Bacha Baa Botsa . . .
Na ho Tsuba ho Hlile ho Hobe Hakaalo?
HO TSUBA ho ile ha khahla Oren a sa le monyenyane. Hangata ha rakhali oa hae a ne a hotetsa sakerete, o ne a mo lumella hore a time thutsoana eo ea mollo. Ha a le lilemo li 16, o ile a etsa qeto ea ho leka ho tsuba ka boeena. O ile a ea phating ’me a kōpa sakerete ho ngoanana e mong—empa o ile a kula le pele a qeta ho se tsuba.
Ha a bona hore o lahlehetsoe ke tlhompho ea hae ea bonna, Oren o ile a etsa qeto ea ho “ikoetlisetsa” ho tsuba ka sekhukhung. Mantsiboeeng a mang ka mor’a ho ja haholo, o ile a hotetsa sakerete ’me a se tsuba ka ho tšaba. E bile mohlolo ruri! Lekhetlong lena haa ka a tsekela kapa a nyekeloa. A thabile, o ile a tsoela pele ho tsuba. Ha a qeta sakerete seo, o ile a batla se seng. ’Me ka mor’a moo, a batla se seng hape. Ka lilemo tse tšeletseng tse latelang, Oren e ne e tla ba motho ea tsubang mochaochele.
Ho Tsuba—Na ho Fokotsehile?
Bacha ba bangata kajeno ba ka ’na ba nyatsa liketso tsa Oren. Ho latela phuputso e ’ngoe ea United States, karolo ea 66 lekholong ea bacha bao ho buisanoeng le bona e ile ea lumela hore ho tsuba lebokose le le leng la sakerete kapa ho feta ka letsatsi ho beha motho “kotsing e khōlō.” Ka ho makatsang, a mang a mantsoe a matla ka ho fetisisa a nyatsang ho tsuba a hlaha ho batho ba tsubang ka bobona! Motho e mong ea tsubang ea lilemo li 16 o ile a re: “Ke mokhoa o nyonyehang.” Phuputsong e ’ngoe, e batla e le karolo ea 80 lekholong ea bacha ba neng ba tsuba e ileng ea lumela hore e nahana hore ho tsuba ho kotsi. Hoo e batlang e le halofo ea bona e ile ea bolela hore e ikemiselitse ho khaotsa ho tsuba—nakong ea lilemo tse hlano.
Joale, ho bonahala eka leqhubu le matla le hanyetsang ho tsuba le sokela ho felisa ho ratoa ha koae ha nako e telele. Tlaleho ea 1989 ea ngaka e khōlō ea U.S. e nang le sehlooho Reducing the Health Consequences of Smoking—25 Years of Progress e re: “Lilemong tsa bo-1940 le bo-1950 ho tsuba ho ne le fesheneng; hona joale ho hanyetsoa ka ho eketsehang. Linaleli tsa libaesekopo, bo-’mampoli ba lipapali le batho ba bang ba hlomphehang ba ne ba atisa ho bonahala liphatlalatsong tsa lisakerete. Kajeno ke ka seoelo libapali tsa litšoantšiso, limathi le batho ba tsebahalang, bo-nkhetheng ba lipolotiki ba bonoang ba tsuba. . . . Manane a eketsehang a batho a ’nile a tlohela ho tsuba.”
Ka 1965, karolo ea 40 lekholong ea batho bohle ba baholo United States e ne e tsuba. Lilemo tse fetang 20 hamorao, ke feela hoo e ka bang karolo ea 29 lekholong e neng e tsuba. Tlaleho ea ngaka e khōlō e tsoela pele ho bolela hore “e batla e le halofo ea batho bohle ba baholo ba phelang hona joale ba kileng ba tsuba ba khaolitseng.” Ka 1976, hoo e ka bang karolo ea 29 lekholong ea bacha ba likolo tse phahameng e ne e tsuba letsatsi le leng le le leng. Lilemo tse fetang leshome hamorao, ke karolo ea 19 lekholong feela e neng e tsuba.
Kahoo ho ka ’na ha bonahala ho se na tlhokahalo ea ho bua haholo ka taba ea ho tsuba. Empa ho sa tsotellehe liphutuho tse matla tse khahlanong le ho tsuba le litemoso tse matla tsa lingaka, ho tsuba koae ka kakaretso ho eketsehile lefatšeng lohle! Batho ba baholo ba limillione tse ka bang 50 United States ba tsoela pele ho tsuba. ’Me se etsahetseng ho Oren se etsahala ho bacha ba bang ba bangata. Letsatsi le leng le le leng bacha ba ka bang 3 000 ba qala ho ithuta ho tsuba ka lekhetlo la pele United States feela. Sena se phaella lenaneng le tšosang la batho ba qalang ho tsuba ba millione ka selemo! Ka ho makatsang, bongata ba makhoba a macha a bokoali ke banana ba ka tlaase ho lilemo tse 20.
Liphutuho tse Khahlanong le ho Tsuba—Ha li Ncha!
Hase hore batho ha ba elelloe likotsi tsa ho tsuba. Nako e telele pele bafuputsi ba ka senola mabaka a saense a ho qoba ho tsuba, bohlale ba tlhaho bo ile ba bolella batho hore ho tsuba ke mokhoa o litšila le o mobe. Lilemong tse ka tlaase ho 90 tse fetileng, lisakerete li ne li sa thibetsoe ka molao likarolong tse ngata tsa United States. Libakeng tse ling, ho ba le tsona feela e ne e le motheo oa ho tšoaroa. ’Me lilemong tse fetileng ho ne ho nkuoa mehato e matla haholoanyane e khahlanong le ho tsuba.
Makasine Smithsonian o hlalosa mehato e meng e neng e nkuoa khahlanong le ho tsuba lekholong la bo17 la lilemo: “Chaena, molao oa ’muso o ileng oa ntšoa ka 1638 o ile oa etsa hore tšebeliso . . . ea koae e be tlōlo ea molao e lokelang ho otloa ka ho khaola motho hlooho. . . . Russia, batho ba tsubang ba ne ba shapuoa; linko tsa batho ba pheta-phetang tlōlo ena ea molao li ne li sehoa; batlōli ba molao ba phehelletseng ba ne ba lelekeloa Siberia. Persia, ba ne ba hlokofatsoa, ba ne ba bolaoa ka ho tlamelloa thupeng kapa ba ne ba khaoloa lihlooho.”
Ke ’nete hore likotlo tse joalo li ne li fetelletse ’me li le sehlōhō. Empa ka tsela ea bona, batho ba tsubang ba sehlōhō ho ’mele ea bona.
Ho Tsuba—Seo ho se Etsang ’Meleng oa Hao
Bokoali ke motsoako o etsang hore koae e be e ipiletsang ka mokhoa o kotsi. Leha ho le joalo, The World Book Encyclopedia e re: “Bokoali bo bonyenyane—limilligramo tse ka bang 60—bo ka bolaea motho e moholo haeba a ka bo koenya kaofela ka nako e le ’ngoe. Sakerete se tloaelehileng se na le hoo e ka bang milligramo e le ’ngoe ea bokoali.”
Hape bokoali bo na le matla a ho fetola motho lekhoba. Tlaleho ea ngaka e khōlō ea U.S. e phetha ka ho re: “Batho ba bangata ba tsubang ba qala ho tsuba ba le ka tlaase ho lilemo tse 20, ebe joale ba fetoha makhoba. . . . Kajeno, karolo ea 80 lekholong ea batho ba tsubang e bolela hore e lakatsa ho khaotsa; likarolo tse peli ho tse tharo tsa batho ba tsubang bonyane li entse boiteko bo le bong bo matla ba ho khaotsa ho tsuba.” Hangata boiteko bo joalo bo fokolisoa ke matšoao a bohloko a ho ikhula: takatso e matla bakeng sa koae, ho hloka phomolo, ho teneha, taba-tabelo, hlooho e opang, ho thibasela, mala a bohloko le ho se khone ho tsepamisa mohopolo nthong e le ’ngoe.
Leha ho le joalo, lisakerete li etsa ho fetang ho silafatsa motho ka bokoali; sakerete se hotelitsoeng ke feme ea sebele ea chefu, e hlahisang metsoako ea lik’hemik’hale tse fapaneng tse ka bang 4 000. Lik’hemik’hale tse 43 har’a tsena li ile tsa khetholloa e le tse bakang kankere. Tse ling tsa tsona li sebōpehong sa tar e khomarelang matšoafong le litselaneng tse isang moea matšoafong. Hamorao sena se ka fella ka kankere ea matšoafo. Ho boetse ho nahanoa hore ho tsuba ke “lebaka le tlatsetsang kankereng ea senya, manyeme le liphio; ’me ho tlameha ho amahanngoa le kankere ea mala.”—Reducing the Health Consequences of Smoking.
Ho ka ’na ha nka lilemo tse ngata pele motho ea tsubang a tšoaroa ke kankere. Empa sakerete se le seng feela se na le matla a ho ntša kotsi. Bokoali bo etsa hore pelo ea hao e otle kapele haholoanyane, bo etsa hore ’mele oa hao o batle oxygen e eketsehileng. Ka bomalimabe, mosi oa sakerete o boetse o na le carbon monoxide—moea o chefu o ntšoang ke lipeipi tse ntšang mosi tsa makoloi. Moea ona o chefu o leba methapong ea mali ’me o hlile o sitisa phallo ea oxygen e eang pelong le likarolong tse ling tsa bohlokoa. Ho hobe le ho feta, bokoali bo finahanya methapo ea mali ’me bo liehisa ho phalla ha oxygen ka ho eketsehileng. Kahoo lenane le phahameng ka ho tšosang la batho ba tsubang le tšoeroe ke lefu la pelo.
Liso tse ka maleng, ho senyeheloa ke mpa, bana ba holofetseng, li-stroke—tsena e mpa e le tse ling tsa likotsi tse ngata tseo batho ba tsubang ba talimaneng le tsona. Selemo le selemo ho na le mafu a ka bang limillione tse 2,5 a amanang le ho tsuba lefatšeng ka bophara. A fetang 400 000 a mafu ana a etsahala United States feela. Ngaka e khōlō ea U.S. ea tlaleha: “Ho tsuba ho baka mafu a fetang le le leng har’a a mang le a mang a tšeletseng United States. Ho tsuba e ntse e le sesosa se le seng sa lefu se seholo ka ho fetisisa se ka thibeloang sechabeng sa rōna.” Litsebi tse ling tsa bophelo bo botle li tšaba hore ho tsuba ho tla qetella ho bolaile batho ba ka bang limillione tse 200 bao hona joale ba leng ka tlaase ho lilemo tse 20.
Empa batho ba tsubang ha ba intše kotsi ka bobona feela. Ka ho qobella ba bang hore ba phefumolohe mosi oa bona o chefu, ba boetse ba pepesetsa le batho ba sa tsubeng likotsi tsa kankere ea matšoafo le maloetse a mang a amanang le ho phefumoloha.
Ho Iketsetsa Qeto
Joale, hase ho makatsang hore lichaba tse ngata li nkile mehato ea ho lemosa batho ka likotsi tsa koae kapa ho thibela tšebeliso ea eona. Leha ho le joalo, ho bonahala eka ho totobatsa likotsi tsa ho tsuba ho ba le liphello tse fokolang ho bacha ba bangata. Holly ea lilemo li 15 o re: “Ha ke hotetsa sakerete, ke ikutloa ke khatholohile. Ha ho mohla ke nahanang ka ho tšoaroa ke kankere.”
Maele a bohlale aa lemosa: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa; maoatla a feta feela, ’me a hlaheloa ke tsietsi.” (Liproverbia 27:12) Na u batla ho hlaheloa ke kotsi ea bokhoba ba koae, e leng kankere, lefu la pelo, le maloetse a amanang le ho phefumoloha? Na ho natefeloa ke ho tsuba ho lokeloa ke moea o nkhang, ho khohlela habohloko le meno a masehla?
Ka lehlakoreng le leng, ho na le lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa la ho qoba ho tsuba: takatso ea hao ea ho boloka botsoalle le Molimo. Na u ne u ke ke ua khopeha haeba u file motho e mong mpho e turang ebe eena oa e lahla? Ha e le hantle, Molimo o re neha “bophelo le phefumoloho.” (Liketso 17:25) Ak’u nahane hore na o ikutloa joang haeba u sebelisa mpho eo hampe! Kahoo moapostola Pauluse o ile a ngola: “Joale, baratuoa, ha re e-na le lipallo tseo [tsa ho ba le kamano e ntle le Molimo], a re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re ntse re phetha khalalelo ea rōna ka ho tšaba Molimo.” (2 Ba-Korinthe 7:1) Ho tsuba ho etsa ho fetang feela ho silafatsa, ho silafatsa ’mele oa motho ka lik’henik’hale tse chefu; hape ho silafatsa moea oa motho kapa matla a busang a kelello. Ho tsuba ke mokhoa o silafatseng, oa boithati le o khopo.
Ho sa tsotellehe sena sohle, bacha ba bangata ba ntse ba lekeha hore ba tsube. Hore ke hobane’ng ha ho le joalo le kamoo mocha a ka hanelang le likhatello tse joalo ka teng ke taba e tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Pele u lumela ho tšoaseha, nahana ka liphello