Kamchatka—Sebaka se Khathollang sa Russia
KA MONGOLI OA TSOHA! RUSSIA
LILEMO tse fetang makholo a mararo tse fetileng, bafuputsi ba Marussia ba neng ba haola le Asia ba lebile bochabela ba ile ba fihla hloahloeng e lithaba e neng e hlaheletse Leoatleng la Pacific ka boroa, e arola Leoatle la Okhotsk ho Leoatle la Bering. Sebaka sena se batlang se le seholoanyane ho Italy, se botle bo makatsang ’me se ntse se sa tsejoe ke batho ba bangata.
Kamchatka, e hōle le equator joaloka lihlekehleke tsa Brithani, eona e bata ho li feta. Libaka tse haufi le lebōpo la leoatle ha li bate haholo mariha, empa ho kenella hare libakeng tse ling lehloa le ka pakellana ho ba bophahamo ba limithara tse 6, ka linako tse ling le phahamele limithareng tse 12! Hlabula, hloahloa ena e atisa ho koaheloa ke moholi o tsoang leoatleng e bile e puputloa ke meea e matla. Pula e ngata e nang ha e kopana le mobu oa Kamchatka o hlahisitsoeng ke ho foqoha ha seretse se chesang, e atlehisa limela tse akarelletsang lifate tsa monokotšoai, joang bo ka lekanang le motho ka bolelele le lithunthung tsa naha tse ntlehali, tse kang rosa e tsejoang e le morena oa lekhulo.
Lifate tsa birch tsa mofuta oa Stone kapa oa Erman, li koahetse hoo e ka bang karolo ea boraro ea hloahloa ena, likutu le makala a tsona a tšekaletse a bile a sothehile ka lebaka la meea e matla le lehloa le lengata. Lifate tsena tse thata le tse liehang ho hōla li tiile ka tsela e sa tloaelehang, ’me metso ea tsona ea itšoarella, e li thusa hore li mele sebakeng leha e le sefe—esita le ho mela li tšekaletse lilomong! Li hlahisa makhasi ka June, nakong eo hangata lehloa le ntseng le le teng, ’me ka August a ba masehla, ho lumelisa mariha a atamelang.
Libaka Tse Foqohang Seretse se Chesang, Liliba Tse Tšikhunyang le Tse Kopotsang Metsi a Chesang
Kamchatka e sebakeng se bitsoang Ring of Fire—e leng sebaka se haufi le Leoatle la Pacific se nang le litšisinyeho tse ngata tsa lefatše—e na le libaka tse ka bang 30 tse ka foqohang seretse se chesang. Thaba ea Klyuchevskaya e foqohang seretse se chesang, e hlalosoang e entse “tutulu e botle bo tsotehang,” e bophahamo ba limithara tse 4 750 ka holim’a leoatle, e leng ho etsang hore e be eona thaba e khōlō ka ho fetisisa Eurasia e foqohang seretse se chesang. Ho tloha ka 1697—e leng selemo seo bafuputsi ba Marussia ba fihlileng ka sona Kamchatka—ho se ho tlalehiloe ho foqoha ha seretse se chesang hloahloeng ena ka makhetlo a fetang 600.
Ka 1975/76, ho foqoha ha seretse se chesang lefarung kapa lepetsong le neng le le sebakeng sa Tolbachik ho ile ha etsa “serumula” sa lelakabe le bophahamo ba limithara tse fetang 2 500! Ho ne ho laima khanya ea mollo lerung la molora o qobang. Ho foqoha hoo ho ileng ha tsoela pele nako e ka etsang selemo le halofo ho ile ha etsa hore ho hlahe litutulu tse ling tse ’nè. Matša le linōka li ile tsa nyamela, ’me molora o chesang oa omeletsa lifate tsohle tsa moru ho ea fihla metsong. Sebaka se seholo se ile sa fetoha lehoatata.
Ka lehlohonolo, libaka tse ngata tse foqohileng seretse se chesang e bile tse hōle le moo ho ahiloeng teng, ’me ke batho ba ’maloa ba ileng ba shoa. Empa baeti ba na le lebaka le leng la ho ba hlokolosi, haholo-holo ha ba ea Phuleng ea Lefu, e mosikong oa thaba ea Kichpinych e foqohang seretse se chesang. Ha ho se moea o fokang, haholo-holo nakong ea selemo ha leqhoa le qhibiliha, phula e tlala likhase tse chefo tse tsoang libakeng tsena tse foqohang seretse se chesang, ’me li beha liphoofolo le limela tse hlaha kotsing. Ka lekhetlo le leng, ho ile ha fumanoa litopo tsa libere tse leshome le liphoofotsoana tse ’maloa li jala-jalane hohle phuleng eo.
Sebaka se seholo se hohlometseng se kileng sa foqoha seretse se chesang, se tsejoang e le Uzon, se tšikhunya seretse se chesang ’me se na le matša a chesang a tletseng bolele bo mebala-bala. Hona sebakeng seo ho na le Phula ea Liliba Tsa Metsi a Chesang, e ileng ea sibolloa ka 1941. Liliba tse ling li tšikhunya metsi a chesang ka mor’a metsotso e meng le e meng e ’meli kapa e meraro, athe tse ling tsona li tšikhunya ka mor’a matsatsi a ’maloa. Baeti ba isoa ka liroala-nkhoana libakeng tsena tse hlollang, tse bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 180 ka leboea ho motse oa Petropavlovsk-Kamchatskiy. Leha ho le joalo, baeti ba lekanyetsoa hore ba se ke ba feta palo e itseng e le ho baballa tikoloho eo le lintho tse phelang moo tse ka shoang habonolo. Ka lebaka leo, libaka tse tšeletseng tsa Kamchatka li oela lethathamong la Libaka Tsa Bohlokoahali Lefatšeng tse sireletsoang.
Kamchatka e na le liliba tse ngata tse tšikhunyang metsi a chesang, tseo boholo ba metsi a tsona a futhumetseng ka likhato tse 30 ho ea ho tse 40 tsa Celsius, tseo baeti ba ithabisang ho tsona le tse fanang ka matšeliso bakeng sa likhoeli tse telele tse batang tsa mariha. Mocheso o tsoang mpeng ea lefatše o boetse o sebelisetsoa ho fehla motlakase. Ha e le hantle, setsi sa pele sa ho fehla motlakase ka mocheso o tsoang mpeng ea lefatše Russia se hahiloe hloahloeng ena.
Libere, Litlhapi le Lintsu Tsa Leoatleng
Libere tse ka bang 10 000 li itsamaela ka bolokolohi Kamchatka. Ka karolelano li boima ba lik’hilograma tse 150 ho ea ho tse 200, le hoja ha li ne li sa khathatsoe, li ne li ka hōla ka makhetlo a mang a mararo ho feta moo. Litšōmong tsa Maitelmen a sebaka seo, bere e ne e nkoa e le “ngoan’abo” Maitelmen, ’me a ne a hlompha liphoofolo tsena. Kamano ena e ile ea fela ha lithunya li e-ba teng. Hona joale ba buellang polokeho ea liphoofolo ba tšoenyehile ka bokamoso ba liphoofolo tsena.
Libere li lihlong ’me li bonoa seoelo. Empa ka June, nakong eo litlhapi tsa salmon li behelang ka bongata linōkeng, libere li tla ka bongata ho tla itšetla, ’me bere e le ’ngoe e ka itšetla ka litlhapi tse 24! Molato oa ho harela hakaalo ke ofe? Hlabula, libere li lokela ho bokella mafura a lekaneng ’meleng e le hore a tle a li matlafatse ha ho le thata likhoeling tse batang tsa mariha, ao li a qetang li robetse ka mafarung e le ho baballa matla.
Phoofolo e ’ngoe e ratang ho ja litlhapi tsa salmon ke ntsu ea leoatleng e bitsoang Steller, nonyana e ntle e nang le mapheo a bolelele ba limithara tse 2,5 ho tloha ntlheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ha e a otlolotse. Boholo ba tsona li ntšo ’me li tšoeu mahetleng, ’me setono sa tsona se sephara, se sesoeu. Hona joale lintsu tsena li ka ba 5 000 ’me palo ea tsona e ntse e fokotseha, ’me li fumaneha sebakeng sena feela lefatšeng, athe ka linako tse ling, li fumaneha sehlekehlekeng sa Aleutian le sa Pribilof tse Alaska. Linonyana tsena li sebelisa sehlaha se le seng selemo se seng le se seng, li se hlokomela hantle le ho se atolosa. Sehlaha se seng se ile sa e-ba bophara ba limithara tse tharo, ’me sa e-ba boima hoo se ileng sa peperanya sefate sa birch se neng se se tšehelitse!
Baahi ba Kamchatka
Boholo ba baahi ba kajeno ba Kamchatka ke Marussia, empa ho ntse ho e-na le ba likete tse ’maloa bao e leng matsoalloa a moo, sehlopha se seholo ke sa Makoryak a phelang ka leboea. Lihlopha tse ling li akarelletsa Machukchi le Maitelmen, a buang puo e fapaneng. Boholo ba baahi ba Kamchatka ba phela Petropavlovsk-Kamchatskiy, setsing sa liofisi. Ho tloha moo, baahi ba fumanoa mona le mane hloahloeng ena, ’me boholo ba metse e iphaphathileng ka mabōpo le linōka e finyelloa feela ka sekepe kapa ka sefofane.
Moruo o tšehelitsoe ke ho tšoasa litlhapi le makhala. Makhala a mafubelu a maholo a Kamchatka ke ’ona a ratoang haholo. Ka maoto a ’ona a bolelele ba limithara tse 1,7, makhala ana a khabisa litafole tsa barekisi.
Ho tloha ka 1989, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa etela Kamchatka ka morero oa ho etsa mosebetsi o mong oa ho tšoasa. E le “batšoasi ba batho,” li ’nile tsa tlisa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo bathong ba lulang hōle Kamchatka. (Matheu 4:19; 24:14) Ba bang ba ile ba li amohela ’me hona joale ba thusa ba bang hore ba tsebe ’Mōpi, Jehova Molimo, le ho mo rapela ho e-na le ho rapela pōpo ea hae. Ka lebaka leo, batho ba bangata ba lokoloha tšabong e atileng ea meea e mebe. (Jakobo 4:7) Ba boetse ba ithuta ka nako e tlang eo ka eona lefatše lohle, le tla beng le hloekisitsoe bokhopo bohle le batho ba bo etsang, le tla beng le ‘tletse tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.’—Esaia 11:9.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 18]
SEBAKA SE BOHEHANG SE KILENG SA FOQOHA SERETSE
Sebaka sa Uzon, se hohlometseng ka lebaka la seretse se chesang se kileng sa foqoha ho sona khale, se bophara ba lik’hilomithara tse leshome. Buka e ’ngoe e re methipoloheng ea sona ho na le “lintho tsohle tseo Kamchatka e tummeng ka tsona.” Ho na le liliba tse tšikhunyang metsi a chesang le tsa a batang, ho na le mekotjana e nang le seretse se ptjatlang, litutulu tse bōpiloeng ke seretse se chesang, matša a metsi a hloekileng a nang le litlhapi tse ngata le likhantši, hammoho le limela tse ngata.
Buka e reng Miracles of Kamchatka Land, e re “ho batla ho se na sebaka se seng lefatšeng” se bang setle joalo ka hoetla le hoja e nka nako e khutšoanyane. ’Mala o bofubelu bo hlakileng oa lesabasaba lena o kopana hantle le mebala ea lifate tsa birch tse bosehla bo loileng le tse ’mala oa khauta, ha mona le mane seretse se ntseng se ptjatla se hlahisa topallo ea mouoane o mosoeu oo ha o fihla sepakapakeng se ’mala o boputsoa bo loileng, o hlakang hantle. Hoseng haholo, ho ba le “pina” morung ha makhasi a limilione tse se nang palo, a letseng serame, a oela fatše ho etsa melumo e itseng ho bontša hore mariha a se a atametse.
[Lebokose le leqepheng la 19]
LETŠA LE BOLAEANG!
Ka 1996, sebaka se kileng sa foqoha seretse se chesang seo ho neng ho nkoa hore se shoele, se ile sa boela sa foqola seretse tlaase Letšeng la Karymsky, sa ntša maqhubu a bophahamo ba limithara tse 10 a seretse se ileng sa ripitla meru e haufi. Ka metsotso e se mekae feela, letša leo le ile la ba le asiti e ngata hoo ho neng ho se letho le ka phelang metsing a lona. Leha ho le joalo, mofuputsi Andrew Logan, o re ha ho liphoofolo tse ileng tsa fumanoa li shoele haufi le letša leo, ho sa tsotellehe seretse se chesang le maqhubu a ileng a otla mabōpong ao. O re: “Pele seretse se foqoha, ho ne ho tsebahala hore Letšeng la Karymsky ho ne ho phela litlhapi tse limilione tse ’maloa (haholo-holo li-salmon le li-trout). Ka mor’a ho foqoha ha seretse, ha ho letho le phelang le ileng la fumanoa letšeng leo.” Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore litlhapi tse ngata li ile tsa pholoha. Litsebi tsa saense li nahana hore ho bile le ntho e itseng e ileng ea lemosa litlhapi tseo—mohlomong ho fetoha ha lik’hemik’hale metsing—eaba li balehela Nōkeng ea Karymsky e haufi le moo.
[’Mapa o leqepheng la 16, 17]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
RUSSIA
KAMCHATKA