Bacha Baa Botsa . . .
Mecha ea ho Qoqa le ba Bang Inthaneteng—Nka Qoba Likotsi Tsa Eona Joang?
“Ke ne ke tloaetse ho buisana le ba bang Inthaneteng lihora tse tharo kapa tse ’nè ka letsatsi. Ka linako tse ling ke ne ke buisana le bona mocha-o-chele ka lihora tse tšeletseng kapa tse supileng.”—José.a
JOALOKA sebaka leha e le sefe moo batho ba sa tsebaneng ba kopanang teng, mecha ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng e na le likotsi tseo ho hlokahalang hore u li hlokomele. Ka mohlala, haeba u ne u lokela ho etela motse o moholo, ho hlakile hore u ne u tla leka ka matla ho fokotsa likotsi tse ka u hlahelang ka ho lemoha libaka tse kotsi ’me u li qobe.
Hoa tšoana le ha u lokela ho ea mecheng ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng. Tokollong ea khoeling e fetileng ea Tsoha! ea October 8 ho builoe ka likotsi tse peli tsa mecha ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng, e leng monyetla oa hore motho a kopane le linonnori tse tsomang bao li ka kopanelang liphate le bona le ho ba tekong ea ho thetsa bao u qoqang le bona. Ho na le likotsi tse ling tseo e leng habohlokoa ho li ela hloko. Empa taba ea pele ke hore, mecha ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng e hlophisoa joang?
E Hlophisitsoe ka Morero
Hangata mecha ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng e hlophisitsoe ho latela lihlooho tse khahlang lihlopha tse itseng tsa batho. E meng e lokiselitsoe ba chesehelang mofuta o itseng oa lipapali kapa oa mesebetsi ea ho itlosa bolutu. E meng e etselitsoe hore ho qoqoe ka mananeo a itseng a thelevishene ka ho khetheha. Ha e meng e etselitsoe batho ba reng ke litho tsa bolumeli bo itseng.
Haeba u e mong oa Lipaki Tsa Jehova, bohelehele bo ka ’na ba u susumetsa hore u ee mocheng oa ho qoqa le ba bang Inthaneteng o bolelang hore ke sebaka seo bacha ba Lipaki lefatšeng lohle ba ka iphumanelang metsoalle e mecha ho sona. Ho fumana metsoalle har’a bacha bao le leng bolumeling bo le bong le bona ke pakane e ntle. Leha ho le joalo, mecha ena ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng e koetletse Bakreste likotsi tse ipatileng. Likotsi tsa mofuta ofe?
E Senya Boitšoaro
Mocha e mong ea bitsoang Tyler o re: “Ke ne ke le Inthaneteng ke qoqa le batho ba bang bao ke neng ke nahana hore kaofela ke Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana, ba bang ba bona ba qala ho soma seo re se lumelang. Kapele ho ne ho totobetse hore ke bakoenehi.” Ke batho bao ka boomo ba lekang ho nyelisa boitšoaro ba bao ba bolelang hore ke balumeli-’moho le bona.
Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o ile a lemosa hore ba bang ho ba neng ba mo latela ba ne ba tla fetohela balekane ba bona. (Matheu 24:48-51; Liketso 20:29, 30) Moapostola Pauluse o ile a bitsa batho ba joalo ba mehleng ea hae hore ke barab’abo rōna ba bohata ’me a re ba ‘kene ka ho nyenyelepa’ ho ntša ba ka phuthehong ea Bokreste kotsi. (Bagalata 2:4) Mongoli oa Bibele Juda o re ba “kene ka sekhukhu” ka morero oa ho ‘fetola mosa o sa tšoanelang oa Molimo oa rōna boikemelo bakeng sa boitšoaro bo hlephileng.’ (Juda 4) O boetse o bolela hore ke “mafika a patiloeng ka tlas’a metsi.”—Juda 12.
Hlokomela hore Pauluse le Juda ba qoolla mekhoa ea bolotsana eo bokoenehi ba atisang ho e sebelisa. Bangoli bana ba Bibele ba ile ba hlokomela hore bakoenehi ba “kena ka ho nyenyelepa” kapa ba “kena ka sekhukhu” ka morero oa ho silafatsa phutheho ea Bokreste. Kajeno, mecha ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng ke sebaka se setle seo batho bana ba khohlahetseng ba ipatang ho sona bakeng sa liketso tsa bona tse bolotsana. Joaloka mafika a patehileng ka tlas’a metsi, Bakreste bana ba bohata ba pata morero oa bona oa sebele ka ho iketsa ba amehileng ka bacha ba Lipaki. Empa morero oa bona ke ho senya tumelo ea ba sa falimehang.—1 Timothea 1:19, 20.
Makasine ena, hammoho le boitsebiso bo bong bo hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova, e ’nile ea lemosa ka makhetlo-khetlo ka kotsi ena.b Ka lebaka leo, mang kapa mang eo u kopanang le eena mocheng oa ho qoqa le ba bang Inthaneteng, oo ho thoeng ke oa Lipaki Tsa Jehova, ha e le hantle e tlameha ebe ke motho ea hlokomolohang keletso eo. Na ka sebele u batla ho ba le metsoalle e bebofatsang keletso e thehiloeng Bibeleng?—Liproverbia 3:5, 6; 15:5.
Leraba la ho Itšehla Thajana
Karolo e ’ngoe ea mecha ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng eo ho leng molemo hore u e ele hloko ke nako eo e e qetang. José, ea boletsoeng qalong ea sehlooho sena, o re: “Ka linako tse ling ke ne ke tšoareha haholo litabeng tsa mecha ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng hoo ke neng ke lebala le ho ja.”
E ka ’na eaba ha u na ho tšoareha joaloka José mecheng ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng. Leha ho le joalo, ho qeta nako u qoqa moo, u tlameha ho sebelisa nako ea mosebetsi o mong. E ka ’na ea se be nako ea mosebetsi oa hao oa sekolo o etsetsoang hae kapa ea mesebetsi ea ka tlung. Ntho ea pele e amehang hampe e ka ba nako ea ho buisana le ba lelapa leno. Adrian, ea lulang Spain o re: “Ke ne ke tloha tafoleng hang ha ke qeta ho ja ebe ke ea mecheng ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng. E ne e hohela hoo ke batlileng ke khaotsa ho buisana le ba lelapa leso.”
Haeba u qeta nako ea bohlokoa mecheng ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng, e ka ’na ea ba le uena u ikarola bathong ba bohlokoa ka ho fetisisa ho uena. Bibele e fana ka temoso ena e loketseng: “Ea itšehlang thajana o tla batla tabatabelo ea hae ea boithati; o tla phasoloha khahlanong le bohlale bohle bo sebetsang.” (Liproverbia 18:1) Ho ke ke ha etsahala hore batho bao u sa ba tsebeng bao u kopanang le bona mecheng e mengata ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng ba u khothalletse ho phela ka bohlale bo fumanoang Bibeleng. Ho ka etsahala hore ba u khothalletse ho phehella lintho tsa boithati ’me ba u hohele hore u tlohele litekanyetso tsa boitšoaro ba Bokreste.
Ke ’nete hore leraba le leng la mecha ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng ke hore u nolofalloa ke ho qoqa le ba bang ho eona ho feta ho buisana le litho tsa lelapa. Batho bao u kopanang le bona mecheng ea ho qoqa Inthaneteng ba ka ’na ba labalabela ho utloa maikutlo a hao litabeng tse itseng ’me ba ka u phetlela lifuba. Ka lehlakoreng le leng, ho ka bonahala litho tsa lelapa leno li phathahane hoo li sitoang le ho u mamela ’me li ka thatafalloa ho u phetlela lifuba.
Empa ak’u ipotse: ‘Na batho bao ke kopanang le bona mecheng ea ho qoqa Inthaneteng ba hlile ba ntseba hantle? Na ba hlile ba thahasella boiketlo ba ka ba ka ho sa feleng?’ Ho bonolo hore litho tsa lelapa leno li tsotelle bophelo ba hao maikutlong le moeeng. Haeba batsoali ba hao ba leka ho phela tumellanong le litekanyetso tsa Bibele, ba na le thahasello e matla ea ho buisana le uena. (Baefese 6:4 ) Haeba ka tlhompho u ba phetlela sefuba, ba ka ’na ba u makatsa ka ho arabela ka mosa o moholoanyane ho feta kamoo u ka lebellang kateng.—Luka 11:11-13.
Ho Qoba Likotsi
Maemo a ka ’na a u qobella ho ea mecheng ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng—ka mohlala, ha u etsa lipatlisiso tsa mosebetsi o itseng oa sekolo.c Haeba ho joalo, u ka tiisa hore mecha ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng e se be leraba ho uena ka ho nka mehato e latelang bakeng sa ho itšireletsa.
Oa pele, qoba ho sebelisa k’homphieutha e khonang ho kena Inthaneteng u le ka kamoreng ea hao moo batho ba sa u boneng. Ho etsa joalo ho ne ho tla tšoana le ho solla u le mong seterateng se lefifi sa sebaka seo u sa se tsebeng—u tla be u ipakela mathata. Ho e-na le hoo, beha k’homphieutha sebakeng se bulehileng ka tlung moo ba bang ba ka bonang seo u se etsang.
Oa bobeli, khothalla ho buisana hamolemo le batsoali ba hao ka ho ba bontša hore na u sheba lintho life Inthaneteng le ka ho ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore u kene karolong e itseng ea mecha ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng. Hape, ipehele moeli oa nako eo u tla sebelisa k’homphieutha ka eona, ebe ha u o tlōle.
Oa boraro, kenya mananeo a k’homphieutha a tla u sireletsa ho hlekahlekoeng ke ba batona kapa ba batšehali Inthaneteng a sefang likahare tsa melaetsa e kenang. Haeba ha u le Inthaneteng ho kena melaetsa e u susumelletsang ho kopanela liphate, tsebisa batsoali ba hao kapa tichere ea hao hang-hang. Linaheng tse ling batho ba baholo ba tsebang hore u monyenyane empa ba tsosa takatso ea hao ea ho kopanela liphate ka ho u romella melaetsa kapa boitsebiso bo bong ba litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ba etsa tlōlo ea molao. Ba lokela ho tlalehoa sepoleseng.
Ho phaella moo, le ka mohla u se ke ua fana ka lebitso la hao, aterese le lebitso la sekolo seo u se kenang, kapa nomoro ea hao ea fono ho motho eo u kopanang le eena mecheng ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng. Ho se be le ka mohla u amohelang memo ea ho kopana le motho eo ka seqo!
Le hoja mantsoe ana a Morena Solomone ea bohlale a ngotsoe lilemong tse fetileng tse likete, a sa ntse a sebetsa tabeng ea likotsi tse amanang le mecha ea ho qoqa le ba bang Inthaneteng, a re: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.”—Liproverbia 22:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe.
b Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea December 8, 2004, leqepheng la 18-21.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ka bohlale, bontša batsoali ba hao hore na u ea mecheng efe Inthaneteng