Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 3/07 maq. 23-25
  • “Bohlale bo Linthong Tsa Tlhaho”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Bohlale bo Linthong Tsa Tlhaho”
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ba Karolo ea Lintho Tsa Tlhaho
  • Na ho Tla ba le Bokamoso bo Molemo?
  • Na Batho Baa Lemoha?
  • Ke Mekhoa Efe e Mecha ea ho Hlahisa Matla?
    Tsoha!—2005
  • Bophelo bo Rarahaneng
    Tsoha!—2001
  • Na Ntoa—Ea Hlōloa?
    Tsoha!—1996
  • Mefuta e Kotsing Boholo ba Bothata Bona
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 3/07 maq. 23-25

“Bohlale bo Linthong Tsa Tlhaho”

KA MONGOLI OA TSOHA! JAPANE

SEO e bile sehlooho se ileng sa phatlalatsoa Aichi, Japane, moo ho neng ho tšoaretsoe Lipontšo Tsa 2005, tseo ho tsona ho neng ho kopanetse linaha tse 121. Baeti ba ile ba khothalletsoa hore ba ithute ho itseng linthong tsa tlhaho ’me ba “etse boiteko bo matla ho sibolla litsela tsa ho tšehetsa tsoelo-pele ea moruo ntle le ho baka tšenyo.” Sebaka seo lipontšo li neng li tšoaretsoe ho sona, se haufi le Nagoya, Japane bohareng, se na le meru, matangoana le lipalesa. Ntho e neng e ikhetha e bile tselana ea maoto e bolelele ba lik’hilomithara tse 2,6 e tsamaeang holimo, e bitsoang Global Loop. Tselana ena e bophara ba limithara tse ka bang 21, e etsa hore batho ba bone hohle ha ka nako e tšoanang e boloka lintho tsa tlhaho tse fatše li sireletsehile.

Ho ba Karolo ea Lintho Tsa Tlhaho

Lephephe la lipontšuoa tsa Japane le neng le tšoana le mokone o moholo, le ne le sirelelitsoe ka ho hahelloa ke liqala tse 23 000 tse lohelletsoeng hammoho. Ka karolelano, leqala ka leng le ne le ka ba bolelele ba limithara tse 7, ’me lephephe leo le ne le le bophahamo ba limithara tse 19, le le bophara ba limithara tse 90 ’me le le botebo ba limithara tse 70, e leng ho ileng ha etsa hore e be lona lephephe le leholo ka ho fetisisa le entsoeng ka liqala lefatšeng. Ka lephepheng ho ne ho e-na le phaposi e chitja moo ho neng ho bapaloa video e bontšang litšoantšo ka mahlakoreng ’ohle. Ha baeti ba le ka har’a phaposi ena e bophara ba limithara tse 12,8, e hlahisang litšoantšo tsa video ka mahlakoreng ’ohle, ba ne ba ka ikutloela hore na ho joang ho ba sebakeng se nang le limela le liphoofolo tse ngata joalo.

Lephepheng la lipontšuoa tsa Malaysia ho ne ho sebelisoa mecha e sa tšoaneng ea phatlalatso ho bontša meru ea Malaysia e lulang e le metala hammoho le mepopotlo ea moo ea likorale tsa leoatle. Lephepheng la lipontšuoa tsa Thailand, litšoantšo tse utloisang bohloko tsa tsunami ea la 26 December, 2004 li ile tsa hopotsa ba li shebileng hore “motho ha a laole tlhaho.” Ha e buella lintho tsa tlhaho tse kotsing ea ho timela, Afrika Boroa e ile ea bontša setšoantšo sa petsana ea pitsi ea naha, e leng phoofolo e batlang e tšoana le qoaha e neng e iphelela ka bolokolohi lithoteng tsa Afrika e ka boroa ho fihlela ha litsomi li e qeta lekholong la bo19 la lilemo.

Mesaletsa ea phoofolo ea mofuta oa tlou e epolotsoeng mobung o leqhoa oa Siberia, Russia, ka 2002, e ne e kentsoe ka moo ho batang, haufi le moo ho neng ho ngotsoe sehlooho se phatlalatsang Lipontšo tsena. Phoofolo ena, e ileng ea rehelloa ka Yukagir, e leng sebaka seo e sibolotsoeng ho sona, e ne e le mohlala oa mofuta oa tlou e timetseng e neng e e-na le manaka a mabeli a maholo a kobehileng, ’me mahlo a eona a ne a bulehile hanyenyane. Hlooho ea eona e ne e ntse e e-na le letlalo ’me e e-na le lihlethele tsa boea. Phoofolo ena e hlollang e bile e ’ngoe ea lintho tse bohloko tse hopotsang batho ka ho timela ha lintho tsa tlhaho.

Na ho Tla ba le Bokamoso bo Molemo?

Batho ba ka sebetsana joang le lintho tse behang bokamoso ba lefatše la rōna kotsing, tse kang tšilafalo le ho futhumala ha lefatše? Ho ne ho hahiloe lebota le leholo le “letala” le neng le hlalosoa e le “letšoao la Lipontšo Tsa 2005,” le neng le bitsoa Bio-Lung, le bolelele ba limithara tse 150 le bophahamo ba limithara tse 15. Lebota leo le ne le entsoe ka limela tse 200 000 tsa mefuta e 200, ho akarelletsa le lipalesa. Ho ile ha boleloa hore bongata ba limela tsena li etsa mosebetsi o tšoanang le oa matšoafo, li ka khona ho fepela motse ka moea le ho o sefa, tsa monya carbon dioxide ’me tsa ntša oksijene.

Lipontšong tseo ho bile ha bontšoa lipalangoang tse akarelletsang libese tse tsamaeang ka motlakase. Ha likoloi tsena li ntse li tsamaisa batho sebakeng sena, sohle se neng se tsoa lioksosong tsa tsona e ne e le metsi. Se seng se ileng sa thabisa barati ba theknoloji e bile terene ea pele ea Japane e tsamaeang ka matla a fehloang ke limakenete, e bitsoang Linimo. Linimo e sebelisang limakenete tse matla e tsamaea e khutsitse ’me e sa khohlopehe holim’a seporo sa eona, ’me lipakeng tsa eona le seporo ke sebaka sa limilimithara tse robeli. Lipontšong ho ne ho boetse ho e-na le likoloi tsa baeti tse tsamaeang ka libeteri, litekesi tsa libaesekele, le likoloi tse kang libese tse ka khannoang kapa tsa ikhanna. Li matha li bapile ka bobeli kapa ka boraro, likoloi tsena tsa ka moso li ne li sebelisa khase ea tlhaho, e batlang e hloekile ha e bapisoa le mefuta e meng ea mafura.

Nahana u se u sebelisa lintho tse itseng tse batlang ho lahloa, tse kang lijo tse senyehileng, ho fehla motlakase kapa ho etsa manyolo. Setsi sa tlhahiso ea matla se neng se le moo lipontšong se ile sa sebelisa mokhoa o mong o fetolang lik’hemik’hale tsa lintho tseo. Ho e-na le ho li chesa, setsi seo se fetola lik’hemik’hale tsa lintho tseo ho hlahisa khase ea methane, ebe ho ntšoa haedrojene ho eona. Mochine o fehlang matla a motlakase ka lik’hemik’hale, o kopanya oksijene le haedrojene ho fehla motlakase. O boetse o ntša metsi le manyolo. Ha e le hantle, setsi seo se ile sa sebelisa lintho tse lahliloeng hona Lipontšong moo ho hlahisa motlakase o ileng oa sebelisoa maphepheng a mang.

Ho ntse ho etsoa lipatlisiso tse matla lefapheng la liroboto ka morero oa ho hlahisa mechine e bobebe, e ka khonang ho thusa batho ka lintho tse itseng. E le ho bontša khatelo-pele e seng e fihletsoe theknolojing ea liroboto, liroboto tse supileng li ile tsa ikisa sethaleng lephepheng le leng ’me tsa hapa thahasello ea matšoele ka ’mino. Tse ling li ile tsa letsa liletsa tse bululoang ka moea, “menoana” ea tsona e penya likonopo habobebe feela, ha tse ling li ne li letsa meropa. Moshebelli e mong o ile a re: “Li ne li tjeka hantle le ka makhethe hoo motho a neng a ka nahana hore ke batho ba ikhakantseng.”

Lintho tse ling tse peli tse qapiloeng tsa theknoloji e phahameng e bile lipolasetiki tse ka bolang tse entsoeng ka setache le lihlahisoa tse tšoanang le sona, hammoho le lipululana tse nyenyane haholo—lipululana tsa moea tse nyenyane hoo li ka bang li-nanometer tse ka tlaase ho tse 200 ka bophara. Moriri oa motho o bophara ba li-nanometer tse ka bang 50 000. Lipululana tse nyenyane joalo ka tloaelo ha lia tsitsa ’me li fela ka potlako. Leha ho le joalo, bafuputsi ba Japane ba qapile theknoloji e hlahisang lipululana tse nyenyane tsa oksijene tse tsitsitseng, tse thusang “litlhapi le liphoofotsoana tse nang le khetla ho ikamahanya le liphetoho tse ka bang teng tikolohong.” Ha e le hantle, letangoana le tletseng lipululana tsena tse nyenyane tsa oksijene le ile la khona ho ba le mefuta e itseng ea litlhapi tse phelang metsing a leoatle le tse phelang metsing a seng letsoai! Bafuputsi ba tšepa hore ba tla fumana mokhoa oa ho sebelisa theknoloji ena e ncha leruong la litlhapi, temong le likarolong tse ling.

Na Batho Baa Lemoha?

Le hoja Lipontšo tseo li ne li hatella tlhoko ea hore batho ba lemohe “bohlale bo linthong tsa tlhaho,” ka kakaretso batho ha ba lemohe. Ho hloka tsebo, meharo le bobolu li imela ba buellang lintho tsa tlhaho. Ka lebaka leo, joalokaha ho ile ha boleloa pontšong e ’ngoe, lefatše le fetohile “Polanete e Lemetseng.” Empa le bona batho ba nang le merero e metle ha ba na tharollo e ka tšeptjoang mathateng ao batho le tikoloho ba talimaneng le ’ona. Ho ea ka Bibele, tharollo e ka ’nģane ho tsebo le bohlale ba motho. (Jeremia 10:23) Leha ho le joalo, tšepo e sa le teng. E tsoang hokae?

Bibele e re bolella hore Mohloli o phahameng ka ho fetisisa oa bohlale—e leng ’Mōpi oa rōna—o tla kenella litabeng tsa lefatše pele batho ba senya mesebetsi ea hae. (Tšenolo 4:11; 11:18) Pesaleme ea 37:10, 11 e re: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.” Ka sebele, re etsa ka bohlale ha re lemoha lintho tsa tlhaho, empa re etsa ka bohlale le ho feta ha re mamela ’Mōpi ka ho bala le ho sebelisa Lentsoe la hae, e leng Bibele e Halalelang. (2 Timothea 3:16) Bohle ba etsang joalo ba tla bona polanete ena ea rōna e kulang ha e se e folisitsoe ka ho feletseng ’me e fetotsoe paradeise.—Luka 23:43.

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Pontšo ea lipululana tse nyenyane

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Libese tse ikhannang

[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]

Ka moo ho bapaloang video e bontšang litšoantšo ka mahlakoreng ’ohle

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Lebota la “Bio-Lung” le ne le entsoe ka limela tse 200 000 tsa mefuta e 200

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Liroboto li ne li thabisa bashebelli ka ’mino

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela