“Na U Keteka Letsatsi la Bo-nkhono?”
E NE e le hoseng ho batang ha mariha. Ngoanana e mong ea lilemo li 16 oa Poland ea bitsoang Natalia, o ne a emetse terene ha baqolotsi ba babeli ba litaba ba koranta e ’ngoe ea moo ba tla ho eena ’me ba mo botsa ba re, “Na u keteka Letsatsi la Bo-nkhono?”
Poland, Letsatsi la Bo-nkhono, Letsatsi la Bo-ntate-moholo, Letsatsi la Bo-’mè, Letsatsi la Basali le Letsatsi la Matichere ke matsatsi a khethehileng kaofela. Ka tloaelo bana ba banyenyane ba keteka Letsatsi la Bo-nkhono le la Bo-ntate-moholo ka ho ba etsetsa likarete, ha ba baholoanyane bona ba fa bo-nkhono le bo-ntate-moholo limpho kapa lipalesa.
Qalong, Natalia ha aa ka a tseba hore na a re’ng ha a araba potso eo. Empa ka mor’a ho rapella ka pelong, o ile a re ho baqolotsi bao ba litaba, “Ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me ha ke keteke Letsatsi la Bo-nkhono.” Baqolotsi bao ba litaba ba ile ba bonahala ba makalitsoe ke seo. Natalia a ntan’o bososela ’me a re: “Ke lula le Nkhono, kahoo ke khona ho mo tlisetsa lipalesa, ho bua le eena le ho leboha mosa oo a o bontšang letsatsi le leng le le leng. Ke hobane’ng ha ke lokela ho mo hlompha hang feela selemong?”
Mantsoe ao a bontšang ho nahanela a ile a khahla baqolotsi ba litaba, joalokaha le uena a ka ’na a u khahla. Ka le hlahlamang, koranta ea hoseng e ne e hlahisitse mantsoe ao a Natalia le foto ea hae.
Na mohlala oo ha o etse hore u ipotse hore na le uena u ka khona ho hlalosa mabaka a seo u se lumelang le boitšoaro ba hao, haholo-holo ha u botsoa u sa lebella? Barapeli ba ’nete ba Molimo ba lakatsa ho mo tlotlisa ka ho lula ba loketse ho hlalosa mabaka a seo ba se lumelang le ka ho ithaopela ho etsa seo neng le neng ha ho khoneha.—1 Petrose 3:15.