Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/06 maq. 3-4
  • Potso e Thata ka ho Fetisisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Potso e Thata ka ho Fetisisa
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pherekano ea Bolumeli
  • Bibele e Re’ng ka Likoluoa Tsa Tlhaho?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Likoluoa Tsa Tlhaho—Ke Hobane’ng ha li le Ngata Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na Molimo o Sebelisa Likoluoa Tsa Tlhaho ho Otla Batho Kajeno?
    Tsoha!—2012
  • Na Likoluoa Tsa Tlhaho ke Kotlo e Tsoang ho Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 11/06 maq. 3-4

Potso e Thata ka ho Fetisisa

“HOBANE’NG?” Ke ntho e otlang pelo ho hlokomela hore na ke bohloko le masisa-pelo a makaakang a ka tsamaisanang le lentsoe leo le bonolo hakana. Batho ba atisa ho botsa potso eo ka mor’a hore ba oeloe ke koluoa kapa ba hlaheloe ke tlokotsi: Leholiotsoana le puputla sebaka se seng, le baka mafu le tšenyo moo le fetileng. Tšisinyeho ea lefatše e siea motse e le lesupi. Ka mor’a tlhaselo ea bokhukhuni bophelo bo khutsitseng ba letsatsi le letsatsi bo fetoha bo tletseng tšabo le pefo. Kapa ka lebaka la kotsi motho eo re mo ratang o tsoa likotsi kapa oa shoa.

Se utloisang bohloko ke hore hangata liphofu li akarelletsa batho ba se nang molato ka ho fetisisa har’a rōna ba bileng ba sitoang ho itšireletsa. Morao tjena likoluoa tse joalo li eketsehile haholo, e leng ho etsang hore batho ba bangata ba hoeletse ba re ho Molimo, “Hobane’ng?” Nahana ka mehlala ena:

◼ “Ke hobane’ng ha u re etsa tjee Molimo? Re u khopisitse ka eng?” Mokhatlo oa litaba oa Reuters o tlalehile hore lipotso tsena li ile tsa botsoa ke mosali-moholo e mong oa India ka mor’a hore tšisinyeho ea lefatše e etsahalang leoatleng, e leng tsunami, e ripitle motse oa habo.

◼ “Molimo o ne a le kae? ’Me haeba Molimo ke eena ea laolang tsohle, ke hobane’ng ha a lumeletse see hore se etsahale?” Lipotso tsena li ile tsa botsoa ke koranta e ’ngoe ea Texas, U.S.A., ka mor’a hore monna ea hlometseng ka sethunya a thunye batho ka kerekeng ’me a bolaee barapeli ba ’maloa a be a ntše ba bang kotsi.

◼ “Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse hore a shoe?” Potso ena e ile ea botsoa ke mosali e mong ka mor’a hore lefu la kankere le bolaee motsoalle oa hae, ’me ebe monna oa mofu o tlameha ho sala a hōlisa bana ba bona ba bahlano.

Batho bana hase bona feela ba nahanang hore Molimo ke eena ea ikarabellang bakeng sa mathata a bona. Ho tea mohlala, mabapi le likoluoa tsa tlhaho, hoo e ka bang halofo ea batho ba ileng ba araba phuputsong e entsoeng ka Inthanete haufinyane tjena, ba lumela hore likoluoa tsa tlhaho tse kang maholiotsoana li tsoa ho Molimo. Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba ikutloa ka tsela eo?

Pherekano ea Bolumeli

Ho e-na le hore ba fane ka likarabo tse khotsofatsang, hangata baeta-pele ba bolumeli ba tlatsetsa pherekanong ena. A re ke re hlahlobeng tse tharo feela tsa likarabo tseo ba atisang ho fana ka tsona.

Ea pele, baeta-pele ba bolumeli ba bangata ba ruta hore Molimo o romela likoluoa ho otla batho ba tsoileng tseleng. Ho tea mohlala, ha leholiotsoana le bitsoang Katrina le ne le ripitla motse oa New Orleans, Louisiana, naheng ea United States, baruti ba bang ba ile ba bolela hore Molimo o ne a otlile motse oo. Ba ile ba bontša kamoo bobolu, ho becha le ho hlepha ha boitšoaro li neng li atile kateng motseng oo. Ba bang ba bile ba qotsa Bibele e le bopaki, ba bua ka nako eo ka eona Molimo a ileng a timetsa batho ba khopo ka moroallo kapa ka mollo. Leha ho le joalo, lipolelo tsa mofuta oo li hlahisa Bibele hampe.—Bona Lebokose le reng “Na ke Liketso Tsa Molimo?”

Ea bobeli, baruti ba bang ba bolela hore Molimo o na le mabaka a hae a ho baka litlokotsi tse hlahelang moloko oa batho empa re ke ke ra utloisisa mabaka ao. Batho ba bangata ba fumana maikutlo ao a sa khotsofatse. Ba ipotsa potso ena: ‘Na kannete Molimo ea lerato a ka etsa bokhopo bo bokaalo eaba ha a qeta o hana ho hlakisa ’nete ho batho ba lapetseng matšeliso, bao ka tieo ba mo botsang hore na “Hobane’ng?”’ Ka sebele, Bibele e re: “Molimo ke lerato.”—1 Johanne 4:8.

Ea boraro, baeta-pele ba bang ba bolumeli ba nahana hore mohlomong Molimo ha a matla ’ohle ebile ha a na lerato. Tlhaloso e joalo le eona e boetse e phahamisa lipotso tse tebileng. Ebe ea ‘bōpileng lintho tsohle’—ho akarelletsa le bokahohleng bo boholo bo ke keng ba lekanngoa—o hlōleha ho thibela mahlomola lefatšeng lee le le leng feela? (Tšenolo 4:11) Ke joang Ea re fileng matla a ho rata, eo Lentsoe la hae le mo hlalosang e le mohlala oa lerato, a ke keng a ameha ha batho ba utloa bohloko?—Genese 1:27; 1 Johanne 4:8.

Ho hlakile hore lintlha tsena tse tharo tse boletsoeng ka holimo ke tse ling feela tsa litsela tseo ka tsona batho ba lekang ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella ho utloa bohloko—e leng potso eo esale e qaka batho ba nahanang ka ho teba ka lilemo tse makholo. Sehloohong se latelang re tla tšohla hore na ke sefe se rutoang ke Bibele ka taba ena ea bohlokoa e bileng e tlileng ka nako. Joalokaha u tla hlokomela, tlhaloso ea Bibele e utloahalang, e bileng e nang le kelello e felisa pherekano. Ho feta moo, Bibele e fana ka matšeliso a maholo ho bohle ba oetsoeng ke litlokotsi bophelong.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]

Na ke Liketso Tsa Molimo?

Na Bibele e ruta hore Molimo ke eena ea bakang likoluoa tsa tlhaho tseo re li bonang kajeno? Le letho! Likahlolo tsa Molimo tse hlalosoang ka Bibeleng li fapane hōle le likoluoa tsa tlhaho. Ho tea mohlala, Molimo oa khetha; o bona se ka lipelong tsa batho ’me o timetsa feela bao a bonang ba le khopo. (Genese 18:23-32) Ho feta moo, Molimo o fana ka litemoso pele a liha kahlolo, e le hore a fe ba lokileng monyetla oa ho pholoha.

Ka lehlakoreng le leng, ha likoluoa tsa tlhaho li tla hlasela ho ka ’na ha e-ba le matšoao a seng makae feela kapa a e-ba sieo ho hang, hape lia bolaea ebile li holofatsa li sa khethe. Ka tsela e itseng, batho le bona ba mpefalitse likoluoa tse joalo le ho feta ka ho senya tikoloho le ka ho haha libakeng tse kotsing ea ho hlaseloa ke litšisinyeho tsa lefatše kapa likhohola, esita le moo ho atisang ho ba le maemo a mabe a leholimo.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

SENA VIDANAGAMA/AFP/Getty Images

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Baeta-pele ba bolumeli ba fane ka likarabo tsa mefuta-futa tse ferekanyang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela