Bacha Baa Botsa . . .
Mecha ea ho Qoqa le ba Bang Inthaneteng—Ke Lokela ho Tseba Eng ka Eona?
“Kaha ke motho ea lihlong, nka kena mocheng oa ho qoqa le ba bang Inthaneteng ’me ka qoqa le batho bao maemong a tloaelehileng ke neng nke ke ka bua le bona. Ha ba ntsebe hore na ke ’na mang.”—Peter.a
“Mocheng oa ho qoqa le ba bang, u ba le boikutlo ba hore u ka bua ntho leha e le efe eo u batlang ho e bua.”—Abigail.
MECHA EA HO QOQA LE BA BANG Inthaneteng ke “libaka” tseo batho ba ka qoqang ka ho toba ka ho ngollana melaetsa. Mecha ena ea ho qoqa Inthaneteng e ka kopanya batho ba bangata, ba ka balang melaetsa ea ba bang le ho arabelana.
Mecha e meng ea ho qoqa Inthaneteng e hapa bacha ka ho khetheha. Bacha ba limilione ba tsoang litsong tse fapaneng ba qoqa ka taba leha e le efe letsatsi le leng le le leng. Hona joale likolo tse ling li sebelisa mokhoa ona o fumanehang lefatšeng lohle. Ka mohlala, tichere e ba behile leihlo, barutoana ba United States ba ka buisana ka litaba tse amang maemo a bophelo le barutoana ba Spain, ba Engelane, kapa ba libakeng tse ling. Barutoana ba ka ba ba buisana ka mosebetsi oa sekolo le moenjiniere ea nang le mangolo, setsebi sa metsoako ea meriana kapa setsebi se seng.
Leha ho le joalo, batho ba bangata ba kenang mecheng ea ho qoqa Inthaneteng ha ba kene ka morero oa ho ea bua ka litaba tsa sekolo. Haeba u na le bolokolohi ba ho kena Inthaneteng, ke likotsi life tseo u lokelang ho li ela hloko?
Sebaka Seo Linonnori li Tsomang Liphofu Tsa ho Kopanela Liphate le Tsona
Abigail o re: “Ke ne ke ntse ke bua le batho ba bang mocheng oa ho qoqa Inthaneteng ha monna e mong a mpotsa hore na ho na le bana ba lilemo li 14 bao ke ba tsebang na. O ne a batla ho kopanela liphate le bona. O ile a re o ikemiselitse ho ba lefa ka chelete.”
Sena seo Abigail a kopaneng le sona hase mohlolo. Bothata ba linonnori tsena tsa Inthaneteng bo atile hoo mebuso e meng e faneng ka tataiso ea hore na bacha ba ka sireletsoa joang. Ka mohlala, sengoliloeng sa Lefapha la ’Muso la Bofokisi (Federal Bureau of Investigation [FBI]), United States, se lemosa ka batho bao ka potlako ba buang pepenene ka litaba tsa ho kopanela liphate. Se boetse se lemosa ka bao “butle-butle ba hohelang ka mano liphofu tsa bona ka ho li bontša lerato, mosa esita le ho li fa limpho.”
Ha se hlalosa mekhoa e meng e tobileng eo linonnori tsena li e sebelisang, sengoliloeng sa FBI se re: “Ba mamela bana le ho ba utloela bohloko mathateng a bona. Hangata ba tseba ’mino oa morao-rao oa bana, lintho tseo ba itlosang bolutu ka tsona le lintho tseo ba li thahasellang. Batho bana ba leka ho chesa matsoalo a bana butle-butle ka ho kenyelletsa moqoqong litaba tsa ho kopanela liphate.”
Hase batho ba baholo ba khohlahetseng feela ba ka bang kotsi. U boetse u lokela ho hlokomela bacha ba sa tsebeng kapa ba sa hlompheng litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro. Nahana ka mohlala oa mohlankana e mong ea bitsoang Cody. O ne a ntse a qoqa le bacha ba bang Inthaneteng ha ngoanana e mong a mo kōpa hore ba qoqe ba le babeli feela. Eaba o mo botsa potso e litšila e amanang le ho kopanela liphate. Cody o ile a ba le boithibo ’me a khaola moqoqo oo hang-hang.
Kaha ke ha tlhaho ho thahasella litaba tsa ho kopanela liphate, u ka ’na ua fumana ho le thata haholo ho etsa seo Cody a ileng a se etsa. Peter ea boletsoeng pejana, oa lumela: “Ke ne ke nahana hore ke na le boithibo ’me ke tla khaotsa ho qoqa le motho hang ha moqoqo o sekamela ho bueng ka ho kopanela liphate. Empa hangata ke ile ka iphumana ke tsoela pele ka moqoqo o joalo. Hamorao ke ne ke itšoabela haholo.” Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa: ‘Ha ke sa ipolele hore na ke ’na mang ha ke le mocheng ona oa Inthanete, na ruri ho na le kotsi ka ho bua ka litaba tsa ho kopanela liphate?’
Na ho Qoqa le ba Bang Inthaneteng ka ho Kopanela Liphate ho Kotsi?
Bibele e bua ka ho toba ka ho kopanela liphate. (Liproverbia 5:18, 19) Ke ’nete hore batho ba thahasella litaba tsa ho kopanela liphate haholo ha e sa le bacha. Kahoo, u lokela ho bua ka litaba tsa ho kopanela liphate. U hloka likarabo lipotsong tsa hao tabeng ena ea bohlokoa.b Leha ho le joalo, tsela eo u khotsofatsang takatso ea hao ea ho tseba litaba tsa ho kopanela liphate ka eona e tla ama thabo ea hao haholo, ea hona joale le ea nakong e tlang.
Haeba u khetha ho qoqa ka litaba tsa ho kopanela liphate Inthaneteng, esita le haeba u qoqa le batho ba ipitsang metsoalle ea hao, phihlelo ea hao e ka ’na ea qetella e se e tšoana le ea mohlankana e mong ea hlalositsoeng ka Bibeleng. Ka lebaka la ho batla ho tseba, o ile a tsamaela haufi le ntlo ea letekatse. Pele, letekatse le ile la iqoqela le eena feela. Leha ho le joalo, hang ha takatso ea hae e tsositsoe, ho qoqa feela ha hoa ka ha lekana. “Ka tšohanyetso o mo sala morao, joaloka poho e tlang tlhabong, . . . feela joalokaha nonyana e potlakela sefing.”—Liproverbia 7:22, 23.
Ka ho tšoanang, ho bua ka ho kopanela liphate Inthaneteng ho ka etsa hore u batle ho ikhotsofatsa ka ho eketsehileng. Mocha e mong ea bitsoang Philip oa hopola: “Ke ne ke ntse ke qoqa le motho Inthaneteng ha k’homphieutheng ea ka ho hlaha setšoantšo sa boitšoaro bo bobe. Motho eo ke neng ke ntse ke qoqa le eena o ne a nthomelletse sona.” Hang ha takatso ea hao ea hore u shebe lintho tse litšila tsa ho kopanela liphate e tsositsoe, u ka ’na ua ba tekong ea ho sheba tse ling tse eketsehileng, joaloka ho kena mocheng oa batho ba baholo feela oa ho qoqa Inthaneteng.c Ba bangata ba oelang lerabeng la ho sheba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ba qetella ba kopanetse boitšoarong bo bobe ’me ba sala le litholoana tse babang tseo ba ke keng ba li qoba.—Bagalata 6:7, 8.
Batho ba batlang ho bua le uena Inthaneteng ka litaba tsa ho kopanela liphate hase hore baa u rata. Batho bana bao u sa ba tsebeng ba batla ho u lihela lipuong tse litšila—le liketsong haeba ba ka khona—e le hore ba ikhotsofatse.d E le ho leka ho sireletsa mora oa hae hore a se oele matsohong a motho ea ka mo sebelisang hampe litabeng tsa ho kopanela liphate, Morena Solomone o ile a ngola: ‘U etse hore litsela tsa hao li be hōle le eena, ’me u se ke ua atamela monyako oa ntlo ea hae, e le hore u se ke ua fana ka ho hlompheha ha hao ho ba bang, . . . e le hore basele ba se ke ba ikhotsofatsa ka matla a hao.’ (Liproverbia 5:8-10) Molao-motheo o tsamaeang le keletso ena o ka sebelisoa tjena: U se ke ua atamela mecha ea ho qoqa le ba bang eo ho eona ho buisanoang ka litaba tsa ho kopanela liphate, e le hore u se ke ua fana ka ho hlompheha ha hao ho basele, ba ipatlelang feela ho ikhotsofatsa ka ho lemala ha hao.
“Ba Patang Seo ba Leng Sona”
Leha ho le joalo, u ka ’na ua re uena ha u batle ho bua ka litaba tsa ho kopanela liphate le ba bang ha u le Inthaneteng. Joaloka Peter le Abigail, ba boletsoeng pejana, u ka ’na ua nka mecha ea ho qoqa le ba bang e le moo u ka itlhalosang ho se motho ea u tsebang, u sa tšohe hore u tla hlajoa ke lihlong.e Ho ntse ho le joalo, ho sa na le likotsi tseo u lokelang ho li ela hloko.
Mokhoa oa Inthaneteng oa ho qoqa le batho bao u sa ba tsebeng ’me le bona ba sa u tsebe, ho ka u beha tekong ea hore u se tšepahale. Abigail o re: “Ke ne ke qalisa moqoqo le batho ebe joale ke iphetola ho latela hore na ke batho ba mofuta ofe e le hore ke se be mokhelo.” Joaloka Abigail, u ka ’na ua ba tekong ea ho iphetola seo u seng sona e le hore u amohelehe sehlopheng se itseng sa batho bao u ntseng u qoqa le bona. U ka ’na ua iphaphatha le puo eo ba e sebelisang kapa ua thahasella lintho tseo ba li thahasellang e le hore feela u etse metsoalle e mecha. Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua nka mocha oa ho qoqa le ba bang Inthaneteng e le sebaka seo u ka ntšang maikutlo a hao ho sona, maikutlo ao u nahanang hore batsoali ba hao le metsoalle ea hao ba ke ke ba lumellana le ’ona. Ka tsela ena kapa eane, u qetella u thetsitse sehlopha se seng. Ka ho iketsa seo u seng sona, u thetsa batho bao u qoqang le bona Inthaneteng. Ka lehlakoreng le leng, haeba u sa ntše maikutlo a hao a sebele le menahano ea hao ho ba lelapa le metsoalle, le teng ua ba thetsa.
Le hoja mecha ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng e sa le ntho e ncha, tšekamelo ea motho ea ho bua leshano le ho thetsa eona ke ea khale haholo. Bibele e bontša hore raleshano oa pele-pele, Satane Diabolose, ke eena ea simolotseng mokhoa ona o sebelisoang ke ba bang ba kenang mecheng ea ho qoqa Inthaneteng. O ile a ikhakanya pele a ka bua leshano la hae la pele. (Genese 3:1-5; Tšenolo 12:9, 10) U ka qoba ho thetsoa ke batho ba buang leshano ka ho latela mohlala oa Morena Davida. “Ha kea lula le batho ba leshano; ha ke kene setsoalleng le ba patang seo ba leng sona.”—Pesaleme ea 26:4.
Joalokaha ho hlokometsoe pejana, mecha e meng ea ho qoqa Inthaneteng e ka ba molemo. Leha ho le joalo, bacha ba batlang ho thabisa Jehova ba lokela ho ba hlokolosi haholo ha ba sebelisa mokhoa ona oa morao-rao oa puisano. Haeba u batla ho kena mocheng ona, mohlomong bakeng sa mosebetsi oa sekolo, kōpa batsoali ba hao kapa motho e mong ea hōlileng tsebong hore a lule le uena ha u ntse u kene mocheng oo. Sehlooho se latelang se tla totobatsa mabaka a mang a mabeli ao u lokelang ho ba hlokolosi ka ’ona ha u kena mecheng ena ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng. Se tla boela se tšohle hore na u ka sebetsana le mathata a tobileng joang a ka ’nang a hlaha esita le haeba u le hlokolosi hore na u e sebelisa joang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Buka e reng Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, e na le keletso e utloahalang, e thehiloeng Bibeleng mabapi le ho kopanela liphate pele ho lenyalo, ho ikhotsofatsa ka ho ipholla litho tsa botona kapa tsa botšehali, hammoho le litaba tse ling tse tšoanang le tseo.
c Ho boleloa hore mecha ea batho ba baholo feela ea ho qoqa Inthaneteng e thibela batho ba lilemo tse itseng ho kena ho eona. Hangata ke ka lebaka la hobane lintho tse buuoang moo le litšoantšo tse shejoang ke tse manyala tse hlephisang boitšoaro. Leha ho le joalo, liphuputso li sibolotse hore bana ba banyenyane ba lilemo tse robong ba bua leshano ka lilemo tsa bona ’me ba khona ho kena mecheng ena ea batho ba baholo.
d Kaha u ke ke ua netefatsa hore na u qoqa le mang Inthaneteng, motho eo u buisanang le eena a ka ’na a iketsa eka ke oa bong bo fapaneng le ba hao empa ho se joalo.
e A Parent’s Guide to Internet Safety e khothalletsa hore le ka mohla, ba kenang Inthaneteng ba se ke ba ipolela mabitso, ba fana ka aterese kapa linomoro tsa thelefono ho batho ba sa ba tsebeng bao ba kopanang le bona mecheng ea ho qoqa le ba bang!
[Setšoantšo se leqepheng la 14, 15]
Ho qoqa le ba bang Inthaneteng ho ka ba kotsi