Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa ho ea Ngakeng ea Meno?
PELE ho e-ba le lingaka tse tsoetseng pele tsa meno, batho ba ne ba atisa ho opeloa ke meno ’me a tsoa ba sa le banyenyane. Batho ba bangata ba ne ba sa shebahale hantle ka lebaka la meno a masootho, a liqhobo kapa a tsoileng. Batho ba hōlileng ba seng ba se na meno ba ne ba haelloa ke phepo e nepahetseng ’me ba e-shoa kapele hobane ba ne ba sitoa ho hlafuna. Kajeno, batho ba eang ngakeng ea meno ba ka qoba ho opeloa ke meno, a se ke a tsoa bophelo bohle ba bona ’me ba bososela ka bolokolohi. Lingaka tsa meno tsa kajeno li finyelletse lintho tsee tse tharo tse babatsehang joang?
Ho hlokomela meno pele a senyeha, ho ruta ka oona le ho hlahlojoa ke ngaka ea meno nako le nako e ’nile ea e-ba lintho tsa bohlokoa tse entseng hore meno a ba bang a se ke a opa kapa a tsoa. Jesu o itse: “Ba phelang hantle ha ba hloke ngaka.” (Luka 5:31) Ka hona, ba bang ba ruile molemo o moholo thupelong ea ho hlokomela lehano hoo ba sa hlokeng tlhokomelo e kaalo ea lingaka tsa meno.a Leha ho le joalo, batho ba bangata ha ba batle ho ea ngakeng ea meno. Ba bang ba mpa ba tsoafa feela ho ea ngakeng ea meno ke ho se tsotelle. Ba bang ba sitisoa ke chelete. Ho boetse ho na le ba sitisoang ke tšabo. Ho sa tsotellehe hore na lebaka la hao ke lefe, ke hantle ho ipotsa: Ngaka ea meno e ka nketsetsa’ng? Na ho molemo ho ea ho eona? E le hore re utloisise bohlokoa ba ho hlokomela meno pele a senyeha, re tlameha ho tseba hore na lingaka tsa meno li leka ho thibela eng.
Kamoo Meno a Senyehang Kateng
Lingaka tsa meno li ka thusa ho thibela ho opa ha leino le hore le se ke la tsoa. Ha u sebelisana le tsona hantle, lingaka tsa meno li leka ho loantša likotsi tse ka bakoang ke ho bokellana ha litšila menong, e leng moalo o mosesaane oa libaktheria tse khomarelang menong. Libaktheria tsena lia atleha moo ho nang le mesaletsa ea lijo. Li fetola tsoekere ho e etsa asiti e hlaselang inamele ea leino, ebe leino lea fateha. Qetellong, meno a qala ho bola ha karolo e fatehileng e etsa sekoti. Boemong bona u ka ’na ua se ke ua opela, empa ha ho bola ho se ho kekile ho ea fihla mokong oa leino, u ka ’na ua opeloa habohloko.
Baktheria e bakang ho bokellana ha litšila menong e na le litsela tse ling tsa ho u hlokofatsa. Haeba litšila tse bokellanang menong li sa hlatsuoe hantle ka borashe, lia thatafala ebe li fetoha bok’hok’ho, bo ruruhisang marenene ’me bo etse hore a bulehe. Sena se etsa hore ho be le sekheo pakeng tsa leino le marenene ’me lijo li pakellana ka moo, ebe libaktheria li hlasela marenene. Ngaka ea hao ea meno e ka u thusa ho laola boemo bona, empa haeba bo sa lokisoe, marenene a ka senyeha hoo meno a ka qetellang a tsoile. Meno a batho ba bangata a tsoa ka tsela ena ho feta ho ntšoa ke ho bola.
Mathe a phetha karolo e khōlō ho sireletseng lehano baktherieng ena e hlaselang ka litsela tse peli. Ebang u jele lijo kapa biskiti feela, ho hlokahala metsotso e 15 ho isa ho e 45 hore mathe a tlose lijo tse saletseng menong le ho hlapolla asiti e litšileng tse bokellaneng menong. Nako e hlokahalang e itšetlehile ka hore na u jele lijo tse tsoekere hakae tse khomaretseng menong kapa hore na ke makumane a mangata hakae a lijo a setseng. Kamoo ho bonahalang kateng, ke nakong ena moo meno a senyehang. Ka hona, ho senyeha ha meno ho ka ’na ha bakoa ke hore na u ja hangata hakae le hore na u ja lintho tse tsoekere hakae, ho e-na le ho bakoa ke bongata ba lintho tse tsoekere tseo u li jang. Kaha mathe a phalla butle ha u robetse, ntho e kotsi ka ho fetisisa eo u ka e etsang menong a hao ke ho ja kapa ho noa ntho e nang le tsoekere ebe ha u qeta u robala u sa hlatsoa meno ka borashe. Ka lehlakoreng le leng, ho boleloa hore ho hlafuna chepisi e se nang tsoekere ka mor’a lijo ho eketsa phallo ea mathe ’me ho thusa ho sireletsa meno a hao.
Ho Hlokomela Meno Pele a Senyeha
Lingaka tsa meno li khothalletsa motho hore a ee ngakeng ea meno hang kapa habeli ka selemo, ho itšetlehile ka hore na meno a hae a boemong bofe. Nakong eo u leng ngakeng, ngaka e ka ’na ea nka X-ray ea meno a hao ’me ea a hlahloba ka hloko ho bona hore na ha ho na moo a bolileng teng. Ka tloaelo ngaka e kata likoti leha e le life tseo e li fumanang u sa utloe bohloko kaha e ka sebelisa moriana o thethefatsang kutlo le boro e fatang ka potlako. Bakeng sa ba hlileng ba leng boi, lingaka tse ’maloa tsa meno hona joale li sebelisa mahlaseli kapa moriana o tlotsoang menong ho ja ho bola hoo e-bang ho teng, e leng lintho tse ka fokotsang kapa tsa hla tsa etsa hore ho se ke ha hlokahala boro kapa moriana o thethefatsang kutlo. Baneng, lingaka tsa meno li hlahloba ka ho khetheha mehlahare e qetang ho hlaha ho bona hore na ha e na ho petsoha ho itseng kapa sekoti ka holimo, e leng lintho tse ka etsang hore ho be thata ho hloekisa meno ka borashe. Ngaka e ka ’na ea fana ka tlhahiso ea hore mapetso a joalo a koaloe e le hore bokaholimo ba leino bo thelle ’me a hlatsoehe habonolo, ka tsela eo, a sireletsoa hore a se ke a bola.
Bathong ba baholo, lingaka tsa meno li ameha ka ho khetheha ka ho thibela marenene hore a se fumane tšoaetso. Ka hona, haeba ngaka e fumana bok’hok’ho bo itseng, e tla bo fefa. Batho ba bangata ba sitoa ho fihla likarolong tse ling tsa meno ha ba a hlatsoa ka borashe, ka hona, ngaka ea hao e ka ’na ea u bontša hore na u ka ntlafatsa joang ha u hlatsoa meno a hao. Lingaka tse ling tsa meno li romela bakuli ba tsona ho batho ba koetliselitsoeng tlhokomelo ea meno ho ea fumana koetliso ena ea bohlokoa.
Ho Lokisa Leino le Senyehileng
Haeba u na le meno a senyehileng, a tsoileng kapa a liqhobo, u ka thabela ho tseba hore lingaka tsa meno li na le litsela tse ngata tse ncha tsa ho a lokisa. Leha ho le joalo, ho a lokisa ho bitsa chelete e ngata, ka hona, u be hlokolosi hore u se ikenye sekolotong se tla u khama. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba nka hore ho lokisa meno ke ntho ea bohlokoa ho sa tsotellehe litšenyehelo tse amehang. Mohlomong ngaka ea meno e ka u thusa hore u boele u khone ho hlafuna. Kapa e ka ’na ea etsa hore u bososele ka bolokolohi—e leng ntho ea bohlokoa, kaha meno a sa shebahaleng hantle a ka u sulafaletsa bophelo.
Bakeng sa meno a ka pele a kumehileng kapa a masootho, ngaka ea meno e ka ’na ea fana ka tlhahiso ea hore ho kenngoe moalo o mosesaane mohlomong o tšoanang hantle le ’mala oa leino. Moalo ona o manamisoa holim’a leino le senyehileng, o le fe sebōpeho se secha le chebahalo e ncha. Bakeng sa meno a senyehileng haholo, ngaka e ka ’na ea fana ka tlhahiso ea hore le etsetsoe korone. Korone ena e koala sekheo leinong, e le fe ponahalo e ncha, ebang ke ea khauta kapa e tšoeu.
Ngaka ea meno e ka etsa’ng ka meno a tsoileng? E ka ’na ea koala sekheo sa ’ona ka meno a maiketsetso, kapa ea bōpella likorone mahlakoreng a meno a maiketsetso hore li khohlele menong a ka thōko ho thusa hore meno ao a maiketsetso, kapa e bang ke le le leng, a tsitse. Mokhoa o mong o eang o ata ke oa ho tsetela leino. Ngaka e kenya sepekere litlhaheng moo leino le neng le le hona teng, joale ha litlhaha le marenene li khutletse setloaeling, e faselletsa leino la maiketsetso sepekereng seo. Mokhoa o na o tšoana le ho ba le leino la sebele.
Meno a liqhobo a ka hlabisa mong’a ’ona lihlong ’me a hlatsoeha ka thata, e leng ho etsang hore a hlaselehe habonolo. Haeba meno a sa lula hantle, a ka ’na a opa kapa a etsa hore ho be thata ho hlafuna. Ntho e thabisang ke hore lingaka tsa meno li ka lokisa boemo ka ho a tlama ka literata. Ka lebaka la ntlafatso e entsoeng, literata tsa sejoalejoale li ka ’na tsa se ke tsa bonahala hakaalo ebile ha li hloke ho lokisoa hangata.
Lingaka tse ling tsa meno li fana ka tlhokomelo e khethehileng ea ho qeta monko o mobe oa lehano. Batho ba bangata ba ba le monko o mobe oa lehano ka linako tse ling, empa ba bang ba na le bothata boo khafetsa. Ho na le lisosa tse ’maloa tsa seo. Lingaka tse ling tsa meno li koetliselitsoe ho fumana sesosa. Maemong a mangata, o bakoa ke baktheria eo ka tloaelo e bang ka morao-rao lelemeng. Ho hlatsoa leleme ka borashe kapa ho le hohla ho ka thusa, hammoho le ho hlafuna chepisi e se nang tsoekere e le hore mathe a phalle ka bongata. Ke habohlokoa ho hlatsoa lehano ka mor’a ho ja lintho tse entsoeng ka lebese, nama le tlhapi.
Ho Hlōla Tšabo
Haeba ha u ea ngakeng ea meno ua tšoha, ngaka e tla rata ho u thusa ho hlōla tšabo eo. Ka hona, e bolelle hore na u ikutloa joang. E bolelle hore u tla etsa pontšo efe ka letsoho ho e bolella haeba u utloa bohloko kapa u tšohile. Batho ba bangata ba fumane sena se ba tiisa lengole.
Mohlomong u tšaba ho omanngoa. U ka ’na ua tšoenngoa ke hore ngaka e ka ’na ea u phoqa hore ha u ua hlokomela meno a hao hantle. Empa kaha ho tšoara batho joalo ho ka beha khoebo ka mosing, e ka ’na eaba u mpa u nahana feela hore ho tla ba joalo. Lingaka tse ngata tsa meno li thahasella ho buisana hantle le batho ba tlileng ho tsona.
Batho ba bangata ha ba batle ho ea ngakeng ea meno hobane ba tšaba litšenyehelo. Empa haeba u ka khona ho ea hlahlojoa meno hona joale, u ka ’na ua qoba mathata a ka hlahang hamorao hammoho le ho lefa chelete e ngata ea ho a lokisa. Libakeng tse ngata ho na le litsi tse fapa-fapaneng tsa litšebeletso tsa meno tse loketseng batho ba maemo ’ohle. Esita le setsi se nang le thepa e fokolang feela se ka ’na sa e-ba le thepa ea X-ray, hammoho le boro e fatang ka potlako. Lingaka tsa meno li ka sebetsa meno motho a sa utloe bohloko bo bokaalo. Meriana e thethefatsang kutlo karolong e itseng feela e ka bitsa chelete e tlaase hoo boholo ba batho bo ka khonang ho e lefella, esita le libakeng tseo ho se nang chelete e kaalo.
Lingaka tsa meno li ikabetse ho imolla batho bohlokong ba leino le opang, e seng ho ba bakela bohloko. Ho isa leino ngakeng ha e sa le ntho e bohloko eo mohlomong bo-nkhono ba e hopolang. Kaha meno a boemong bo botle a tlatsetsa bophelong bo botle, ’me a ka u thusa hore u thabele bophelo haholoanyane, ke hobane’ng ha u sa ee ngakeng ea meno? U ka ’na ua sala u ntse u tsota feela.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sehlooho sena se tšohla seo ngaka ea meno e ka se etsang ho thusa motho ea tlileng ho eona. Bakeng sa boitsebiso ba hore na u ka etsa eng ho sireletsa meno a hao, ka kōpo bala sehlooho se reng “Kamoo U ka Sireletsang Pososelo ea Hao Kateng” Tsoheng! (ea Senyesemane) ea November 8, 2005.
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 29]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Kaheho ea Leino le Phetseng Hantle
Korone
Inamele
Lesapo la leino
’Moko o nang le methapo-kutlo
Metso
Marenene
Lesapo
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 29]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ho Bola ha Leino
Sekoti
Ho kata ho thibela sekoti ho teba
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 29]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Lefu la Marenene
Litšila tse bokellaneng menong li lokela ho hlatsuoa ka borashe kapa ho tlosoa ka khoele e hloekisang pakeng tsa meno
Bok’hok’ho bo tloha ka thata ’me bo etsa hore marenene a bulehe
Marenene a bulehileng
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 30]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Ho Lokisa Meno
Moalo o khomaretsoa leinong
Korone ea maiketsetso
Leino le tseteloang
Likorone tsa maiketsetso tse khohlelang menong a ka thōko hore leino la maiketsetso le tsitse