Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 1/06 maq. 21-23
  • Michael Agricola—“Monna ea Tlileng ka Leseli”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Michael Agricola—“Monna ea Tlileng ka Leseli”
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bolumeli le Lipolotiki Tsa Mehleng ea Hae
  • Mosebetsi o “Thata le o Qetang Matla”
  • Lentsoe la Molimo Bakeng sa Matsoalloa
  • Lefa la Agricola
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2006
  • Holo ea ’Muso e Fuoa Khau
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Re Ile ra Ikemisetsa ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Nako e sa le Teng ea ho ba Motsoalle oa Molimo
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 1/06 maq. 21-23

Michael Agricola—“Monna ea Tlileng ka Leseli”

KA MONGOLI OA TSOHA! FINLAND

“Ha ho buka e ’ngoe e bileng le tšusumetso e matla le e khōlō ka ho fetisisa setsong sa Mafinnishe, boitšoarong ba bona le monahanong oa bona joaloka Bibele.”—“Biblia 350—The Finnish Bible and Culture.”

NA U na le Bibele ka puo ea heno? E ka ’na eaba ho joalo. Etsoe Bibele—ebang e feletse kapa ke likarolo tse itseng tsa eona—e fumaneha ka lipuo tse fetang 2 000. ’Me sena ha sea etsahala ka phoso. Ho theosa le histori, banna le basali ba bangata ba ’nile ba sebetsa ka thata ho fetolela Bibele lipuong tsa habo rōna, esita le tlas’a litšitiso tse khōlō. Michael Agricola e ne e le e mong oa bona.

Agricola e ne e le setsebi se ileng sa fetolela Bibele ka Sefinnishe. Lingoliloeng tsa hae li ile tsa tlatsetsa ho bōpeng setso sa Mafinnishe joalokaha se tsebahala kajeno. Hase feela a bitsoang Monna ea Tlileng ka Leseli!

Agricola o hlahile hoo e kang ka 1510 motseng oa Torsby, Finland ka boroa. Ntate oa hae o ne a e-na le polasi, e leng ho hlalosang fane ea hae ea Agricola, e tsoang lentsoeng la Selatine le bolelang “sehoai.” Kaha o hōletse sebakeng se buang lipuo tse peli, ho ka etsahala hore Agricola o ne a bua Seswedishe le Sefinnishe. O ile a eketsa tsebo ea hae ea lipuo ha a le sekolong sa Selatine toropong ea Vyborg. Hamorao o ile a fallela Turku, setsing sa liofisi tsa tsamaiso Finland mehleng eo, moo e ileng ea e-ba mongoli oa Martti Skytte eo e neng e le mobishopo oa K’hatholike Finland.

Bolumeli le Lipolotiki Tsa Mehleng ea Hae

Nakong ena bophelong ba Agricola, Scandinavia e ne e le ka har’a merusu. Sweden e ne e loana ka thata ho itokolla Selekaneng sa Kalmar, se neng se akarelletsa linaha tsa Scandinavia. Ka 1523, Gustav I o ile a behoa setulong sa borena Sweden. Sena se ne se tla tlisa phetoho e khōlō Finland, eo ka nako eo e neng e le profinse e oelang tlas’a ’muso oa Sweden.

Morena e mocha o ne a ikemiselitse ho tiisa puso ea hae. E le hore a finyelle pakane ea hae, o ile a tlisa Phetohelo Khahlanong le Lithuto Tsa K’hatholike, e neng e nama ho pholletsa le Europe leboea. Ka ho fetola bolumeli bo tlas’a puso ea hae ba K’hatholike ho kenya Bolutere, o ile a khaola maqhama le Vatican, a khella tlaase matla a babishopo ba K’hatholike ’me a laola matlotlo a kereke. Ho fihlela kajeno, boholo ba baahi ba Sweden le Finland ke Malutere.

Pakane e ka sehloohong ea Maprostanta e ne e le ho tšoara litšebeletso tsa kereke ka puo ea habo ’ona ho e-na le ho li tšoara ka Selatine. Ka hona, ka 1526 ho ile ha hatisoa Mangolo a Segerike a Bakreste, kapa “Testamente e Ncha” ka Seswedishe. Leha ho le joalo, tšusumetso ea Boprostanta Finland e ne e batla e fokola. Ka nako eo, ho ne ho se na thahasello e kaalo tabeng ea ho fetolela Bibele Sefinnisheng. Hobane’ng?

Mosebetsi o “Thata le o Qetang Matla”

Lebaka le ka sehloohong e ne e le hore ho ne ho se na sengoliloeng leha se le seng ka Sefinnishe. Pele ho lilemo tse mahareng tsa bo-1500, e ne e le lithapelo tse ’maloa feela tsa K’hatholike tse neng li ngotsoe ka puo eo. Ka hona, mosebetsi oa ho fetolela Mangolo a Halalelang ka Sefinnishe o ne o tla hloka hore ho qaptjoe mokhoa oa ho ngola mantsoe a mangata hammoho le ho qapa mantsoe a macha ka ho feletseng le lipolelo. ’Me sena se ne se tla etsoa ntle ho thuso ea libuka tsa puo. Ho ntse ho le joalo, Agricola o ile a qala ho fetolela Bibele!

Ka 1536, Skytte, mobishopo oa K’hatholike Finland, o ile a romela Agricola motseng oa Wittenberg, Jeremane, hore a il’o ntšetsa pele lithuto tsa hae tsa bolumeli le tsa lipuo. Ke motseng ona moo ho latela litlaleho tse ling, seeta ho ileng ha lla sa Luther lilemong tse 20 tse fetileng, ha a ne a kokotella likhopolo tsa hae tse tummeng tse 95 monyakong oa qhobosheane ea kereke.

Ha Agricola a le Wittenberg, o ile a etsa ho fetang feela seo a se tletseng. O ile a qalella mosebetsi o boima oa ho fetolela Bibele ka Sefinnishe. Ka 1537, o ile a ngolla morena oa Sweden a re: “Ha Molimo a ntse a ntataisa lithutong tsa ka, ke tla leka ka matla joalokaha ke se ke nkile mehato, hore ke tsoele pele ho fetolela Testamente e Ncha puong ea Mafinnishe.” Ha a khutlela Finland, o ile a tsoela pele ka mosebetsi oa hae oa ho fetolela, ka nako e tšoanang e le mosuoe-hlooho sekolong se seng.

Ho fetolela Bibele e ne e le mosebetsi o thata bakeng sa Agricola, joalokaha o ne o ile oa thatafalla bafetoleli ba bang ba pele ba Bibele. Esita le Luther o ne a ile a re: “Ho thata ’me ho qeta matla hakaakang ho qobella bangoli ba Baheberu hore ba bue Sejeremane”! Ke ’nete hore Agricola o ne a ka rua molemo liphetolelong tsa ba bang, empa bothata bo boholo e ne e le puo ea Sefinnishe. Ha e le hantle, ho ne ho se mohla e kileng ea ngoloa!

Ka hona, ho ne ho tšoana leha eka Agricola o ne a haha ntlo a se na polane e raliloeng, a haha ka thepa e fokolang le e qhalakaneng. O ile a etsa see joang? Agricola o ile a qala ho bokella mantsoe ho tsoa mekhoeng e sa tšoaneng ea ho bua Sefinnishe ’me a a ngola joalokaha a bitsoa. Ho ka etsahala hore ebe ke Agricola ea ileng a qapa mantsoe a Sefinnishe bakeng sa “’muso,” “moikaketsi,” “buka e ngotsoeng ka letsoho,” “lebotho la sesole,” “mohlala” le “mokopitsi.” O ile a qapa mareo-mararetsi, mantsoe a tsoang kutung ea lentsoe le leng le mantsoe a kalimiloeng, haholo-holo puong ea Seswedishe. Har’a mantsoe ao ke enkeli (lengeloi), historia (histori), Lamppu (lebone), marttyyri (moshoela-tumelo) le palmu (sefate sa palema).

Lentsoe la Molimo Bakeng sa Matsoalloa

Qetellong, ka 1548, karolo ea pele ea mosebetsi oa Agricola e ile ea hatisoa, e leng Se Wsi Testamenti (Testamente e Ncha). Ba bang ba lumela hore o ne a ile a qeta ho fetolela lilemo tse hlano pejana empa ka lebaka la ho hloka chelete, ea lieha ho hatisoa. Mohlomong Agricola ke eena ea ileng a tšehetsa haholo ka lichelete hore e hatisoe.

Lilemo tse tharo hamorao ho ile ha hatisoa Dauidin Psaltari (Lipesaleme), tseo e ka ’nang eaba Agricola o ile a li fetolela a thusoa ke basebetsi-’moho le eena. O ile a boela a etella pele ho fetoleloa ha libuka tsa Moshe le tsa baprofeta.

A lemoha mefokolo ea hae ka boikokobetso, Agricola o ile a ngola ka botšepehi: “E se eka ho ke ke ha e-ba le Mokreste kapa motho ea tšabang Molimo kapa ’mali leha e le ofe oa Buka ena e Halalelang ea ka khopisehang haeba phetolelong ena e entsoeng ke motho ea hlokang phihlelo, ho ka ba le ntho e itseng e fosahetseng kapa e sa tloaelehang, e sa thabiseng kapa e behiloeng ka tsela e ncha.” Ho sa tsotellehe ho haelloa ho itseng ho ka fumanoang phetolelong ea Agricola, cheseho ea hae e matla ea ho etsa hore Bibele e fumanehe ho batho ba habo e babatsoa haholo.

Lefa la Agricola

Mathoasong a 1557, Agricola—eo ka nako eo e neng e le Molutere ’me ebile e le mobishopo Turku—o ile a khethoa ho ba har’a moifo oa ba neng ba rongoa Moscow ho ea namola ntoa ea meeli e neng e le pakeng tsa Sweden le Russia. Thomo eo e ile ea atleha. Leha ho le joalo, mathata a ileng a ba teng leetong ha ba khutla a ile a etsa hore Agricola a kule ka tšohanyetso. O ile a hlokahala tseleng e khutlelang hae, a le lilemo tse ka bang 47.

Nakong e khutšoanyane ea bophelo ba hae, Agricola o ile a hatisa lingoliloeng tse ka bang leshome ka Sefinnishe, maqephe a kang 2 400 kaofela. Leha ho le joalo, ba bangata ba lumela hore “Monna [enoa] ea Tlileng ka Leseli” o kentse letsoho khōlong ea setso sa Mafinnishe. Ho tloha ka nako eo, puo ea Sefinnishe le batho ba eona ba ile ba etsa matsapa a maholo ho hatela pele tsebong ea bonono le lithutong tsa saense.

Habohlokoa le ho feta, Michael Agricola o ile a thusa ho chabisa leseli la mofuta o mong hape, kaha o ile a thusa batho ba buang Sefinnishe hore ba hlakeloe ke leseli la Lentsoe la Molimo. Sena se akarellelitsoe thothokisong ea sehopotso sa hae e ngotsoeng ka Selatine ka mor’a lefu la hae: “Lefa leo a le siileng hase le tloaelehileng. Lefa leo ke mosebetsi oa hae—o fetoletse libuka tse halalelang ka Sefinnishe—’me mosebetsi oo o lokela ho thoholetsoa haholo.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]

Bibele ea Sefinnishe

Bibele ea pele e feletseng ea Sefinnishe, e itšetlehileng haholo ka mosebetsi oa Michael Agricola, e hatisitsoe ka 1642. Hamorao e ile ea e-ba eona Bibele ea molao ea Kereke ea Lutere ea Finland. Ha lilemo li ntse li feta, Bibele eo e ile ea ’na ea lokisoa mona le mane empa ea lula e sa fetoha ho fihlela ka 1938. Ea ho qetela e ntlafalitsoeng e ile ea lokolloa ka 1992.

Bibele e ’ngoe e feletseng ea Sefinnishe ke Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. E lokolotsoe ka 1995. Lilemong tse 20 tse fetileng, ka 1975, Lipaki li ne li se li ntse li hatisitse phetolelo ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e tšepahala ka hohle tabeng e ngotsoeng tšimolohong. Ho fihlela hona joale, ho ’nile ha hatisoa tse ka bang 130 000 000.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Michael Agricola le Bibele ea pele ea Sefinnishe. Poskarete ea 1910

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

National Board of Antiquities/Ritva Bäckman

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

“Testamente e Ncha” ea Agricola

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 21]

National Board of Antiquities

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela