AIDS—’Molai ea Sehloho oa Bana
NA U kile ua bona litšoantšo tsa bona? Na u kile ua utloa kapa ua bala litlaleho tsa bona? Haeba u kile ua ho etsa, na hoo ho ile ha u tšosa? Na u ne u ka thiba meokho ea hao kapa hona ho qoba ho sareloa? Na pelo ea hao e ntse e ba utloela bohloko? Na u ntse u ka utloa ho lumaella tlaase ha bao ba makhatheng a ho shoa bao ho seng ea ba hlokomelang? Le hona joale, na u ka hlakola lipono tse utloisang bohloko tsa masea a shoang—a robalitsoeng ka bobeli, ka boraro, le ka bone betheng e le ’ngoe? Bongata ba ’ona a ne a lahliloe. Mahlomola a ’ona le ho shoa li bakoa ke lefu lena le tšabehang le hlasetseng lefatše hona joale—AIDS!
Litlaleho le litšoantšo tse ileng tsa bontšoa thelevisheneng ka nako eo liketsahalo li neng li etsahala ka eona naheng e ’ngoe ea Europe ka February 1990 li ile tsa tšosa bashebelli ba mashome a limillione. Limillione tse eketsehileng tsa batho li bala litaba tsa mahlomola ana likoranteng le limakasineng lefatšeng lohle. Makasine oa Time o ile oa tlaleha: “Pono ena ea tšoenya ebile ea tšosa. Libetheng tsa masea tse behiloeng ka ho latellana ho robetse masea le bana ba ithutang ho tsamaea ba shebahalang joaloka batho ba tsofetseng, letlalo la bona le sobane, lifahleho tsa bona tse mamaraneng li bontša hore joang kapa joang ba haufi le ho shoa.” Ngaka e ’ngoe e ile ea re ka pelo e bohloko: “Ke ntho e mpe ho feta lintho tsohle tseo nkileng ka li bona. Ho bonahala eka ke seoa se neheletsanoang ka litšebeletso tsa meriana.”
Ho ka ba joalo joang? Ho fapana le masea a mangata a hlahileng a na le kokoana-hloko ea AIDS eo a e nkileng ho bo-’mè ba tšoaelitsoeng AIDS, bana ba ne ba se na kokoana-hloko ea HIV ha ba hlaha. Mahlomola ana a hlahile ka mor’a tsoalo ha bana bana ba sa tsoa hlaha ba fokolang ’meleng kapa ba hlahileng pele ho nako ba ne ba tšeloa mali methapong ka tumelo ea hore a tla matlafatsa masea ana a fokolang ’meleng—e leng mokhoa oo e leng khale lingaka li belaella ho nepahala ha oona. Ngaka e ’ngoe e itse: “Mofani a le mong oa mali ea nang le kokoana-hloko ea HIV a ka tšoaetsa bana ba 10, 12 kapa ba fetang moo.”
Dr. Jacques Lebas, mopresidente oa mokhatlo oa Lingaka tsa Lefatše o ntšetsang pele boiketlo ba batho oo setsi sa oona se leng Paris, o itse: “Ka lekhetlo la pele historing ea AIDS, re tobane le AIDS ea bongoaneng. Ke seoa.”
Ka mohlala, ka September 1990, ka lekhetlo la pele, WHO (World Health Organization [Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle]) e ile ea hlahisa bopaki bo makatsang bo ileng ba senola seoa sa lefatše lohle sa AIDS baneng. WHO e ile ea tlaleha hore mohlomong bana ba limillione tse leshome ba tla be ba na le kokoana-hloko ena e bakang Acquired Immune Deficiency Syndrome (Lefu le Sitisang Tšebetso ea ’Mele ea ho Thibela Mafu leo Motho a ka le Fumanang ho Motho e Mong) ka selemo sa 2000. Mookameli oa lenaneo la lefatše lohle la AIDS mokhatlong ona, Dr. Michael Merson, o itse: “Bongata bo boholo ba bana bo tla be bo na le AIDS ’me bo shoele ka selemo sa 2000.” Ho pholletsa le karolo ea ho qetela ea selemo sa 1990, karolo ea boraro ea batho ba limillione tse 1,2 bao ho hakanngoang hore ba ne ba na le AIDS e leng boemong ba eona bo felletseng ho lumeloa hore e ne e le bana ba ka tlaase ho lilemo tse hlano.
Na hoa makatsa hore ebe ka baka la ho ata, bohloko boo ba AIDS bo ile ba bitsoa seoa? Qetellong ea selemo sa 1992, masea a ka bang limillione tse ’nè e tla be e le a bo-’mè ba nang le kokoana-hloko ea HIV. Bana ba bane ho ba bahlano ba hlahileng ba e-na le kokoana-hloko ena ba ba le AIDS ha ba le lilemo li hlano. Hang ha ba na le AIDS, hangata ba shoa ka mor’a selemo kapa tse peli, ho latela kamoo Dr. Merson a ileng a bolella seboka sa baqolotsi ba litaba se neng se le Geneva ka teng.
WHO e tlaleha hore litsebi li boletse esale pele hore basali ba Maafrika ba 150 000 le bana ba bang hape ba 130 000 ba Maafrika ba tla be ba tšoeroe ke AIDS ka 1992. Ho fihlela hona joale masea a 20 000 a United States e ka ’na eaba ke a bo-mè ba nang le kokoana-hloko ea HIV. Khatisong ea eona ea July 12, 1989, koranta ea Evening Post ea Wellington, New Zealand, e ile ea tlaleha hore bacha ba Brazil ba ka bang 140 000 ba na le kokoana-hloko ena. Koranta ena e ile ea tlaleha: “Empa bahanyetsi ba na le tšabo ea hore e ka ’na eaba khakanyo ena ea fokola.” Mookameli oa lefapha la bongaka la Motheo oa Sechaba Bakeng sa Boiketlo ba Bana ba Tlaase Lilemong o itse: “Ke lumela hore sehlopha sena, haeba se sa fuoe tlhokomelo e khethehileng, se tla re lahlehela joalokaha eka se bolailoe ke seqhomane sa athomo motseng ona.” Setsebi sa kelello se tsebahalang sa Brazil se ile sa re ka pelo e bohloko: “Ke bothata bo tebileng ka ho fetisisa.”
Mathata aa Hōla
Na ho na le motho ea ke keng a angoa maikutlo ke tsietsi ee ea bahlaseluoa ba se nang molato ba utloisoang bohloko ke seoa see se bolaeang? Ka mohlala, nahana ka tlaleho ena: “Bonyane bana ba 50 ba bolailoe Afrika bohareng—ba bang ba bolailoe ke batsoali ba bona—hobane ba ne ba na le AIDS, ho latela Mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu oa Norway.” Bana ba bang ba Maafrika ba nang le AIDS ba lelekoa mahabo bona ke malapa a sa batleng ho kopana kae kapa kae le boloetse bona bo tlisang sekhobo se fetang sa ho tšoaroa ke lepera, ho ea kamoo ho tlalehileng koranta ea Johannesburg, Afrika Boroa, e bitsoang Sunday Star. Koranta ena e itse: “Libakeng tse ling bahlaseluoa ba AIDS le malapa a bona ba thibeloa ho ea lilibeng le likerekeng.”
Lipalo tse eketsehileng tse tepelletsang maikutlo ha li fe motho monyetla oa ho ba ea sa tsotelleng. Litlaleho tse tsoang lefatšeng lohle li beha seoa sa AIDS molato oa ho ba sesosa se tobileng sa masisa-pelo a mang. Bana ba limillione ba se nang kokoana-hloko ea AIDS ba ka ’na ba fetoha likhutsana lilemong tsa bo-1990. Hobane’ng? Batsoali ba bona ba tla bolaoa ke AIDS. WHO e hakanya hore ho tla ba le likhutsana tsa AIDS tse limillione tse hlano ka 1992. Setsebi se seng sa tlhokomelo ea bana se itse: “Ke seoa se qalang ho etsahala. ’Me ka ntle le hore re be le pono ea ho rera ho fa bana tlhokomelo ea botsoali, re tla tlameha ho bula mahae a likhutsana a maholo.”
Ha a hlalosa lelapa le leng la New York, motho ea etsang mosebetsi oa kahisano o itse: “Bohloko bona bo phahametse kutloisiso ea motho. ’Mè o tšoaelitsoe, ntate o tšoaelitsoe, lesea lea kula, batsoali le lesea ba tla shoa, ’me ba tla siea moshanyana ea lilemo li leshome a se na ba habo.”
’Me, qetellong, ho na le se hlomolang seo Dr. Ernest Drucker oa Setsi sa Thuto ea Bongaka sa Albert Einstein se New York a ileng a se hlokomela. “Ka mor’a lefu la batsoali, hangata bana ba iphumana ba loana le mathata a tlhokomelo, ba tloha sethong se seng sa lelapa ho ea ho se seng ha ba ntse ba leka ho ithuta ho amohela le ho tloaelana le tahlehelo ea bona le sekhobo sa AIDS.”
AIDS e ntse e fetoha se seng sa lisosa tse ka sehloohong tsa lefu la bana le bacha. Ke sesosa sa borobong se ka sehloohong sa lefu la bana ba nang le selemo se le seng ho ea ho ba lilemo li ’nè, ’me ke sesosa sa bosupa se ka sehloohong sa lefu ho bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 le ho batho ba baholo ba ka tlaase ho lilemo tse 25. The AIDS/HIV Record, ea September 1989 e ile ea tlaleha hore qalong ea lilemo tsa bo-1990, AIDS e ka ’na ea ba se seng sa lisosa tse hlano tse ka sehloohong tsa lefu. Leha ho le joalo, litlaleho li bontša hore ho na le boikutlo ba ho se tsotelle lefatšeng lohle har’a ba ka ’nang ba hlaseloa ke boloetse bona bo tšosang. Hlokomela tse ling tsa linnete tse tšosang sehloohong se latelang.