Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 11/06 leq. 27
  • Tsa Mona le Mane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsa Mona le Mane
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ritsa ho Potlakang ha Lipokello Tsa Leqhoa
  • Likereke li Thoholetsa Darwin
  • Ho Hloka Botho Mosebetsing
  • Maloanlahla a Hasaneng Sebakeng se Seholo Leoatleng
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2006
  • Liphoofolo Tse Hlaha Lia Nyamela Lefatšeng
    Tsoha!—1997
  • Tsa Mona le Mane
    Tsoha!—2006
  • Ho Sebeletsa Joaloka Batšoasi ba Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 11/06 leq. 27

Tsa Mona le Mane

◼ Lefatšeng ka bophara, letsatsi ka leng ho lekoa ka makhetlo a limilione tse 5,7 ho qhekella batho ba sebelisang Inthanete.—MAGAZINE, SPAIN.

◼ “Selemo sa 2005 e bile sa borobeli lenane la batho ba ipolaeang ka selemo Japane le feta 30 000.” Japane ke e ’ngoe ea linaha tse nang le manane a holimo ka ho fetisisa lefatšeng.—MAINICHI DAILY NEWS, JAPANE.

◼ “Lilemong tse 500 tse fetileng, batho ba timelitse liphoofolo le limela tsa mefuta e 844 (kapa ba li timelitse libakeng tsa tsona tsa tlhaho).”—IUCN, WORLD CONSERVATION UNION, SWITZERLAND.

◼ Ho latela lipalo-palo tsa ’muso, batho ba etsang karolo ea 6 lekholong ba Brithani—banna le basali—ke basodoma. Molao o ileng oa emisoa ka 2005 “o lumella batho ba bong bo tšoanang hore ba ‘nyalane’” ’me o ba fa litokelo tse tšoanang le tsa banyalani ba tloaelehileng ba bong bo fapaneng.—THE DAILY TELEGRAPH, ENGELANE.

Ho Ritsa ho Potlakang ha Lipokello Tsa Leqhoa

Makasine ea Science ea tlaleha: “Lebelo leo lipokello tse ’maloa tse khōlō tsa leqhoa le aparetseng boholo ba Greenland li ritsang ka lona le ntse le eketseha.” Sathelaete e lekotseng boemo bona e bontša hore lilemong tse hlano tse fetileng, lipokello tsena tsa leqhoa tse Greenland li kopotse lebelo leo li ritsang ka lona ho ba lik’hilomithara tse fetang 12 ka selemo. Lilemong tse leshome tse fetileng, leqhoa le fokotsehileng lipokellong tsena le eketsehile ho tloha ho lik’hubiki-k’hilomithara tse 90 ho ea ho tse 220 ka selemo. Ka hona, bo-rasaense ba bolela hore “metsi a leoatle a tla phahama ho feta kamoo ho hakantsoeng kateng.”

Likereke li Thoholetsa Darwin

Likereke tsa “Bokreste” tse ka bang 450 United States li ile tsa keteka letsatsi la tsoalo la Charles Darwin la bo197 ka February 2006. Mokete oo o ne o akarelletsa “liketsahalo le lipuo tse neng li reretsoe ho totobatsa hore khopolo ea ho iphetola ha lintho ha e hanane le tumelo ’me Bakreste ha baa lokela ho khetha pakeng tsa bolumeli le saense.” Ho latela Chicago Tribune, Michael Zimmerman, setsebi sa baeloji ebile e le hlooho ea Lefapha la Bongoli ba Libuka le la Saense Univesithing ea Wisconsin-Oshkosh, e leng eena ea hlophisitseng mokete ona, o ile a re: “Ha ho hlokahale hore u khethe. U ka li amohela ka bobeli.”

Ho Hloka Botho Mosebetsing

The Wall Street Journal e re: “Ho hloka botho mosebetsing ho ka senyetsa k’hamphani nako, ha sitisa ba bang ho etsa boiteko le ho etsa seo ba ka se khonang.” Ho fumanehile hore bathong ba ka bang 3 000 bao ho buisanoeng le bona, ba etsang karolo ea 90 lekholong “ba ile ba tšoaroa hampe mosebetsing.” Halofo ea bona e itse e “sentse nako ea mosebetsi e ngongorehile ka ketsahalo eo,” “ba etsang karolo ea 25 lekholong ba fokotsa tsela eo ba sebetsang ka eona,” ’me a le mong ho ba bang le ba bang ba robeli o tlohela mosebetsi. Journal e re ho ea ka Christine Porath, moprofesa oa tsa bookameli Univesithing ea Southern California, “ho hulanya maoto mosebetsing, ho lofa esita le ho utsoa kaofela e ka ba matšoao a hore k’hamphani e na le bothata ba basebetsi ba hlokang botho.”

Maloanlahla a Hasaneng Sebakeng se Seholo Leoatleng

The Honolulu Advertiser e tlaleha hore mathoasong a 2006, maloanlahla a hasaneng sebakeng se seholo leoatleng a ile a ritsetsa lebōpong la Hawaii, a tlisa matlooa le lipolasetiki lebōpong la Sehlekehleke seo.” Maqhubu a sutuletsa boholo ba maloanlahla Pacific Leboea, karolong e khutsitseng ea leoatle leo, empa tlas’a maemo a itseng a leholimo, maloanlahla a hoholehela Hawaii. Ka 2005, “ho ile ha fumanoa maloanlahla a lintho tse fetang 2 000,” hammoho le matlooa a fetang 100. Litšila tsena li kotsi linthong tse phelang leoatleng. Charles Moore, mothehi oa Algalita Marine Research Foundation o re: “Ha e sa le eo taba ea hore ho sa na le litlhapi tse sa silafatsoang ke lik’hemik’hale. Kaofela li ja likotoana tsa lipolasetiki.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela