Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/06 maq. 25-27
  • Botle bo sa Tloaelehang ba Lirapa Tsa Setso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botle bo sa Tloaelehang ba Lirapa Tsa Setso
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moru o Monyenyane oa Tropike
  • Inke U le ka Serapeng Seo
  • Lerato la Rōna la Serapa
    Tsoha!—1997
  • Lijo Tse Tsoang Serapeng sa Hao
    Tsoha!—2003
  • Ho Lekola Tse Ling Tsa Lirapa Tse Tummeng
    Tsoha!—1997
  • Serapa se Setle
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 5/06 maq. 25-27

Botle bo sa Tloaelehang ba Lirapa Tsa Setso

KA MONGOLI OA TSOHA! GUADELOUPE

BA NE ba lula sebakeng se setle empa ba sa thabele botle ba sona. Ho tloha lilemong tsa bo-1800 ho ea pele, boo e ne e le boemo boo Maafrika a likete a neng a oetsoe ke bomalimabe ba ho nkoa ka sheshe linaheng tsa habo ’ona a isoa Guadeloupe le Martinique a neng a le ho bona. A ne a qeta bophelo bohle ba ’ona a sebetsa letsatsi lohle e le makhoba masimong a ’moba lihlekehlekeng tseo tsa Caribbean.

Beng ba masimo boholo, lihlekehlekeng tseo, ba ne ba sa fe makhoba lijo, kahoo makhoba a ne a itemela lirapa. A ne a se a ntse a imetsoe ke mosebetsi a sa hloke o mong, empa bonyane a ne a khona ho itemela lijalo tseo a li ratang. A ne a lema cassava, mofuta oa lipatata le lijalo tse ling tse latsoehang hamonate tse bileng li nang le phepo e ntle ho feta sejo leha e le sefe seo beng ba ’ona ba neng ba ka a fa sona. A ne a bile a lema litlama tse etsang meriana le linōko tse natefisang lijo.

Ka 1848 ’muso oa Fora o ile oa felisa bokhoba ka ho feletseng lihlekehlekeng tseo, empa baahi bao ba sa tsoa fumana tokoloho ba ’na ba tsoela pele ho itemela lirapa. Hona joale batho ba Guadeloupe le Martinique, bao ba bangata ba bona e leng litloholo tsa Maafrika ao a neng a sehla ka thata, ba ntse ba itemela seo kajeno se bitsoang lirapa tsa Secreole.

Moru o Monyenyane oa Tropike

Ho ne ho atisa hore ho be le lirapa tse peli malapeng a makhoba. Serapa sa meroho se ne se atisa ho ba thōkoana le ntlo. “Serapa se pel’a ntlo” (kapa, jardin de case kamoo se bitsoang kateng moo) se ne se e-ba haufi le ntlo, ’me le kajeno serapa sa Secreole se ntse se lengoa ka tsela eo. Serapa seo se ba le lipalesa tse ngata tse kopa-kopaneng, mohloa, lifate le lihlahla tse teteanang joaloka mofero oa moru oa tropike. Kaha hohle ho tletse limela, ha u qala ho se bona u ka ’na ua ba le maikutlo a hore se setle empa ha sea hlophiseha. Empa serapa sena se hlophisitsoe hantle se bile se arotsoe ka mahlopho. Se na le litselana tse lumellang mohlokomeli oa serapa ho ea limeleng tseo a li jetseng.

Serapa seo se qala ka mor’a ntlo se potele le eona ho ea fihla ka pele, moo se etsang sebaka se setle sa kamohelo ea baeti. Ha baeti ba fihla, ba lelapa ba ba amohela ba teetsoe hare ke limela tsa mefuta-futa tse hlahisang mebala e kang ea mookoli, lipalesa tsa li-golden-trumpet le makhasi a khanyang a semela se bitsoang bougainvillea le se bitsoang setima-mollo tse ikharang ka tse ling.

Litlama tse etsang meriana li lengoa likarolong tse ling tsa serapa sa Secreole, ’me li atisa ho lengoa tlas’a moriti oa ntlo. Tse ling tsa litlama tse lengoang lihlekehlekeng tseo tse sebelisetsoang ho phekola ke koena, sinamone, goatweed, setalane le hloenya. Serapeng seo ho boetse ho lengoa lemon grass, ’me makhasi a eona a chesitsoeng a thusa ho leleka menoang.

Batho ba bangata lihlekehlekeng tseo ba ananela tsebo eo ba nang le eona ka litlama tse etsang meriana. Hangata nakong e fetileng motho o ne a kula kapa a lemala, ngaka e le hōle. Kahoo batho ba ne ba khona ho iphekola ka litlama tse serapeng sa Secreole. Litlama tsena li ntse li sebelisoa e le meriana, empa ho iphekola ho ka ba kotsi. Haeba setlama se sebelisoa hampe se ka mpefatsa boemo ba mokuli le ho feta ho fapana le ho mo phekola. Kahoo, baahi ba lihlekehlekeng tseo kajeno ba batla phekolo ho ba koetliselitsoeng ho fana ka eona.

Karolo e khōlō ea serapa sa Secreole, e ka mor’a ntlo, e reretsoe ho lema lijalo tse jeoang. Karolong eo u tla fumana lipatata, li-eggplant, poone, spleen amaranth, lethise le limela tse ling hammoho le linōko tse natefisang lijo li lengoe haufi le lijalo tseo li li nōkang. Ho ka ’na ha lengoa lifate tsa banana, motho a ka ba a fumana lifate tse ling tse kang sa breadfruit, avocado, guava, kapa mango.

Inke U le ka Serapeng Seo

Ha u ntse u tsamaea haufi le serapa sa Secreole, u ka ’na ua hoheloa ke botle ba sona. Ha u se u le ka har’a sona, u ka ’na ua tsota tsela eo lithunthung le makhasi li hlophisehileng ka eona ha khanya ea letsatsi e toalatsa mebala ea tsona. Ka nako eo, moea o fokang hasesaane o tlisa le lephoka le monate leo le linkhisa-monate tse ka libotlolong li ke keng tsa e-ba le lona. Serapa seo se tla u khahla e le ruri, le hoja u le moeti ea iphetelang. Ak’u nahane feela thabo eo mong’a sona, ea se lemmeng, ea bileng a qetang nako a le har’a sona letsatsi le letsatsi, a bang le eona!

Na serapa sa Secreole se tla lula se le teng? Baahi ba bang ba lihlekehlekeng tseo ba tletleba ka hore bacha ha ba thahaselle ho ntšetsa pele moetlo oo o hohelang o bileng o ruisang molemo. Leha ho le joalo, bacha ba bangata le batho ba bang ba seng ba hōlile, ba ananela botle bo serapeng seo le se boleloang ke moetlo oo. Serapa se seng le se seng sa Secreole ke khopotso ea kamoo makhoba a Afrika a ileng a thula thaba ka phatla kateng ho ntlafatsa boemo ba ’ona.

[Lebokose le leqepheng la 27]

LENTSOE “CREOLE” LE BOLELA’NG?

Qalong lentsoe “Creole” le ne le bolela batho ba lesika le tsoang Europe ba hlahetseng Linaheng Tsa Amerika, empa hona joale le se le bolela lintho tse ngata tse sa tšoaneng. Batho ba bang ba Haiti ba sebelisa “Creole” ho hlalosa ntho leha e le efe e ntle ka tsela e hapang kapa ea boleng bo holimo. Lipuo tse ling tse buuoang Jamaica, Haiti le libakeng tse ling li bitsoa Secreole. Ha e le hantle, secreole ke fanakalo e seng e fetohile puo e buuoang ke batho ba moo.

“Secreole” se boetse se khetholla tsela e itseng eo batho ba bang ba phelang ka eona, tsela eo ka tloaelo batho ba hlahetseng lihlekehlekeng tse ngata tsa Caribbean ba etsang lintho ka eona. Puerto Rico le Dominican Republic, lentsoe la Sepanishe criollo le amanang le leo le na le moelelo o tšoanang. Litloholo tsa matsoalloa a lihlekehlekeng tsa Caribbean, e leng Maafrika le Maeurope li ile tsa kopa-kopana ’me tsa nyalana ha makholo a lilemo a ntse a feta, tsa ba le bana ba batle ’me tsa qapa meetlo e thahasellisang. Ke meetlo eo e entseng hore serapa sa Secreole se bitsoe ka tsela eo Guadeloupe le Martinique.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Litšoantšo tse ka hare (ho tloha ka holimo): “Alpinia,” pepere, phaenapole, “cacao” le kofi

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela