Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 11/8 maq. 23-26
  • Tsela ea ho Rua Molemo Likoranteng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Rua Molemo Likoranteng
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bohlokoa ba Litaba
  • Ho Utloisisa Mathata a Amehang
  • Mathata a ho Iphaphatha le Molao
  • Ho Hlokahala Pono e Leka-lekaneng
  • Ho Khotsofatsa ba Nyoretsoeng Litaba
    Tsoha!—2005
  • Na U ka Tšepa Mecha ea Litaba?
    Tsoha!—2013
  • Tšusumetso e Matla ea Likoranta
    Tsoha!—2005
  • Na Kannete re Phela “Matsatsing a ho Qetela?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 11/8 maq. 23-26

Tsela ea ho Rua Molemo Likoranteng

“Motho eo ho seng mohla a balang koranta ke leoatla; empa joale leoatla la maoatla ke motho ea lumelang seo a se balang hobane feela se le koranteng.”—August von Schlözer, rahistori oa Mojeremane ebile e le moqolotsi oa litaba oa lekholong la bo18 la lilemo.

PHUPUTSONG e ’ngoe batho ba likete tse ’maloa Brithani le Fora ba ile ba botsoa hore na ba tšepa mokhatlo o mong le o mong hakae ho e 13. Mokhatlo oa likoranta e bile ’ona o qetellang, o bile o fetoa ke lipolotiki le mekhatlo e meholo ea khoebo. United States, babali ba bangata ba bolela hore ba ntse ba kholoa likoranta tsa bona. Empa liphuputso tse entsoeng ke Setsi sa Lipatlisiso sa Pew li bontša hore palo ea batho ba lumelang e theohile.

Ka tloaelo batho ba ba le seo ba ikemelang ka sona ho belaella koranta, haholo-holo ha seo ho buuoang ka sona se amana le lithahasello tsa sechaba sa naha eo koranta e hatisetsoang ho eona. Joale ebe ho etsahala’ng? Hangata ’nete e qheleloa ka thōko. Joalokaha Arthur Ponsonby, setsebi sa Lenyesemane litabeng tsa ’muso sa lekholong la bo20 la lilemo a kile a bolela: “Ha ho phatlalatsoa ntoa, ’Nete ke eona ntho ea pele e hatikeloang.”

Esita leha ho e-s’o phatlalatsoe ntoa, hase bohlale ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ngotsoeng litabeng. Maele a Bibele a re: “Mang kapa mang ea se nang phihlelo o beha tumelo lentsoeng le leng le le leng, empa ea masene o nahana ka mehato ea hae.” (Liproverbia 14:15) Haeba u le hlokolosi hantle, ka kakaretso koranta e ka khotsofatsa lenyora la hao la ho nyoreloa litaba.

Bohlokoa ba Litaba

Mecha ea litaba ke ea bohlokoa kajeno hobane e re thusa hore re tsebe se etsahalang lefatšeng. ’Me ho etsa joalo ke habohlokoa. Hobane’ng? Hobane boholo ba lintho tse etsahalang lefatšeng kajeno bo boletsoe esale pele ke moprofeta e moholohali ea kileng a phela, Jesu Kreste. Ha a botsoa ka bofelo ba tsamaiso ena ea lintho, o ile a bolela hore nako ea ho qetela e ne e tla tšoauoa ka lintoa, ho eketseha ha tlōlo ea molao, khaello ea lijo, mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše le liketsahalo tse ling tse amanang le tsona.—Matheu 24:3-14; Luka 21:7-11.

Bibele e boetse e re: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko.” Boprofeta bona bo phaella ka hore “matsatsing” ao, batho e ne e tla ba “baithati, ba ratang chelete” le “ba sa mameleng batsoali.” E ne e tla ba “ba se nang lerato la tlhaho,” e be “ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.”—2 Timothea 3:1-5.

Ha ho pelaelo hore u bona boprofeta bona ba Bibele bo phethahala motseng oa heno. ’Me se etsahalang lefatšeng ka bophara—joalokaha ho tlalehoa likoranteng—e mpa e le bopaki bo tiisang ho nepahala ha boprofeta ba Bibele. Na see se bolela hore re lokela ho kholoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e balang koranteng? Che, esita le ba inehetseng khoebong ea likoranta ba bolela hore ho ba hlokolosi hoa hlokahala.

Ho Utloisisa Mathata a Amehang

E mong le e mong o etsa liphoso, esita le litsebi tse tšepahalang ka ho fetisisa. Ariel Hart o ile a ngola tjena ho Columbia Journalism Review, “Lilemong tse tharo tseo ke li qetileng ke hlahloba hore na taba ke ’nete hakae ntle le ho hiroa ka ho toba ke k’hamphani e itseng, ha ke e-s’o hlahlobe pale ebe ke fumana e se na liphoso, ho sa tsotellehe hore na ke taba e ngotsoeng maqepheng a mahlano kapa ke taba e nang le lirapa tse peli feela.” O qotsa mehlala e kang “selemo se sa nepahalang; boitsebiso ba khale; ho peletoa ha mantsoe hampe; boitsebiso bo tlalehiloeng hohle bo nkiloeng mehloling e meng empa bo fosahetse.”

Baqolotsi ba litaba ba tlameha ho tobana le mehloli ea litaba e sa tšepahaleng. Ka linako tse ling, likoranta li feptjoa mashano. Ka 1999 monna e mong oa sesoasoi o ile a ngola pale ea bohata litabeng, a bontša hore ho tla etsoa “serapa sa boikhathollo se tšoanang hantle le setša sa mabitla,” a ba a tiisa sena ka ho hlahisa mocha oa bohata oa boitsebiso Inthaneteng, oo a neng a re ke oa k’hamphani e tl’o haha serapa sena, a ba a ngola le linomoro tsa founu bakeng sa ba batlang ho botsa lipotso, a iketsa eka ke ’muelli oa k’hamphani eo. Mokhatlo oa litaba oa Associated Press o ile oa hlōleha ho lemoha leshano leo, ka mor’a moo likoranta tse ngata tsa letsatsi le letsatsi United States li ile tsa tlaleha pale eo. Ho boleloa hore lekunutu la hore leshano le atlehe ke hore e be la “pale e tsosang thahasello, ea ntho e sa tloaelehang ho hang empa e le eo batho ba ka e lumelang.”

Esita le baqolotsi ba litaba ba nang le sepheo se setle hase kamehla ba fumanang litaba joalokaha li le joalo. Mongoli e mong Poland oa hlalosa: “Hangata baqolotsi ba litaba ba sebetsa ka potlako. Likoranta li qothisana lehlokoa. E ’ngoe le e ’ngoe e batla ho ba ea pele ho hatisa litaba. Ka lebaka leo ba bangata ba rōna, le hoja re ne re ka rata, ha ho etsahale hore re ngole taba e fupulitsoeng hantle.”

Mathata a ho Iphaphatha le Molao

Freedom of the Press 2003—A Global Survey of Media Independence e boletse linaha tse 115 ho tse 193 e le tse se nang bolokolohi kapa tse nang le bona le hoja e se ka ho feletseng. Leha ho le joalo, ho laoloa ha litaba ka tsela e poteletseng ho ka ’na ha e-ba teng le linaheng tse nang le bolokolohi ba ho phatlalatsa litaba.

Ka linako tse ling, baqolotsi ba bang ba litaba ba mpa ba qheleloa ka thōko hore ba se ke ba amohela boitsebiso ba bohlokoa, ha ba bang ba nkoang ba amoheleha ba fumana menyetla ea ho buisana le bo-ralipolotiki maetong a bona kapa ba memeloa ho tsamaea le bona. Chelete e kenang ka papatso le eona e ka susumetsa ho tlalehoa ha litaba. Moqolotsi e mong oa litaba oa Lepolishe o ile a re: “Motšehetsi oa papatso a ka ’na a sokela ka hore o tla hula lipapatso tse nang le phaello haeba mohlophisi a hatisa ntho leha e le efe e mpe ka motšehetsi eo oa papatso.” ’Me mohlophisi e mong oa koranta e ’ngoe ea Japane o ile a lemosa: “U lule u hopola hore ho thata ho ba le tlaleho ea litaba e se nang motsoako le o monyenyane.”

U ka ’na ua botsa, ‘Joale, haeba baqolotsi ba litaba bao e leng litsebi ba tobana le mathata a joalo hore ba hlahise koranta e ka tšeptjoang, ’mali o tla tseba joang hore na a kholoe eng?’

Ho Hlokahala Pono e Leka-lekaneng

Ho hlakile hore temoho ea hlokahala. Mopatriareka Jobo o ile a botsa, “Na tsebe ha e leke mantsoe joalokaha mahalapa a latsoa lijo?” (Jobo 12:11) Ho hlokahala ’mali a hlahlobe ka hloko se ngotsoeng ho bona hore na ho na le ’nete moo. Ho joalokaha eka ka bohlale o leka le ho khetha hore na se nepahetseng ke sefe. Morutuoa oa lekholong la pele la lilemo oa Jesu Kreste o ile a ngola a amohela ba ileng ba mamela moapostola Pauluse empa joale o ile a hlahloba mehloli ea Pauluse ea litaba ho tiisa hore na seo a se rutang e ne e le ’nete na.—Liketso 17:11; 1 Bathesalonika 5:21.

Ka ho tšoanang, ’mali oa koranta a ka ipotsa lipotso tse kang tsena: Phihlelo ea mongoli eo ke efe? O sekametse linthong life? Na litaba tseo li bua ka lintho tseo e leng ’nete tseo ba bang ba lumellanang le tsona? Ke mang ea ka thahasellang ho sotha ’nete? Ka bohlale, ’mali a ka ’na a hlahloba mehloli e sa tšoaneng bakeng sa ho netefatsa litaba. A ka ’na a buisana le ba bang ka seo a se balang. Maele a Bibele a re: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa.”—Liproverbia 13:20.

Ka nako e tšoanang, u se ke ua lebella phetheho. Joalokaha re bone, mabaka a sa tšoaneng a thibela likoranta hore e be tse se nang leeme ka ho feletseng. Ho ntse ho le joalo, li ka u thusa hore u lule u tseba se ntseng se etsahala lefatšeng. Ke habohlokoa hore u lule u tseba se etsahalang, hobane Jesu ha a bua ka tsona linako tsena tseo re phelang ho tsona, o ile a phehella: “Le lule le falimehile.” (Mareka 13:33) Koranta e ka u thusa hore u etse joalo, le hoja u ntse u e siela sebaka bakeng sa mefokolo ea eona.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 26]

HA BA KHATISO EA LITABA BA BONAHATSA LEEME

Hangata, ho emeloa hampe litabeng ke ka lebaka la ho tlaleha taba ka lepotlapotla kapa ho ba le boitsebiso bo fosahetseng. Leha ho le joalo, litaba tse joalo tse entsoeng ka morero o motle li ka hasa litaba tse mpe tsa bohata ka potlako. Ka lehlakoreng le leng, ka linako tse ling ho fana ka boitsebiso bo fosahetseng ho etsoa ka boomo, joalokaha ho bile joalo Jeremane ea Bonazi ha ho ne ho jaloa mashano ka batho ba morabe o itseng le ka malumeli a mang.

Nahana ka phello ea letšolo le totobetseng la ho senya batho ba bang lebitso le ileng la thakholoa haufinyane ha ho ne ho tšoeroe nyeoe ea litokelo tsa botho Moscow, Russia. Koranta ea The Globe and Mail ea Toronto, Canada, e ile ea tlaleha hore, “Ha banana ba bararo ba ne ba ipolaea Moscow, mecha ea litaba ea Russia e ile ea potlakela ho bolela hore e ne e le balateli ba chesehang ka ho feteletseng ba Lipaki Tsa Jehova.”

Litaba tse joalo li ile tsa hlaha ka la 9 February, 1999—letsatsi leo lekhotla la sechaba le neng le qala nyeoe e reretsoeng ho thibela Lipaki Tsa Jehova motseng oa Moscow. Geoffrey York oa Lekala la Koranta ea The Globe and Mail, Moscow, o ile a tlaleha: “Hamorao Mapolesa a ile a lumela hore banana bao ho ne ho se moo ba amanang teng le sehlotšoana seo sa bolumeli. Empa ka nako eo thelevishene ea Moscow e ne e se e hlasetse sehlopha sena sa bolumeli, e bolella bashebelli hore Lipaki Tsa Jehova li ne li ile tsa tšoarisana le Adolf Hitler Jeremane ea Bonazi—ho sa tsotellehe bopaki bo teng ba histori ba hore litho tsa bona tse likete e ne e le bahlaseluoa ba Manazi likampong tsa polao.”

Ka lebaka leo, likelellong tsa ba bangata ba filoeng ka ntle ho letsoho le sechaba seo e ka ’nang eaba se tšohile, Lipaki Tsa Jehova e ne e le sehlotšoana sa borapeli sa bokhelohi sa baipolai kapa batho ba sebelisanang le Manazi!

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Jesu Kreste o ile a bolela esale pele ka boholo ba lintho tseo re bonang li tlalehoa likoranteng hona joale

[Litšoantšo tse leqepheng la 24]

Litlaleho tsa likoranta li tiisa boprofeta ba Bibele

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

FAO photo/B. Imevbore

[Litšoantšo tse leqepheng la 24, 25]

Ho ile ha babatsoa ba ileng ba hlahloba mehloli ea lithuto tsa moapostola Pauluse, e leng tsela e bohlale ha motho a bala litlaleho tsa litaba tse sa tloaelehang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela