Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/06 maq. 6-9
  • Lefatše Lee le Lebile Hokae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše Lee le Lebile Hokae?
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “’Mapa” oo re ka o Latelang
  • Tšimoloho e Bohloko
  • Ho Lemoha Moo re Leng Teng Kajeno
  • Se Larileng ka Pele
  • Lefu, Sera sa ho Qetela, le Etsoa Lefeela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Jesu oa Pholosa—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ke Hobane’ng ha re E-shoa?
    Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?
  • Re ka Ithuta ho Banyalani ba Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 1/06 maq. 6-9

Lefatše Lee le Lebile Hokae?

LILEMO tse 10, 20, kapa tse 30 tse tlang li re tšoaretse eng? E ka ba ntho e tšosang ho nahana ka bokamoso mehleng ena eo ho renang bokhukhuni. Theknoloji e ntse e hatela pele le ho feta. Ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše ho entse hore linaha tse ngata li itšetlehe ka tse ling. Na baeta-pele ba lefatše ba tla kopana ’me ba tlise bokamoso bo khanyang? Batho ba bang ba lumela seo, ba tšepa hore ka 2015, baeta-pele ba tla be ba atlehile ho felisa bofutsana le tlala, ba fokolitse ho ata ha AIDS, ’me ba fokolitse ka halofo palo ea ba se nang metsi a nooang a hloekileng le tsamaiso e sireletsehileng ea likhoerekhoere.—Bona lebokose le reng “Ha ho ba le Tšepo ho Bapisoa le Boemo ba Sebele.”

Leha ho le joalo, khopolo ea batho ka bokamoso hangata e ’nile ea e-ba e fosahetseng. Ka mohlala, lilemong tse mashome tse fetileng, setsebi se seng se ile sa re ka 1984 lihoai li tla be li khona ho lema tlaase leoatleng li sebelisa literekere tsa ka metsing; se seng se ile sa re ka 1995 likoloi li tla be li e-na le lik’homphieutha tse tla li thibela hore li thulane; ha setsebi se seng sona se ile sa bolela hore ka 2000, ho tla be ho e-na le batho ba ka bang 50 000 ba tla beng ba phela le ho sebetsa sepaka-pakeng. Ho hlakile hore mohlomong hona joale bao ba ileng ba bua lintho tseo ba lakatsa eka ba ka be ba sa ka ba bua letho. Moqolotsi e mong oa litaba o ile a ngola: “Nako ke eona feela ntho e ka senolang hore batho ba nkoang ba le bohlale ka ho fetisisa lefatšeng ha e le hantle ke lithoto.”

“’Mapa” oo re ka o Latelang

Batho ba lula ba nahana sena le sane ka bokamoso, empa ka linako tse ling seo ba se nahanang e ba khopolo feela ho e-na le ho ba ntho ea sebele. Re ka retelehela kae bakeng sa maikutlo a ka tšeptjoang a se larileng ka pele?

Nahana ka mohlala ona. Nka hore u tsamaea ka bese naheng eo u sa e tsebeng. Kaha ha ua tloaela sebaka sena, u batla u sa lokoloha. Ua ipotsa, ‘Ebe moo moo ke teng ke ho kae? Na ebe bese ee e hlile e ea moo ke eang? Ke hōle hakae le ho fihla?’ Haeba u sheba ’mapa o nepahetseng ’me u bile u sheba matšoao a tsela ka ntle ka fensetere, u ka fumana likarabo tsa lipotso tsa hao.

Boemo boa tšoana ka ba bangata kajeno ba tšoenyehileng ha ba nahana ka bokamoso. Baa ipotsa, ‘Re habile hokae? Na ka sebele re tseleng e lebisang khotsong ea lefatše? Haeba ho joalo, re tla e finyella neng?’ Bibele e tšoana le ’mapa o ka re thusang hore re arabe lipotso tse joalo. Haeba re e bala ka hloko—re bile re hlahlobisisa se etsahalang ka ntle ka “fensetere” liketsahalong tsa lefatše—re ka ithuta ho hongata mabapi le hore na re hokae le hore na re lebile hokae. Leha ho le joalo, re lokela ho qala ka ho hlahloba hore na mathata a rōna a qalile joang.

Tšimoloho e Bohloko

Bibele e re bolella hore ha Molimo a ne a bōpa monna oa pele le mosali, ba ne ba phethahetse ’me o ile a ba beha sebakeng sa paradeise. Adama le Eva ba ne ba etselitsoe hore ba phele ka ho sa feleng—eseng feela ka lilemo tse 70 kapa tse 80. Molimo o ile a re ho bona: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.” Morero oa Molimo e ne e le hore Adama, Eva le bana ba bona ba atolosetse Paradeise lefatšeng lohle.—Genese 1:28; 2:8, 15, 22.

Adama le Eva ba ile ba fetohela Molimo. Ka lebaka leo, ba ile ba lahleheloa ke lehae la bona la Paradeise. Ho feta moo, butle-butle ba ile ba qala ho fokola ’meleng le kelellong. Letsatsi ka leng, Adama le Eva ba ile ba ’na ba atamela haufi le lebitla. Hobane’ng? Hobane ka ho fetohela ’Mōpi oa bona, ba ile ba etsa sebe ’me “moputso oo sebe se o lefang ke lefu.”—Baroma 6:23.

Qetellong Adama le Eva ba ile ba shoa empa ba se ba e-na le bara le barali. Na bana baa ba ne ba tla ntšetsa pele morero oa Molimo oa tšimolohong? Che, etsoe ba ne ba futsitse ho se phethahale ha batsoali ba bona. Ha e le hantle, ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong, bana bohle ba Adama ba futsitse sebe le lefu. Ho joalo feela le ka rōna. Bibele e re: ‘Joalokaha sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, kahoo lefu le nametse ho batho bohle hobane kaofela ba entse sebe.’—Baroma 3:23; 5:12.

Ho Lemoha Moo re Leng Teng Kajeno

Bofetoheli ba Adama le Eva bo ile ba tšoaea qaleho ea leeto le lelelele le bohloko la moloko oa batho le ’nileng la tsoela pele ho fihlela kajeno. Joalokaha mongoli e mong oa Bibele a boletse, moloko oa batho o ’nile oa “behoa tlas’a lefeela.” (Baroma 8:20) Seo se hlalosa hantle hakaakang boemo bo thata ba batho! Ha e le hantle, bana ba Adama ba ’nile ba akarelletsa banna le basali ba bohlale saenseng, litsebi lefapheng la bongaka le ba butseng khoro botsebing ba theknoloji. Leha ho le joalo, ha ho le ea mong oa bona ea khonneng ho tlisa khotso ea lefatše lohle le bophelo bo botle bo khotsofatsang tseo Molimo a neng a li rerile tšimolohong bakeng sa batho.

Bofetoheli ba Adama le Eva bo ama e mong le e mong oa rōna ka tsela e itseng e tobileng. Ka mohlala, ke mang ea e-song ho ka a utloa bohloko ba ho hloka toka, ho tšaba botlokotsebe, ho utloa bohloko ba boloetse bo itseng bo sa foleng, kapa ho apareloa ke bohloko ba ho shoeloa ke motho eo re mo ratang? Khutso e itseng bophelong ba rōna e senngoa ka potlako ke boemo bo itseng ba tlokotsi. Le hoja ho e-ba le linako tseo re thabelang bophelo ka tsona, bophelo ba rōna bo joalokaha mopatriareka a ile a bo hlalosa ha a re: “Motho . . . o phela hakhutšoane ’me o khotše likhathatso.”—Jobo 14:1.

Ha re nahana hore na re tsoa hokae ’me re bona boemo bo nyahamisang boo re leng ho bona hona joale, re ka bona eka bokamoso bo lerootho. Empa Bibele ea re tiisetsa hore Molimo a ke ke a lumella maemo a tjena hore a tsoele pele ka ho sa feleng. Morero oa hae oa tšimolohong bakeng sa batho o tla phethahala. (Esaia 55:10, 11) Re ka kholiseha joang hore haufinyane see se tla phethahala?

Ho latela Bibele, hona joale re phela mehleng e mahlonoko e bitsoang ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Timothea 3:1) Polelo eo ha e bolele ho fela ha polanete ea rōna ea Lefatše le bophelo bohle bo ho eona. Ho e-na le hoo, e bolela “qetello ea tsamaiso ea lintho,” ha e le hantle, ho fela ha maemo a re bakelang mahlomola. (Matheu 24:3) Bibele e hlalosa maemo le mekhoa ea batho e tla ata matsatsing ao a ho qetela. Hlokomela a mang a ’ona leqepheng la 8, ebe u sheba ka ntle ka “fensetere” linthong tse etsahalang lefatšeng. ’Mapa oa rōna, e leng Bibele, o re thusa ho lemoha hore moo re leng teng kajeno ke haufi haholo le qetello ea tsamaiso ena ea lintho. Empa ho tla latela eng?

Se Larileng ka Pele

Hang feela ka mor’a hore Adama le Eva ba fetohele Molimo, o ile a qala ho senola morero oa hae oa ho lokisetsa ho hloma ’Muso “o ke keng oa senngoa le ka mohla.” (Daniele 2:44) ’Muso oo, oo ba bangata ba rutiloeng hore ba o rapelle thapelong e tloaetsoeng ho bitsoa Thapelo ea Morena, o tla tlisa mahlohonolo a ke keng a lekanngoa bakeng sa moloko oa batho.—Matheu 6:9, 10.

’Muso oa Molimo hase khopolo feela e teng lipelong tsa batho. Ke ’muso oa sebele oa leholimo o tla ba le liphello tse bonahalang lefatšeng. Nahana feela hore na Molimo o tšepisa ho etsa eng bakeng sa moloko oa batho ka ’Muso oa hae. Bibele e re Molimo o tla qala ka ho “felisa ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) O tla etsa’ng ka ba mo mamelang? Lentsoe la hae le ngotsoeng le re “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” (Tšenolo 21:4) Ke motho ofe ea ka finyellang lintho tsee? Ke Molimo feela ea ka re tlisetsang maemo ao a neng a a rerile tšimolohong bakeng sa moloko oa batho.

U ka rua molemo joang mahlohonolong ao ’Muso oa Molimo o tla a tlisa? Johanne 17:3 e re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” Lipaki Tsa Jehova li tšoarehile lenaneong la lefatše lohle la ho ruta le thusang batho hore ba etse feela joalo. Mosebetsi oa tsona o etsoa linaheng tse ka bang 230, ’me lingoliloeng tsa tsona li hatisoa ka lipuo tse fetang 400. Haeba u ka rata ho tseba ho eketsehileng, ikopanye le Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno kapa u ngolle atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Mamelang, lōna ba reng: ‘Kajeno kapa hosasane re tla ea motseng o itseng, moo re tla hlola teng selemo sohle re hoèbè, re tle re rue.’ Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng”!—Jakobo 4:13, 14, Bibele—Phetolelo e Ncha

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Bibele e hlalosa histori ea rōna ho tloha ka monna oa pele le mosali. Ka hona, e re bolella moo re tsoang teng. Hape e re bolella hore na re lebile hokae. Empa re lokela ho bala Bibele ka hloko e le hore re utloisise seo e re bolellang sona, joalokaha re ne re tla etsa ka ’mapa

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

“Sebe” se ka bolela ketso e fosahetseng kapa boemo ba ho sekamela ho etseng se sebe. Re tsoaletsoe sebeng, e leng ho amang tsela eo re itšoarang ka eona. “Ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea tsoelang pele ho etsa se molemo ’me a sa etse sebe.”—Moeklesia 7:20

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Haeba u ne u ka etsa kopi ea pampiri e nang le letheba le letšo mochineng oa photocopy, letheba leo le ne le tla hlahella likoping kaofela. Re le bana ba Adama—e leng likopi tsa hae ka puo ea tšoantšetso—re na le letheba la sebe. Ke letheba le tšoanang le le bileng teng ho Adama, letheba la “tšimolohong”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Bibele e re: “Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.” (Jeremia 10:23) Sena se hlalosa hore na ke hobane’ng ha boiteko ba motho ba ho finyella khotso bo sa atleha. O ne a sa etsetsoa hore a “tsamaise mehato ea hae” ntle ho tataiso ea Molimo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

Mopesaleme oa Bibele o ile a re ho Molimo: “Lentsoe la hao ke lebone la leoto la ka, ke leseli tseleng ea ka.” (Pesaleme ea 119:105) Joaloka lebone, Bibele e re thusa hore re nke mehato ka bohlale ha re tlameha ho etsa liqeto. Joaloka ‘leseli tseleng ea rōna,’ e khantša tsela e le hore re bone hore na bokamoso bo tšoaretse moloko oa batho eng

[Lebokose le leqepheng la 7]

HA HO BA LE TŠEPO HO BAPISOA LE BOEMO BA SEBELE

Ka September 2000, litho tsa Machaba a Kopaneng li ile tsa e-ba ntsoe-leng ho etsa lipakane tse ’maloa tseo li neng li batla ho li finyella ka 2015. Tsona li akarelletsa:

◼ Ho fokotsa ka halofo palo ea batho ba phelang ka chelete e ka tlaase ho dolara ka letsatsi hammoho le ba bolaoang ke tlala.

◼ Ho etsa bonnete ba hore bana kaofela ba qeta sekolo sa mathomo.

◼ Ho felisa ho se lekane hohle ho teng pakeng tsa ba batona le ba batšehali tabeng ea thuto.

◼ Ho fokotsa palo ea bana ba shoang ba le ka tlase ho lilemo tse hlano ka karolo ea bobeli ho tse tharo.

◼ Ho fokotsa palo ea bo-’mè ba shoang ka liphesente tse 75.

◼ Ho emisa le ho fokotsa ho jaleha ha HIV/AIDS hammoho le ho jaleha ha mafu a maholo a kang la Malaria.

◼ Ho fokotsa palo ea batho ba sa fumaneng metsi a hloekileng ka liphesente tse 50.

Na lipakane tsee li ka finyelloa? Ka mor’a ho hlahlobisisa litaba bocha ka 2004, moifo oa litsebi tsa bophelo bo botle ho tsoa lefatšeng ka bophara o ile oa etsa qeto ea hore ho ba le tšepo ho lokela ho leka-lekanngoa le ’nete ea hore seo ho lebeletsoeng hore se ka finyelloa ha se bontše se hlileng se etsahalang. Selelekela sa buka e reng State of the World 2005 sea tlaleha: “Bofutsana bo tsoela pele ho sitisa khatelo-pele libakeng tse ngata. Mafu a kang la HIV/AIDS aa eketseha, a beha linaha tse ngata boemong bo bobe haholo tabeng ea bophelo bo botle. Lilemong tse hlano tse fetileng, bana ba limilione tse 20 ba ’nile ba bolaoa ke mafu a neng a ka qobjoa a fumanoang metsing, ’me batho ba limilione tse makholo letsatsi le leng le le leng ba phela tlas’a maemo a sithabetsang le litšileng tse tsamaisanang le ho hloka metsi a hloekileng hammoho le tsamaiso e loketseng ea likhoerekhoere.”

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

LITŠOBOTSI TSE LING TSA ‘MATSATSI A HO QETELA’

Lintoa tseo ho seng tse kileng tsa tšoana le tsona.—Matheu 24:7; Tšenolo 6:4.

Tlala ea sekoboto.—Matheu 24:7; Tšenolo 6:5, 6, 8.

Mafu a seoa.—Luka 21:11; Tšenolo 6:8.

Keketseho ea tlōlo ea molao.—Matheu 24:12.

Ho senya lefatše.—Tšenolo 11:18.

Litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše.—Luka 21:11.

Linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.—2 Timothea 3:1.

Lerato le tlōtseng la chelete.—2 Timothea 3:2.

Ho se mamele batsoali.—2 Timothea 3:2.

Ho fela ha lerato la tlhaho.—2 Timothea 3:3.

Ho rata menate ho e-na le ho rata Molimo.—2 Timothea 3:4.

Ho sitoa ho itšoara.—2 Timothea 3:3.

Ho hloka lerato la se molemo.—2 Timothea 3:3.

Ho se ele hloko kotsi e atamelang.—Matheu 24:39.

Basomi ba hana bopaki ba hore matsatsi ana ke a ho qetela.—2 Petrose 3:3, 4.

Ho boleloa ha ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle.—Matheu 24:14.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

© G.M.B. Akash/Panos Pictures

© Paul Lowe/Panos Pictures

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Lipaki Tsa Jehova li tsejoa ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela