Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/06 maq. 24-27
  • “Ntate-moholo Thames”—Lefa la Bohlokoahali la Engelane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ntate-moholo Thames”—Lefa la Bohlokoahali la Engelane
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšusumetso ea Mohlōli William
  • Nōka ea Thames e Tlisa Moeno
  • Lipaleise, Lelapa la Borena le Mekete ea Maemo ho Iphaphatha le Nōka
  • Nōka e Fanang ka Monyaka le Phomolo
  • Borokho bo Nang le Litora—Khoro e Kenang London
    Tsoha!—2006
  • Na Lefatše Lee le Ahloletsoe Timetso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lefu le Neng le Tšajoa Haholo Lekholong la bo19 la Lilemo
    Tsoha!—2010
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 2/06 maq. 24-27

“Ntate-moholo Thames”—Lefa la Bohlokoahali la Engelane

KA MONGOLI OA TSOHA! BRITHANI

Nōka ea Thames—eo batho ba Brithani ba tloaetseng ho e bitsa Ntate-moholo Thames—e tsoa mehloling e mene ea melapo e theohang Maralleng a Cotswold a botle bo hlollang ka boroa-bohareng Engelane. Ha e ntse e tsoelipana joalo lik’hilomithara tse 350 ho leba bochabela, e tšelloa ke linōka tse ling ho fihlela e kena ka leoatleng la North Sea e se e le bophara ba lik’hilomithara tse 29. Tsela eo nōka ena e khutšoanyane e ammeng histori ea Manyesemane ka eona ruri ea hlolla.

JULIUS CAESAR o ile a etella pele lebotho la Roma ha le hlasela Engelane ka lekhetlo la pele hoo e ka bang ka 55 B.C.E. Selemong se latelang ha a khutlela, o ile a sitisoa ke nōka eo a ileng a e bitsa Tamesis, e leng Nōka ea Thames. Moemphera oa Moroma Claudius ke eena eo qetellong a ileng a hapa naha eo lilemo tse 90 hamorao.

Ka nako eo mokhoabo o ne o le mahlakoreng ka bobeli a Nōka ea Thames, empa ho elella holimo lik’hilomithareng tse 50 moo nōka ena e kenang leoatleng, lebotho la Roma hamorao le ile la haha borokho ba lehong. Hona moo, lebōpong le ka leboea la nōka, ba ile ba haha kou eo ba ileng ba e reha Londinium.a

Ka lilemo tse makholo a mane tse latelang, Baroma ba ile ba etsa hore khoebo ea bona e namele libakeng tse ling tsa Europe ’me ba reka lintho tse majabajaba ho tsoa Mediterranean—esita le lehong ho tsoa Lebanone. Ba ile ba boela ba sebelisa Nōka ea Thames ho tsamaisa thepa e tsoang libakeng tse ling ka har’a naha ho e isa London, hoo motse oo o nang le litsela tse ngata tse khōlō o ileng oa qetella e se e le setsi sa bohlokoa khoebong.

Tšusumetso ea Mohlōli William

Ka mor’a hore ’Muso oa Roma o putlame, phiphitha ea Baroma e ile ea tloha Brithani ka 410 C.E., ’me London e ile ea lahloa kherehloa, ka hona, khoebo e haufi le Nōka ea Thames ea fokotseha. Marena a Manyesemane le Masaxon a ne a behoa boreneng Kingston—motsana o neng o le lik’hilomithara tse 19 haufi le mohloli oa nōka ho tloha London, moo Nōka ea Thames e neng e ka tšeloa habobebe—ho fihlela lekholong la bo11 la lilemo ha Mohlōli William a ne a hlasela Normandy. Ka mor’a ho behoa setulong sa borena Westminster ka 1066, o ile a haha Tora ea London ka har’a marako a motse oa Baroma e le hore a tsebe ho laola le ho atolosa sechaba sa bahoebi hammoho le ho laola ho kena koung. Khoebo e ile ea boela ea atleha, ’me baahi ba London ba ile ba eketseha ea e-ba ba ka bang 30 000.

Mohlōli William o ile a boela a haha qhobosheane holim’a lefika la lejoe la mokoetla lik’hilomithara tse ka bang 35 ka bophirimela London, sebakeng seo kajeno se tsejoang e le Windsor. E ile ea nkela bolulo ba marena a Masaxon sebaka ’me ha motho a le ho eona o bona sebaka se setle ho tšelela ka mose ho Nōka ea Thames. Ka lebaka la ho atolosa mehaho le ho e lokisa, sebaka sena se qeteletse e le qhobosheane ea Windsor ’me le kajeno e sa le sebaka seo bahahlauli ba ratang ho se etela haholo Brithani.

Ka 1209 ho ile ha qetoa mosebetsi o neng o nkile lilemo tse 30—borokho ba lejoe bo tšelang Nōka ea Thames London—borokho ba pele ba mofuta oo Europe. Borokho bona bo neng bo sa tloaeleha, boo ho bona ho neng ho hahiloe mabenkele, matlo esita le ntlo ea thapelo, bo ne bo e-na le marokho a mabeli a ka buloang ka ho nyolleloa holimo ha ho hlokahala hammoho le tora karolong e Southwark, ka boroa ho eona bakeng sa tšireletso.

Morena John oa Engelane (1167-1216) o ile a tiisa tumellano e tummeng e bitsoang Magna Carta ka 1215 Runnymede, Nōkeng ea Thames haufi le Windsor. Ka ketso ena, o ile a qobelloa ho tiisa, eseng feela litokelo tsa botho tsa Manyesemane, empa hape le tsa motse oa London ka booona le tokoloho bakeng sa khoebo e etsoang koung hammoho le ea bahoebi.

Nōka ea Thames e Tlisa Moeno

Lilemong tse makholo tse latelang, khoebo e ile ea atleha haholo Nōkeng ea Thames. Ha nako e ntse e feta, nōka ena e ile ea qala ho imeloa ka lebaka la khoebo e eketsehang. Lilemong tse makholo a mabeli tse fetileng, ho ne ho ka ema likepe tse 600 feela koung ea Nōka ea Thames, ha ka linako tse ling ho ne ho tla be ho letile likepe tse 1 775 boema-kepe bakeng sa ho tla theola thepa. Ka lebaka la tšubuhlellano ena, bosholu bo ile ba ipha matla. Bosiu masholu a ne a fasolla likepe moo li tlanngoeng teng koung hore a tsebe ho li utsoetsa, ’me batho ba ne ba iphelisa ka ho sebelisa liketsoana ho tsamaisa thepa e utsoitsoeng. E le ho sebetsana le bothata bona, London e ile ea e-ba le lebotho la mapolesa a metsing, ’me e bile ’ona a pele lefatšeng. A ntse a le teng le kajeno.

Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala ho eketsehileng ho fokotsa tšubuhlellano koung. Ka hona, lekholong la bo19 la lilemo Paramente ea Manyesemane e ile ea lumella hore ho hahoe likou tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng tse nang le mekoallo, li hahoe libakeng tse tlaasana mabōpong a nōka mahlakoreng ka bobeli. Kou ea Surrey Commercial, Kou ea London, Kou ea West India le ea East India e bile tsona tse qetiloeng pele lilemong tse qalang tsa bo-1800, tsa lateloa ke Kou ea Royal Victoria ka 1855 hammoho le oa mphato oa eona, e leng Kou ea Royal Albert ka 1880.

Baenjiniere ba babeli—ntate le mora—e leng Marc I. le Isambard K. Brunel, ba ile ba kopanya mabōpo a Nōka ea Thames ka 1840 ka ho haha tonnoro ea pele lefatšeng e ka tlas’a metsi. E bolelele ba limithara tse 459 ’me e ntse e sebelisoa e le seporo sa literene se ka tlas’a lefatše se thusang Greater London. Ka 1894 ho ile ha qetoa borokho boo hona joale bahahlauli ba bangata ba ratang ho etela ho bona ba Tower Bridge. Bo ka buleha ka limithara tse 76 ho etsa hore likepe tse khōlō li fete pakeng tsa bona. ’Me haeba u hloa litepisi tse ka bang 300, u tla hlahella tselaneng e ka holimo ’me u tla bona botle bo hlollang ba nōka.

Lekholong la bo20 la lilemo, likou tsa London li ne li se li le boemong bo botle ba ho sebeletsa likepe tse eketsehang tse khōlō tse neng li hlokahala bakeng sa khoebo motseng ona. Nakong eo kou ea ho qetela, e ileng ea rehelloa ka Morena George V, e neng e hahuoa ka 1921, London, e ne e se e le eona e nang le “tsamaiso ea likou e khōlō le e ruileng ka ho fetisisa lefatšeng.”

Lipaleise, Lelapa la Borena le Mekete ea Maemo ho Iphaphatha le Nōka

Nakong ea ha London e ntse e hōla, litsela tsa teng li ne li le mpe ’me li sa katoa, ho le thata hangata ho tsamaea ho tsona mariha. Ka hona, mokhoa o potlakileng le o neng o loketse oa ho tsamaea e ne e le Nōka ea Thames, eo ka lilemo e ileng ea e-ba tsela e sephethephethe haholo ea metsing. Basebetsi ba likepeng Nōkeng ea Thames ba ne ba hooa mantsoe a tloaelehileng a reng “Masokoana!” ha ba tletse ka bongata litepising tse pel’a nōka, ba thaotha bapalami ho ba tšelisa, ho ba tsamaisa ho nyolosa le nōka kapa ba theosa le eona, kapa ho ba tšelisetsa linōkaneng tse kenellang tse matsoelintsoeke tse kang Nōka ea Fleet le ea Walbrook, tseo e leng khale li ne li koaheloe ke literata tsa London tse rehelletsoeng ka tsona.

Ka mor’a nako, London e ile ea shebahala joaloka Venice, literata tse lebang nōkeng tsa tlala ka matlo a mangata a maholo, a maemo. Ho phela mabōpong a Nōka ea Thames ho ile ha ratoa haholo ke ba boreneng, joalokaha matlo a borena a kang Greenwich, Whitehall le Westminster a paka seo. Ka ho tšoanang, Hampton Court e ’nile ea e-ba lehae la marena le mafumahali a Engelane, ha Windsor Castle, e haufi le mohloli oa nōka, le kajeno e sa ntse e le bolulo ba lelapa la borena.

Ka 1717, George Frideric Handel o ile a etsa konsarete ea liletsa e bitsoang “Water Music,” bakeng sa ho thabisa Morena George I pikiniking ea borena e neng e tšoaretsoe metsing. Koranta e ’ngoe ea mehla eo e ile ea re sekepe sa morena se ne se felehelitsoe ke “Likepe Tse Ngata hoo e neng eka li koahetse Nōka eohle.” Sekepe se neng se le pel’a sa morena hantle se ne se e-na le libini tse 50, tse ileng tsa letsa ’mino oa Handel makhetlo a mararo ha likepe kaofela li ne li tsamaea nōkeng lik’hilomithara tse robeli ho tloha haufi le mohloli Westminster ho ea Chelsea.

Nōka e Fanang ka Monyaka le Phomolo

Pele Borokho ba Westminster bo hahoa lilemong tsa bo-1740, mokhoa feela oa ho tšela Nōka ea Thames e ne e le ka ho tšela ka maoto Borokhong ba London, boo hamorao bo ileng ba lokisoa ’me qetellong ha hahoa bo bocha lilemong tsa bo-1820. Litšiea tse 19 tsa majoe tse tšehelitseng borokho bona li ne li thibela nōka ho phalla hantle. Ka lebaka leo, lilemong tse ka bang 600 tseo borokho bona bo bileng teng ka tsona, Nōka ea Thames e ile ea hoama bonyane ka makhetlo a robeli. Ha sena se etsahala, ho ne ho etsoa “lishou tsa serameng” tsa semetletsa leqhoeng, moo ho neng ho e-ba le lipapali tse ngata. Ho ne ho besoa likhomo, ’me ba boreneng ba ne ba bonoa ba jella moo. Libuka le lintho tsa ho bapala tse ngotsoeng “e rekiloe Nōkeng ea Thames” li ne li rekoa ka cheseho. Likoranta hammoho le Thapelo ea Morena li ne li hatisoa mechineng e hatisang e neng e hlonngoe hona nōkeng eo e hoammeng!

Mehleng ea morao tjena, Mabelo a Likepe a Univesithi, e leng tlhōlisano e pakeng tsa univesithi ea Oxford le ea Cambridge, e se e le ketsahalo ea selemo le selemo nakong ea selemo. Matšoele a ema mabōpong a Nōka ea Thames pakeng tsa Putney le Mortlake ho thoholetsa babeisi ba likepe ba sokang ba le robeli sekepeng ka seng ha ba qeta lik’hilomithara tse ka tlaasenyana ho tse supileng ka metsotso e ka tlaase ho e 20. Peiso ea pele ea tlhōlisano e ne e be ka 1829 ’me e ne e tšoaretsoe karolong e holimo ea nōka motseng oa Henley. Ka mor’a hore sebaka seo ho hlōlisanoang ho sona se isoe karolong e tlaasana ea nōka, Henley e ile ea ba le tlhōlisano ea borena ea mabelo a likepe, e leng ketsahalo ea khale le e tummeng haholo ea ho soka likepe Europe. Tlhōlisanong eo ea likepe tse sokoang sebaka se ka etsang limithara tse 1 600 ho ba le basoki ba likepe ba banna le ba basali ba ipabolang lefatšeng ka bophara. Ketsahalo ena ea lehlabula e se e fetohile feshene morao tjena.

Buka ea bahahlauli ea Brithani e re Nōka ea Thames “e na le lintho tse fapa-fapaneng tse thabisang ha e feta libakeng tse ka mathōko tsa Manyesemane tse nang le maralla, meru, makhulo, matlo a mahaeng, metse e metle le litorotsoana. . . . Ha ho na litsela haufi le eona libakeng tse ngata, empa hangata ho ba le tselana eo liphoofolo li ka hulang likepe li le ho eona. Sena se etsa hore le hoja motho ea tsamaeang ka koloi a ka ananela botle ba nōka e fetang ka har’a motse, botle bo feletseng ba nōka ena ea Thames a ka bo ananela le ho feta ha a tsamaea ka sekepe kapa ka maoto.”

Na u rera ho etela Engelane? Joale iphe nako ea ho tla bona Nōka ea Thames ’me u thabele histori e itseng ea eona. Ho tloha mohloling oa eona o sebakeng sa mahae, ho ea fihla moo ho phetheselang teng ha e kena leoatleng, ho na le lintho tse ngata tseo u ka li bonang, tseo u ka li etsang le tseo u ka ithutang tsona! “Ntate-moholo Thames” a ke ke a u phoqa le khale!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Le hoja lebitso London le tsoa lentsoeng la Selatine le reng Londinium, ka bobeli e ka ’na eaba a nkiloe mantsoeng a Secelt a reng llyn le din, ao ka bobeli a bolelang “toropo [kapa qhobosheane] e nōkeng.”

[Lebokose le leqepheng la 27]

LIBUKA TSE BUANG KA NŌKA EA THAMES

Jerome K. Jerome o ngotse ka tikoloho e khathollang ea Nōka ea Thames bukeng ea hae e reng Three Men in a Boat. E bua ka leeto la phomolo le ileng la nkoa ke metsoalle e meraro e neng e soka sekepe ho nyolosa le nōka e tsoa Hampton Court e leba Oxford, e tsamaea le ntja. Buka ena e ngotsoeng ka 1889 ’me ea fetoleloa lipuong tse ngata, le kajeno e sa tsebahala e le buka “ea boemo bo phahameng e tšehisang.”

Pale e ’ngoe e tsebahalang ke ea The Wind in the Willows, eo batho ba baholo le bana ba thabelang ho e bala. Ke pale e iqapetsoeng e buang ka liphoofolo tse phelang haufi le mabōpo a nōka ena, e qetiloeng ho ngoloa ka 1908 ke Kenneth Grahame, ea neng a lula motseng oa Pangbourne o haufi le Nōka ea Thames.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 27]

MORENA LE NŌKA EA THAMES

Morena James I, ea neng a busa karolong e qalang ea lekholo ea bo17 la lilemo, o kile a batla chelete e kaalo ka £20,000 ’Musong o Ikemetseng oa London. Ha Ramotse a sa lumellane le seo, morena o ile a mo sokela ka mantsoe ana: “Ke tla u ripitlela ruri uena hammoho le motse oa hao. Ke tla tlosa makhotla a ka a molao, Lehae la ka, le Paramente ke li ise Winchester kapa Oxford, ke siee Westminster e le lehoatata; joale u ka inahanela hore na u tla sala u le eng!” Ramotse o ile a arabela tjena: “Kamehla ho tla lula ho e-na le matšeliso ho bahoebi ba London: morena, u ke ke ua atleha ho tloha le Nōka ea Thames.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From the book Ridpath’s History of the World (Vol. VI)

[Limmapa tse leqepheng la 24]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

ENGLANE

London

Nōka ea Thames

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Map: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

Tora e Nang le Oache e khōlō Paramenteng ea Westminster, London

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Borokho ba London, bo hahiloeng ka majoe ka 1756

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From the book Old and New London: A Narrative of Its History, Its People, and Its Places (Vol. II)

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Lejoe lena le fatiloeng ka 1803 le bontša likepe tse makholo tse tlanngoeng koung ea London

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Corporation of London, London Metropolitan Archive

[Setšoantšo se leqepheng la 26, 27]

Lejoe le fatiloeng ka 1683 le bontšang shou e neng e tšoareloa serameng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

From the book Old and New London: A Narrative of Its History, Its People, and Its Places (Vol. III)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela