Likhatiso tsa Mahala
LIKORANTA tsa mahala Brithane phatlalatsong li etsa phaello ea liranta tse limillione tse makholo kabong ea likopi tse limillione tse mashome ka beke. Liphello li feta hōle litekanyetso tse sa rateheng tseo li ileng tsa amoheloa ka tsona lilemong tse fetang 20 tse fetileng. “Batho ba ne ba sa lumellane le khopolo ea hore u ka phatlalatsa ntho ea mahala,” ke kamoo ho hlokometseng Ian Locks, motsamaisi ea ka sehloohong oa Mokhatlo oa Likoranta tsa Mahala. O phaelletse, empa ha e le hantle, “sena se butse mocha o pharalletseng oa likoranta tsa mahala, limakasine le lipampitšana e le mofuta o mocha oa menyetla ea thekiso.”
Le limakasine hape? E. Limakasine tse fapaneng tse fetang 400 li fanoa mahala United Kingdom ka kabo ea tse limillione tse mashome. Litheko tse theotsoeng li hapile baphatlalatsi ba likoranta tsa sebakeng seo, ’me hona joale ba bangata le bona ba se ba fana ka tsona mahala. The Times ea London e hlalosa ketsahalo ena e le “matla a macha khoebong ea phatlalatso ea Brithane,” e tlang ho ba teng ka mehla.