Na Tlala e ka Fela Lefatšeng?
INAHANELE feela hore na ntate ea tsotellang o ikutloa joang ha a bona bana ba hae ba haelloa ke phepo e nepahetseng. Ho mo utloisa bohloko ho tsoa botebong ba pelo. Haeba batsoali ba ikutloa joalo, joale nahana hore na e tlameha ebe Ntate oa rōna oa leholimo eena o ikutloa joang. O bona matšoenyeho ’ohle ao batho ba limilione tse makholo ba iphumanang ba le ho ’ona.
Ho sa tsotellehe boikemisetso bo botle ba batho ba ho fana ka lijo ho ba lapileng lefatšeng, tlala e eketsehile ho tloha ha lekholo la bo21 la lilemo le qala. Leha ho le joalo, Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova, a ka etsa ho hong, ebile o tla fela a motsule tlala ka metso ka ho sa feleng. Re tseba joang?
Bibele e hlalosa hore ha Molimo a beha Adama le Eva serapeng sa Edene, o ile a ba fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e hlokang e le hore ba sireletsehe, ba khotsofale le ho ja hantle. Molimo o ile a ba bolella: “Ke le file limela tsohle tse behang peō tse holim’a lefatše lohle.” Morero oa Jehova e ne e le hore bana ba Adama le Eva ba “tlale lefatše” le hore moloko oa batho o be le lintho tse ngata tse monate tseo o ka li jang.—Genese 1:28, 29.
Le hoja banyalani ba pele ba batho ba ile ba fetohela ’Mōpi oa bona ’me ba lahleheloa ke tlhohonolofatso ea hae, morero oa Molimo oa tšimolohong bakeng sa moloko oa batho ha oa fetoha. Bibele e bitsa Jehova “Ea fang ba lapileng bohobe,” ’me e na le boprofeta bo bongata bo bontšang hore o tla felisa mathata ’ohle a etsang hore ho be thata ho fumana lijo.—Pesaleme ea 146:7.
Ha barutuoa ba Jesu ba ne ba mo kōpa hore a fane ka pontšo, kapa bopaki bo bontšang hore o ne a tla hloma ’Muso oa hae le ho nka bohato ba ho rarolla mathata a lefatše, Jesu o ile a thathamisa maemo a neng a tla etella pele ho nka ha hae khato. E ’ngoe e ne e tla ba “likhaello tsa lijo.” Ho hlahlobisisa mantsoe a Jesu ho fana ka tiisetso ea hore haufinyane mahlomola a batho a tla fela.a—Matheu, khaolo ea 24.
Mabapi le Paradeise eo Molimo a tla e etsa, Pesaleme ea 72:16 ea profeta: “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.” Iseraeleng ea boholo-holo, ka tloaelo lijo-thollo li ne li mela liphuleng. Empa, tlas’a maemo a hlohonolofalitsoeng a boletsoeng boprofeteng bona, peō e lengoang esita le libakeng tse ommeng ka ho fetisisa, tse letsoatlare—tseo ka tloaelo li sa beheng letho—li tla beha ka bongata. Setsebi se seng sa Bibele se re: “Nakong ea Mesia, ho tla bonahala eka masimo a matle a lijo-thollo a eketheha hohle, esita le litlhōrōng tsa lithaba, kapa ho bonahale eka le maralla a lenngoe ho ea fihla qhooeng, e le hore lefatše lohle le tlale ka lijalo tse tlokomang, tse khahlang mahlo.”
Ke phapang e kaakang pakeng tsa bokamoso boo Bibele e buang ka bona le boemo ba batho ba limilione kajeno! Ka sebele, bokamosong boo Molimo a bo tšepisang, “lefatše le tla fana ka lihlahisoa tsa lona; Molimo, Molimo oa rōna, o tla re hlohonolofatsa.”—Pesaleme ea 67:6.
Haeba u ka rata ho tseba hore na uena le baratuoa ba hao le ka thabela sena joang, hammoho le litlhohonolofatso tse ling tse ngata tsa boprofeta bo khathollang ba Bibele, u se ke ua tsila-tsila ho botsa Lipaki Tsa Jehova tse sebakeng sa heno kapa ho ngolla atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5 la makasine ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona khaolo ea 11 ea buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, bakeng sa boitsebiso bo tšohlang kamoo boprofeta ba Jesu bo phethahetseng kateng.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 26]