Lefu le Neng le Tšajoa Haholo Lekholong la bo19 la Lilemo
Ka 1854, batho ba London ba ne ba boetse ba hlasetsoe ke k’holera—e leng bothata ba ka maleng ba letšollo le matla le ho felloa ke metsi ’meleng. Lefu lena le ile la nama ka lebelo le tšosang. Batho ba bangata ba neng ba tsohile ba phela hantle, ha le likela ba ne ba shoele. Ho ne ho sa tsejoe pheko.
E NE e le lefu le tšajoang ka ho fetisisa lekholong leo la lilemo, ’me ho sa tsejoe sesosa sa lona. Ba bang ba ne ba nahana hore k’holera e bakoa ke ho hema moea o nkhang hampe o tsoang linthong tse bolileng. Ho ne ho bonahala eka taba eo ea utloahala. Nōka ea Thames, e neng e phalla motseng oa London, e ne e ntša monko o tšabehang. Na moea oo o nkhang hampe o ne o jala lefu lee?
Lilemo tse hlano pejana ho moo, ngaka e bitsoang John Snow e ne e boletse hore k’holera ha e bakoe ke moea o silafetseng, empa e bakoa ke metsi a silafetseng. Ngaka e ’ngoe e bitsoang William Budd e ne e lumela hore lefu leo le jaloa ke ntho e ’ngoe e phelang e tšoanang le fungus.
Nakong ea seoa sa 1854, Snow o ile a batlisisa ka bophelo ba batho ba ileng ba tšoaroa ke k’holera seterekeng sa Soho se London, e le hore a hlahlobe khopolo eo a nang le eona. O ile a ipotsa: ‘Ke’ng e tšoanang ho bona kaofela?’ Phuputso eo e ile ea sibolla ntho e ’ngoe e makatsang. Batho bohle ba ileng ba tšoaroa ke k’holera seterekeng seo ba ne ba noele metsi a tsoang pompong e seterateng ’me metsi ao a ne a silafalitsoe ke likhoerekhoere tse nang le k’holera!a
Hona selemong seo, ho ile ha finyelloa mohato o mong oa bohlokoa tsebong ea bongaka, ha rasaense oa Motaliana ea bitsoang Filippo Pacini a ne a phatlalatsa tokomane e neng e hlalosa kokoana-hloko e bakang k’holera. Leha ho le joalo, lintlha tse ngata tseo a ileng a li fumana ha a ntse a fuputsa li ile tsa hlokomolohuoa, hammoho le tseo Snow le Budd ba li sibolotseng. Seoa sa k’holera se ile sa tsoela pele ho fihlela ka 1858.
“Lephoka le Bohale”
Paramente e ne e hulanya maoto tabeng ea ho haha tsamaiso e ncha ea likhoerekhoere e le hore ho hloekisoe Nōka ea Thames, empa mocheso o matla o bileng teng lehlabuleng la 1858 o ile oa e qobella hore e nke khato. Monko o mobe o tsoang nōkeng e neng e feta pel’a Mohaho oa Paramente o ne o le bohale hoo bo-ralipolotiki ba ileng ba tlameha ho koala lifensetere ka likharetene tse inetsoeng ka motsoakong o bolaeang likokoana-hloko e le ha ba leka ho thibela monko oo. Monko oo o ileng oa bitsoa Lephoka le Bohale o ile oa qobella Paramente hore e nke khato. Le pele ho feta matsatsi a 18, e ile ea laela hore ho hahoe tsamaiso e ncha ea likhoerekhoere.
Ho ile ha etsoa likotopo tse khōlō e le ho thibela likhoerekhoere hore li se ke tsa kena nōkeng, ho e-na hoo li li ise karolong e ka bochabela ea London, moo qetellong li neng li kena leoatleng. Seo se ile sa e-ba le liphello tse khōlō. Hang ha likarolo tsohle tsa London li se li hokeletsoe tsamaisong e ncha, seoa sa k’holera se ile sa fela.
Ka nako eo, ho ile ha hlaka: K’holera e ne e sa bakoe ke moea o silafetseng empa e ne e bakoa ke metsi kapa lijo tse silafetseng. Ho ile ha boela ha hlaka hore tsela e ka sehloohong ea ho e thibela ke ka ho boloka bohloeki.
Molao o Boletsoeng Nako e Telele Esale Pele
Lilemo tse likete pele seoa sa k’holera se hlasela London, Moshe o ne a ile a tataisa sechaba sa Iseraele ho se ntša Egepeta. Le hoja Baiseraele ba ile ba qeta lilemo tse ka bang 40 ba tsamaea lefeelleng la Sinai, ha baa ka ba hlaseloa ke seoa sa k’holera. Seo se ile sa khoneha joang?
Sechaba seo se ne se laetsoe hore se epele mantle a batho sebakeng se ka ntle ho kampo e le hore sebaka seo batho ba lulang ho sona le mehloli ea metsi e se ke ea silafatsoa. Taelo eo e tlalehiloe ka Bibeleng ho Deuteronoma 23:12, 13, e reng:
“U lokela ho ba le sebaka se ka thōko seo u tla se sebelisa ka ntle ho liahelo, ’me u ee ho sona. U lokela ho sebelisa kepa hammoho le lisebelisoa tsa hao, ’me etlare ha u kotsama ka ntle, u tla boela u cheke sekoti ka eona ’me u retelehe u koahele mantle a hao.”
Taelo eo e tobileng e ile ea sireletsa Baiseraele mafung a neng a hlasela batho ba lichaba tse neng li ba potolohile. Le mehleng ea kajeno, mekhoa e tšoanang ea bohloeki e pholositse batho ba bang.b Nahana ka mohlala ona.
“Ha ho Mohla re Kileng ra ba le Seoa”
Lilemong tsa bo-1970, mahloriso a ile a qobella Lipaki tse ngata Tsa Jehova ho baleha Malawi. Li ile tsa tšabela naheng ea boahelani ea Mozambique, moo banna, basali le bana ba fetang 30 000 ba ileng ba lula likampong tse leshome tsa baphaphathehi. Ke ntho e tsebahalang hore mafu a jaloang ke metsi a atisa ho nama ka potlako likampong tsa baphaphathehi. Joale Lipaki li ile tsa etsa joang maemong ao?
Lemon Kabwazi hammoho le batho ba bang ba 17 000 ba ne ba lula kampong e khōlō ka ho fetisisa ea Mlangeni. O re: “Ho ne ho lula ho hloekile kampong. Matloana a mokoti a ne a chekoa ka ntle ho kampo ’me ho ne ho se na ea lumeletsoeng ho ichekela ntloana ka kampong. Mekoti ea lithōle le eona e ne e chekoa ka ntle ho kampo. Baithaopi ba ne ba boloka lintho tsohle li hloekile, ho akarelletsa ho tiisa hore metsi a tsoang lilibeng tse neng li chekiloe ka ntle ho kampo a hloekile. Le hoja re ne re le bangata haholo, re ile ra khomarela melao ea Bibele tabeng ea bohloeki, kahoo ha ho mohla re ileng ra hlaseloa ke lefu la seoa ’me ha ho motho ea ileng a tšoaroa ke k’holera.”
Ka masoabi, likarolong tse ling tsa lefatše, ho ntse ho se na tsamaiso e loketseng ea likhoerekhoere malapeng. Mafu a bakoang ke mantle a batho a bolaea bana ba ka bang 5 000 letsatsi ka leng.
Le hoja k’holera le mafu a mang a tšoanang le eona a ka thibeloa ’me boiteko ba batho ba ho boloka bohloeki bo hlahisa melemo e mengata, Bibele e tšepisa hore haufinyane mafu ’ohle a tla fela. Tšenolo 21:4 e re tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Bibele e tšepisa hore ka nako eo: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24.
E le hore u ithute ho eketsehileng ka seo ’Muso oa Molimo o tla se etsetsa batho, sheba khaolo ea 3 le ea 8 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja ka 1854 ho ne ho se ho kentsoe matloana a metsi, tsamaiso ea boholo-holo ea likhoerekhoere e ne e etsa hore mantle a batho a mathe ka liforo tse neng li a isa Nōkeng ea Thames—eo e neng e le mohloli o moholo oa metsi a nooang.
b Kaha k’holera e bakoa ke lijo kapa metsi a silafetseng, tsela ea bohlokoa ea ho e thibela ke hore motho a be hlokolosi haholo ka seo a se jang kapa a se noang. Ho hloekisa metsi le ho phehisa lijo ke mohato oa bohlokoa tabeng ea ho itšireletsa.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]
Nōka ea Thames e phallang motseng oa London e ne e silafalitsoe ke likhoerekhoere tse nang le k’holera, e leng se bontšoang ke litšoantšo tse ngata tsa mehleng eo
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Banna, basali le bana ba fetang 30 000 ba ne ba lula likampong tse leshome tsa baphaphathehi Mozambique ’me li ne li lula li hloekile
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 20]
Death on Thames: © Mary Evans Picture Library; map: University of Texas Libraries