Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 11/8 maq. 20-22
  • Ho Khotsofatsa ba Nyoretsoeng Litaba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khotsofatsa ba Nyoretsoeng Litaba
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšimoloho ea Likoranta
  • Mechine e Qapiloeng ea Bohlokoa
  • Ho Tlalehoa Eng Koranteng?
  • Likoranta li Maqakabetsing
  • Tsela ea ho Rua Molemo Likoranteng
    Tsoha!—2005
  • Tšusumetso e Matla ea Likoranta
    Tsoha!—2005
  • Na U ka Tšepa Mecha ea Litaba?
    Tsoha!—2013
  • Likhatiso tsa Mahala
    Tsoha!—1990
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 11/8 maq. 20-22

Ho Khotsofatsa ba Nyoretsoeng Litaba

HOO e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng Luka motlalehi oa histori o ile a tlaleha: “Baathene bohle le basele ba etetseng moo ka nakoana ba ne ba sa sebelisetse nako ea bona ea phomolo letho haese ho bolela ho hong kapa ho mamela ho hong ho hocha.” (Liketso 17:21) Lilemo tse lekholo pejana ’muso oa Roma, ha o hlokomela hore sechaba se nyoretsoe litaba, o ile oa beha Acta Diurna, e leng leselinyana la litaba tsa letsatsi le letsatsi, libakeng tse tsebahalang.

Lekholong la bosupa la lilemo, Machaena ke ’ona a neng a hatisa koranta ea pele lefatšeng, e bitsoang Dibao (Pao). Europe, moo batho ba bangata ba neng ba ntse ba sa tsebe ho bala le ho ngola, bapheti ba lipale ba tsamaeang ba ne ba hasa litlaleho tsa ntoa, litlokotsi, litlōlo tsa molao, le litaba tse ling. Hamorao, maqephe a ngotsoeng ka letsoho le litšoantšo tse entsoeng ka lehong tse buang ka litaba tse joalo li ile tsa rekisoa limmarakeng le lifantising.

Hamorao, mabenkele a ile a etsa hore maselinyana a tsona a ipiletse haholoanyane ka ho kenyelletsa litaba tsa bohlokoa. Qetellong, litaba tsena li ile tsa hlaha leqepheng le leng, le neng le ka tsamaisoa.

Tšimoloho ea Likoranta

Qalong ea lekholo la bo17 la lilemo, likoranta tse peli tsa Jeremane li ile tsa qala ho hatisoa kamehla. Koranta ea Strasbourg e neng e bitsoa Relation (e phetang litaba), e ile ea hatisoa ka lekhetlo la pele ka 1605; ’me Avisa Relation oder Zeitung (e fanang ka boeletsi) ea Wolfenbüttel e qalile ho hatisoa ka 1609. Koranta ea pele ea letsatsi le letsatsi Europe e ne e le Einkommende Zeitungen (Litaba Tse Ncha), e neng e hlaha Leipzig, Jeremane, ka 1650.

Koranta eo ea pele Leipzig e ne e e-na le maqephe a mane a ka fellang ka pokothong. Maqephe ana a ne a hlahisa litaba tse neng li sa ngoloe ka ho hlahlamana ha lihlooho. Koranta ena e ne e hlile e se theko e phahameng hakaalo, empa peeletso ea selemo e ne e ka ja mosebetsi ea lefshoang hantle, moputso oa khoeli kaofela. Ho ntse ho le joalo, tabatabelo ea ho bala likoranta e ile ea ’na ea eketseha ka potlako. Jeremane feela, ho ne ho e-na le likoranta tsa kamehla tse pakeng tsa 50 le 60 ka selemo sa 1700, ’me li ile tsa finyella babali ba baloang ka likete tse makholo.

Qalong, mehloli ea litaba e ne e le mangolo, likoranta tse ling, baokameli ba liposo ba fumanang litaba ka poso ebe baa li kopitsa, kapa e le feela taba ea bo-ba-re e utloiloeng moeeng ke bo-ralitaba libakeng tsa sechaba. Leha ho le joalo, ka lebaka la tlhōlisano e ntseng e hōla, bahatisi ba ile ba sebeletsa ho ntlafatsa lenane le boleng ba litaba. Ba ile ba hira litsebi tsa bohlophisi. Kaha bahatisi ba bangata ba ne ba ke ke ba khona ho ba le mehloli ea litaba hammoho le baqolotsi libakeng tse ngata tse fapaneng, takatso ea batho ea ho batla ho tseba litaba e ile ea etsa hore ho thehoe liofisi tsa litaba, e leng moo ho bokelloang litaba teng le ho li rekisetsa bahatisi.

Mechine e Qapiloeng ea Bohlokoa

Khoebo ea likoranta e ne e ke ke ea atleha hoja e se ka mechine ea bohlokoa, haholo-holo ka mokhoa o qapiloeng ke Johannes Gutenberg oa ho hatisa ka mochine. Ho qaptjoa ha mechine e meng ho ile ha etsa hore tlhahiso ea likoranta e be bonolo ’me theko ea tsona e be tlaase. Ka mohlala, ka bo-1860, ho ile ha e-ba bonolo ho hatisa litaba rolong e khōlō ea pampiri mochineng oa khatiso oa web rotary ho e na le ho hatisa maqepheng. Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha sebelisoa mochine oa Linotype ho hlophisa boitsebiso hore bo kene maqepheng bakeng sa khatiso. Joale, halofong ea bobeli ea lekholo la bo20 la lilemo ho hlophisa boitsebiso ka k’homphieutha bakeng sa khatiso ho ile ha nkela mosebetsi o etsoang ka matsoho sebaka.

Ho sa le joalo, litaba tsona li ile tsa tsamaea ka potlako le ho feta ha lithelegramo li qala ho sebelisoa haholo ka bo-1840, ha mechine ea ho thaepa e qala ho sebelisoa ka bo-1870 le lithelefono hoo e ka bang ka nako e tšoanang. Morao tjena, bathong ba limilione ba phelang hona joale, ho sebelisoa ha lik’homphieutha, e-mail le mechine ea fax, e se e le ntho e tloaelehileng khoebong ea likoranta. Batlalehi ba litaba ba fihla sebakeng seo lintho li etsahalang teng ka potlako le ho feta—ka terene, ka koloi le ka sefofane. ’Me lipalangoang tse lebelo hona joale li tsamaisa likoranta tse eketsehileng le ho feta.

Ho Tlalehoa Eng Koranteng?

Hase bothata ho fumana litaba libakeng tse ngata lefatšeng lena la rōna le ntseng le nyenyefala. Ho ea ka bahlophisi ba Frankfurter Allgemeine Zeitung, “Bothata ke ha u lokela ho khetha ka har’a letamohali la litaba tse ntseng li kena lenyelenyele.” Mekhatlo ea litaba e fepela likoranta tsa Jeremane ka lintho tseo li ka buang ka tsona tse ka bang 2 000 letsatsi le leng le le leng. Baqolotsi ba litaba, batlalehi, ba balang litaba le mehloli e meng ba imetsa bahlophisi ba likoranta le ho feta ka litaba tse ngata.

Likarolo tse peli ho tse tharo tsa litaba ke litsebiso—tlaleho ea koranta le litlaleho tse mabapi le liketsahalo tsa nako e itseng, tse kang likonsarete, lipapali le likopano. Bahlophisi ba tlameha ho tseba hore na ke bo-mang ba rekang koranta ea bona haholo e le hore ba ka khotsofatsa litlhoko tsa bona tsa ho batla ho tseba ka se etsahalang sebakeng sa habo bona, e leng lintho tse ka akarelletsang hore na kotulo e bile le liphello life, matsatsi a bohlokoa a ketekoang le mekete.

Karolo ea lipapali, lipale tse tšehisang, litšoantšo tse qabolang tsa bo-ralipolotiki le litaba tsa bahlophisi, ke likarolo tse ratoang tsa likoranta. Litaba tse ka sehloohong, litlaleho tse tsoang linaheng tse ling, le lipuisano le batho ba phahameng le litsebi ka taba e ’ngoe e ikhethang e ka ba tse susumetsang le tse thabisang.

Likoranta li Maqakabetsing

Koranta ea Die Zeit ea 2002 e ile ea tlaleha hore, “Indasteri ea likoranta ea Jeremane e tobane le maqakabetsi a lichelete a boima haholo historing ea eona.” ’Me ka 2004, Mokhatlo oa Khatiso oa Switzerland o tlalehile hore palo ea kabo ea likoranta e bile tlaase ka ho fetisisa lilemong tse leshome. Ho etsahetse’ng ka ho hlokeha ha likoranta?

Moruo oa lefatše o theohile, oa fokotsa tsa papatso, e leng tsona tse neng li kenya chelete e ngata ea likoranta e ka fetang halofo. Lipakeng tsa 2000 le 2004 Wall Street Journal ea United States e lahlehetsoe ke liphesente tse 43 tsa chelete ea eona ea papatso. Na lipapatso li tla khutla ka lebaka la ho phahama ha moruo? Lipapatso tse ngata tse behiloeng ka mahlofo likoranteng bakeng sa litša le mehaho, mesebetsi le likoloi li nkiloe ke Inthanete. Kajeno likoranta li qothisana lehlokoa le mecha ea litaba ea elektronike—seea-le-moea, thelevishene le Inthanete.

Ka lehlakoreng le leng, batho bona ba ntse ba batla litaba. Moprofesa oa tsamaiso ea mecha ea litaba Axel Zerdick o ile a bua tjena koranteng e ’ngoe ea Frankfurt, Jeremane: “Lintho ha li hlile ha li mpe hakaalo joalokaha baqolotsi ba bangata ba litaba ba lumela.” Mohlophisi ea ka sehloohong oa koranta ea letsatsi le letsatsi ea Jeremane sebakeng seo o bile le maikutlo a tšoanang, a re: “[Koranta] ea sebaka sena e ntse e tsoela pele hantle haholo.”

Esita le haeba ho lumeloa hore ha ho letho le hlōlang likoranta ka ho kenella ha tsona le tšusumetso ea tsona sechabeng, potso ea sala: Na u ka tšepa pono ea tsona litabeng? U ka rua molemo joang likoranteng tseo u li balang?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]

BOQOLOTSI BA LITABA—MOSEBETSI O HLOKANG BOITELO

Motho e mong a ka ’na a lakatsa eka e ka be e le e mong oa baqolotsi ba litaba. Moqolotsi e mong oa litaba oa khale oa Mofora o ile a lumela: “Moqolotsi oa litaba a ka ba motlotlo ha a bona lebitso la hae le hlahile koranteng.” Leha ho le joalo, boqolotsi le bona bo ntse bo e-na le mathata a bona—ha pale e tlalehoa ke moqolotsi oa koranta e ’ngoe pele, ha motho a hana ha u bua le eena u mo botsa lipotso, le lihora tse ngata tseo motho a li qetang a emetse ketsahalo eo qetellong e sa etsahaleng le ho etsahala.

Mongoli e mong oa koranta Poland o ile a bolela bothata bo bong, a re, “Ha re tsebe nako eo re tlang ho lokoloha mosebetsing ka eona kapa eo re tlang ho sebetsa ka eona. Ka linako tse ling re sitoa ho ba le nako ea boinotši, ’me tsela e potlakileng eo re sebetsang ka eona e kena-kenana le bophelo ba malapa a rōna.” Eo e kileng ea e-ba moqolotsi oa litaba Soviet Union o ile a supa pherekano eo mohlomong e leng e khōlōhali, “Ke sebelitse ka thata haholo, empa qetellong e ntse e sa hatisoe.”

Mongoli e mong oa lipapali oa koranta e khōlōhali Netherlands o ile a senola hore: “Hangata ke bolelloa hore ha ke na tsebo. Babali ba bang baa halefa kapa ba ferekana maikutlo, ’me ka linako tse ling ha maikutlo a se a phahame lipapaling, ba bang ba bile ba ntšokela ka ho mpolaea.” Joale, ke eng e susumelletsang baqolotsi ba litaba hore ba ’ne ba tsoele pele?

Ke ’nete hore ba bang e ka ’na eaba ke moputso—empa hase bohle. Moqolotsi e mong oa litaba ea sebeletsang koranta e ’ngoe ea Sefora o ile a bua ka ho rata ha hae ho ngola. Moqolotsi e mong oa litaba oa Mexico o itse, “Bonyane u fane ka boitsebiso boo batho ba ka ratang ho bo tseba.” ’Me Japane mohlophisi e mong ea ka holimo oa koranta ea letsatsi le letsatsi ea bobeli ho tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng o ile a hlalosa, “Ke fumana thabo ha ke e-na le maikutlo a hore ke thusitse batho leha toka e phethiloe.”

’Nete ke hore likoranta hase mosebetsi oa baqolotsi ba litaba feela. Ho itšetlehile ka hore na khatiso e boholo bo bokae le mehaho ea eona, ho ka ’na ha e-ba le bahlophisi, ba hlahlobang liphoso, ba hlahlobang hore na litaba ke ’nete hakae, le ba faelang le ba bang ba bangata ba sebetsang ka thata haholo, empa ba sa tsejoe e le hore u ka fumana koranta.

[Litšoantšo tse leqepheng la 20]

Koranta ea pele ea Jeremane le moo likoranta li rekisetsoang teng kajeno

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Early German newspaper: Bibliothek für Kunst - und Antiquitäten-Sammler, Vol. 21, Flugblatt und Zeitung, 1922

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela