Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 11/8 leq. 19
  • Tšusumetso e Matla ea Likoranta

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšusumetso e Matla ea Likoranta
  • Tsoha!—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Khotsofatsa ba Nyoretsoeng Litaba
    Tsoha!—2005
  • Tsela ea ho Rua Molemo Likoranteng
    Tsoha!—2005
  • Likhatiso tsa Mahala
    Tsoha!—1990
  • Mekhoa ea ho Paka​—Ho Sebelisa Mokhoa o Mong le o Mong ho Finyella Batho
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 11/8 leq. 19

Tšusumetso e Matla ea Likoranta

Ha Ntoa ea I ea Lefatše e ne e felisa borena ba Jeremane, ’muso o kopantseng bososhiale le demokrasi o ile oa qala ho busa Berlin. Ka mor’a moo Makomonisi a ile a leka ho phethola ’muso ona o mocha. Makomonisi le ba ’muso ba ile ba e-ba le maikutlo a hore ho laola likoranta ho ne ho sa tlo laola maikutlo a sechaba feela empa le batho ka bobona. Ka tsela eo ho ile ha kupa e mahlo-mafubelu ho loaneloa ho laola likoranta.

HO PHOLLETSA le makholo a seng makae a fetileng a lilemo, likoranta li susumelitse litso, lipolotiki, tsa e-ba le seabo se seholo khoebong ’me tsa ama bophelo ba batho ba limilione letsatsi le leng le le leng. Li u ama joang bophelong?

Kamoo ho bonahalang kateng, ka 1605 Jeremane e bile hona moo koranta ea pele e qalileng teng Europe. Libakeng tse ling kajeno, hoo e ka bang batho ba bararo ho ba bane ba ka holimo ho lilemo tse 14 ba bala koranta letsatsi le leng le le leng. Le hoja linaha tse ling tse ntseng li hōla moruong li hatisa likoranta tsa letsatsi le letsatsi tse ka tlaase ho 20 bakeng sa batho ba bang le ba bang ba 1 000, Norway eona e hatisa tse fetang 600 bakeng sa baahi ba bang le ba bang ba 1 000. Ka kakaretso, lefatšeng ka bophara, hoo e ka bang likoranta tse 38 000 li hlōlisana ka hore na e ka sehloohong ke efe.

Hohle, likoranta li tsebisa sechaba ka litaba tsa bohlokoa. Empa li etsa ho fetang hoo. Li fana ka boitsebiso boo babali ba bangata ba bang le maikutlo a sa tšoaneng ka bona. Dieter Offenhäusser oa Boemeli ba Jeremane bakeng sa UNESCO, o re, “Ho bala likoranta letsatsi le leng le le leng [ho ama] boikutlo ba rōna, boitšoaro ba rōna esita le litekanyetso tsa rōna tsa motheo.”

Bo-rahistori ba re likoranta li ’nile tsa hlohlelletsa, tsa tšehetsa le ho lokafatsa lintoa. Ba qotsa ntoa ea 1870-71 e neng e le pakeng tsa Fora le Prussia, ntoa ea 1898 pakeng tsa Amerika le Spain le Ntoa ea Vietnam ea 1955-75. Bo-rakhoebo ba bangata, litsebi tsa saense, likhalala tsa boithabiso, le bo-ralipolotiki ba ’nile ba senngoa mabitso ke se phatlalalitsoeng ke likoranta. Tabeng ea Mahlabisa-lihlong a tummeng a Watergate bohareng ba bo-1970, boqolotsi ba litaba bo ile ba hlahisa letoto la liketsahalo tse ileng tsa qobella Mopresidente Richard M. Nixon oa United States hore a itokolle mosebetsing. Ebang ke bakeng sa se setle kapa se sebe, likoranta li ka ba le tšusumetso e matla haholo.

Empa tšusumetso ee e qalile joang? Seo re se balang likoranteng se tšepahala hakae? Ke temoso efe e ka re thusang ho rua molemo ho tsona?

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Ntoa khatisong ea likoranta Berlin ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela