Bacha Baa Botsa . . .
Nka Itšireletsa Joang Tlhaselong ea Kenke?
MANTSIBOEENG a mang a pholileng a hoetla, Tom ea lilemo li 12 o ile a ea lebenkeleng le haufinyane ho ea reka lintho tse ’maloa. Tom o ne a tšohile hobane o ne a le sebakeng se laoloang ke kenke ea hona moo ea seterateng, ’me ka potlako tšabo ea hae e ile ea ipaka e le ea sebele. Ka ntle le ho mo lemosa, litho tse ’maloa tsa kenke eo li ile tsa mo hlasela, tsa mo lihela fatše ka sefako sa litebele.
Ka lebaka la “ngatafalo ea bokhopo” e boletsoeng esale pele, ba bangata ba lula metseng e tletseng pefo hoo le babusi ba sitoang ho e laola. (Mattheu 24:12) ’Me haeba u phela sebakeng seo likenke li atileng ho sona, e ka ’na eaba u tloaetse phihlelo ea Tom haholo. Ka mohlala, nahana ka boemo bo Los Angeles County, U.S.A. Ho ea ka koranta ea Maclean’s, lipolaong tse 257 tse amanang le kenke tse etsahetseng moo ka 1988, halofo ea tsona e ne e ama lipolao tsa bao e seng litho tse etsoang ke kenke ka ntle ho mabaka! Ka hona, bacha ba phelang libakeng tseo likenke li atileng ho tsona ba tobane le phephetso ea sebele: ho itšireletsa.
Sehlooho se fetileng se ile sa bontša booatla ba ho kopanela kenkeng.a Ho ile ha hlalosoa hore ha e le hantle ho ba setho sa kenke ho eketsa likotsi tsa hore u hlahisoe kotsi, u tšoaroe, kapa esita le hore u bolaoe. ’Me ha e le tabeng ea ho nka thipa, sethunya, kapa mofuta leha e le ofe oa sebetsa, hona ho khahlanong le keletso ea Bibele e ho Esaia 2:4 le Mattheu 26:52. Ntle ho moo, ho etsa joalo ho ka ’na ha hōlisa khohlano ho e-na le ho e kokobetsa. Ho ka boleloa se tšoanang ka ho ithuta mahlale a ntoa, a kang judo kapa karate, e le mokhoa oa ho itšireletsa. Ka hona, ho molemo hore tabeng ea pele u qobe ho thulana le kenke. Empa joang?
Likenke le Mebala ea Tsona
Pele, nahana ka moaparo oa hao, boitlhopho, le boitšoaro. Likenke tse ngata li apara liaparo tse khethehileng, mebala, kapa liaparo tse li khethollang ho likenke tse ling. Sakatuku se nang le mebala e khethehileng kapa haesita le tsela eo katiba e roetsoeng ka eona e ka ’na ea paka hore motho ke setho sa kenke. Hangata, likenke li iqapela mekhoa e meng ea ho bua ka matsoho, le mantsoe le motsamao o khethehileng.
Bothata ke hore hangata mebala ea kenke le litšobotsi tse joalo li ratoa ke bacha ka kakaretso—ho kopanyelletsa le bao e seng litho tsa kenke. Koranta ea Canada The Globe and Mail e ile ea hlokomela: “Bacha ba bang ba inkela karolo ea moaparo oa likenke tse itseng, le hoja e se litho. . . . E ka ’na eaba ba leka ho khahlisa bacha ba bang.”
Kamoo ho bonahalang ka teng bacha ba bang ba ikutloa hore seaparo se khethehileng se tla etsa hore ba bonahale ba le matla ’me ba tšosa. Ba bang ba beha lebaka la hore ho ikhabisa ka mebala ea kenke ho ka ’na ha ba fa tšireletseho e itseng. Ba nahana hore ba bang ba tla tšaba ho ba khopisa, ka ho nahana hore ba na le kamano le kenke e itseng. Na lee ke lebaka le utloahalang? Ho hang ha le utloahale. The Globe and Mail e ile ea beha taba ka ho toba: “Ba ipeha kotsing ea ho otloa haeba ba bonoa ke bao e hlileng e leng litho tsa kenke.”
Bernard, eo e kileng ea e-ba setho sa kenke empa eo hona joale e seng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, o tiisa khopolo ena. Ha a hopola matsatsing a fetileng, o re: “Haeba e mong a ne a ka apara joaloka rōna empa e se e mong oa rōna, hangata o ne a hlaseloa. O ne a tla lokela ho fetoha setho sa kenke ea rōna kapa ho utloisoa bohloko.”
Ho ba ea Fapaneng Hoa Putsa!
Ho tseba sena ho lokela ho u tataisa ha u khetha liaparo. Ho feta moo, na tsela eo re aparang ka eona ha e bolele ho hong ka rōna—esita le ho re khetholla? Hona e bile ’nete lilemong tse likete tse fetileng ha Bibele e ne e ngoloa. Bukeng ea 2 Marena, re bala ka manģosa a mang a ileng a fana ka tlaleho ho morena Akazia oa Iseraele. A ile a pheta kamoo a kopaneng le monna ea ileng a a fa molaetsa o itseng. Morena o ile a botsa: “E be e le monna ea joang?” Ha a hlalosa liaparo tsa monna eo, kapele morena o ile a re, ‘Ke moprofeta Elia!’ O ile a tseba joang? Hobane Elia o ne a apara seaparo se khethehileng sa moprofeta. (2 Marena 1:5-8) Kajeno, ho tšoana le nakong eo, tsela eo re aparang ka eona e ka etsa hore batho ba re amahanye le sehlopha se itseng sa batho, esita le hoja e ka ’na eaba ha re etse seo ba se etsang kapa ha re lumele seo ba se lumelang. Ba bang ba ka ’na ba ba le tšekamelo ea ho nahana hore bonyane re utloela sehlopha sa batho ba aparang ka tsela eo bohloko.
Michael, ea qotsitsoeng ho Sports Illustrated, eo e kileng ea e-ba setho sa kenke, o re: “Lieta, baki le likatiba ke litšoantšo feela . . . nka tsamaea seterateng ’me ka khetholla setho sa kenke ka tsela eo se apereng ka eona feela.”
Joale, e ka ba booatla bo bokaakang hore mocha oa Mokreste a itlhophe, a apare, a tsamaee, a bue, kapa esita le ho latela mokhoa oa ho tsamaea o tloaelehileng oa litho tsa kenke ea seterata! Keletso ea Jesu ea ‘ho se be ba lefatše’ e ne e tla ba e sebetsang ka ho khetheha ntlheng ena. (Johanne 17:16) Ka sebele, litho tsa likenke hangata ha li be le bothata bo bokaalo ba ho khetholla bao e seng ba habo tsona. Michael o sa hopola: “Re bona moshemane ea tsamaeang a apere borikhoe bo botle, jesi e ntle, a roetse lieta tsa li-loafer. U ne u ke ke ua nkholisa hore ke setho sa kenke.”
Bernard, ea qotsitsoeng pejana, oa eketsa: “Hangata litho tsa likenke li na le tšekamelo ea ho apara liaparo tsa morao-rao.” Ka baka la sena, u lokela ho ba hlokolosi ’me u be seli pele u latela mekhoa ea moaparo le boitlhopho eo e ka ’nang eaba e tloaelehile sekolong kapa motseng oa heno empa e le e ka etsang hore u hlaseloe ke pefo ea kenke ka lebaka la ho tšoantšoa ka phoso. Ho apara liaparo tse itekanetseng ho ka ipaka e le tšireletso.—Bapisa le 1 Timothea 2:9.
Hape, u hlokomele mofuta oa puo le mantsoe ao u a sebelisang. Haeba u leka ho paka hore u khema le linako ka ho sebelisa mantsoe a setsotsi ao ka tloaelo a sebelisoang ke litho tsa kenke, ho ka etsahala hore u ipitsetse tlhokomelo ea litho tsa kenke. Qoba ho leka ho iponahatsa u le motho ea matla le ea sebete. Hopola: “Ntja e phelang e molemo ho feta tau e shoeleng.”—Moeklesia 9:4, BPN.
Tšireletso e ’ngoe ke ho qoba ho ba “motsoalle oa lefatše” ha ho tluoa tabeng ea ho khetha metsoalle. (Jakobo 4:4) U ka ’na ua nahana hore ho ba le metsoalle e ’maloa “e matla le e tšosang” ho ka u tsoela molemo. Empa ha Bernard a bua ho tsoa phihlelong ea hae ea ho ba setho sa kenke, o re: “Haeba u e-na le metsoalle eo e leng litho tsa kenke, ho ka etsahala hore u tla hatelloa hore u be setho sa kenke eo.” Esita le boiteko ba ho leka ho tataisa litho tsa kenke tseleng ea bophelo bo lokela ho etsoa ka hloko e khōlō.—Mattheu 28:19, 20.
E, mokhoa o molemo ka ho fetisisa oa ho itšireletsa e ka ba ho ba le botumo bo botle joaloka Mokreste ea behang mohlala o motle. Ke ’nete hore ka lebaka la hore ha u sa ‘mathela hammoho le bona khaphatsehong eo ea bohlola, ba u nyefola ke hona.’ (1 Petrose 4:4) Empa ba ka ’na ba boela ba u hlompha ka lekhonono. ’Me mohlomong ba tla u nka u le ea ke keng a fetoha setho sa kenke.
Ho Qoba Kotsi
Ho sa tsotellehe hoo, hase ka mehla botumo bo botle bo lekaneng ho u qobisa kotsi. Liproverbia 27:12 e fana ka keletso ena e molemo: “Motho ea pelo-keletsi o bonela kotsi pele, ’me oa itšireletsa; maoatla a feta feela, ’me a hlaheloa ke tsietsi.” Keletso ena e utloahalang e hatella tlhokahalo ea ho lemoha le ho falimeha ha re tobane le maemo a ka ’nang a ba kotsi. Ka mohlala, haeba re mengoa hore re ee sebakeng se itseng kapa moketeng o itseng, ipotse, Ke bo-mang ba tla ba teng moo? Na ke sebaka se tsebahalang seo kenke e emang ho sona?
E mong eo e neng e le setho sa kenke o fana ka keletso e tšoanang: “Qoba libaka tseo likenke li emang ho tsona. Nka tsela e ’ngoe haeba ho khoneha.” E, qoba ho tsamaea libakeng tseo ho tsebahalang hore ha lia sireletseha ho sa hlokahale. ’Me haeba pefo e qaleha, u se ke ua lumella ho rata litaba hore ho u ise polaong. Liproverbia 17:14 e re: “Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, khang ha e e-so ho hotele, u e tlohele.”
Empa a re re mohlomong ho sa tsotellehe boiteko bohle ba hao ba ho leka ho qoba khathatso, u teana le batho ba batlang hore u be setho sa kenke ea bona. Ka tsela e khutsitseng ba bolelle hore u ke ke ua ba e mong oa bona. Hangata bacha bao e leng Lipaki tsa Jehova ba eketsa ka ho bolela hore ba sebelisa nako ea bona le matla bakeng sa tšebeletso ea Bokreste. Ho sa tsotellehe hore na u re’ng, qoba ho hloka tlhompho kapa ho bontša bora. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae ho Mattheu 10:16 hore: “Le be bohlale joale ka linoha, ’me le be ba se nang mano joale ka maebana-khoroana.” Hape, boitšoaro ba hao, moaparo, le boitlhopho, li lokela ho lumellana le boemo boo u bo nkileng.
Leha ho le joalo, hlokomela hore, esita le boipaballo bo thata-thata bo ke ke ba tiisa hore u tla sireletseha ka ho felletseng. (Moeklesia 9:11) Empa ka boiteko bo utloahalang, ho ka etsahala hore u qobe ho hlaseloa ke pefo ea kenke.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona sehlooho “Na ke Lokela ho Kena Kenkeng?” se hlahileng tokollong ea Tsoha! June 8, 1991.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Baleha libakeng tseo ho nang le pefo ho tsona. U se ke ua lumella hore ho rata litaba ho u ise polaong