Kamoo Lingaka li Sebetsanang le AIDS ka Teng
KOTSI ea ho tšoaetsoa ke AIDS ka mali e bakile hore lingaka tse ling tse buoang li amohele seo The New York Times e se bitsang “boitšireletso bo bocha ba lingaka tse buoang bakeng sa mehla ea AIDS.” Ho ngaka e buoang boitšireletso bona bo akarelletsa “lieta tsa rabara, foreskoto e sa keneng metsi e fihlang lipotongoaneng, lipara tse peli tsa li-glove, tšireletso ea matsoho e sa keneleng metsi le liborele tse sireletsang mahlo.” Times e bolela hore ho sebelisoa “katiba e nang le tšireletso e koahelang sefahleho” haholo-holo maemong ao ho tsoang mali a mangata.
Habohlokoahali, ho ea qetellong ea 1990 Litsi tse Kopaneng tsa Taolo ea Mafu li boletse hore har’a litlaleho tse 153 000 tsa batho ba tšoaelitsoeng ke AIDS, ba 637 e ne e le lingaka, ba 42 e ne e le lingaka tse buoang, ba 156 e ne e le lingaka tsa meno le litsebi tsa bophelo bo botle, ’me ba 1 199 e ne e le baoki.
AIDS e ile ea tsejoa ka lekhetlo la pele ka 1981. Ka nakoana e ne e lekanyelitsoe ka ho khethehileng ho basodoma ba batona le makhoba a lithethefatsi a neng a tšoaelitsoe ke linalete tse silafalitsoeng. Empa ho hasana ha eona har’a basali e bile ho potlakileng. Makasine oa WHO (World Health Organization [Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle]), World Health, o tlalehile tjena tokollong ea ’ona ea November-December 1990: “Lenane la basali ba lebelletsoeng ho tšoaroa ke AIDS [lefatšeng ka bophara] nakong ea lilemo tse peli tse tlang le tla feta kakaretso ea litlaleho tsohle tsa batho ba tšoaelitsoeng ke AIDS tse ntseng li eketseha tse tlalehetsoeng Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle nakong ea lilemo tse leshome tsa pele tsa seoa sena.”
United States, Litsi tse Kopaneng tsa Taolo ea Mafu li tlalehile hore ho ea bofelong ba 1990 ho ne ho na le batho ba 15 696 ba ka holimo ho lilemo tse 50 ba neng ba se ba e-na le matšoao a bohloko a AIDS. Leo ke lenane le leholo ha le bapisoa le litlaleho tse 2 686 tsa bana ba tšoaelitsoeng ke AIDS ba ka tlaase ho lilemo tse 13, e leng sehlopha sa bahlaseluoa ba AIDS se ileng sa pepesoa ka ho fetisisa.
Batho ba baholo ba tšoaetsoa ke AIDS joang? Ba bangata ba tšoaetsoa ke AIDS ka baka la liketso tsa bosodoma. Leha ho le joalo, ho latela The New York Times, “hoo e ka bang karolo ea 17 lekholong ea bahlaseluoa e ile ea fumana kokoana-hloko ena ka litšelo tsa mali a silafetseng.” Seo se baka hore hoo e batlang e le lenane le tšoanang la batho ba baholo ba tšoaelitsoeng ke AIDS ka baka la litšelo tsa mali le tšoane le kakaretso eohle ea bana ba ka tlaase ho lilemo tse 13 ba tšoaelitsoeng ke AIDS!