Tsa Mona le Mane
◼ “Hoo e ka bang motho a le mong ho ba bane” United States “o ba le bothata bo itseng ba kelello ka selemo, ’me hoo e ka bang a le mong ho ba babeli o ba le bona neng-neng bophelong.”—SCIENCE NEWS, U.S.A.
◼ Ka September 2004, Leholiotsoana Ivan le ile la fehla bonyane maqhubu a 24 a bophahamo ba limithara tse 15 Koung ea Mexico. Le leholo ka ho fetisisa e bile la bophahamo ba limithara tse 27,7.—MAKASINE EA SCIENCE, U.S.A.
◼ Ho sebelisa cell phone motho a ntse a khanna ho eketsa ka makhetlo a mane monyetla oa ho chaisa ka koloi ho ka fellang ka hore motho a ee sepetlele, ebang bakhanni ba sebelisa thepa e reretsoeng hore ba bue ba sa tšoara founo ka matsoho kapa che.—BMJ, BRITHANI.
◼ Khatiso e ncha e reretsoeng ho thusa bafetoleli ba Bibele e thathamisa lipuo tse 6 912 tse sebelisoang.—THE NEW YORK TIMES, U.S.A.
◼ Le hoja ba lemosoa hore ho kotsi baneng ba bona, basali ba 30 ba Poland ho ba bang le ba bang ba lekholo baa tsuba ha e le baimana kapa ha ba ntse ba anyesa.—MAKASINE EA ZDROWIE, POLAND.
Maikutlo a Batho ka Leruo
ABC News Online e tlaleha hore Mokhatlo oa Australia o fuputsang hore na maikutlo a batho ke afe ka leruo o fumane hore ke ralimilione a le mong feela ho ba 20 ba Australia ea inkang a atlehile. Ho ea ka mookameli oa Mokhatlo oo, e leng Clive Hamilton, “ha re ntse re e-ba barui, ke moo re sa khotsofalleng le ho feta chelete e kenang.” Ha e le hantle ke batho ba 13 feela ho ba bang le ba bang ba lekholo ba nyafang chelete ka sekotlolo ba ikutloang ba khotsofetse bophelong. Hamilton o re: “U lokela ho ipotsa hore na ke hobane’ng ha batho ba habo rōna ba hahamalla ho atleha licheleteng ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe, empa bopaki bohle bo bontša hore chelete ha e tlise boiketlo bophelong, empa bo tlisoa ke lintho tse ling.”
Thepa e Senyehileng e Sollang Sepakapakeng
Makasine ea New Scientist, e re: “Ak’u nahane kamoo e ka bang ho halefisang kateng haeba bakhanni ba ne ba ka siea likoloi tsa bona kherehloa literateng ka toropong ha li felloa ke peterole.” Empa boemo bona bo tšoana le bo etsahalang ka lisathelaete tse sa sebetseng, e leng ho behang lifofa-sebakeng tse ncha kotsing e khōlō ea ho thula thepa e senyehileng e ntseng e solla sepakapakeng. Ho hakanngoa hore ho na le lisathelaete tse ka bang 1 120 tse bophara bo fetang lisenthimithara tse 60 tse ntseng li potoloha sepakapakeng haufi le equator, e leng moo hangata ho behoang teng thepa e sebelisetsoang ho tsamaisa boitsebiso, empa lisathelaeteng tseo ke tse ka bang 300 feela tse ntseng li sebetsa. Tse ling tsa lintho tse kotsi tse siuoeng li solla sepakapakeng bophahamong bo sa tšoaneng ke mechine e 32 e senyehileng ea matla a nyutlelie.
Libetsa le Ntoa
Ha Ntoa ea Mantsoe e fela, khoebo ea libetsa e ile ea thefuleha. Empa lilemong tse seng kae tse fetileng, khoebo eo e boetse ea atleha. Ka 2004, ho ea ka tlaleho e ntšitsoeng ke Stockholm International Peace Research Institute (SIPRI), ho sebelisitsoe liranta tse ka bang libilione tse 6,62 sesoleng lefatšeng ka bophara. Chelete eo e lekana le R1 072 e ka fuoang monna, mosali le ngoana e mong le e mong mona lefatšeng. Ho ea ka SIPRI, ka 2004 ho bile le lintoa tse 19 tse bolaileng batho ba fetang 1 000 ntoeng ka ’ngoe. Lintoeng tsena, tse fetang 16 li se li kupile ka lilemo tse fetang leshome.
Likoloi Tse Sebelisang Mefuta e ’Meli ea Mafura
Makasine ea Veja e tlaleha hore hona joale koloi e le ’ngoe ho tse tharo tse rekisoang Brazil e sebelisa mefuta e ’meli ea mafura. Likoloi tsena li sebelisa peterole e tloaelehileng, joala bo entsoeng ka ’moba, kapa ka bobeli ba tsona li kopantsoe ka tsela leha e le efe. Pakeng tsa 2003 le 2004, thekiso ea mafura a entsoeng ka joala e ile ea eketseha ka karolo ea 34 lekholong. Mokhoa ona ha o tlisoe ke hobane o hlahisa melemo e itseng tikolohong. Ke feela hore bakhanni ba bangata ba fumana ho sa bitse haholo ho khanna likoloi tse sebelisang joala. Mookameli oa Setsi sa Ntšetso-pele ea Litšebeletso Brazil, e leng Rafael Schechtman, o re likoloi tse sebelisang mefuta e ’meli ea mafura li thusa ho sireletsa moreki ha ho e-na le maqakabetsi a mafura le ha theko ea lintho e ntse e ea holimo le tlaase. Ha theko ea joala e nyoloha, o sebelisa peterole, ha ea peterole e nyoloha o sebelisa joala.”