Mehla ea Leruo le Lengata—Ke Bo-mang Ba Kena-keneng?
RE PHELA lefatšeng le ruileng haholo. Na u fumana ho le thata hore u kholoe seo? Ha e le hantle, linaha tse ling li ruile hoo li sitoang le ho sebelisa chelete ea tsona kaofela. Ho hakanngoa hore kakaretso ea thepa e hlahisitsoeng lefatšeng ka bophara ka 2005 le litšebeletso tse fanoeng selemong seo, e feta liranta tse libilione tse 424. Haeba chelete ea lihlahisoa tseo kaofela e ne e ka aroleloa baahi bohle ba lefatše, ho batho ba phelang hona joale motho ka mong o ne a tla fumana R63 600. Ebile palo eo e ntse e nyoloha.
Empa taba ena ea leruo le lengata e ka utloahala e le e makatsang haholo. Ho latela phatlalatso ea morao tjena e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, batho ba bararo ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng ba na le chelete e ngata ho feta linaha tse 48 tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng ha li kopantse lihlahisoa tsa tsona. Lenaneo la Ntšetso-pele la Machaba a Kopaneng le bolela hore batho ba limilione tse likete tse 2,5 ba leka ho phela ka chelete e ka tlaase ho $2 ka letsatsi. Batho ba limilione tse makholo ha ba fumane phepo e nepahetseng ’me ba sitoa le ho fumana metsi a nooang a hloekileng.
Litsebi tsa litaba tsa kahisano United States li ntse li etsa lipatlisiso ka sehlopha seo li se bitsang sa “batho ba lintšing tsa bofutsana.” Batho bana ba kotsing e khōlō ea hore ba ka ’na ba oela bofutsaneng. Batho ba fetang limilione tse 50 ba moo, ba iphumana ba le boemong boo, le hoja naha ea habo bona e ruile hakana.
Ke hobane’ng ha lefatšeng ka bophara ho bolokoa khahlakhahla ea chelete lipolokelong tsa lichelete le liak’haonteng libankeng empa batho ba limilione tse makholo ba futsanehileng bona ba ntse ba aparetsoe ke masisa-pelo? Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba e-na le monyetla o fokolang hakaale oa ho fumana molemo leruong la lefatše le lulang le ntse le eketseha?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
Batho ba bararo ba ruileng ka ho fetisisa lefatšeng ba na le chelete e ngata ho feta linaha tse 48 tse futsanehileng ka ho fetisisa lefatšeng ha li kopantse lihlahisoa tsa tsona
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Bana ba sebetsang femeng ena e etsang setene ba lefshoa R3,50 ka letsatsi
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Fernando Moleres/Panos Pictures
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
© Giacomo Pirozzi/Panos Pictures