Kamoo Likopano Tse Tharo li Ileng Tsa Fetola Bophelo ba ka Kateng
Joalokaha ho boletse George Warienchuck
NA U kile ua angoa ke ntho eo u e utloileng ho e ’ngoe ea likopano tsa rōna hoo u ileng ua etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba hao? Seo se ile sa nketsahalla. Ha ke nahana ka taba ena, kea hlokomela hore ho na le likopano tse tharo tseo ka ho khetheha li fetotseng bophelo ba ka. Ea pele e nthusitse hore ke loantše lihlong; ea bobeli ea nthusa hore ke khotsofalle seo ke nang le sona; ea boraro ea nthusa hore ke fane haholo. Leha ho le joalo, pele ke u bolella ka liphetoho tsena, e-re nke ke u bolelle ka lintho tse etsahetseng lilemo tse ngata pele likopano tsena li tšoaroa—e leng lintho tse etsahetseng bongoaneng ba ka.
Ke hlahile ka 1928, ke le oa ho fela baneng ba bararo. ’Na le bo-ausi e leng Margie le Olga, re hōletse South Bound Brook, New Jersey, U.S.A., ’me ka nako eo South Bound Brook e ne e le motsana o nang le baahi ba ka bang 2 000. Le hoja re ne re futsanehile, ’Mè e ne e le motho ea fanang. Nako le nako ha a ne a e-na le mokhoa oa hore a phehe lijo tse hlabosang, o ne a fa baahelani ba hae. Ha ke ne ke le lilemo li robong, ’Mè o ile a eteloa ke Paki e neng e bua Sehungary, e leng puo ea habo ’Mè, ’me sena se ile sa mo susumelletsa hore a mamele molaetsa oa Bibele. Hamorao, Bertha, e leng morali’abo rōna ea neng a sa tsoa feta lilemo tse 20, o ile a tsoela pele ho ithuta Bibele le ’Mè ’me a mo thusa hore e be mohlanka oa Jehova.
Ke ne ke sa tšoane le ’Mè, ’na ke ne ke le lihlong ka tlhaho ke bile ke sa itšepe. Ho ileng ha mpefatsa lintho le ho feta, ke hore hangata ’Mè o ne a nkeisa. Ha ke ne ke tšolla likeleli ke mo botsa ke re, “Ke hobane’ng ha u lula u ntšoaea liphoso?” o ile a mpolella hore oa nthata le hore o ne a sa batle ho ntšenya. ’Mè o ne a e-na le sepheo se setle empa ho se babatsoe ho ile ha etsa hore ke ikhelle fatše.
Ka letsatsi le leng, moahelani oa rōna eo hangata a neng a ee a bue le ’na ka mosa, o ile a nkōpa hore ke tsamaee le bara ba hae ho ea sekolong sa bona sa Sontaha. Ke ne ke tseba hore ha ke ne nka ea moo, Jehova o ne a ke ke a thaba, empa le teng ke ne ke tšaba ho soabisa moahelani eo ea mosa. Kahoo, ka likhoeli tse ’maloa ke ile ka ea kerekeng le hoja ke ne soabisoa ke seo ke neng ke se etsa. Ha ke le sekolong, le teng ho tšaba batho ho ile ha etsa hore ke etse lintho tseo letsoalo la ka le neng le hanana le tsona. Mookameli oa sekolo sa rōna eo e neng le motho ea hatellang, o ile a tiisa hore matichere a etsa hore bana bohle ba lumelise folakha. Le ’na ke ile ka e lumelisa. Sena se ile sa tsoela pele nako e ka etsang selemo, eaba hamorao ho ba le phetoho.
Ke Ithuta ho ba Sebete
Ka 1939 sehlopha sa thuto ea buka se ile sa qala ho kopanela lapeng. Se ne se tsamaisoa ke Ben Mieszkalski, e leng mor’abo rōna e mocha oa pula-maliboho. Re ne re mo bitsa Big Ben—’me e le ka lebaka le utloahalang. Ke ne ke bona a le molelele a bile a le sephara joaloka monyako oa lapeng o ka pele. Leha ho le joalo, le hoja e ne e le sephankha joalo, o ne a le bonolo ’me pososelo ea hae e mofuthu, e ile ea etsa hore ke phakise ke phutholohe. Kahoo, ha Ben a ne a nkōpa hore ke ee le eena tšimong, ke ile ka lumela ke thabile. Re ile ra ba metsoalle. Ha ke ne ke nyahame, o ne a bua le ’na ka tsela eo abuti oa motho ea mo tsotellang a neng a ka bua le ngoan’abo ka eona. Seo se ne se nthabisa haholo, ka lebaka leo ke ne ke mo rata haholo.
Ka 1941, Ben o ile a kōpa lelapa leso hore le tsamaee le eena ka koloi ea hae ho ea kopanong ea setereke e neng e tšoaretsoe St. Louis, Missouri. U ka inahanela hore na ke ne ke thabile hakae! Ho ne ho se mohla nkileng ka etela sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse 80, empa joale ke mona ke ne ke etela sebaka se bohōle ba lik’hilomithara tse 1 500! Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le mathata St. Louis. Baruti ba ile ba laela batho ba pharisheng ea bona hore ba se ke ba lumella Lipaki ho lula malapeng a bona le hoja ba ne ba li tšepisitse bolulo. Batho ba bangata ba ile ba koeneha. Lelapa leo re neng re lokela ho fihlela ha lona, le lona le ile la tšosoa. Ho ntse ho le joalo le ile la re amohela ka liatla tse peli. Batho bao ba neng ba re amohetse, ba ile ba bolela hore ba ne ba ke ke ba koenehela tšepiso ea bona ea ho re fa bolulo. Ke ile ka khahloa ke sebete sa bona.
Bo-ausi ba ile ba kolobetsoa kopanong eo. Hona letsatsing leo, Mor’abo rōna Rutherford ea neng a e-tsoa Bethele ea Brooklyn, o ile a fana ka puo e susumetsang eo ho eona a ileng a kōpa hore bana bohle ba neng ba batla ho etsa thato ea Molimo ba eme. Bana ba ka bang 15 000 ba ile ba ema. Le ’na ke ile ka ema. Joale, o ile a kōpa hore bana ba batlang ho etsa sohle seo ba ka se khonang mosebetsing oa boboleli, ba lumele ka lentsoe le phefa ba re, “E.” Ke ile ka hoeletsa le bana ba bang ka re, “E!” Ho ile ha hlajoa litlatse ’me ke ile ka tlala mafolofolo.
Ka mor’a kopano re ile ra etela mora e mong oabo rōna oa West Virginia. O ile a re phetela hore ka letsatsi le leng ha a ne a le tšimong, sehlopha sa mohoo-hoo se neng se halefile se ile sa mo khakhatha eaba se mo tlotsa ka sekontiri ’me se mo khomaretsa masiba. Ke ile ka mamela ke khathatsehile. Mor’abo rōna o ile a re, “Empa ke tla tsoela pele ho bolela litaba tse molemo.” Ha re tloha ha mora eo oabo rōna, ke ne ke ikutloa joaloka Davida. Ke ne ke le malala-a-laotsoe hore nka betana le Goliathe—e leng mookameli oa sekolo sa ka.
Ha ke khutlela sekolong, ke ile ka ea ho mookameli oa sekolo. O ile a ntsoepela mahlo. Ke ile ka rapella ka pelong ka kōpa hore Jehova a nthuse. Kapele ke ile ka re: “Ke tsoa kopanong ea Lipaki Tsa Jehova. Ha ke sa tla hlola ke lumelisa folakha!” Ho ile ha khutsa nako e telele. Mookameli oa sekolo o ile a phahama deskeng ea hae butle eaba o tla ho ’na. O ne a retetse ke khalefo. O ile a kharuma a re: “U lokela ho lumelisa folakha ho seng joalo u lelekiloe sekolong!” Lekhetlong lena ha kea ka ka inehela, ’me ka pelong ke ile ka utloa ke thabile thabo eo ho seng mohla nkileng ka e thaba.
Ke ne ke tatetse ho ea bolella Ben hore na ho etsahetse’ng. Ha ke mo bona Holong ea ’Muso ke ile ka hoeletsa ka re: “Ke lelekiloe sekolong! Ha kea lumelisa folakha!” Ben o ile a beha letsoho la hae mahetleng a ka eaba oa bososela o re: “Ruri Jehova oa u rata.” (Deut. 31:6) Mantsoe ao a ile a nkhothatsa haholo! Ka la 15 June, 1942, ke ile ka kolobetsoa.
Ke Ithuta ho Khotsofalla Seo ke Nang le Sona
Ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, maemo a moruo ka har’a naha a ile a ntlafala haholo, ’me batho ba ile ba e-ba le lerato la lintho tse bonahalang. Ke ne ke sebetsa mosebetsi o lefang hantle ’me ke ne nka khona ho reka lintho tseo ke neng ke se ke be ke nahane hore nka li khona. Ba bang ba metsoalle ea ka ba ile ba reka lithuthuthu, ba bang ba nchafatsa matlo a bona. Ke ile ka reka koloi e ncha-cha! Ho e-s’o ee kae, takatso ea ka ea ho reka lintho tse ngata e ile ea etsa hore ke fokotse nako eo ke e qetang ke sebeletsa Jehova. Ke ne ke tseba hore joale ke hata ka oto lesele. Ka lehlohonolo, kopano e ileng ea tšoareloa New York City ka 1950, e ile ea nthusa hore ke lokise litsela tsa ka.
Kopanong eo, libui kaofela li ile tsa khothalletsa ba tlileng kopanong hore ba tsoele pele ka mosebetsi oa boboleli. Sebui se seng se ile sa re khothatsa sa re, “Salang feela ka lintho tse hlokahalang, ’me le mathe peisong.” E ne eka o bua le ’na feela. Ke ile ka boela ka bona ha sehlopha sa Gileade se fuoa mangolo, e leng se ileng sa etsa hore ke nahane, ‘Haeba Lipaki tsena tse lekanang le ’na li ikemiselitse ho tela maruo hore li e’o sebeletsa linaheng tse ling, le ’na ke lokela ho ikemisetsa ho etsa se tšoanang hona hae mona.’ Ha kopano eo e fela, ke ne ke entse qeto ea hore ke il’o ba pula-maliboho.
Nakong eona eo, ke ne ke ratana le Evelyn Mondak, e leng morali’abo rōna ea neng a cheseha oa phuthehong ea heso. ’Mè oa Evelyn ea neng a hōlisitse bana ba tšeletseng, e ne e le motho ea sebete. O ne a rata ho fana ka limakasine seterateng ka pel’a kereke e khōlō ea Roma e K’hatholike. Ho sa tsotellehe hore na moruti ea neng a halefile o ile a mo leleka ka makhetlo a mangata hakae, ha aa ka a tloha moo. Joaloka ’mè oa hae, Evelyn le eena o ne a sa tšabe batho.—Liprov. 29:25.
Ka 1951, ’na le Evelyn re ile ra nyalana, ra tlohela mosebetsi ’me ra qala ho bula-maliboho. Molebeli oa potoloho o ile a re khothalletsa hore re fallele Amagansett, e leng motse o lebōpong la leoatle la Atlantic, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 160 ho tloha New York City. Ha phutheho ea moo e re bolella hore ho ne ho se moo re tla lula, re ile ra batla k’haravene, empa ha rea ka ra fumana eo re neng re ka e khona ka chelete. Hamorao re ile ra bona k’haravene e neng e se maemong a matle. Mong’a eona o ile a batla lidolara tse 900—e leng chelete e lekanang hantle le eo re neng re e fumane e le mpho ha re ne re chata. Re ile ra e reka eaba rea e lokisa ’me rea e hula re ea tšimong ea rōna e ncha. Leha ho le joalo, re ile ra fihla moo re se na leha e le sente ’me re ne re ipotsa hore na re tla phela joang re le bo-pula-maliboho.
Evelyn o ne a hloekisetsa batho matlo ’me ’na ke ile ka fumana mosebetsi oa ho hloekisa bosiu reschorenteng ea Mataliana. Mong’a reschorente o ile a re: “Ha ho e-na le lijo tse setseng, u li nke u isetse mosali oa hao.” Kahoo ha ke ne ke fihla lapeng ka hora ea bobeli ka meso, k’haravene ea rōna e ne e tlala monko o monate oa pizza le pasta. Lijo tseo tse futhumalitsoeng e ne e e-ba tse hlabosang haholo, haholo-holo nakong ea mariha ha re ne re qhaqhasela ke serame ka har’a k’haravene e batang. Ho feta moo, barab’abo rōna ba phuthehong ea habo rōna ba ne ba ee ba behe tlhapi e khōlō litepising tsa k’haravene. Lilemong tseo re sebelitseng ’moho le bara bao babo rōna ba ratehang ba Amagansett, re ile ra ithuta hore ho khotsofalla lintho tsa mantlha ho etsa hore motho a phele bophelo bo khotsofatsang. Tseo e ne e le lilemo tsa thabo.
Re Ile ra Susumetsoa Hore re Itele
Ka July 1953, re ile ra lumelisa baromuoa ba makholo ba neng ba tlile kopanong ea machaba New York City, ba e-tsoa linaheng tse ling. Ba ile ba re bolella liphihlelo tse monate haholo. Ha batho ba bang ba bona thabo ea bona, le bona ba ne ba thaba. Ho feta moo, ha sebui se seng kopanong se hatisa taba ea hore linaheng tse ngata ho ne ho e-s’o boleloe molaetsa oa ’Muso, re ile ra tseba hore na ke sefe seo re neng re lokela ho se etsa—re ne re lokela ho itela ka hore re eketse mosebetsi oa rōna oa boboleli. Hona kopanong moo, re ile ra etsa kōpo ea ho koetlisetsoa boromuoa. Hona selemong seo, re ile ra mengoa ho ea sehlopheng sa bo23 sa Sekolo sa Gileade se ileng sa qala ka February 1954. Ruri eo e ile ea e-ba tokelo e khōlō!
Re ile ra thaba haholo ha re utloa hore re ne re abetsoe ho ea sebetsa Brazil. Pele re nka leeto la rōna la matsatsi a 14 ka sekepe, e mong oa barab’abo rōna ba ikarabellang Bethele o ile a re ho ’na: “Baralib’abo rōna ba robong ba masoha ba tla tsamaea le uena le mosali oa hao ho ea Brazil. U ba hlokomele!” U ka inahanela hore na basesisi ba sekepe ba ile ba makala hakaakang ha ba mpona ke kena ka sekepeng ke setsoe morao ke basali ba bacha ba leshome! Leha ho le joalo, baralib’abo rōna ba ne ba se na bothata ba letho. Ho ntse ho le joalo, ho ile ha ba ha re nk’hu! ha re fihla Brazil re sa hlaheloa ke bothata.
Ka mor’a hore ke ithute Sepotoketsi, ke ile ka fuoa mosebetsi oa potoloho Rio Grande do Sul, e leng profinse e ka boroa, Brazil. Mopotolohi oa lesoha eo ke neng ke nka sebaka sa hae o ile a re ho ’na le mosali oa ka: “Ke maketse hore ebe ho rometsoe banyalani sebakeng sena. Sebaka sena se matsaranka.” Liphutheho li ne li qalikane sebakeng se seholo sa mahaeng, ’me ho tse ling motho o ne a ka fihla feela ka teraka. Haeba u ne u nketse mokhanni lijo, o ne a u lumella ho hloella ka terakeng. Re ne re lula holim’a thoto e ka terakeng kamoo re takalalitse maoto joaloka bapalami ba lipere, re itšoarelelitse ka matsoho ka bobeli mehaleng e tlammeng thoto eo. Nako le nako ha teraka e ne e tjeka methinyeng e bohale, re ne re imamarela hore re se ke ra oa ha thoto e entsoeng thaba ka terakeng ka moo e ne e sekama hore re be re bone tlaase ka har’a liphula tse tebileng. Leha ho le joalo, ha re bona lifahleho tsa barab’abo rōna ba neng ba re emela hore re fihle li tletse thabo, seo se ne se etsa hore re bone hore maeto ao a neng a nka letsatsi lohle e ne e se tšenyo ea nako.
Re ne re lula le barab’abo rōna malapeng a bona. Ba ne ba futsanehile haholo empa seo ha sea ka sa etsa hore ba se ke ba fana. Sebakeng se seng se neng se le hōle le libaka tse ling, barab’abo rōna bohle ba ne ba sebetsa femeng e pakang nama. Kaha ba ne ba fumana moputso o fokolang haholo, ba ne ba khona ho ja hanngoe feela ka letsatsi. Letsatsing leo ba sa sebetsang ka lona, ba ne ba sa lefshoe. Leha ho le joalo, ha re ne re ba etetse ba ne ba sa ee mosebetsing matsatsi a mabeli e le hore ba tsebe ho ba teng mesebetsing e etsoang ke phutheho. Ba ne ba tšepile Jehova. Le ka mohla re ke ke ra lebala thuto eo bara bao babo rōna ba ikokobelitseng ba re rutileng eona mabapi le ho itella ’Muso oa Molimo. Ha re ntse re phela le bona re ithutile thuto eo ho seng sekolo se ka re fang eona. Ha ke nahana ka litaba tsa nako e fetileng ’me ke hopola bara bao babo rōna, ke ntse ke seka meokho ea thabo.
Ka 1976, re ile ra tlameha ho khutlela United States ho ea hlokomela ’mè oa ka kaha o ne a kula. Ho tloha Brazil ho ne ho le thata, empa re thabela hore ebe re ile ra bona ha bahoeletsi ba ata le liphutheho li ata ka tsela e tsotehang naheng eo. Kamehla ha re fumana mangolo a tsoang Brazil, re hopola lintho tse ngata tse thabisang tse etsahetseng bophelong ba rōna nakong eo e hlollang.
Re Boela re Kopana le Batho Bao re ba Ratang
Ha re ntse re hlokomela ’Mè, re ile ra ba bo-pula-maliboho ’me re ne etsa mosebetsi oa ho hloekisa. Ka 1980, ’Mè o ile a hlokahala a tšepahala ho Jehova. Ka mor’a moo ke ile ka kōptjoa hore ke etse mosebetsi oa potoloho United States. Ka 1990, ’na le mosali oa ka re ile ra etela phutheho ea Connecticut, ’me ha re le moo re ile ra kopana le motho oa bohlokoa haholo. E mong oa baholo ba phutheho eo e ne e le Ben—eena Ben ea ileng a nthusa hore ke eme ka lehlakoreng la Jehova lilemong tse 50 tse fetileng. U ka inahanela hore na re ile ra thaba hakaakang ha re ntse re hakana!
Ho tloha ka 1996, ’na le Evelyn re ’nile ra sebeletsa re le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba fokolloang ke bophelo phuthehong ea Sepotoketsi e Elizabeth, New Jersey. Kea kula empa ka thuso ea mosali oa ka eo ke mo ratang, ke kopanela mosebetsing oa boboleli ka hohle kamoo nka khonang. Evelyn o boetse o thusa moahelani ea hōlileng ea fokolang. Lebitso la moahelani eo ke mang? Ke Bertha—eena Bertha eane ea ileng a thusa ’Mè hore e be mosebeletsi oa Jehova lilemong tse fetang 70 tse fetileng! Re thabela hore ebe re na le monyetla ona oa ho mo bontša hore rea leboha ka hore ebe o ile a thusa lelapa leso ho ithuta ’nete.
Kea leboha hore ebe likopano tseo tsa khale li ile tsa ntšusumetsa hore ke emele borapeli ba ’nete, ke etse hore bophelo ba ka bo se ke ba rarahana le hore ke eketse tšebeletso ea ka. Ruri likopano tseo li ile tsa fetola bophelo ba ka.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
’Mè oa Evelyn (ka ho le letšehali) le ’mè oa ka
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Motsoalle oa ka Ben
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ha re le Brazil
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
’Na le Evelyn kajeno