Na Lefatše Lee le Ahloletsoe Timetso?
HO FELA ha lekholo lena la bo20 la lilemo ho atametse, ’me ho qaleha ha lekholo la bo21 la lilemo ho haufi. Ha litaba li le boemong bona, batho ba ntseng ba eketseha bao ka tloaelo ba neng ba sa tl’o tsotella kapa ba ele hloko boprofeta ba timetso, baa ipotsa hore na ebe haufinyane ho ka ’na ha etsahala ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa e tlang ho sisinya lefatše kapa che.
Mohlomong u ile ua hlokomela lihlooho tsa likoranta le limakasine tse buang ka sena—esita le libuka tse feletseng tse buang ka taba ena. Hore na lekholo la bo21 la lilemo ha le qala le tla tla le eng, re lokela ho lebella ha ngoale e khiba. Batho ba bang ba bontša hore ho fihla qetellong ea selemo sa 2000 ho etsa phapang ea selemo feela (kapa ea motsotso o le mong, ho tloha ho 2000 ho ea ho 2001) ’me mohlomong ho ke ke ha e-ba le ntho e kaalo e etsahalang. Ntho eo ba bangata ba batlang ba amehile ka eona ke bokamoso ba lefatše la rōna lilemong tse ’maloa tse tlang.
Boprofeta bo bong bo hlahellang khafetsa matsatsing ana ke ba hore ka nako e ’ngoe e itseng—ebang ke hona joale kapa ke nakong e hōle e tlang—Lefatše lena le tla timetsoa ka ho feletseng. Hlahloba mehlala e seng mekae ea ponelo-pele e joalo e lerootho.
Bukeng ea hae e bitsoang The End of the World—The Science and Ethics of Human Extinction, e qalileng ho hatisoa ka 1996, mongoli le rafilosofi John Leslie o bolela lintho tse tharo tse ka ’nang tsa felisa bophelo ba motho lefatšeng. O qala ka ho botsa: “Na ntoa e akaretsang ea nyutlelie e ka bolela ho fela ha moloko oa batho?” Joale oa phaella: “Mohlomong ho latellana ha liketsahalo tsena . . . ho tla tlisa timetso e bakoang ke liphello tsa mahlaseli a kotsi: ho tšoaroa ke kankere, ho fokola ha tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e leng ho etsang hore mafu a tšoaetsanoang a tsoe taolong, kapa hore ho be le masea a mangata a tsoaloang a holofetse. Boieane ba likokoanyana tse nyenyane haholo tse thusang bophelong bo botle ba tikoloho le bona bo ka ’na ba shoa.” Ntho a boraro eo Monghali Leslie a e hlahisang ke hore lefatše le ka ’na la thuloa ke mochochonono kapa ke linaletsana tse ling tse nyenyane: “Ho mechochonono le linaletsana tse nyenyane tseo ho potoloha ha tsona ho leng ka tsela eo li ka ’nang tsa thula Lefatše ka letsatsi le leng, ho bonahala li ka ba likete tse peli ’me bophara ba tsona bo pakeng tsa maele e le ’ngoe le limaele tse tšeletseng [lik’hilomithara tse pakeng tsa e le ’ngoe le tse leshome]. Ho boetse ho na le tse seng kae ka palo (tseo ho hakanya palo ea tsona e ka bang ho e thula ka hlooho feela) tse khōloanyane le tse nyenyane tse ngata haholo ka palo.”
Tlhaloso e Hlakileng ea “Letsatsi la Timetso”
Kapa nahana ka rasaense e mong, Paul Davies, eo e leng moprofesa Univesithing ea Adelaide, Australia. O ile a hlalosoa ke Washington Times e le “mongoli ea hloahloa ka ho fetisisa oa saense ka mahlakoreng a mabeli a Atlantic.” Ka 1994 o ile a ngola buka e bitsoang The Last Three Minutes, e ileng ea bitsoa “nkokonono ea libuka tsohle tse buang ka letsatsi la timetso.” Khaolo e qalang ea buka ena e bitsoa “Letsatsi la Timetso,” ’me e hlalosa tatellano ea liketsahalo tse inahaneloang tse ka ’nang tsa etsahala haeba mochochonono o ka thula Lefatše. Bala karolo ena ea tlhaloso ea hae e tsitsipanyang ’mele:
“Lefatše le reketlisoa ke matla a lekanang le a litšisinyeho tsa lefatše tse likete tse leshome. Sefefo se matla se fokang se fiela lefatše ka bophara, se batalatsa likarolo tsohle, se silakanya ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tseleng ea sona. Sebaka se bataletseng se pota-potileng karolo e thutsoeng ke mochochonono se kokomoha ho etsa selikalikoe sa lithaba se mokelikeli se phahameng ka limaele [lik’hilomithara] tse ’maloa ho ea holimo, ’me se hlahisa bokahare ba Lefatše molomong oa sona o thunyang mollo, o bophara ba limaele tse lekholo [lik’hilomithara tse 150]. . . . Ho foka setsokotsane se matla sa mauluulu a butsoelloang sepakapakeng, se fifatsa letsatsi hore le se ke la bonahala lefatšeng. Joale letsatsi le nkeloa sebaka ke boemo ba tlokotsi, ho paitsa ha linaleli tse limilione tse sekete, ho cha ha lefatše ka mocheso o tlabolang, ha lintho tse sa lulang libakeng tsa tsona li oela sepakapakeng ho tloha sebakeng.”
Moprofesa Davies o tsoela pele ho amahanya liketsahalo tsena tse inahaneloang le polelo e reng mochochonono oa Swift-Tuttle o tla thula lefatše. O phaella ka ho lemosa hore le hoja ketsahalo e joalo e ka ’na ea se ke ea etsahala haufinyane haholo, maikutlo a hae ke hore “haufinyane Swift-Tuttle, kapa ntho e ’ngoe e tšoanang le eona, e tla thula Lefatše.” Qeto ea hae e itšetlehile ka likhakanyo tse bolelang hore lintho tse ka bang 10 000 tse bophara ba halofo ea k’hilomithara kapa ho feta li tsamaea ka tsela e fetang mateanong a litsela tseo Lefatše le fetang ho tsona potolohong ea lona.
Na u lumela hore tebello e joalo e tšosang ke ’nete? Ke seo batho ba bangata ba se lumelang. Empa ba qhelela ka thōko ngongoreho leha e le efe kaha ba itšelisa ka hore se ke ke sa etsahala mehleng ea bona. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Lefatše le lokela ho timetsoa—ebang ke haufinyane kapa lilemong tse likete ho tloha joale? Ka sebele, hase lefatše ka bolona leo e leng mohloli oa likhathatso tsa baahi ba lona, batho kapa liphoofolo. Ho e-na le hoo, na hase motho ka boeena ea ikarabellang bakeng sa mathata a mangata lekholong lee la bo20 la lilemo, ho akarelletsa le monyetla oa ‘ho senya lefatše’ ka ho feletseng?—Tšenolo 11:18.
Ho Fetoloa ha Tsamaiso e Fosahetseng ea Motho
Ho thoe’ng ka monyetla o ka ’nang oa etsahala oa hore motho ka boeena a senye kapa a silafatse lefatše ka ho feletseng ka lebaka la ho le tsamaisa ka tsela e fosahetseng le e meharo? Ha ho pelaelo hore tšenyo e khōlō e se e etsahetse likarolong tse ling tsa lefatše ka lebaka la ho rengoa ha meru ho feteletseng, tšilafalo e sa laoleheng ea sepakapaka le ho silafatsoa ha mehloli ea metsi. Sena se ile sa akaretsoa hantle lilemong tse ka bang 25 tse fetileng ke bangoli Barbara Ward le René Dubos bukeng ea bona e bitsoang Only One Earth: “Likarolo tse tharo tse khōlō tsa tšilafalo tseo re lokelang ho li hlahloba—moea, metsi le mobu—ha e le hantle ke tsona tseo e leng likaroloana tsa motheo tsa bophelo lefatšeng la rōna.” ’Me na boemo bo hlile bo ntlafetse ho tloha nakong eo?
Ha re nahana ka monyetla o teng oa hore motho a senye kapa a timetse lefatše ka bothoto ba hae, re ka khothatsoa ke ho nahana ka matla a hlollang a Lefatše a ho inchafatsa le ho ikatisa. Ha a hlalosa bokhoni bona bo hlollang ba tsosoloso, René Dubos o fana ka tlhaloso ena e khothatsang bukeng e ’ngoe e bitsoang The Resilience of Ecosystems:
“Batho ba bangata ba nahana hore tlhokomelo ea tikoloho e fihla metsotso e se e jele babeli kaha tšenyo e ngata e seng e etsahetse tikolohong e rarahaneng le linthong tse phelang ho eona e se e ke ke ea etsolloa. Ho ea ka maikutlo a ka, ho felloa ke tšepo hona ha hoa lokela kaha tikoloho e rarahaneng le lintho tse phelang ho eona li na le matla a hlollang a ho inchafatsa maemong ao a sithabetsang.
“Tikoloho e rarahaneng le lintho tse phelang ho eona li na le mekhoa e mengata ea ho intlafatsa. . . . E nolofalletsa tikoloho e rarahaneng le lintho tse phelang ho eona ho hlōla liphello tse senyang ka hore li tsosolose ka ho tsoelang pele boemo ba qalong ba bophelo le tikoloho ea lintho tse phelang ka ho leka-lekaneng.”
Ho ka Etsoa
Mohlala o hlaheletseng oa sena lilemong tsa morao tjena ke oa ho hloekisa butle-butle nōka e tummeng ea London e bitsoang Thames. Buka e bitsoang The Thames Transformed, ea Jeffery Harrison le Peter Grant, e tlalehile ka katleho ena e babatsehang e finyeletsoeng e bontšang se ka etsoang ha batho ba sebetsa-’moho ka sepheo se tšoanang. ’Musisi oa Edinburgh, Brithani, o ile a ngola selelekeleng sa hae bukeng eo: “Ke mona bonyane qetellong ho fihletsoe katleho ka tekanyo e khōlō hoo e lokelang ho phatlalatsoa le hoja sena se ka ’na sa khothalletsa batho ba bang ho lumela hore mathata a paballo ea lihloliloeng ha a hlile ha a mabe hakaalo joalokaha ho etsoa hore ba lumele. . . . Ba ka khothatsoa ke sohle se finyeletsoeng Thames. Litaba tse molemo ke hore seo se ka etsoa ’me morero oa bona le oona o ka atleha.”
Khaolong e buang ka “Tlhoekiso e Khōlō,” Harrison le Grant ba ngola ka thabo e khōlō ka se ileng sa finyelloa lilemong tse fetang 50 tse fetileng: “Ka lekhetlo la pele lefatšeng, nōka e neng e silafetse ’me e e-na le lik’hemik’hale tse kotsi e ile ea hloekisoa ho isa bohōleng ba hore linonyana tse sesang metsing le litlhapi li khutlele ka bongata ho eona. Hore ebe phetoho e kaalo e etsahatse kapele joalo, boemong boo qalong ho neng ho bonahala bo sa fane ka tšepo ea letho, e bile ho khothatsang le ho bababalli ba liphoofolo tse hlaha ba feletsoeng ke tšepo.”
Joale ba hlalosa phetoho: “Nōka e ile ea tsoela pele ho theoha boemong lilemong tse ’maloa tse fetileng ho seo, mohlomong, e bileng tlhaselo ea ho qetela Ntoeng ea Bobeli ea Lefatše ha matamo a maholo a likhoerekhoere le litanka tsa likhoerekhoere li ne li senngoa kapa li felisoa. Lilemong tsa bo-1940 le bo-1950 ho hloeka ha Thames ho ne ho qhepile haholo. Nōka eo e ne e batla e tšoana le foro e bulehileng ea likhoerekhoere; metsi a eona a ne a shebahala a le matšo, a se na oksijene, ’me likhoeling tsa lehlabula monko o tšabehang o tsoang Thames o ne o utluoa karolong e khōlō ea sebaka seo. . . . Tlhapi e kileng ea ata haholo e ile ea qetella e timetse, ntle ho mofuta o seng mokae oa tlhapi e bitsoang eel e nang le mapheo e ileng ea khona ho tsoela pele e phela ka ntle ho metsi. Linonyana tse phelang melatsoaneng e phallang pakeng tsa mehaho ea London le Woolwich li ile tsa fokotseha ho sala e le matata le likhantši tse seng kae feela, ’me li pholohile ka lebaka la ho qhalana ha lijo-thollo melikong ea tsona eseng hore li fumane phepelo ea lijo tsa tlhaho. . . . Ke mang ea neng a ka lumela ka nako eo hore phetoho eo e khōlō e ne e le haufi le ho etsahala? Ka mor’a lilemo tse leshome melatsoana eo e ile ea fetoha tširelo ho mefuta e mengata ea matata, ho akarelletsa le likhaka tse bokellang lijo mariha tse ka bang 10000 le linonyana tse phelang metsing tse 12 000, ho e-na le ho ba melatsoana e itjang feela.”
Ke ’nete hore seo se hlalosa phetoho e le ’ngoe feela e etsahetseng karoloaneng e le ’ngoe ea lefatše. Leha ho le joalo, re ka ithuta ho hong mohlaleng ona. O bontša hore ha ho hlokahale hore Lefatše le nkoe le ahloletsoe timetso ka lebaka la tsamaiso e fosahetseng, meharo le ho se nahanele ha motho. Thuto e loketseng le boiteko bo kopanetsoeng ba batho ba ho finyella katleho li ka thusa lefatše hore le etsolle esita le tšenyo e jeleng setsi ea tikoloho le lintho tse phelang ho lona, sebaka le mobu. Empa ho thoe’ng ka monyetla oa hore le timetsoe ke matla a tsoang ka ntle, a joaloka mochochonono kapa linaletsana tse nyenyane tse sollang?
Sehlooho se latelang se fana ka senotlolo sa karabo e khotsofatsang lipotsong tse rarahaneng joalo.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Thuto le boiteko bo kopanetsoeng li ka thusa lefatše hore le etsolle esita le tšenyo e jeleng setsi e ho lona