Svalbard—Sebaka sa Mabōpo a Batang a Leoatle
KA MONGOLI OA TSOHA! NORWAY
SEFOFANE seo re se palameng se ka har’a leru le teteaneng, ha ho letho leo re le bonang. Kapele re iphumana re tsoile lerung leo ’me tlaase mane ho bonahala naha e apesitsoeng ke lehloa. Ke pono e ntle ka tsela e hlollang! Ka ho tsota hohle re bona lipokello tsa leqhoa, likou tse ’mala o boputsoa bo hlakileng le lithaba tse tšoeu toa! Hohle ho fihlela moo mahlo a rōna a fellang teng ho namme thota e apereng lehloa le leqhoa. Sebaka sena se bitsoa Svalbard, e leng sehlopha sa lihlekehleke tse haufi le North Pole, pakeng tsa likhato tse 74 le tse 81 ka leboea ho equator, ’me re etetse ho sona!
Lebitso Svalbard, le bolelang “Lebōpo le Batang la Leoatle,” le hlahile ka lekhetlo la pele litlalehong tsa histori tsa Iceland ka 1194. Empa “ho sibolloa” ha sebaka sena lilemo tse 400 hamorao, ka 1596, ke hona ho ileng ha etsa hore Svalbard e tsebahale lefatšeng. Selemong seo, sehlopha sa bafuputsi ba Madache se neng se eteletsoe pele ke Willem Barents se ne se tsamaea ka likepe se lebile leboea ha tlhoeli ea sehlopha e bonela hōjana sebaka se sa tsejoeng, se nang le mokoloko oa lithaba tse matsaranka. Bafuputsi bana ba ne ba fihlile karolong e ka leboea-bophirimela ea Svalbard, eo Barents a ileng a e reha “Spitsbergen,” e bolelang “Lithaba Tse Motsu.” Hona joale leo ke lebitso la sehlekehleke se seholo ka ho fetisisa sehlopheng sena sa lihlekehleke. Se sibolotsoeng ke Barents se ile sa betla tsela ea hore ho etsahale lintho tse ngata sebakeng sena sa Svalbard, ho akarelletsa ho tšoasa maruarua le liqibi, ho cheha liphoofolo tse ling hammoho le ho fuputsa libaka, ’me qetellong ha buloa merafo ea mashala, ha etsoa lipatlisiso tsa saense ’me ha qalisoa khoebo ea bohahlauli. Ho theosa le lilemo linaha tse ’maloa li ’nile tsa kenya letsoho mesebetsing ena, empa ho tloha ka 1925 sehlopha sa lihlekehleke tsena se ’nile sa e-ba tlas’a puso ea Norway.
Sebaka sa Mobu o Lulang o le Leqhoa le sa Mafube
Sefofane sa rōna se theohela mochophorong o leqhoa ’me se lula Boema-fofane ba Svalbard. Re hira koloi ’me re leba Longyearbyen, sebaka se reheletsoeng ka ramerafo oa Moamerika ea hlomphehang ea bitsoang John M. Longyear, ea ileng a bula morafo oa pele oa mashala sebakeng sena ka 1906. Longyearbyen ke motse o moholo ka ho fetisisa Svalbard, o nang le baahi ba ka bang 2 000. Sebakeng sena se seholohali se batlang se ntse se le boemong ba sona ba tlhaho, re fumana motse oa sejoale-joale o nang le lintho tse tloaelehileng tse kang suphamakete, ofisi ea poso, banka, laebrari ea sechaba, likolo, likereche, lihotele, lik’hefi le lireschorente, sepetlele le moo ho hatisetsoang teng koranta ea moo. Longyearbyen ke oona motse o nang le baahi ba bakaalo o haufi le ntlha e ka leboea ho feta e meng eohle, o likhato tse fetang tse 78 ho tloha ntlheng eo.
Re fumana bolulo ntlong ea baeti eo pele e neng e le karolo ea likamore tse lulang basebetsi ba morafong oa mashala. E sebakeng se phahametseng Longyearbyen, ’me e shebane le thaba e khōlō ea Hiorthfjellet. Ke October ’me lithaba li re toa! ke lehloa. Tlaase phuleng lehloa ha lea koahela, empa mobu o letse qhoqhoane. Sena ke sebaka sa mobu o lulang o le leqhoa. Ha e le hlabula, ke mobu o ka holimo feela o qhibilihang nakoana e itseng. Leha ho le joalo, ka lebaka la meea e fokang hantle le maqhubu a leoatle, boemo ba leholimo bo batla bo le botle mona ha bo bapisoa le libakeng tse ling tse haufi. Ha re le moo re fihletseng teng, re bona khanya ea letsatsi le chabetseng lithabeng, ha phula eona e le moriting o ’mala o batlang o le moputsoa. Ho tloha ka la 26 October ho fihlela ka la 16 February, letsatsi ha le chabele Longyearbyen. Empa hangata mafube a lona a khantša lefifi la mariha. Ka lehlakoreng le leng, likhoeling tsa selemo le tsa lehlabula, letsatsi le chaba har’a mp’a bosiu Svalbard, ’me Longyearbyen teng sena se etsahala ho tloha ka la 20 April ho fihlela ka la 23 August.
Limela le Liphoofolo
Serame ke sa likhato tse 8 tlas’a ntlha ea khoamo, ’me ho foka moea o hlabang; le hoja leholimo le hlakile. Re se re loketse ho nka leeto. Motho ea re bontšang sebaka o re hloesa Thaba ea Sarkofagen ’me re theohela pokellong ea lehloa e haufi le Longyearbyen. Ha re ntse re hloa maralla a letseng leqhoa, o re bolella hore nakong ea selemo le ka lehlabula ho mela lipalesa tse ntle sebakeng sena. Ha e le hantle, ho na le limela tse ngata ka tsela e makatsang Svalbard, ho na le mefuta ea lipalesa e ka bang 170. Tse peli tse tloaelehileng ke palesa ea poppy ea Svalbard e tšoeu kapa e tšehla, le saxifrage e pherese e monko o monate.
Ha re ntse re nyoloha re thatika mosikong oa thaba e letseng lehloa, re kopana le mohlala oa nonyana e le ’ngoe e phelang Svalbard feela, e leng ptarmigan. Ha e le linonyana tse ling kaofela, tse kang Brünnich’s guillemots, li-auk tse nyenyane, matata a sa tšoaneng le likoekoe-lemao tse pherese, tsona li ba teng ka linako tse itseng tsa selemo. Nonyana e thahasellisang haholo ke tern e fumanehang ntlheng e ka leboea ea lefatše. Bongata ba linonyana tsena li fallela karolong e ’ngoe, e leng ntlheng e ka boroa ea lefatše.
Re boetse re thulana le mohlala oa phokojoe e fumanehang ntlheng e ka leboea ea lefatše. Phoofolo ena e bolotsana e ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo e kopanang le eona, litopo tsa liphoofolo tse ling le makumane a siiloeng ke tse ling ha li e-ja, empa e boetse e ja le linonyana tse nyenyane le mahe. Phokojoe ke e ’ngoe ea liphoofolo tse peli tsa naheng tseo e leng matsoalloa a Svalbard. E ’ngoe ke khama e bonolo ea Svalbard. Ha re ntse re le Svalbard, re bile le monyetla oa ho bonela phoofolo ena haufi ka makhetlo. E re sheba ka khutso ’me e re lumella hore re atamele ho e nka lifoto pele e tloha. Khama ena e maoto a makhutšoaane, e na le boea bo teteaneng. Hona joale nakong ea hoetla e shilikane—mafura a eketsehileng a ’meleng e ipoloketse ’ona bakeng sa ha ho se ho le hobe mariha.
Bere ea leqhoeng, e leng morena liphoofolong tse ntlheng e ka leboea ea lefatše, batho ba bangata ba nka hore ke phoofolo ea metsing, kaha e qeta nako e ngata metsing a leoatle a entseng leqhoa e tsoma liqibi. Empa u ka kopana le bere ea motoaitoai e itsamaela leha e le kae Svalbard. Motho ea re bontšang sebaka o tšepa hore re ke ke ra kopana le eona. Bere ea leqhoeng e ka ba mabifi haholo, ka hona motho enoa o nkile sethunya bakeng sa ho re sireletsa. Ho tloha ka 1973, ho ’nile ha thibeloa ho tsongoa ha libere, ’me ho bolaea bere leha e le efe ea leqhoeng ho a batlisisoa. Le hoja libere tsa leqhoeng hona joale li batla li le ngata Svalbard, ho na le lintho tse tebileng tseo ho tšoenyehiloeng ka tsona ka bokamoso ba phoofolo ena ea tonana. Sebaka sena se ntlheng e ka leboea ea lefatše se ka ’na sa bonahala se le sesoeu, se pholile ’me se sa silafala, empa se anngoe ke chefo e silafatsang e kang polychlorinated biphenyl. Lintho tsena tse silafatsang li bokellana libereng kaha ke tsona tse qetellang lethathamong la tse jang tse ling, ’me ho bonahala sena se holofatsa matla a tsona a ho tsoala.
Re fihla tlhōrōng ea Thaba ea Sarkofagen ’me moputso e ba pono e botle bo hlollang ea litlhōrō tse ling tse koahetsoeng ke lehloa tseo re li bonelang hōjana. Ho ella ka boroa-bophirimela ho eme thaba e khōlō e chitja ea Nordenskiöldfjellet, e chabetsoeng ke letsatsi hamonate. Tlaase mane ke Longyearbyen, ’me ka holim’a rōna ke leholimo le boputsoa bo hlakileng sebakeng sena se ntlheng e ka leboea ea lefatše. Ka sebele re ikutloa re eme qhooeng ea lefatše. Lilae tse seng kae tsa bohobe le kopi ea seno se entsoeng ka monokotšoai—e leng seno se tloaelehileng ho batho ba hloang lithaba, se entsoeng ka monokotšoai oa black current, tsoekere le metsi a chesang—lia re hlasimolla ’me ka mor’a moo, re se re ka theoha ka tsela e re lebisang pokellong ea leqhoa e haufi le Longyearbreen.
Morafo oa Mashala le Liphoofolo Tse Kotsing
Ketsahalo e ’ngoe e thahasellisang ke ea ho etela morafong oa khale oa mashala. Motho ea shahlileng ea re bontšang sebaka sena, mosebetsi ea nang le phihlelo oa morafong ona, o re bontša Morafo 3, o mathōkong a Longyearbyen. Re apere liofarolo ’me re roetse makarapa a faselelitsoeng lilampi, re tsamaea le eena ho kenella hare thabeng. Re bolelloa hore ho rafa mashala e ’nile ea e-ba oona motheo oa katleho ea Svalbard ho tloha khale koana lilemong tse qalang tsa bo-1900. Ka lilemo tse ngata, basebetsi ba morafong ba ’nile ba hoehla ka thata. Hangata ba ne ba khasa mehohomeng kapa liphasejeng tse telele tseo mealo ea mashala e tšekaletseng ho tsona ’me libakeng tse ling li le bophahamo ba lisenthimithara tse 70 ka holim’a bona. Re fumana monyetla oa ho itekela ka borōna ’me ruri ha re lakatse ho ba basebetsi ba moo. Ba ne ba sebetsa ka thata, moea o tletse lerole la mashala le la majoe, lerata e le le thibang litsebe ’me ba lula ba le kotsing ea hore lintho li ka ’na tsa phatloha kapa ba oeloa ke ’maene. Hona joale ho sebelisoa mekhoa ea sejoale-joale. Ho rafa mashala e ntse e le eona ntho ea bohlokoa moruong oa Svalbard, empa lilemong tse mashome a ’maloa tse fetileng, bohahlauli e bile ba bohlokoa haholo.
Hase kamehla batho ba ’nileng ba nahana hore liphoofolo le limela tsa naheng tse ntlheng ena e ka leboea ea lefatše li kotsing. Ka linako tse ling ho tsoma maruarua, li-walrus, likhama, libere le liphoofolo tse ling ho beha mefuta e meng kotsing ea ho timela Svalbard. Leha ho le joalo, melao e li sireletsang e thusitse hore mefuta e ’maloa e neng e le kotsing e boele e eketsehe.
Paradeise ea Litsebi Tsa Mafika
Svalbard e ’nile ea hlalosoa e le “paradeise ea litsebi tsa mafika.” Kaha limela li qalikane haholo, ponahalo ea naha e tšoana le ea libukeng tsa litšoantšo tsa thuto ea mafika. Lithabeng re bona mafika a nang le litšobotsi tse ikhethang, a nang le mealo e sa tšoaneng ’me a shebahala joaloka likuku tse khōlō tse nang le mealo e sa tšoaneng. Ho na le mafika a bontšang liphetoho tsohle tse khōlō tse etsahetseng historing ea lefatše. A mang a entsoe ke lehlabathe le letsopa; a mang ke lintho tse tsoang linthong tse phelang. Ka lilemo tse ngata limela le liphoofolo tse shoeleng li ’nile tsa koaheloa ke letsopa ’me tsa lula e le mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo. Ha e le hantle, mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo e fumanoa mafikeng a bileng teng ka linako tse sa tšoaneng.
Musiamong oa Svalbard, re ithuta ka mesaletsa ea lintho tsa boholo-holo e ’maloa ea limela le liphoofolo tse phelang moo ho chesang haholo, e leng ntho e bontšang hore ho kile ha e-ba le tlelaemete e futhumetseng lihlekehlekeng tsena. Libakeng tse ling Svalbard, mealo ea mashala e botenya ba limithara tse hlano! Mealong ea mashala, ho ’nile ha fumanoa mesaletsa ea lifate tse lulang li le tala le tse foforehang makhasi. Moo li-dinosaur tse neng li ja limela li ileng tsa hata teng ke bopaki bo bong ba hore sebaka sena se kile sa e-ba le tlelaemete e futhumetseng e neng e lumella hore ho be le limela tse ngata.
Joale ebe ho tlile joang hore ho be le liphetoho tse khōlō tjee tlelaemeteng? Re botsa setsebi se seng sa mafika, Torfinn Kjaernet, eo e leng moemeli oa Lefapha la Merafo ea Longyearbyen. O re bolella hore litsebi tse ngata tsa mafika li nahana hore lebaka le ka sehloohong e bile ho ritsa ha lik’honthinente. Litsebi tsa mafika li re Svalbard e lutse holim’a lipoleiti tsa lefatše tse ileng tsa ritsetsa ka leboea nako e telele, mohlomong li tloha hōle ka boroa haufi le equator. Ho latela se bontšoang ke sathalaete ea sejoale-joale, Svalbard e ntse e ritsetsa ka leboea-bochabela ka lisenthimithara tse ’maloa ka selemo.
Ha sefofane sa rōna se tloha Svalbard, re na le ho hongata hoo re tla ho hopola ka leeto lena la rōna. Ponahalo e ntle ea naha ena e sabaletseng e batang, liphoofolo tse tloaetseng sebaka sena, hammoho le limela tse sa tšoaneng li etsa hore re nahane ka mefuta-futa ea lintho tse bōpiloeng, ho haelloa ha batho linthong tse itseng hammoho le tsela eo batho ba ’nileng ba tsamaisa lintho ka eona lefatšeng. Ha sefofane seo re se palameng se leba boroa, re bona ka lekhetlo la ho qetela sebaka sena sa mabōpo a batang, moo litlhōrō tsa lithaba tse apereng lehloa li hlaheletseng har’a maru ’me li e-na le ’mala o botala bo pulufetseng, le o ileng bopinking ka lebaka la khanya ea letsatsi la thapama.
[’Mapa o leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
North Pole
GREENLAND
SVALBARD
Longyearbyen
75°N
ICELAND
NORWAY
60°N
RUSSIA
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Motse oa Longyearbyen
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Limela tse ngata tse thunyang, joaloka “saxifrage” e ’mala o pherese, lia atleha tlelaemeteng ena e batang
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Knut Erik Weman
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
“Ptarmigan” ea Svalbard le khama ea Svalbard
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Knut Erik Weman