Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 9/07 maq. 27-29
  • Ho Opeloa ke Leino—Bohloko bo ’Nileng ba Theosa le Lilemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Opeloa ke Leino—Bohloko bo ’Nileng ba Theosa le Lilemo
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Boreneng le Bona ba ne ba Opeloa
  • Tšimoloho ea Mokhoa oa Kajeno oa ho Phekola Meno
  • Ho Opeloa ha Mopresidente oa Pele oa United States
  • Sesosa sa Leino le Opang
  • Ho Batla Mokhoa o sa Utloiseng Bohloko oa ho Phekola Meno
  • Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa ho ea Ngakeng ea Meno?
    Tsoha!—2007
  • Ho Tloha ha Mehlahare Malulong—Moikhakanyi e Moholo
    Tsoha!—1991
  • Leino le Ichorisang la Urchin ea Leoatleng
    Tsoha!—2011
  • Tsela ea 2—Itlhokomele ka Lintho Tsa Motheo ’Meleng
    Tsoha!—2011
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 9/07 maq. 27-29

Ho Opeloa ke Leino—Bohloko bo ’Nileng ba Theosa le Lilemo

’Marakeng o lepatlelong la motse oa boholo-holo, moikhakanyi ea apereng hantle ea ipolelang hore o tseba ho ntša meno, o ithorisa ka hore a ka a ntša a sa utloise motho bohloko ho hang. ’Mphato oa hae o tla ho eena a iketsa eka o leqe, ’me motho eo o etsa eka o mo ntša leino ’me o phahamisa leino la mohlahare le ntseng le e-na le mali hore bohle ba le bone. Ka potlako bohle ba opeloang ke meno ba tiea lengole hore ba arohane le chelete ea bona hammoho le meno a bona. Ho letsoa meropa le literompeta ka lerata le holimo hoo sello sa ba ntšoang meno se sa utloahaleng e le hore ba bang ba se ke ba koeneha. Ka mor’a matsatsi a ’maloa, ka linako tse ling ho ba le batho ba kulang hampe ka lebaka la tšoaetso ea likokoana-hloko empa ka nako eo, e tla be e le khale moikhakanyi eo a kene pooneng.

KE BA ’maloa haholo kajeno ba opeloang ke leino ba ka eang ho batho ba joalo ba bolotsana. Lingaka tsa kajeno tsa meno li ka phekola leino le opang, ebile hangata li ka thibela hore leino le qetelle le ntšitsoe. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba tšaba ho ea ngakeng ea meno. Ho tseba hore na qalong lingaka tsa meno li ile tsa ithuta ho kokobetsa bohloko ba leino le opelang mokuli joang ho ka re thusa ho ananela mokhoa oa kajeno oa ho phekola meno.

Ho boleloa hore ho bola ha meno ke boloetse ba bobeli bo atileng haholo bathong, ba pele ke sefuba. Hase lefu le fihlang hona joale. Lithoko tsa Morena Solomone li bontša hore Iseraeleng ea boholo-holo, batho ba seng ba hōlile ba ne ba e-ba boemong bo sa thabiseng ba ho ba le meno a fokolang.—Moeklesia 12:3.

Ba Boreneng le Bona ba ne ba Opeloa

Le hoja Elizabeth I e ne e le mofumahali oa Engelane, ho opeloa ke leino ha hoa ka ha mo pota ka thōko. Moeti oa Lejeremane ea ileng a hlokomela hore leino la hae le ne le le letšo o ile a tlaleha hore seo e ne e le “bothata bo atileng ho Manyesemane ka lebaka la ho ja tsoekere haholo.” Ka December 1578, leino le ile la opela mofumahali bosiu le motšehare. Lingaka tsa hae li ile tsa khothalletsa hore leino leo le opang le ntšoe, empa o ile a hana, mohlomong hobane a ne a tšaba bohloko bo tsamaeang le ho le ntša. E le ho mo khothalletsa hore a le ntše, John Aylmer, eo e neng e le mobishopo oa London, o ile a ntša leino la hae leo mohlomong le neng le bolile, ka pel’a mofumahali—ketso e bontšang boitelo ruri kaha monna eo ea hōlileng o ne a setse ka meno a fokolang feela!

Ka nako eo, bafo ba neng ba batla hore meno a bona a ntšoe ba ne ba ea ho motho ea kutang moriri kapa esita le ho setei sa tšepe. Empa ha batho ba bangata ba khona ho reka tsoekere, palo ea ba opeloang ke meno e ile ea hōla—’me ha hlokahala batho ba bangata ba tsebang ho ntša meno. Ka hona, lingaka tse ling tse phekolang le tse buoang li ile tsa qala ho ba le thahasello ea ho phekola leino le opang. Leha ho le joalo, li ile tsa tlameha ho ithuta ka botsona, kaha litsebi tsa meno li ne li lutse tsebo ea tsona holimo. Ho ne ho boetse ho e-na le libuka tse fokolang tse buang ka taba ena.

Lilemo tse lekholo ka mor’a mehla ea Elizabeth I, Louis XIV o ile a busa e le morena oa Fora. Nako e ngata bophelong ba hae o ne a hlokofatsoa ke leino le opang, ’me ka 1685 o ile a ntša meno ’ohle a ka holimo ka lehlakoreng le letšehali. Ba bang ba re tšoaetso ea meno e neng e hlokofatsa morena eo ke eona e ileng ea etsa hore a etse qeto e booatla selemong seo, ea ho tekenela hore ho se hlole ho e-ba le tokoloho ea borapeli Fora, e leng ketso e ileng ea tlisa masisa-pelo a tlhoriso lihlopheng tse nyenyane tsa bolumeli.

Tšimoloho ea Mokhoa oa Kajeno oa ho Phekola Meno

Bophelo bo mabothobotho ba Louis XIV sechabeng sa Paris bo ile ba susumelletsa batho hore ba qale ho ithutela ho phekola meno. Hore motho a lule a nkeloa holimo ke ba boreneng le sechabeng, ho ne ho itšetlehile ka ponahalo ea hae e khemang le linako. Tlhokahalo ea meno a maiketsetso molemong oa ponahalo, eseng oa ho ja, e ile ea hlahisa sehlopha se secha sa lingaka—lingaka tsa meno tse sebetsanang le batho ba maemong a phahameng sechabeng. Ngaka ea meno e neng e ipabola Paris mehleng eo e ne e le Pierre Fauchard, ea ileng a ithutela ho sebetsa meno ha a ne a le lebothong la likepe tsa ntoa la Fora. O ile a nyatsa lingaka tse buoang tse neng li tlohella batho ba se nang tsebo ba kutang moriri le ba iketsang eka baa tseba hore ba ntše meno a batho, ’me ke eena motho oa pele oa ho ipitsa ngaka ea meno.

Ka 1728, Fauchard o ile a ngola buka eo a ileng a bolela mehato eohle eo a e tsebang eo a e sebelisang, e leng se ileng sa felisa mokhoa oa litsebi tse ling oa ho patela ba bang tsebo ea bona. Ka lebaka leo, o ile a bitsoa “Mothehi oa Phekolo ea Meno.” Ke eena oa pele oa ho lulisa bakuli setulong se khethehileng sa ba ntšang meno ho e-na le ho ba lulisa fatše. Fauchard o ile a boela a qapa lisebelisoa tse hlano tse ntšang meno, empa o ne a sa ntše meno feela. O ile a boela a qapa mochine o fatang karolo e bolileng ea leino le mekhoa e meng ea ho kata likoti leinong. O ile a ithuta ho kata leino le ho kenya leino la maiketsetso lereneneng. Meno a hae a maiketsetso, a neng a entsoe ka lenaka la tlou, a ne a e-na le seporing e le hore karolo e ka holimo ea meno e lule e lekana le a mang. Fauchard o ile a etsa hore ho phekola meno e be oona mosebetsi oa hae. Tšusumetso ea hae e ile ea fihla le ka mose ho Atlantic.

Ho Opeloa ha Mopresidente oa Pele oa United States

Lilemo tse lekholo ka mor’a Louis XIV, George Washington o ile a hlokofatsoa ke meno a opang Amerika. Hoo e batlang e le selemo le selemo ho tloha ha a le lilemo li 22, o ne a ntšoa leino. Inahanele feela hore na o ne a utloa bohloko bo bokae ha a ne a eteletse pele lebotho la Amerika le neng le loana le Manyesemane! Nakong eo e bang mopresidente oa pele oa United States ka 1789, o ne a se a batla a feletsoe ke meno.

Washington o ile a boela a hlokofala maikutlong ka lebaka la ho se shebahale hantle ho neng ho bakoa ke ho hloka meno le ke meno a maiketsetso a neng a sa mo lekane hantle. O ne a le hlokolosi haholo ka ponahalo ea hae ha a ntse a loanela ho hlaha hantle bathong bakeng sa setulo sa hae sa bopresidente sechabeng se neng se sa tsoa thehoa. Mehleng eo, meno a maiketsetso a ne a sa etsetsoe ka liforomong tsa meno empa a ne a betloa lenakeng la tlou, ka hona ho ne ho le thata ho etsa hore a lule a tsitsitse ka hanong. Banna ba Manyesemane ba ile ba e-ba le mathata a tšoanang le a Washington. Ho ’nile ha boleloa hore ho se tšehe feela tjee ha banna ba Manyesemane ho qalile nakong eo ba neng ba qoba ho keketeha e le hore meno a bona a maiketsetso a se ke a bonoa.

Pale e atileng ea hore meno a maiketsetso a Washington e ne e le a lehong ho bonahala e se ’nete. O ne a e-na le meno a maiketsetso a entsoeng ka meno a motho, lenaka la tlou le loto, eseng ka lehong. Ho ka etsahala hore ebe lingaka tsa hae tsa meno li ile tsa fumana meno ho batho ba neng ba utsoa mabitleng. Ba hoebang ka meno ba ne ba boetse ba tsamaea le mabotho a ntoa e le hore ba tsomule meno a ba oeleng ntoeng le ba makhatheng a ho shoa. Ka hona, meno a maiketsetso e ne e le bokhabane ba barui. Ke feela lilemong tsa bo-1850 moo batho ba tloaelehileng ba ileng ba khona ho fumana meno a maiketsetso, ka mor’a hore ho sibolloe mokhoa oa ho thatafatsa rabara ka ho e pheha le sebabole, e leng eona e ileng ea sebelisoa ho etsa moralo oa meno a maiketsetso. Le hoja lingaka tsa meno tsa Washington li ne li se li hatetse pele haholo mosebetsing oa tsona, li ne li ntse li sa utloisise hore na leino le opisoa ke eng.

Sesosa sa Leino le Opang

Ho tloha nakong ea boholo-holo, batho ba ne ba nahana hore libōkō ke tsona tse bakang ho opa ha leino—e leng tumelo e ileng ea e-ba teng ho fihlela lilemong tsa bo-1700. Ka 1890, Willoughby Miller, ngaka ea meno ea Leamerika e neng e sebetsa Jeremane Univesithing ea Berlin, o ile a fumana sesosa sa ho bola ha leino, e leng eona ntho e ka sehloohong e bakang ho opa ha leino. Mofuta o itseng oa baktheria e atlehang haholo moo ho nang le tsoekere, e ntša asiti e hlaselang leino. Empa ho bola ha leino ho ka thibeloa joang? Ho ile ha sibolloa karabo e se ka morero.

Ka lilemo tse ngata lingaka tsa meno tsa Colorado, U.S.A., li ne li qakiloe ke hore na ke hobane’ng ha batho ba bangata sebakeng seo ba e-na le meno a masootho. Qetellong, ho ile ha fumanoa hore sesosa e ne e le fluoride e ngata haholo metsing. Empa ha ho ntse ho etsoa lipatlisiso ka bothata boo, bafuputsi ba ile ba thulana le ntho ea bohlokoa lefatšeng lohle, e se ka morero, bakeng sa ho thibela ho opa ha meno: Batho ba hōletseng moo metsi a nooang a haelloang ke fluoride ba ne ba e-ba le bothata bo boholo ba meno a bolang. Fluoride, eo metsi a mangata a nang le eona ka tlhaho, ke motsoako o teng leinong. Ha batho ba noang metsi a haelloang ke fluoride ba fuoa e lekaneng, bothata ba ho bola ha meno bo fokotseha ka liphesente tse ka bang 65.

Ka tsela eo, tharollo ea bothata boo e ile ea fumanoa. Hangata leino le opisoa ke ho bola. Tsoekere e tlatsetsa haholo ho boleng ha leino. Fluoride e thibela ho bola. Leha ho le joalo, hoa tsebahala hore fluoride ha e nke sebaka sa ho hlatsoa meno hantle ka borashe le ho sebelisa khoele e hloekisang pakeng tsa meno.

Ho Batla Mokhoa o sa Utloiseng Bohloko oa ho Phekola Meno

Pele ho etsoa meriana e thethefatsang kutlo, mekhoa ea ho sebetsa leino e ne e utloisa bohloko haholo. Lingaka tsa meno li ne li fata leino le bolileng le sa batleng le ho thetsoa ke bohloko ka lintho tse motsu, ebe li kata leino ka tšepe e chesang. Kaha li ne li se na mekhoa e meng ea phekolo, li ne li bolaea likokoana-hloko tse bolisang leino ka ho sunya tšepe e khubelu ke mocheso ka sekoting sa leino ho ea tlaase motsong. Pele ho qaptjoa lisebelisoa tse khethehileng le meriana e thethefatsang kutlo, ho ntša leino le hona ho ne ho le bohloko haholo. Batho ba ne ba itumella hore ba utloe bohloko boo hobane feela ho phela ka leino le opang ho ne ho le hobe le ho feta. Le hoja ho ’nile ha sebelisoa litlama tse kang matekoane ka mofuta oa ’ona le limandrake ho theosa le makholo a lilemo, litlama tsena li ne li fokotsa bohloko feela. Na lingaka tsa meno li ne li tla ke li sebetse leino ntle le hore mokuli a utloe bohloko?

Matla ao khase ea nitrous oxide, kapa khase e tšehisang e nang le ’ona a ho thethefatsa kutlo a ile a lemohuoa ka potlako ka mor’a hore setsebi sa metsoako sa Lenyesemane, Joseph Priestley, a e etse ka 1772. Empa ha ho motho ea ileng a e sebelisa e le moriana o thethefatsang kutlo ho fihlela ka 1844. Ka la 10 December selemong seo, Horace Wells eo e neng e le ngaka ea meno Hartford, Connecticut, U.S.A., o ile a ba teng puong eo ho eona batho ba neng ba etsetsoa boithabiso ka khase e tšehisang. Wells o ile a lemoha hore motho ea e habotseng o ne a lula a thula benche e boima ka moomo empa ho ne ho sa bonahale eka o utloa bohloko. Wells o ne a e-na le kutloelo-bohloko ’me o ne a ameha haholo ke bohloko boo a neng a bo utloisa bakuli ba hae. Ka potlako o ile a nahana ho sebelisa khase eo e le moriana o thethefatsang kutlo. Empa pele a e sebelisa ho ba bang, o ile a etsa qeto ea hore a e leke ka eena. Letsatsing le latelang, o ile a lula setulong seo a sebeletsang bakuli ho sona, a tsuba khase eo ho fihlela a ea le mailiili. Joale mosebetsi-’moho le eena o ile a ntša leino la haka le neng le mo opela. Ena e bile ketsahalo ea bohlokoa historing. Qetellong ho ne ho sibolotsoe mokhoa oa ho phekola meno o sa utloiseng bohloko!a

Ho tloha ka nako eo, ho phekola meno ho ’nile ha ntlafala haholo ka lebaka la theknoloji. Ka hona, u tla fumana hore ho ea ngakeng ea meno kajeno ke ntho e batlang e thabisa haholoanyane.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Kajeno ho sebelisoa haholo meriana e thethefatsang, e bolaeang kutlo karolong e sebetsoang feela ho feta khase ea nitrous oxide.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Meno a maiketsetso a George Washington, mopresidente oa pele oa United States

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of The National Museum of Dentistry, Baltimore, MD

 [Setšoantšo se leqepheng la 29]

Setšoantšo sa motaki se bontšang ha ho ne ho sebetsoa leino ka lekhetlo la pele ka 1844 ho sebelisoa “nitrous oxide” ho thethefatsa kutlo

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of the National Library of Medicine

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 27]

Courtesy of the National Library of Medicine

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela