Na ke Lilemo Tsa Boiketlo?
NAKO ke 6:30 hoseng ho batang habohloko ha mariha Soweto, Afrika Boroa. Nkhono Evelyn o lokela ho theoha betheng.a Kaha lapeng la hae ha ho na mokhoa oa ho futhumatsa ntlo, ho tsoha liphateng ho ba boima.
Butle-butle o qeka mangole a opang ke ramatiki hore a qetelle a le ntlheng ea bethe. Ka mor’a moo o imamela ho se hokae. Hanyane ka hanyane ho opa ha maoto hoa kokobela. Joale Nkhono Evelyn o iqeka ho fihlela a ema. Oa lumaela ke bohloko. O itšoara thekeng, o leba phaposing ea ho hlapela, hantle feela joaloka ‘lerutle le ikhulanyang.’—Moeklesia 12:5.b
‘Basali, hase moo ke khonne ho tsoha!’ Ke nkhono Evelyn eo. Eseng feela hore la kajeno le fihla a ntse a phela, empa le hore o khonne ho qekisa ’mele o opang hore a khone ho tsoha.
Leha ho le joalo, o khathatsehile ka ho hong. Nkhono Evelyn o re: “Ke khathatsoa ke hore kelello ea ka e ke ke ea hlola ‘e tšoara hantle.’” Ka linako tse ling o lahla linotlolo, empa kelello ea hae e ntse e le chatsi. Nkhono Evelyn o re: “Ke rapela feela hore ke se ke ka lahleheloa ke kelello joaloka maqheku a mang.”
Mehleng ea bocha ba hae, ha ho mohla Nkhono Evelyn a kileng a nahana ka botsofali. Ho bonahala lilemo li ile tsa feta ka ho panya ha leihlo, ’me joale ’mele oa hae o lula o mo hopotsa hore o lilemo li 74.
Ba bang ba sa huleng ka thata joaloka Nkhono Evelyn ’me mohlomong ba sa kule le ho imeloa kelellong, ba ka nka lilemo tsa bona tsa botsofali e le lilemo tsa boiketlo. Joaloka mopatriareka Abrahama, ho ka etsahala hore ba fihle lilemong tsa botsofali ‘ba tsofetse haholo, ba tsofetse ’me ba khotsofetse.’ (Genese 25:8) Ba bang ba tobana le “matsatsi le lilemo tsa tlokotsi” ’me seo ba ka se bolelang feela ke ho re: “Ha ke sa thabela bophelo.” (Moeklesia 12:1, Today’s English Version) Patlisisong e ’ngoe ho fumanoe hore batho ba bangata ha ba thabele ho ea pensheneng hoo makasine ea Newsweek, e nahanang hore ho e-na le ho re lilemo tsa boqheku ke lilemo tsa boiketlo, ho ka mpa ha thoe ke “Mehla ea Lefifi.”
Uena u ikutloa joang ka lilemo tsa botsofali? Ke mathata afe ao maqheku a thulanang le ’ona? Na ho lahleheloa ke kelello boqhekung ke ntho e ke keng ea qojoa? Ke’ng se ka etsoang hore maqheku a ikutloe a e-na le khotso ea kelello?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang sehloohong sena a fetotsoe.
b Karolo ena e fumanehang bukeng ea boholo-holo, Bibele, ho Moeklesia, ke khale e ile ea hlokomeloa e le thoko e hlabang-motho-malotsana ha e tšoantšetsa nako e thata ea botsofali.