Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/06 maq. 10-13
  • Ho Hlomella Morali oa Hao Mohla a Qalang ho ea Khoeling

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlomella Morali oa Hao Mohla a Qalang ho ea Khoeling
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo e Phethoang ke Batsoali ke ea Bohlokoa
  • Nako e Loketseng ea ho Buisana le Morali
  • Mokhoa oa ho Qalisa Moqoqo
  • Thuto e Tsoelang Pele
  • Qalisa Moqoqo
  • Lethathamo la Tse ka Hare
    Tsoha!—2006
  • Na Batsoali ba Lokela ho Ruta Bana ba Bona ka ho Kopanela Liphate?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ke Hobane’ng ha Sena se Etsahala ’Meleng oa Ka?
    Tsoha!—1990
  • Ho Khetholloa ha Batho ba Batšehali
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 5/06 maq. 10-13

Ho Hlomella Morali oa Hao Mohla a Qalang ho ea Khoeling

Ho kena boroetsaneng kapa bohlankaneng ke nako ea liphetoho tse ngata. Bananeng, ketsahalo e ikhethang nakong ena ea liphetoho ke ea ho qala ho ea khoeling.

HO QALA ho ea khoeling e ka ba nako e sithabetsang ho banana, ’me hangata ketsahalo ena e ba tlisetsa maikutlo a kopakaneng. Joaloka liphetoho tse ling tse tsamaeang le ho kena boroetsaneng, ho ea khoeling ka lekhetlo la pele ho ka lubakanya maikutlo. Banana ba bangata baa tšoha le ho ferekana ha ba qala ho ea khoeling kahobane ba se na boitsebiso bo nepahetseng kapa hobane hangata ba sa tsebe letho ka hona.

Banana ba ileng ba hlomelloa esale pele ka ho ea khoeling hangata ba ba le boikutlo bo nepahetseng ha sena se etsahala. Leha ho le joalo, liphuputso li bontša hore banana ba bangata ha baa hlomelloa. Phuputsong e ’ngoe e entsoeng linaheng tse 23, hoo e ka bang motho a le mong ho ba bang le ba bang ba bararo ba botsitsoeng o tlalehile hore o ne a sa bolelloa letho pele a qala ho ea khoeling. Ha boemo bona bo ba hlaha lesumatha, banana bao ha baa ka ba tseba hore na ba etse eng.

Liphihlelo tse bohloko ka ho fetisisa e bile tsa basali ba neng ba sa ka ba tseba letho ka hore basali ba na le linako kapa hona ho qala ho ea khoeling. Phuputsong e ’ngoe, basali ba ile ba hlalosa tsela eo ba ileng ba ikutloa ka eona ha ba qala ho ea khoeling ka mantsoe a kang “ke ne ke tšohile,” “ke ferekane maikutlo,” “ke le lihlong” le “ke sehoa ke letsoalo.”

Ka tloaelo batho baa tšoha ha ba bona mali, kaha hangata ho tsoa mali ho amahanngoa le ho opeloa kapa ho lemala. Ka hona, hoa utloahala hore ha banana ba sa ka ba hlalosetsoa hantle esale pele, litloaelo tse itseng tsa setso, lintho tseo batho ba inahanelang tsona, kapa ho se be le tsebo ho ka etsa hore ka phoso ngoanana a amahanye ho ea khoeling le ho kula kapa ho lemala, kapa a ho talime e le mahlabisa-lihlong.

Morali oa hao o lokela ho tseba hore ho ea khoeling ke ntho e tloaelehileng eo ngoanana e mong le e mong ea phelang hantle a fetang ho eona. Joaloka motsoali, u ka mo thusa hore a se be le maikutlo leha e le afe a ho ferekana kapa ho tšoha. U ka etsa see joang?

Karolo e Phethoang ke Batsoali ke ea Bohlokoa

Ho na le mehloli e mengata ea boitsebiso ka ho ea khoeling, e kang matichere sekolong, lingaka, libuka esita le lifilimi tse rutang. Batsoali ba bangata ba fumana hore mehloli ena hangata e fana ka boitsebiso ba bohlokoa tabeng ea hore na ha e le hantle ho etsahala eng ha motho a ea khoeling hammoho le hore na mokhoa o nepahetseng oa bohloeki ’meleng nakong ena ke ofe. Leha ho le joalo, banana ba ka ba le lipotso le lintho tseo ba li hlokang tseo mehloli ena e sa li ameng. Esita le haeba ba tseba hore na ba lokela ho etsa eng ha nako ea bona e fihla, hangata banana ha ba tsebe hore na ba sebetsane joang le maikutlo a fapa-fapaneng a tsamaisanang le ho ea khoeling.

Bo-nkhono, bo-ausi, le bo-’mè ka ho khetheha, ba ka thusa ka ho fana ka boitsebiso bo eketsehileng boo banana ba bo hlokang le ho ba tšehetsa maikutlong. Hangata banana ba nka bo-’mè ba bona e le bona mohloli oa bohlokoa ka ho fetisisa oa boitsebiso bo amanang le ho ea khoeling.

Ho thoe’ng ka bo-ntate? Banana ba bangata ba hlajoa ke lihlong ho bua le bona ka taba ea ho ea khoeling. Ba bang ba batla hore bo-ntate ba bona ba ba thuse ka tsela e sa tobang ka ho ba tšehetsa le ho ba utloisisa, athe ba bang ba khetha hore ho hang ba se amehe.

Lilemong tse mashome a seng makae a tsoa feta, linaheng tse ngata malapa a se nang bo-’mè a eketsehile.a Ka hona, bo-ntate ba eketsehileng ba tla tlameha ho tobana le phephetso ea ho ruta barali ba bona ka ho ea khoeling. Bo-ntate bana ba tla tlameha ho tseba lintlha tse itseng tsa motheo ka ho ea khoeling hammoho le ka liphetoho tse ling tseo barali ba bona ba bang le tsona ’meleng le maikutlong. Bo-ntate ba ka khetha ho kōpa bo-’mè ba bona kapa likhaitseli tsa bona hore ba ba fe keletso e sebetsang kapa li hle li ba thuse tabeng ena.

Nako e Loketseng ea ho Buisana le Morali

Linaheng tse tsoetseng pele indastering, tse kang United States, Korea Boroa le linaheng tse ling tsa Europe Bophirimela, ka karolelano banana ka tloaelo ba qala ho ea khoeling ha ba le pakeng tsa lilemo tse 12 le tse 13, le hoja ho ka etsahala hore ba bang ba qale ba sa le banyenyane ba le lilemo li 8 kapa ba liehe ho fihlela ba le lilemo li 16 kapa 17. Likarolong tse ling tsa Afrika le Asia, ka karolelano banana ba qala ho ea khoeling ba se ba le baholoanyane. Ka mohlala, Nigeria ka karolelano banana ba qala ba le lilemo li 15. Mabaka a fapa-fapaneng a kang lefutso, boemo ba lichelete, phepo, mesebetsi e etsoang le hore na sebaka se moo ho phahameng kapa che, li ka ama nako eo ngoanana a qalang ho ea khoeling ka eona.

Ho molemo ho qala ho buisana le morali oa hao le pele a qala ho ea khoeling. Ka hona, u lokela ho qala ho buisana le morali oa hao a sa le monyenyane ka liphetoho tse ba teng ’meleng le ka ho ea khoeling, mohlomong ha a le lilemo li ka bang robeli. U ka ’na ua nahana hore ke kapele haholo, empa ha morali oa hao a le pakeng tsa lilemo tse robeli le tse leshome, ho ka etsahala hore ebe ’mele oa hae o se o ntse o kena boroetsaneng ka lebaka la maro a ’mele a ntseng a eketseha. U tla hlokomela liphetoho tse bontšang hore o kena boroetsaneng, tse kang ho hlaha liola-molora le ho eketseha ha moriri ’meleng. Banana ba bangata ba hōla joalokaha eka baa nosetsoa (ba ba balelele ka potlako ’me baa nona) nakoana pele ba qala ho ea khoeling.

Mokhoa oa ho Qalisa Moqoqo

Hangata banana ba seng ba le haufi le ho qala ho ea khoeling ba laba-labela ho tseba hore na ba lebelle eng. Mohlomong ba utloile ha banana ba bang ba ntse ba bua ka taba ena sekolong. Ba na le lipotso, empa ba bangata ba thatafalloa ho fumana tsela e loketseng ea ho li botsa. E ka ’na eaba ba hlajoa ke lihlong ho bua ka taba ena.

Ho joalo le ka batsoali. Le hoja bo-’mè e le bona ba tšepetsoeng ho fana ka boitsebiso mabapi le ho ea khoeling, hangata ba ikutloa ba sa tšoanelehe ba bile ba sa phutholoha ho bua ka taba ena. Mohlomong le uena u ikutloa joalo. Joale u tla qalisa moqoqo le morali oa hao joang ka ho ea khoeling?

Banana ba ka tlaase ho lilemo tse 13, ba seng ba ka qala neng kapa neng ho ea khoeling, ba ka ’na ba utloisisa boitsebiso bo bonolo, bo tobileng. Boitsebiso boo bo ka akarelletsa hore na ka tloaelo ho ba matsatsing ho qala joang, hore na ho nka matsatsi a makae le hore na ho tsoa mali a makae. Ka hona, qalong ha u ruta ngoana ka ho ea khoeling, ho ka ’na ha e-ba molemo ho lebisa tlhokomelo tabeng ea hore na a ka sebetsana joang le boemo boo. Ho phaella moo, u ka ’na ua lokela ho araba lipotso tse kang: Ke tla ikutloa joang? kapa Ke lebelle eng?

Hamorao, u ka ’na ua batla ho tšohla hore na ho etsahala eng ’meleng ha motho a ile khoeling. Hangata u ka fumana boitsebiso bo rutang ho basebetsi ba tlhokomelo ea bophelokapa laebraring, kapa mabenkeleng a libuka. Boitsebiso bo joalo bo ka ba molemo ho hlaloseng lintho. Banana ba bang ba ka ’na ba khetha ho ipalla bona ba le bang. Ba bang ba ka ’na ba utloa ba lokoloha ha u bala boitsebiso bona le bona.

Khetha sebaka se khutsitseng bakeng sa ho qala moqoqo. Qala ka ho qoqa ka lintho tse tloaelehileng tse amanang le ho hōla le ho kena boroetsaneng. Mohlomong u ka re: “Ka letsatsi le leng u tl’o hlaheloa ke ntho e tloaelehileng e hlahelang ngoanana e mong le e mong. Ua tseba hore na ke efe?” Kapa ’mè a ka ’na a qala a bua ka eena, mohlomong a re: “Ha ke ne ke lekana le uena, ke ile ka ipotsa hore na ebe ho ba matsatsing ke ntho e joang. Re ne re bua ka hona le metsoalle ea ka sekolong. Na metsoalle ea hao e se e qalile ho bua ka hona?” Fumana hore na o se a tseba eng ka ho ea khoeling ’me u mo hlakisetse boitsebiso leha e le bofe bo fosahetseng boo a nang le bona. U lebelle hore lekhetlong la pele ha le bua, u ka ’na ua tlameha ho bua boholo ba nako kapa ea e-ba uena feela ea buang.

Kaha ha ho pelaelo hore le uena joaloka mosali u bile le lintho tse u tšoenyang le tseo u neng u ipotsa tsona ha u qala ho ea khoeling, u ka pheta phihlelo ea hao ha u bua ka taba ena. Ho ne ho hlokahala hore u tsebe eng? U ne u batla ho tseba eng? Ke boitsebiso bofe bo ileng ba u thusa? Leka ho fana ka pono e leka-lekaneng ka likarolo tse ntle le tse seng ntle tsa ho ea khoeling. Ikemisetse ho araba lipotso.

Thuto e Tsoelang Pele

Ho ruta ngoana ka ho ea khoeling e lokela ho ba taba e tsoelang pele, eseng eo ho buuoang ka eona hanngoe ebe ke phetho. Ha ho hlokahale hore u akarelletse boitsebiso bohle ka lekhetlo le le leng. Boitsebiso bo bongata haholo ka nako e le ’ngoe bo ka imela moralinyana oa hao. Bana ba ithuta lintho mohato ka mohato. Hape, ho ka ’na ha hlokahala hore u phete boitsebiso bo le bong maemong a sa tšoaneng. Ha banana ba ntse ba hōla, ba khona ho utloisisa boitsebiso bo bong bo eketsehileng.

Lebaka le leng ke hore maikutlo a banana ka ho ea khoeling aa fetoha ha ba ntse ba kena lilemong tsa bocha. Ka mor’a hore morali oa hao a tloaele ho ea khoeling, a ka ’na a ngongoreha ka lintho tse ling le ho ba le lipotso tse ling. Ka hona, u lokela ho tsoela pele u mo bolella boitsebiso bo eketsehileng le ho arabela lipotso tsa hae. Lebisa tlhokomelo ho seo e leng sa bohlokoa ka ho fetisisa le se loketseng bakeng sa lilemo tseo morali oa hao a leng ho tsona le hore na o utloisisa hakae.

Qalisa Moqoqo

Joale u tla etsa’ng haeba ho bonahala morali oa hao a sa thahaselle ho bua ka taba ee? E ka ’na eaba o leqe ho bua ka litaba tsa hae tsa botho. Kapa mohlomong e ka ’na eaba o hloka nako e lekaneng hore a tloaele sena, a tsebe ho ba le lipotso. A ka ba a u bolella hore o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a lokelang ho e tseba.

Phuputsong e ’ngoe e ileng ea etsoa bananeng ba ka bang lilemo li 11 United States, banana ba bangata ba ne ba inka ba se ba loketse mohla ba qalang ho ea khoeling. Leha ho le joalo, ha ba ntse ba botsoa ka ho eketsehileng, ho ile ha hlaka hore ba ne ba sa tsebe lintlha tsohle tse amehang le hore ba ne ba lumela likhopolo tse fosahetseng tse thehiloeng litloaelong tsa setso le linthong tseo batho ba inahanelang tsona. Ka hona, esita le haeba morali oa hao a re o se a loketse mohla a qalang ho ea khoeling, ho ntse ho hlokahala hore u buisane le eena ka hona.

Hangata ke uena motsoali ea lokelang ho qala moqoqo o seng mokae ka ho ea khoeling le ho ntšetsa pele puisano eo. Bona ruri ke boikarabelo ba hao joaloka motsoali. Ebang ha u bua le eena oa e ananela kapa ha a e batle, morali oa hao o hloka thuso ea hao. U ka ’na ua ikutloa u ferekane ebile u sa tšoanelehe, empa u se ke ua tela. E-ba le mamello. Ka mor’a nako, ha ho pelaelo hore morali oa hao o tla ananela bohlokoa ba boiteko ba hao.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Japane, palo ea malapa a se nang bo-’mè e phahame ka tsela e sa tloaelehang selemong sa 2003. United States, malapeng a mang le a mang a tšeletseng a motsoali a le mong, le le leng ke la ntate ea se nang mosali.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

Ho molemo ho buisana le morali oa hao le pele a qala ho ea khoeling

[Lebokose le leqepheng la 13]

KAMOO U KA BUANG LE MORALI OA HAO KATENG KA HO EA KHOELING

❖ Fumana pele hore na o se a tseba eng. Lokisa maikutlo a fosahetseng ao a nang le ’ona. Etsa bonnete ba hore uena le eena le fumana boitsebiso bo nepahetseng.

❖ Mo qoqele ka uena. U ka tšehetsa morali oa hao haholo maikutlong, e leng sona seo a se hlokang, ka hore u mo phetele se ileng sa u etsahalla ha u qala ho ea khoeling.

❖ Fana ka boitsebiso bo ka mo tsoelang molemo. Lipotso tse tloaelehileng tseo banana ba li botsang li akarelletsa tse kang: “Ke etse eng haeba linako tsa ka li ka fihla ke le sekolong?” “Ke lintho life tseo ke lokelang ho li sebelisa ha ke le matsatsing?” “Li sebelisoa joang?”

❖ Hlalosa se etsahalang ka mantsoe a bonolo. Hlalosetsa morali oa hao ho latela lilemo tsa hae le matla a hae a ho utloisisa.

❖ Tsoela pele ho mo ruta. Qala ho buisana le morali oa hao le pele a qala ho ea khoeling, ’me u tsoele pele ho bua ka hona ha ho hlokahala.

[Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]

E-ba ea utloisisang. Morali oa hao a ka ’na a ba leqe ho bua ka litaba tsa hae tsa botho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela