Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 7/8 maq. 28-30
  • Ho Tloha ha Mehlahare Malulong—Moikhakanyi e Moholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tloha ha Mehlahare Malulong—Moikhakanyi e Moholo
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Moikhakanyi o Senotsoe
  • Ke Eng e Bakang Boloetse ba TMJ?
  • Seo U ka se Etsang
  • Seo Ngaka ea Hao ea Meno e ka se Etsang
  • Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa ho ea Ngakeng ea Meno?
    Tsoha!—2007
  • Mantsoe a Bitsitsoe ka ho Hlaka
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Opeloa ke Leino—Bohloko bo ’Nileng ba Theosa le Lilemo
    Tsoha!—2007
  • Bohloko bo ke Keng Ba Hlola Bo E-Ba Teng
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 7/8 maq. 28-30

Ho Tloha ha Mehlahare Malulong—Moikhakanyi e Moholo

LARRY o ne a nahana hore o lahleheloa ke kelello. O ’nile a utloa molumo o lerata le melumo e utloahallang tlaase ka likhoeli tse supileng. O ile a ea ho setsebi sa mafu a kahare le ngakeng ea litsebe. Ha ho leha e le ’ngoe ea lingaka tsena e ileng ea tseba ho senola sesosa sa bothata ba hae.

Robert o ile a senya chelete e fetang R7 500 a leka ho phekola hlooho e opang habohloko. O itse: “Ke ile ka ea ho litsebi le lipetleleng tse ngata . . . ke ile ka etsoa liteko tse ngata.” Lingaka li ile tsa mo fa lithethefatsi tse tla felisa bohloko le ho otlolla mesifa, empa ho opa ha hlooho ho ile ha tsoela pele.

Ka lilemo-lemo Pauline o ile a khathatsoa ke leino le opang ka ho sa khaotseng. Ngaka ea hae ea meno e ile ea fumana ho se letho le phoso ka meno a hae ’me ea mo laela hore a e’o bona ngaka ea meriana. Ngaka ea meriana le eona e ile ea mo khutlisetsa ho ngaka ea meno e ileng ea mo ntša leino. Ha e phahamisetsa leino leo khanyeng ka tang, ngaka ea meno e ile ea re: “Leino lena le ntse le lokile.” Ha moriana o kokobetsang bohloko o fela, ho opa ho ile ha qala hape.

Le hoja matšoao a bona a bohloko a ne a fapana, batho bana ba bararo ba ne ba na le boloetse bo tšoanang. Ke boloetse bo tšoarang batho ba fetang limillione tse leshome United States feela. Ka hobane bo tšoana le maloetse a mangata, bo ile ba bitsoa “Moikhakanyi e Moholo.” Bahlaseluoa ba bona ba bangata ha ba tsebe hore ba tšoeroe ke lefu lena. Mohlomong ebile ba bangata ha ho mohla ba kileng ba utloela ka lona.

Boloetse bona bo bitsoa TMJ (temporomandibular joint).a Ho phaella mathateng a boletsoeng ka holimo, boloetse ba TMJ bo ka boela ba baka mesifa ea mohlahare e bohloko, bohloko sefahlehong, molala le mahetla a opang, bohloko ba leihlo, mahanana a bohloko, ho tsekela esita le ho lahleheloa ke kutlo. Ka baka la matšoao ana a fapaneng, hangata boloetse ba TMJ ha bo hlahlobisisoe hantle kapa ha bo hlahlojoe ho hang. Ka baka leo, batho ba bangata ba tloha ngakeng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ba tloha ho setsebi se seng ho ea ho se seng empa ha ba tsebe ho fumana tharollo ea bohloko ba bona. Ka ho nyahama ba bang ba retelehela ho lingaka tsa mafu a kelello ha ba bang ba noa lithethefatsi tse bolaeang bohloko. Empa ho molemo haholo ke ho etsa taetsano le ngaka ea meno e nang le tsebo. Mohlomong e ka u tlisetsa pheko—pheko eo hangata e sa bakeng bohloko ebile e le ea ka mehla.

Moikhakanyi o Senotsoe

Nahana ka sebōpeho sa boemo. Manonyeletso a mohlahare (e mong le e mong oa rōna o na le a mabeli) a hokahanya mohlahare o ka tlaase le lehata. Manonyeletso ana a re nolofalletsa ho tsamaisa mohlahare ho ea holimo le tlaase, ho ea ka ntle le ka hare esita le ka mathōko. Manonyeletso a sebetsa nako e ’ngoe le e ’ngoe ha re bua, ha re hlafuna, ha re elimola, ha re koenya, kapa ha re bososela. Manonyeletso a mohlahare o ka tlaase a sebetsa hammoho le tsamaiso e rarahaneng le e amanang haufi-ufi ea mafufuru, masapo, mesifa, methapo ea hlooho le methapo ea mali. Ho batho ba bangata lintho tsena tsohle li sebetsa hammoho ka tumellano ’me ha li bake bothata.

Leha ho le joalo, haeba mohlahare o tlohile malulong a ’ona, phello e ka ba bohloko bo boholo. Boemo bo joalo bo ile ba tšoantšoa le ho qobella monna ea bolelele ba lisenthimithara tse 180 hore a eme ka phaposing ea bophahamo ba lisenthimithara tse 175. A ka kotlobana ka nakoana empa butle-butle a ka qala ho utloa bohloko. Ka ho tšoanang, haeba mohlahare o sitoa ho boloka boemo ba ’ona bo loketseng, mesifa e tlameha ho tsoela pele e o tšehetsa. Phello ke e tšoanang le ea monna e molelele ea emeng ka phaposing e nang le siling e tlaase—ke ho utloa bohloko.

Mokhatlo oa Amerika oa Teka-tekanyo ea Meno o bolela hore ha manonyeletso a mohlahare a tlohile malulong a ’ona a ka hlahisa “khatello e mpe ka ho fetisisa hobane ha ho tsela eo ’mele o ka fumanang khatholoho ka eona.” Ho fapana le setho se tsoileng kotsi se ka phomotsoang, manonyeletso a mohlahare le mesifa e amanang le ’ona a sebetsa ka linako tsohle, bosiu le motšehare.

Ha a hlalosa ka liphello tsa khatello e joalo e phehellang manonyeletsong le mesifeng ena, ngaka ea meno ea New York Harold Gelb, eo e leng setsebi sa mathata a TMJ oa ngola: “Khatello e etsa hore mesifa e seng e le thata ea hlooho, molala le mahetla e finahane. Phallo ea mali mesifeng ena e tla ba e lekanyelitsoeng ka baka la ho thatafala ha eona, ’me moo phallo ea mali e fokolang haholo litšila tsa ’mele li tla phaellana le ho bōpa likarolo tse bakang bohloko ka har’a lisele. Likarolo tse bakang bohloko li ka bo romela kae le kae ’meleng; karolo e lehetleng e ka baka bohloko bo boholo lehlakoreng la hlooho, ho opa ha hlooho ho phehellang. . . . Ka baka la hobane khatello e khōlō e bakoang ke mohlahare o tlohileng malulong a ’ona e likoloha liseleng tsa hlooho, molala le mahetla, matšoao a mangata a bohloko a utloahala karolong eo.”

Ke Eng e Bakang Boloetse ba TMJ?

Empa ke joang manonyeletso ana a tlohang malulong a ’ona ka lekhetlo la pele? Ka linako tse ling ke ka baka la ho otloa hloohong, molaleng kapa mohlahareng. Mekhoa e fosahetseng ea ho hlafuna le ho koenya le eona e ka ba lebaka le leng. Leha ho le joalo, sesosa se tloaelehileng ka ho fetisisa ke malocclusion, e leng ho se kopane ho nepahetseng ha meno a ka holimo le a ka tlaase.

Hangata ho tloha malulong ha manonyeletso a mohlahare ho mpefatsoa ke litloaelo tse kotsi tsa molomo tse kang ho ja meno, ho moma peipi, ho hlafuna lipotloloto kapa lipene. Kapa ho tloha malulong hoo ho ka mpefatsoa ke mokhoa o fosahetseng oa ho lula joaloka ho itšetleha deskeng o kotlobane kapa ho itloaetsa ho tšehetsa selelu sa hao ka letsoho.

Mokhatlo oa Meno oa Amerika o hlalosa hore ha mesifa ea mohlahare le manonyeletso e sa khone ho sebetsa hammoho ka nepo, hangata phello ke ho finahana ha mesifa. Ho finahana ha mesifa ho baka bohloko, ho fokola ’meleng le ho senyeha ha lisele. Qetellong manonyeletso le mesifa ka boeona ea senyeha ’me matla a eona a ho sebetsa ka nepo a sitisoa ka ho eketsehileng. Sena se lebisa ho finahaneng ho eketsehileng ha mesifa, bohloko bo eketsehileng le kotsi e eketsehileng.

Seo U ka se Etsang

Bohloko ba boloetse ba TMJ bo ka thibeloa joang? Ka linako tse ling ho sebelisa mocheso o mongobo sefahlehong ho ka tlisa pheko. Lithethefatsi tse ling le tsona li ka thusa maemong a mang, empa sena ke phekolo ea nakoana. Ka kakaretso, ho fumana phekolo ea ka mehla ho akarelletsa ho tlohela mekhoa e mebe e bakang khatello manonyeletsong, mafufurung le mesifeng le methapong ea hlooho, le tse ling. Ho ka boela ha akarelletsa ho khutlisetsa mohlahare malulong a ’ona.

Mokhoa o kotsi haholo ke ho ja meno. Ka ho tloaelehileng, meno a motho a lokela ho arohana hanyenyane ntle le haeba a hlafuna kapa a koenya. Leha ho le joalo, hoo e ka bang karolo ea 40 lekholong ea bakuli ba TMJ ba na le mokhoa oa ho lomahanya meno a bona ha a lokela ho arohana, haholo-holo bosiu ha ba robetse. Hangata mokhoa ona oa ho lomahanya meno ke phello ea khatello ea maikutlo kapa ea meno a sa kopaneng ka mokhoa o nepahetseng.

Kahoo, ke’ng e ka etsoang ka ho lomahanya meno? Ba bang ba ile ba tseba ho hlōla mokhoa ona ka ho fokotsa kapa ho tlosa khatello ea maikutlo e o bakang. Lingaka tsa meno li thusitse ba bang ka ho koahela meno a bona ka polasitiki e sephara e fellang ka molomong, e loantšanang le liphello tse kotsi tsa ho lomahanya meno. Hangata ha se kenngoa bosiu, sesebelisoa sena sa polasitiki se thibela hore meno a se kopane ka ho sa lokelang. Hangata ho kenya sesebelisoa sena ho tlisa khatholoho kapele.

Ho na le lintho tse ling tseo u ka li etsang bakeng sa ho fokotsa khatello mehlahareng. Qoba ho tšehetsa selelu sa hao letsohong. U se ke ua kobeha haholo deskeng ea hao, ’me u se ke ua tšoara thelefono ka ho e beha pakeng tsa lehetla le selelu. Hlaolela mokhoa oa ho tsamaisa mohlahare ka bolokolohi le ka ho laolehang. ’Me u se ke ua ja lipene kapa lipotloloto.

Seo Ngaka ea Hao ea Meno e ka se Etsang

Haeba u se u tšoeroe ke boloetse ba TMJ, mohlomong u tla hloka phekolo ea ngaka ea meno. Kaha boemo ba meno ha molomo o koalehile e le bona bo rerang boemo ba mohlahare, ngaka ea meno e ka ’na ea etsa qeto ea ho fetola mokhoa oo meno a kopanang ka ’ona. E etsa sena ka ho kutlutsa meno a mang ’me mohlomong le ka ho eketsa a mang—e leng mokhoa o bitsoang ho leka-lekanya meno. Sena se lumella mohlahare ho khutlela bolulong bo nepahetseng le bo tsitsitseng. Ngaka ea meno e hloka bohlale le nako bakeng sa ho leka-lekanya meno, empa hangata hoo ha ho bakele mokuli bohloko.

Hangata liphello ke tse tsotehang. Meno a Robert ea boletsoeng qalong a ile a lokisoa ka mokhoa ona. O itse: “Ka tšohanyetso ke ile ka ikutloa eka ke na le meno ’ohle a macha. ’Me ho molemo ho feta tsohle, ho opa ha hlooho ho ne ho felile.” E mong o ile a re: “Ke ikutloa eka ke na le molomo o mocha ka ho felletseng!”

Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe katleho ea ho phekola batho ba nang le boloetse ba TMJ, ha bo e-s’o utloisisoe ka botlalo. Ka mohlala, sesosa se nepahetseng sa matšoao a bohloko bona ke sefe? ’Me ke hobane’ng ha batho ba bang ba nang le mehlahare e tlohileng malulong a eona hanyenyane ba sa utloe bohloko ho hang ha batho ba bang ba nang le mehlahare e tlohileng malulong hanyenyane feela ba utloa bohloko bo boholo hakale? Na botho ba motho ke lona lebaka? Hape, ha e le hantle bohloko bo tsoang karolong e ’ngoe bo fetisetsoa joang karolong e ’ngoe ea ’mele?

Lingaka tsa meno li sa ntse li fuputsa le ho phehisana khang ka likarabelo tsa lipotso tsena. Leha ho le joalo, ho na le E mong ea utloisisang tšebetso e rarahaneng ea ’mele oa motho ka botlalo. Enoa o tšepisitse ho felisa ho se phethahale hohle ho bakelang batho bohle bohloko le tšotleho.—Tšenolo 21:4.

Khabareng, haeba u nahana hore u na le boloetse ba TMJ, ke hobane’ng ha u sa etele ngaka ea meno e nang le tsebo ka moikhakanyi enoa e moholo? Mohlomong e ka tseba ho u thusa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hape boloetse bona bo bitsoa “ho se sebetse hantle ha TMJ.”

[Lebokose le leqepheng la 30]

Na Mohlahare oa Hao o Tlohile Malulong a ’Ona?

Haeba u arabela lipotso tse latelang ka e, mohlomong ho joalo.

1. Beha menoana ea hao mahlakoreng a sefahleho sa hao ka pele ho litsebe moo u ka utloang manonyeletso a mohlahare o ka tlaase. Joale bula le ho koala molomo oa hao ka makhetlo a ’maloa. Na u hlokomela ho tletlerana manonyeletsong?

2. Joale kenya lintlha tsa menoana ea hao e menyenyane hantle tsebeng ka ’ngoe ’me u e sutuletse pele ho ea qalong ea tsebe. Bula molomo oa hao le ho o koala. U lokela ho utloa lesapo la mohlahare le sututsa menoana ea hao. Na le utloahala haholo ka lehlakoreng le leng ho feta ka ho le leng? Na ho etsa sena ho u utloisa bohloko?

3. Na ka linako tse ling u thatafalloa ke ho bula molomo kapa na u utloa bohloko ha o u bula haholoanyane?

4. Na mohlahare oa hao oa opa kapa o bohloko kapa ho bohloko sebakeng se potolohang litsebe?

5. Na u utloa bohloko ha u hlafuna kapa u elimola?

6. Na u lomahanya meno kapa u khona ho a ja ha u robetse? (Letšoao le bontšang hore u etsa joalo ke ho ba le mehlahare e bohloko kapa e khathetseng ha u tsoha.)

7. Na mehlahare ea hao ea tiea hoo u sa khoneng ho bula molomo kapa ho o koala?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela