa lithabeng tse haufi le moo a ile a ala seretse lik’hilomithareng tse ka bang tse supileng. Khohlo eo e ile ea tlala metsi ’me a etsa Letša la Baikal. Hona joale linōka le linōkana tse fetang 300 li phallela letšeng lena, empa ke nōka e le ’ngoe feela e tsoang letšeng leo, e leng ea Angara.

Ho fapana le matša a mangata a boholo-holo, Letša la Baikal ha le tlale seretse ebile ha le fetohe mokhoabo. Borasaense ba lumela hore lebaka la sena ke hore likarolo tse ka tlas’a mpa ea lefatše sebakeng seo li ntse li ritsa ’me li atolosa khohlo eo. Kahoo ho e-na le hore ka mor’a nako letša leo le tlale seretse, ha e le hantle le ntse le teba haholoanyane selemo le selemo! Likarolo tsena tse ntseng li ritsa ka tlas’a mpa ea lefatše li boetse li etsa hore ho be le metsi a chesang a runyang ka matla letšeng leo.

Ho Nyarela se ka Letšeng la Baikal

Batho ba bang baa tšoha ha ba parola Letša la Baikal ka lehare ba tsamaea ka seketsoana hobane motho a ka khona ho bona bohōle ba limithara tse 50 metsing a hloekileng hoo ekareng ke moea feela! Liphoofotsoana tse nyenyane tse ngata tsa mofuta oa lekhala tse bitsoang li-epischura li hloekisa letša lena ’me li ja bolele le libaktheria tse silafatsang metsi a matša a mangata. Li boetse li thusoa ke mefuta e mengata ea li-crayfish e fumanehang letšeng leo, e jang litšila tse tsoang linthong tse nyenyane tse phelang, tse neng li tla qetella li bolile haeba li sa jeoe. Kahoo, metsi a moo a hloekile hoo lilemong tse ka tlaase ho mashome a mabeli tse fetileng, metsi a ileng a tšeloa khalaseng bakeng sa ho ea etsa liteko laboratoring a ileng a silafatsoa ke khalase eo!

Ho phaella tabeng ea hore metsi a Letša la Baikal a tsejoa ka hore a hloekile, a boetse a na le oksijene e ngata haholo. Matša a mang a tebileng a felloa ke oksijene botebong bo itseng, e leng se qobellang liphoofolo tse phelang metsing hore li lule moo metsi a batlang a sa teba hakaalo. Leha ho le joalo, Letšeng la Baikal, maqhubu a tsamaisang metsi ka ho tšekalla le ka ho lelemella tlaase a isa oksijene likarolong tse tebileng ka ho fetisisa tsa letša leo ’me a tsoaka metsi a lona ka ho feletseng. Ka lebaka leo, letša lena le nyeunya lintho tse phelang.

Ka tlas’a metsi ao a hloekileng a bileng a batang, ho na le limela tse ngata. Liphoofotsoana tse tala tsa metsing tse bitsoang liponche, tse nang le makalana a tšoanang le a likorale li sireletsa libōpuoa tse ngata-ngata tse nyenyane tsa metsing. Lintho tse ngata tse phelang tse ratang mofuthu li bokellana maphaong ao metsi a chesang a tsoang ho ’ona. Mefuteng e ka holimo ho 2 000 ea lintho tse phelang metsing, e 1 500 e fumaneha mona feela.

Letša la Baikal le tumme ka omul, e leng tlhapi e tšoeu e hlabosehang ea libakeng tse batang, eo batšoasi ba litlhapi ba e nkang e le ea bohlokoa haholo. Libōpuoa tse ling tsa mona ha lia tloaeleha li bile lia tšosa. Mofuta o mong oa nyonyobetsane ea mona o hōla ho fihlela o feta lisenthimithara tse 30 ka bolelele ’me o ja litlhapi. Ho boetse ho na le mefuta ea lintho tse phelang tse nang le sele e le ’ngoe feela tse iphelelang lehlabatheng! Letša lena le boetse le tsejoa ka tlhapi e bitsoang golomyanka—e fumanehang mona Baikal feela. Mohlomong ke eona tlhapi e makatsang ka ho fetisisa letšeng lena.

Tlhapi e nyenyane ea golomyanka ea bonaletsa ’me e hlahisa mebala e kang ea mookoli. E phela ho elella botlaaseng ba letša leo ’me e tsoala malinyane ho e-na le ho qhotsa mahe. Karolo ea boraro ea ’mele oa eona ke mafura feela, a nang le vithamine A e ngata. E khona ho mamella khatello ea botebo ba limithara tse 200 ho ea ho tse 450; empa ha e behoa letsatsing, ’mele oa eona oa qhibiliha ebe ho sala masapo le mafura feela. Mohlomong phoofolo e ratang ho ja tlhapi ea golomyanka e fumanehang mona Letšeng la Baikal—ke nerpa, e leng qibi ea Baikal. Ena ke eona feela qibi e sa pheleng leoatleng.

Linako Tsa Selemo Tse Fetohang

Letša la Baikal le lula le koahetsoe ke leqhoa ka likhoeli tse ka bang hlano ka selemo. Ho elella bofelong ba January leqhoa leo le ka ba botenya ba mithara e le ’ngoe kapa ho feta. Le ba le mela e entseng lipaterone joaloka likhalase tse khabisang ’me khanya ea letsatsi e etsa hore le phatsime joaloka khalase ea fensetere. Hape leqhoa leo le bonahala le lesesaane ka tsela e thetsang—le bonaletsa hoo batho ba tsamaeang holim’a lona ba khonang ho bona mafika a tlaase ka letšeng leo. Ha e le hantle, ka tloaelo leqhoa leo le ba thata ka tsela e makatsang. Lilemong tse lekholo tse fetileng, mariheng a mang ha Russia e ne e loana le Japane, lebotho la Russia le ile la etsa seporo sa terene se fetang holim’a leqhoa lena ’me la atleha ho tsamaisa literene tse 65 holim’a lona!

Ho tloha mafelong a April ho ea ho June, leqhoa leo lea peperana ’me le bake molumo. Lerata le sa khaotseng le hlahang letšeng moo le etsa hore ho be le “’mino oa leqhoa” o bang teng ka nako e itseng, oo batho ba moo ba o tloaetseng. Setsebi sa thuto ea lintho tse phelang se bitsoang Gerald Durrell se ile sa ngola hore leqhoa leo le “etsa molumo o tšoanang le oa licymbala tse nyenyane ’me le luma joaloka likatse tse tletseng basekete tse honang.” Kapele, ha ho ntse ho futhumala, moea le maqhubu a etsa leqhoa litutulu tse phatsimang ebe a le betsetsa lebōpong.

Ha metsi a letša leo a se a qhibilihile, linonyana lia khutla. Linonyana tse ling tsa Letšeng la Baikal, tsa mofuta oa seinoli, li lula mohloling oa Nōka ea Angara mariha kaofela, e leng eona feela karolo ea letša leo eo ho seng mohla e bang le leqhoa. Joale li kopana le linonyana tse ling tsa metsing—tse kang matata, likhantši le likokolofitoe.

Baeti ba tlang letšeng lena ka June ba ka bona malapa a libere tse eang majoeng a pel’a metsi ho ea ja tšenyane ea lintsintsi tse ngata tse qhotsetsang teng. Libere tsena li nyeka tšenyane eo li thabile haholo, li sa tsotelle lintsintsi tse ntseng li bobola. Liphoofolo tse ngata le linonyana li phallela lebōpong nakong ena, li hoheloa ke libere tse ngata haholo tse phuthehelang letšeng moo ho tla itjella tšenyane.

Mathoasong a nako ea selemo le lehlabula, letšeng leo ho mela bolele ka nakoana, bo jeoang ke makhala a manyenyane le bo etsang hore metsi a be matala. Leha ho le joalo, ka tloaelo, ha motho a sheba metsi a Letša la Baikal a le lebōpong, o bona a le botala bo boputsoa, ’me bohareng moo ho tebileng haholo, metsi a teng a boputsoa bo loileng joaloka a leoatle.

Mabōpo a lona a na le limmoto-moto tsa lehlabathe le mafika a maholo a hlollang. Likou tse ngata le lihloahloa tse hlollang ka botle li etsa hore ha motho a le moo a bone libaka tse ntle haholo, tseo mongoli e mong a ileng a li bitsa “libaka tse khanyang joaloka liperela”—libaka tseo metsi a tsona le sepakapaka li lulang li fetoha.

Hamorao selemong, hangata ho tsoha lifefo letšeng lena. Nakong ea hoetla ho ba le meea eo ka linako tse ling e puputlang letšeng lena joaloka leholiotsoana. Kapele feela e ka etsa hore metsi a neng a khutsitse a fetohe maqhubu a befileng, a ka bang bophahamo ba limithara tse 4 ho isa ho tse 6. Esita le linakong tse ling tsa selemo, ho boleloa hore meea eo e ’nile ea tebisa likepe tse khōlō tsa baeti le likepe tsa batšoasi ba litlhapi.

Tikoloho e Nang le Libaka Tse Ngata Tse Khahlang Mahlo

Maemo a hlobaetsang a Siberia a ka ’na a etsa hore ho bonahale eka Letša la Baikal ke sebaka se seholo se batang, se thōko le tse ling, empa bonneteng se pota-potiloe ke libaka tse sa tšoaneng tse khahlang mahlo le liphoofolo le limela tse ngata. Lithabeng tse ntlehali tse entseng mekoloko e mene tse pota-potileng letša leo ho na le likhama tse manaka hammoho le lipōli tsa thaba tsa Siberia tse kotsing ea ho fela.

Mabalane a sebaka sena ho na le masabasaba. Tse ling tsa lithota tsena tse tletseng joang li ka ’na tsa bitsoa lirapa tsa lipalesa tsa Siberia kaha sebakeng sena ho na le mefuta e sa tšoaneng e ikhethang ea lipalesa tsa naha. E meng ea mefuta e sa tloaelehang ea linonyana tse masabasabeng ana ke mohololi o motlehali o monyenyane le nonyana e bitsoang bustard, e leng eona nonyana e khōlō ka ho fetisisa Asia.

Ntho e ’ngoe ea bohlokoa Letšeng lena la Baikal ke taiga, e leng moru oa lifate tsa mofuta oa phaene o le pota-potileng. Moru ona o feta habeli meru ea Amazon e lulang e le metala ea Brazil. Joaloka meru eo ea Brazil, moru ona o phetha karolo ea bohlokoa bakeng sa ho sireletsa lintho tse phelang lefatšeng le tikoloho ea tsona esita le ho boloka maemo a leholimo a le matle. Ho na le mefuta e mengata ea linonyana tse phelang mona, e akhang capercaillie, e leng mofuta oa koekoe, e nang le mekhoa e khahlehang haholo ea ho fereha le ho bina. Letata le letlehali la Baikal, le bonoang leqepheng la 17, le lona le tla hangata letšeng lena.

Phoofolo e ’ngoe e anyesang e thahasellisang ke sable e tsebahalang haholo ea lithabeng tsa Barguzin. Phoofolo ena e neng e tsongoa haholo ka lebaka la boea ba eona bo phatsimang, e boetse e ba teng ka bongata ka lebaka la thuso ea bahlokomeli ba lintho tsa tlhaho. Boiteko ba ho sireletsa phoofolo ena e ntle bo ile ba etsa hore ka 1916 ho thehoe Sebaka sa Barguzin sa ho Sireletsa Lintho Tsa Tlhaho mabōpong a Letša la Baikal. Joale mabōpo a letša lena a pota-potiloe ke libaka tse tharo tsa ho sireletsa lintho tsa tlhaho ’me ho na le lirapa tse ling tse tharo tsa liphoofolo tseo batho ba khonang ho kena ho tsona.

Ho Nahana Kamoo Pōpo e Tebileng Kateng

Letša la Baikal ke se seng sa libaka tsa Bohlokoahali tsa Lefatše tsa UNESCO ’me bahahlauli ba rata ho se etela. Selemo le selemo bahahlauli ba fetang 300 000 ba etela mona. Sehlooho se seng se buang ka tsa boeti se re: “Kajeno Baikal ke sebaka sa tlhaho sa boikhathollo se hlollang ka botle. Kaha e na le mabōpo a matle, litselana tsa ho tsamaea thabeng, libaka tsa ho sheba linonyana le liketsoana tsa ho ithabisa, Baikal e boemong bo botle ba hore e be se seng sa libaka tse ntle ka ho fetisisa tsa ho roba monakeli Asia.”

Letša lena ke sebaka se loketseng sa hore re nahanisise ka bohlale bo phahameng haholo ba Molimo le botle bo hlollang ba pōpo ea hae. Ke Molimo feela ea neng a ka etsa lintho tsohle tse ikhethang tsa tlhaho tse etsang hore ho phele lintho tse ngata hakana letšeng lena le hlollang! Ha motho a eme mabōpong a Letša la Baikal, a ka ’na a pheta mantsoe a mongoli oa Bibele ea ileng a re: “O! botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo!”—Baroma 11:33.

[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

KE TSONA FEELA LIQIBI TSE SA PHELENG LEOATLENG

Liqibi tsa Baikal kapa li-nerpa tse baloang ka likete tse mashome li phela letšeng lena la Baikal ’me selemo ho pota li itjella litlhapi letšeng lena le tebileng. Ha ho motho ea tsebang hantle hore na ho tlile joang hore li-nerpa tsena li qetelle li le mona bohareng ba Siberia ’me ho se kae kapa kae moo li fumanehang teng. Liqibi tse ling tsa habo tsona li phela sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 3 220.

Li-nerpa li na le mahlo a maholo haholo, a batlang a atamelane sefahlehong se sephara, ’me ke tsona liqibi tse nyenyane ka ho fetisisa lefatšeng, tse ka bang bolelele ba limithara tse 1,4. Hangata li bonoa li orile letsatsi majoeng a maholo li khobokane ka lihlopha tse botsoalle, li sa lomane le ho sututsana joalokaha e le mokhoa oa liqibi tse ngata. Ha e le hantle, mohlomong qibi ea nerpa ke eona e botsoalle ka ho fetisisa lefatšeng.

Setsebi se seng sa baeloji se ithutang ka liqibi se hlokometse hore qibi ea nerpa “e bonolo le ho feta qibi ea ringed seal e lulang e khutsitse, ’me ha e lome batho ha ba e tšoara nakong eo e tšoasoang ka matlooa bakeng sa ho tla etsa lipatlisiso tsa saense.” Encyclopedia e ’ngoe e bolela hore batho ba qoelang metsing a tebileng ba ile ba sesa ho ea fihla moo li-nerpa li neng li robetse teng ka metsing. Ba tlaleha hore liqibi tseo ha lia ka tsa tsoha ha ba ne ba li thetsa esita le ha ba ne ba li fetola.

[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 18]

SEBAKA SA BATHO BA LELEKILOENG

Ba bangata ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba lelekelloa tikolohong ea Letša la Baikal ho tloha ka 1951 ho ea ho 1965 kaha ba ne ba hana ho sekisetsa lintho tseo ba neng ba li lumela. Ka 1951, Praskovya Volosyanko o ile a isoa Olkhon, e leng sehlekehleke se seholo ka ho fetisisa sa Baikal. Eena le Lipaki tse ling tse neng li leleketsoe moo, ba ne ba phela ka ho tšoasa litlhapi ka matlooa. Leha ho le joalo, o ile a fumana litsela tsa ho etsa mosebetsi oa mofuta o mong oa “ho tšoasa” ka hore a sebelise Bibele ea hae ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo har’a baahi ba bangata ba Olkhon.

Ka 1953, Praskovya le Lipaki tse ling tse tšeletseng ba ile ba tšoaroa ka lebaka la mosebetsi oa bona oa boboleli, ’me o ile a ahloleloa ho hlola chankaneng lilemo tse 25. Ka mor’a hore a lokolloe, o ile a sebeletsa ka botšepehi phuthehong ea Usol’ye-Sibirskoye, e tikolohong ea Irkutsk, ho fihlela a hlokahala ka 2005. Hona joale ho na le liphutheho tse 30 tse tsoelang pele hantle tsa Lipaki Tsa Jehova tikolohong ea Baikal le motseng o haufi oa Irkutsk.

[’Mapa leqepheng la 15]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

RUSSIA

Letša la Baikal

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Letša la Baikal le Lithaba Tsa Sayan

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© Eric Baccega/age fotostock

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Letata la Baikal

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Dr. Erhard Nerger/Naturfoto-Online

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 15]

Dr. Konstantin Mikhailov/Naturfoto-Online

[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng leqepheng la 18]

© Eric Baccega/age fotostock; Boyd Norton/Evergreen Photo Alliance

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela