Na Saense e Tla Phekola ho Kula Lefatšeng?
NA SAENSE ea kajeno e tla phekola ho kula lefatšeng? Na boprofeta ba Bibele bo ho Esaia le ho Tšenolo bo bua ka nako eo motho a tla etsa hore ho se be le ho kula lefatšeng? Ka lebaka la lintho tse ngata tse finyeletsoeng tlhokomelong ea bophelo bo botle, ba bang ba nahana hore seo se ka ’na sa etsahala.
Hona joale mebuso le mekhatlo e fanang ka lithuso e tšoarisane ka thata le Machaba a Kopaneng letšolong leo ho seng le kileng la tšoana le lona la ho loantša maloetse. Ho etsoa boiteko bo kopanetsoeng ba ho enta bana ho thibela mafu linaheng tse hulang ka thata moruong. Ho ea ka Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana, haeba linaha li finyella lipakane tsa tsona, “ka 2015, bana ba fetang limilione tse 70 ba phelang linaheng tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng ba tla fuoa ente e ba sireletsang maloetseng a latelang selemo le selemo: lefuba, ’metso o mosoeu, ho satalla ha mesifa ea mehlahare, mokhokhothoane, maselese, maselese e bitsoang rubella, feberu e tšehla, ho ba le bothata ba haemophilus influenzae type B, pholio, letšollo le lehlatso, nyumonia, meningitis le ho ruruha ha boko.” Ho boetse ho etsoa boiteko ba ho fana ka lintho tsa motheo tse hlokahalang bakeng sa bophelo bo botle ’meleng, tse joaloka ho ba le metsi a lekaneng a hloekileng, phepo e ntlafetseng le ho ruta batho ka bohloeki ba ’mele.
Leha ho le joalo, bo-rasaense ha ba lakatse ho fana feela ka lintho tsa motheo tsa tlhokomelo ea bophelo. Theknoloji ea sejoale-joale e fetola tšebetso ea bongaka ka ho feletseng. Ho ’nile ha boleloa hore lilemong tse ling le tse ling tse robeli, tsebo eo bo-rasaense ba nang le eona e imena habeli. Mehlala e latelang e mpa e le e meng feela ea tsoelo-pele eo theknoloji e e finyeletseng ho loantšeng maloetse le seo e rerang ho se finyella.
◼ Seipone sa X-ray Lingaka le lipetlele li qetile lilemo tse fetang 30 li sebelisa mochine o tsejoang ka hore ke CT o hlahisang litšoantšo tsa litho tse ka hare tsa ’mele. CT ke khutsufatso ea computed tomography. Mechine ea CT e hlahisa litšoantšo tsa X-ray tse bontšang mahlakore a mararo a litho tsa rōna tse ka hare tsa ’mele. Litšoantšo tsena li thusa lingaka ho fumana hore na motho o tšoeroe ke lefu lefe le ho hlahloba se sa tloaelehang lithong tse ka hare tsa ’mele.
Le hoja ho e-na le ho phehisana ho itseng ka likotsi tse amahanngoang le ho sebelisoa ha mahlaseli, litsebi tsa bongaka li tšepa hore theknoloji ena e tsoetseng pele e tla tlisa melemo e itseng nakong e tlang. Michael Vannier, eo e leng moprofesa oa thuto ea tšebetso ea mahlaseli Univesithing ea Sepetlele sa Chicago, o re: “Tsoelo-pele e finyeletsoeng lilemong tse seng kae feela tse fetileng, e ka u tsekelisa hlooho.”
Hona joale mechine ea CT e sebetsa ka potlako, e nepa le ho feta ebile ha e sa bitsa hakaalo. Ho na le molemo o moholo o tlisoang ke lebelo leo mechine ena e mecha e lekolang litho tse ka hare tsa ’mele ka lona. Sena ke sa bohlokoa ka ho khetheha ha ho lekoloa pelo. Kaha pelo e lula e otla, litšoantšo tse ngata tsa X-ray li ne li tsoa li le lerootho, e leng ho neng ho etsa hore ho be thata ho li hlahloba ka nepo. Joalokaha makasine ea New Scientist e hlalosa, mechine ena e mecha e nka “feela karolo ea ’ngoe borarong ea motsotsoana ho potoloha ’mele, e lebelo ho feta ho otla ha pelo,” kahoo e hlahisa litšoantšo tse hlakileng le ho feta.
Ka mechine ena ea sejoale-joale, lingaka li khona ho bona sebōpeho sa litho tse ka hare tsa ’mele esita le ho hlahloba tsela eo likarolo tse itseng tsa ’mele li sebetsang ka eona. Ho sebelisa mechine ena ho ka ’na ha li nolofalletsa hore li fumane kankere e sa qala.
◼ Roboto e buoang Lefapheng la bongaka, liroboto tse tsoetseng pele ha e sa le taba ea saense e iqapetsoeng feela. Hona joale, batho ba likete ba se ba buuoa ho sebelisoa liroboto. Maemong a mang, lingaka li sebelisa remote control ha li buoa motho ho tsamaisa matsoho a ’maloa a roboto. Matsoho ana a na le mahare, likere, lik’hamera, litšepe tse chesang le lintho tse ling tse sebelisoang ha ho buuoa batho. Theknoloji ena e thusa lingaka ho etsa liopereishene tse rarahaneng haholo ka ho li nepa botsekeng. Makasine ea Newsweek e tlaleha hore “lingaka tse sebelisang mokhoa ona li fumane hore bakuli ba lahleheloa ke mali a fokolang ebile ha ba opeloe haholo, o fokotsa monyetla oa hore ho be le mathata a itseng ka mor’a ho sebetsoa, o khutsufatsa nako eo bakuli ba e qetang sepetlele ebile o etsa hore ba hlaphoheloe kapele ho feta bakuli ba buuoeng ka thipa.”
◼ Nanomedicine Ke theknoloji ea mechine e menyenyane haholo e sebelisoang lefapheng la bongaka. Theknoloji ea mechine ena e menyenyane haholo ke saense e qapang lintho tse nyenyane haholo le ho li sebelisa. Tekanyo ea lipalo e sebelisoang theknolojing ena e bitsoa nanometer, e leng karoloana e le ’ngoe ho tse limilione tse sekete mithareng.a
Ho hlakisa hore na palo ena e nyenyane hakae, leqephe lena leo u ntseng u le bala le botenya ba li-nanometer tse ka bang 100 000, athe qōba ea moriri oa motho eona e ka ba tse 80 000. Bophara ba sele e khubelu ea mali e ka ba li-nanometer tse 2 500. Baktheria e ka ba li-nanometer tse 1 000 ka bolelele, ’me vaerase eona ea e-ba tse ka bang 100. DNA ea hao e ka ba li-nanometer tse 2,5 ka bophara.
Ba buellang theknoloji ena ba lumela hore haufinyane, bo-rasaense ba tla khona ho etsa mechine e menyenyane e tla kenngoa ’meleng oa motho ka morero oa ho etsa mesebetsi e itseng ea phekolo. Liroboto tsena tse nyenyane haholo li tla kenngoa lik’homphieutha tse nyenyane tse nang le litaelo tse tobileng. Ho makatsang ke hore mechine ena e batlang e rarahane e tla be e hahiloe hore e be ka tlaase ho li-nanometer tse 100 ka boholo. Ke hore e bophara bo ka tlaase ho ba sele e khubeli ea mali ka makhetlo a 25!
Ka lebaka la bonyenyane ba eona, ho tšeptjoa hore ka le leng mechine ena e menyenyane e tla khona ho tsamaea ka methapong ea mali le ho isa oksijene liseleng tse haelloang ke mali, ho kibolla methapo ea mali le ho tlosa lintho tse pakellanang liseleng tsa boko, esita le ho tsoma le ho bolaea livaerase, libaktheria le lintho tse ling tse bakang maloetse a tšoaetsanoang. Mechine ena e menyenyane haholo e ka boetse ea sebelisetsoa ho isa meriana ka ho toba liseleng tse nang le bothata.
Bo-rasaense ba noha hore nanomedicine e tla ntlafatsa mokhoa oa ho fumana kankere. Dr. Samuel Wickline, moprofesa oa tsa bongaka, fisiks le boenjiniere ba bongaka linthong tse phelang, o ile a re: “Ho na le menyetla e mengata ho feta leha e le neng pele ea ho fumana kankere kapele le hona e sa le nyenyane haholo le oa ho phekola feela karolo eo hlahala e metseng ho eona ka meriana e matla, ha ka nako e tšoanang ho fokotsoa likotsi tse ka ’nang tsa hlahisoa ke phekolo.”
Le hoja sena se ka ’na sa utloahala eka ke ntho feela tjee eo ho lakatsoang eka e ka etsahala, bo-rasaense ba bang ba kholisehile hore nanomedicine e tla fela e be teng. Bafuputsi ba eteletseng pele lefapheng lena ba lebeletse hore lilemong tse leshome tse tlang, ho tla sebelisoa theknoloji ea mechine e menyenyane haholo ho lokisa le ho hlophisa bocha limolek’hule tse liseleng tse phelang. ’Muelli e mong oa eona o re: “Nanomedicine e tla felisa hoo e batlang e le maloetse ’ohle a tloaelehileng a lekholo la bo20 la lilemo, hoo e batlang e le bohloko le mahlaba ’ohle a tlisoang ke ho kula, ’me e lumelle hore bokhoni ba batho bo hōle.” Esita le hona joale, bo-rasaense ba bang ba tlaleha hore ba atlehile ho sebelisa nanomedicine liphoofolong tse hlahlojoang ka laboratoring.
◼ Genomics Ho ithuta ka sebōpeho sa liphatsa tsa lefutso ho tsejoa ka hore ke genomics. Sele e ’ngoe le e ’ngoe ’meleng oa motho e na le likarolo tse ngata tse hlokahalang bophelong. E ’ngoe ea likarolo tseo ke phatsa ea lefutso. E mong le e mong oa rōna o na le liphatsa tsa lefutso tse ka bang 35 000 tse khethollang ’mala le boleng ba moriri, ’mala oa letlalo le oa mahlo, bolelele le litšobotsi tse ling tsa ponahalo ea motho. Liphatsa tsa rōna tsa lefutso li boetse li phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea boleng ba litho tsa rōna tse ka hare tsa ’mele.
Ha liphatsa tsa rōna tsa lefutso li senyehile, li ka ama bophelo ba rōna bo botle ’meleng. Ha e le hantle, bafuputsi ba bang ba lumela hore maloetse ’ohle a bakoa ke ho se sebetse hantle ha liphatsa tsa lefutso. Liphatsa tse ling tsa lefutso tse nang le bofokoli bo itseng re li futsa ho batsoali ba rōna. Tse ling li senngoa ke ho pepesehela lintho tse kotsi tikolohong ea rōna.
Bo-rasaense ba tšepa hore haufinyane ba tla khona ho khetholla liphatsa tsa lefutso tse ka ’nang tsa etsa hore re qetelle re e-na le maloetse a itseng. Sena se tla thusa lingaka hore li utloisise hore na ke hobane’ng, ka mohlala, ha batho ba bang ba le kotsing ea ho tšoaroa ke kankere ho feta ba bang kapa hore na ke hobane’ng ha mofuta o itseng oa kankere o tšoara batho ba itseng haholo ho feta ba bang. Genomics e ka ’na ea senola le hore na ke hobane’ng ha moriana o itseng o thusa bakuli ba bang ho feta ba bang.
Boitsebiso boo bo tobileng ba liphatsa tsa lefutso bo ka ’na ba hlahisa se bitsoang hore ke phekolo e reretsoeng motho ka mong ka ho toba. Theknoloji ee e ka ’na ea u tsoela molemo joang? Khopolo ea phekolo e reretsoeng motho ka mong ka ho toba e fana ka maikutlo a hore phekolo e ka fanoa ka tsela e lumellanang le litšobotsi tse ikhethang tsa liphatsa tsa hao tsa lefutso. Ka mohlala, haeba ha ho hlahlojoa liphatsa tsa hao tsa lefutso ho fumaneha hore u ka ’na ua tšoaroa ke lefu le itseng, lingaka li ka khona ho fumana lefu leo le pele matšoao a lona a hlahella. Ba e buellang ba re haeba motho a e-s’o qale ho kula, ho fumana phekolo le ho ja ka tsela e nepahetseng hammoho le ho etsa lintho ka tsela e fapaneng ho ka ba ha thibela boloetse boo ka ho feletseng.
Liphatsa tsa hao tsa lefutso li ka ba tsa hlokomelisa lingaka hore meriana e itseng e ka ’na ea se ke ea u tšoara hantle. Boitsebiso bona bo ka ’na ba nolofalletsa lingaka ho fana ka mefuta e nepahetseng ea meriana le ho tseba hore na ho hlokahala u e sebelise hakae. The Boston Globe e re: “E ka ’na eaba ka 2020, [tšebeliso ea phekolo e reretsoeng motho ka mong ka ho toba] e tla be e sebetsa haholo ho feta kamoo leha e le mang oa rōna a nahanang kateng kajeno. Ho tla etsoa litlhare tse ncha tse entsoeng ho latela liphatsa tsa lefutso bakeng sa lefu la tsoekere, boloetse ba pelo, lefu la Alzheimer, lefu la kelello le maloetse a mang a mangata a atileng kajeno.”
Lintho tse boletsoeng ka holimo tsa theknoloji e mpa e le mehlala feela ea seo saense e tšepisang ho se etsa nakong e tlang. Tsebo ea bongaka e hatela pele ka tsela e ikhethang. Empa bo-rasaense ha ba nahane hore ba haufi le ho felisa ho kula ka ho feletseng. Ho sa na le litšitiso tse ngata tseo ho sa bonahaleng eka li ka hlōloa.
Litšitiso Tseo ho sa Bonahaleng Eka li ka Hlōloa
Boitšoaro ba batho bo ka ’na ba liehisa khatelo-pele e etsoang tabeng ea ho felisa maloetse. Ka mohlala, bo-rasaense ba lumela hore tšenyo eo batho ba e entseng tikolohong ea lintho tse ling tse phelang e hlahisitse maloetse a macha a bileng a leng kotsi. Puisanong le ba makasine ea Newsweek, Mary Pearl, eo e leng mopresidente oa Wildlife Trust, o ile a re: “Ho tloha lilemong tsa bo-1975, ho hlahile maloetse a mang a macha a fetang 30, ho akarelletsa AIDS, Ebola, boloetse ba Lyme le ba SARS. Boholo ba ’ona ho lumeloa hore a fetetse bathong a tsoa liphoofolong tse hlaha.”
Ho feta moo, batho ha ba sa ja meroho le litholoana joaloka pele, ba se ba ja lijo tse nang le tsoekere, letsoai le tse mafura haholo. Boemo bona ha bo kopanngoa le taba ea hore ha ba sa etsa mesebetsi e hlokang matla, hammoho le litloaelo tse ling tse behang bophelo kotsing, bo etsa hore ba bangata ba tšoaroe ke lefu la pelo. Ho tsuba ho atile, e leng ho kulisang le ho bolaea batho ba limilione lefatšeng ka bophara. Selemo le selemo batho ba ka bang limilione tse 20 ba tsoa likotsi tse mpe kapa ba shoa likotsing tsa likoloi. Ntoa le liketso tse ling tsa pefo li bolaea le ho holofatsa batho ba bang ba bangata. Ba bang ba limilione ba kulisoa ke lino tse tahang kapa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi.
Taba ke hore ho sa tsotellehe sesosa, esita le tsoelo-pele eohle e entsoeng theknolojing ea bongaka, maloetse a ntse a haketse. Ho ea ka Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO), ‘batho ba fetang limilione tse 150 ba ba le bothata ba ho tetebela maikutlo ka nako e ’ngoe bophelong, ba ka bang limilione tse 25 ba tšoeroe ke lefu la kelello, ’me ba limilione tse 38 ba na le lefu la ho shoa sethoathoa.’ Batho ba limilione ba tšoaetsoa HIV/AIDS, letšollo, malaria, maselese, nyumonia le lefuba, ’me maloetse ana a bolaea bana le batho ba lilemong tsa ho tiea ba se nang palo.
Ho na le litšitiso tse ling hape tse sa bonahaleng eka li tla hlōloa tse sitisang maloetse hore a fele. Bofutsana le tsamaiso e mpe ea puso ke litšitiso tse peli tse khōlō. Tlalehong e ’ngoe ea morao tjena, WHO e boletse hore batho ba limilione ba bolaoang ke maloetse a tšoaetsanoang ba ne ba ka thusoa ha e ne e se ka lebaka la ho hlōleha ha mebuso le ho haella ha lichelete.
Na tsebo ea saense le lintlafatso tse babatsehang theknolojing ea bongaka li tla thusa ho hlōla litšitiso tsee? Na haufinyane re tla bona lefatše le se nang ho kula? Ke ’nete hore lintlha tse hlalositsoeng ka holimo ha li fane ka karabo e tobileng. Empa Bibele e araba potso ena ka ho toba. Sehlooho se latelang se tla tšohla hore na Bibele e re’ng ka tebello ea nako eo ho kula ho tla beng ho se ho le sieo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe la Segerike “nano,” le sebelisoang e le sehlomathiso se bolelang ntho e nyenyane haholo, le bolela “karoloana e le ’ngoe ho tse limilione tse sekete.”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Seipone sa X-ray
Litšoantšo tse hlakileng, tse nepahetseng le ho feta tsa ’mele oa motho li ka ’na tsa thusa ho etsa hore boloetse bo fumanoe bo sa qala
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
© Philips
Siemens AG
Roboto e buoang
Liroboto tse nang le thepa ea ho buoa li thusa lingaka ho etsa liopereishene tse rarahaneng haholo ka ho li nepa botsekeng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© 2006 Intuitive Surgical, Inc.
Nanomedicine
Mechine e menyenyane eo batho ba e entseng e ka ’na ea nolofalletsa lingaka ho phekola lisele tse kulang feela. Setšoantšo sena se bontša kamoo ho nahanoang hore mechine e monyenyane haholo, e tla sebetsa ho tšoana le lisele tse khubelu tsa mali, e tlang ho ba kateng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Artist: Vik Olliver (vik@diamondage.co.nz)/Designer: Robert Freitas
Genomics
Ka ho ithuta sebōpeho sa liphatsa tsa motho tsa lefutso, bo-rasaense ba tšepa hore ba tla hlokomela boloetse le ho bo phekola esita le pele mokuli a hlokomela matšoao a bona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Chromosomes: © Phanie/Photo Researchers, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 8, 9]
Lira Tse Tšeletseng Tse sa Hlōloeng
Tsebo ea tsa bongaka le theknoloji e amanang le eona e ntse e ntlafala ho feta leha e le neng pele. Leha ho le joalo, seoa sa maloetse a tšoaetsanoang se haketse ’me se etsa mofela. Maloetse a bolaeang a kang a thathamisitsoeng ka tlaase mona a ntse a e-s’o ka a hlōloa.
HIV/AIDS
Batho ba ka bang limilione tse 60 ba na le tšoaetso ea HIV, ’me ba ka bang limilione tse 20 ba bolailoe ke AIDS. Ka 2005 batho ba bang ba limilione tse hlano ba ile ba fumana tšoaetso ’me ba fetang limilione tse tharo ba bolaoa ke maloetse a tsamaisanang le AIDS. Bathong bao, ba fetang 500 000 ke bana. Boholo ba batho ba nang le HIV ha ba khone ho fumana phekolo e lekaneng.
Letšollo
Letšollo le hlaselang batho ba ka bang limilione tse likete tse ’nè selemo le selemo, le hlalosoa e le sesosa se ka sehloohong se bolaeang batho ba kojoana li mahetleng. Le bakoa ke maloetse a tšoaetsanoang a ka jaloang ke metsi kapa lijo tse silafetseng kapa ho se hloeke ’meleng. Maloetse ana a bolaea batho ba fetang limilione tse peli selemo le selemo.
Malaria
Selemo le selemo batho ba ka bang limilione tse 300 ba tšoaroa ke malaria. E bolaea ba ka bang milione selemo le selemo, bongata ba bona ke bana. Afrika, malaria e bolaea ngoana a le mong hoo e ka bang ka metsotsoana e meng le e meng e 30. Ho latela Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO), “saense e ntse e e-s’o fumanele malaria setlhare seo ho ka thoeng ke boshoa-bo-tšoere ’me ebile ha ho na tšepo ea hore se tla ke se be teng.”
Maselese
Ka 2003, maselese e bolaile batho ba fetang 500- 000. Maselese eo e leng sesosa se ka sehloohong sa lefu baneng, e tšoaetsanoa habonolo. Selemo le selemo batho ba ka bang limilione tse 30 ba tšoaetsoa maselese. Ho makatsang ke hore ente e khonang ho thibela maselese e bileng e sa bitseng hakaalo e fumanehile lilemong tse 40 tse fetileng.
Nyumonia
WHO e re nyumonia e bolaea bana ba bangata ho feta boloetse leha e le bofe bo bong bo tšoaetsanoang. Selemo le selemo nyumonia e bolaea bana ba ka bang limilione tse peli ba ka tlaase ho lilemo tse hlano. Boholo ba batho bao e ba bolaeang, ke ba Afrika le Asia Boroa-bochabela. Libakeng tse ngata tsa lefatše, ho haella ha litsi tsa tlhokomelo ea bophelo ho sitisa batho ba tšoeroeng ke nyumonia hore ba fumane phekolo e ka ba thusang.
Lefuba
Ka 2003, lefuba (TB) le bolaile batho ba fetang 1 700- 000. Se tšoenyang ba boholong ho tsa tlhokomelo ea bophelo ke likokoana-hloko tsa TB tse setlelang litlhareng. Likokoana-hloko tse ling ha li sa phekoleha ka litlhare tsohle tse ka sehloohong tse loantšang TB. Likokoana-hloko tsena tsa TB tse setlelang litlhareng li ba teng bakuling ba sa noeng litlhare hantle kapa ba sa li qeteng.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
Mefuta e Meng ea Phekolo ea Ata
Ho na le mekhoa e mengata ea phekolo eo lingaka tsa sekhooa li sa e amoheleng ka ho feletseng. Mekhoa ena e tloaelehile ka hore ke ea setso le mekhoa e meng ea phekolo. Batho ba bangata linaheng tse hulang ka thata moruong ba ea lingakeng tsa setso ha ba batla phekolo. Libakeng tse futsanehileng ba bangata ha ba na chelete ea ho ea lingakeng tsa sekhooa, ha ba bang bona ba mpa ba khetha phekolo ea setso.
Mekhoa e meng ea phekolo e atile le linaheng tse ruileng. Har’a mefuta e tloaelehileng ea mekhoa e meng ea phekolo ke oa ho hlaba motho ka linalete, ho silila mesifa le masapo, homeopathy, naturopathy le ho phekola ka litlama. E meng ea mekhoa ena e hlahlobiloe ka saense ’me ha fumaneha hore e thusa maemong a itseng. Empa ha ho e-s’o tsebahale hore na mekhoa e meng eona e atleha hakae. Ho ata ha mekhoa e meng ea phekolo ho hlahisa taba ea hore na e sireletsehile hakae. Linaheng tse ngata ha ho letho le laolang mekhoa eo ea phekolo. Sena se ka ’na sa etsa hore batho ba bang ba intše kotsi ha ba ikalafa, ba bang ba hlahise lisebelisoa tsa maiketsetso ’me ba bang ba qhekelloe. Le hoja e ka ’na eaba ba etsa seo ka sepheo se setle, metsoalle le beng ka motho ba se nang koetliso e lekaneng ba ka iketsa lingaka. Lintho tsena kaofela li feletse ka ho hlahisa mathata le ho beha bophelo ba batho kotsing.
Linaheng tse ’maloa tseo mekhoa e meng ea phekolo e nang le melao e e laolang, e ea e ntse e amoheleha lingakeng tsa sekhooa ’me lia e sebelisa. Leha ho le joalo, ha ho bonahale eka ho na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore mekhoa ena e tla tlisa lefatše le se nang ho kula.