Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 7/8 maq. 23-27
  • Ho Ikhopotsa Liketsahalo—ka ho Toboketsa Konopo Feela!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ikhopotsa Liketsahalo—ka ho Toboketsa Konopo Feela!
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • K’hemera e Sebetsa Joang?
  • U tla Khetha Filimi Efe?
  • Kamoo U ka Etsang Foto e Ntle
  • Litšoantšo tsa Bohlokoa
  • Kamoo ho Nka Lifoto ho Qalileng
    Tsoha!—2006
  • Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rona Boboleling ka ho Paka re Sebelisa K’hamera Kapa Intercom
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Ho Etsa Filimi ka se Ngotsoeng
    Tsoha!—2005
  • Leihlo—“Setho se Honoheloang ke Baetsi ba Mochine oa Computer”
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 7/8 maq. 23-27

Ho Ikhopotsa Liketsahalo—ka ho Toboketsa Konopo Feela!

U potlakela lebenkeleng leo ho hlatsuoang lifoto ho lona ho ea lokolla lifoto tse ntle tseo u ileng ua li nka lekhetlong la ho qetela ha u ne u ile phomolong. Empa li khathatsa matla hakakang! Lifoto tse ling li lerootho ’me tse ling ha lia hlaka. U bua u ferekane: ‘Ke phoso ea k’hemera! ’ Empa na kannete ke phoso ea k’hemera? Kapa ke phoso ea motho ea nkang litšoantšo?

LECHATO la hao, libaka tse hlollang tseo u ileng ua li etela, metsoalle e falletseng, nkhono le ntate-moholo le beng ka uena ba bang, ha ngoana oa hao a qala ho tlosa leoto—liketsahalo tsena tsohle li ka bolokoa filiming ka ho toboketsa konopo feela. Leha ho le joalo, ke ho khathatsang matla hakakang ha lifoto tsa hao li sa tsoa hantle—kapa li sa tsoa ho hang! Che, mohlomong k’hemera e ncha hase eona karabo. Senotlolo sa katleho ke ho tseba melao-motheo ea ho nka litšoantšo.

K’hemera e Sebetsa Joang?

Ka bokhutšoanyane, k’hemera ke lebokose le sa keneleng khanya le nang le “leihlo,” e leng lense eo khanya e kenang ka eona ’me e lebisoa filiming bakeng sa ho etsa setšoantšo. Karolo e ka holimo ea filimi e na le lik’hemik’hale tse sebelisang khanya tse tlamehang ho amohela khanya e lekaneng hore li tle li fumane mahlaseli a khanya eo hantle. Khanya e ngata haholo e tla etsa hore lifoto tsa hao li se hlake hantle. Khanya e fokolang haholo e tla etsa hore lifoto tsa hao li be lerootho.

Ha u nka foto, shutter ea k’hemera ea buleha bakeng sa motsotsoana, ho lumella nako ea ho etsa setšoantšo filiming. Kahoo tsela e ’ngoe ea ho laola khanya e lebisoang filiming ke ho laola shutter hore e lule e bulehile ka nako e telele hakae. Khanyeng e tloaelehileng ea motšehare foto e tloaelehileng e ka nkuoa ka lebelo la ho buleha ha shutter la metsotsoana e 1/125. Lik’hemera tse ngata li na le letoto la mabelo a fapaneng a shutter empa ka kakaretso, u lokela ho sebelisa lebelo la shutter le leholo ka hohle kamoo tekanyetso ea khanya e ka lumellang ka teng. Ha shutter e bulehile ka nako e telele haholoanyane, foto ea hao e ka ba lerootho ka baka la ho sisinyeha ha k’hemera. Maemong a thata sena se ka thibeloa ka ho beha k’hemera holim’a setšehetso sa eona se maoto a mararo le ho bula shutter ka mohala kapa timer ea k’hemera.

Tsela e ’ngoe ea ho laola khanya e lebisoang filiming ke ho lokisa boholo ba boahlamo ba lense (boo hape bo bitsoang f-stop). Sena se ka bapisoa le ho tona mahlo kapa ho a koala hanyenyane. Sena se laola khanya e kenang. Lilense tse ngata li na le linomoro tsa boahlamo tse sa tšoaneng kapa li-f-stop tseo u ka ikhethelang ho tsona. Ha boahlamo ba lense bo le boholoanyane, khanya e kenang e ba e ngata haholoanyane ’me filimi e amohela khanya e ngata haholoanyane. Ho hong ho ferekanyang bo-maithutoane ke hore, linomoro tsa boahlamo ba lense li fapana le boahlamo ba eona. Ka mohlala, f-2.8 ke boahlamo bo boholo ba lense; f-32 ke boahlamo bo bonyenyane. Hona joale lik’hemera tse ngata li tla li na le litšobotsi tse itšebetsang tse kang ho tseba ho laola khanya e kenang hammoho le li-light meter tse hahelletsoeng ka hare tse u bolellang hantle hore na u etse liphetoho kae. U se u etselitsoe liphetoho tsohle ho lik’hemera tse ling tse itšebetsang. Lik’hemera tse joalo li tla tseba ho u lokisetsa bohōle ba sebaka hore u tsebe ho nka setšoantšo!

U tla Khetha Filimi Efe?

Joaloka lik’hemera, ho na le mefuta e mengata e ntseng e fetoha ea lifilimi. Ho sebelisoa filimi ea ’mala ea negative bakeng sa ho etsa lifoto tsa ’mala. Ho bonolo ho aba litšoantšo tsena le ho li hlatsoa kapa ho li hōlisa ka theko e tlaase. Molemo o mong ke oa hore ka baka la matla a filimi ena a maholo a ho amohela khanya, esita le negative e amohetseng khanya e fokolang e tla ntša foto e ntle. Ho sebelisoa lifilimi tse fetolang ’mala bakeng sa ho etsa li-slide. Leha ho le joalo, hore u tsebe ho thabela lifilimi tsena u tla tlameha hore u boele u reke projector le screen. Li-slide li hloka ho hongata ’me li hloka hore khanya e lebisoe lifiliming ka tsela e nepahetseng. Leha ho le joalo, u ka fumana lifoto tse ntle ka tsona.

Lifilimi li fapana ka lebelo la tsona (kamoo li sebelisang khanya ka teng) ’me li khetholloa ka linomoro tsa ISO kapa ASA.a Tse ling ke tsa lebelo le tlaase la ISO 25 ’me tse ling ke tsa lebelo le phahameng la ISO 3200. Filimi e molemo e ntle e phethang morero o akaretsang e ne e tla ba ISO 100 Daylight, kaha filimi ena e nang le lebelo le bohareng e sebetsa hantle bakeng sa lifoto tse tloaelehileng tse ka nkoang motšehare. Filimi e lebelo haholoanyane ea ISO 400 e sebetsa hantle maemong ao ho nang le khanya e fokolang, joaloka mantsiboea, ha maru a thibile kapa ka tlung. Leha ho le joalo, e le molao o akaretsang, ha filimi e le ea lebelo le tlaasana e tla hlahisa foto e bontšang litšobotsi tse hlakileng haholoanyane. Filimi e lebelo haholo e atisa ho hlahisa mathebanyana ha lifoto li hōlisoa.

Haeba k’hemera e na le sesebelisoa se laolang lebelo la filimi, ke habohlokoa haholo hore u se behe nomorong e nepahetseng ea ISO kapa ASA. Joale ho latela ntlha ea bohlokoa:

Kamoo U ka Etsang Foto e Ntle

Bo-maithutoane ba bangata ba nka lifoto. Bona ba inkela litšoantšo feela. Motho ea nkang litšoantšo ea nang le phihlelo o ipha nako le ho nahana esale pele ’me o etsa foto. O hlophisa lintho tseo a batlang hore li hlahe setšoantšong. Ho beha ntho eo u e nkang setšoantšo kapa e thahasellisang hantle ho bitsoa tlhophiso. Che, ho beha ntho eo u batlang ho e nka setšoantšo bohareng e hlile hase tsela e molemo ka mehla. Hlokomela kamoo motho kapa ntho eo u batlang ho e nka setšoantšo e thahasellisang ka teng (leqepheng la 26) haeba u e tlosa hanyenyane feela bohareng ba foto joaloka mohlala o fanoeng mona—mohlomong ka hoo e ka bang karolo ea boraro ho tloha ka holimo kapa ka lehlakoreng la foto. Sena se bitsoa ho sebelisa molao oa ho arola setšoantšo likarolo tse tharo.

Hape ke habohlokoa ho khetholla ntho eo u e nkang foto ho sebaka se ka morao. Sebaka se ka morao se nang le lintho tse ngata haholo kapa se phetheselang se ka tlosa tlhokomelo ea motho ea shebileng setšoantšo nthong e neng e hlile e nkoa setšoantšo. Na ho na le lerako le nang le ’mala o khanyang kapa sebaka se hlakileng se se nang letho se ka sebelisoang bakeng sa ho nkela batho lifoto? Haeba sebaka se ka morao se setle se sa fumanoe, eketsa boahlamo ba lense haholoanyane (nomoro e tlaasana ea f-stop). Sena se tla etsa hore ntho eo u e nkang foto e bonahale hantle empa sebaka se ka morao se tla ba lerootho.—Bona mohlala leqepheng la 24.

Ho tiisa hore filimi e amohela khanya e lekaneng, u ka boela ua nka lifoto tse eketsehileng tse peli ka lebelo la shutter le itseng kapa ka boahlamo ba lense bo boholoanyane le bo bonyenyane. Sena se bolela hore haeba u nka foto ka boahlamo ba lense ba f-8 le lebelo la shutter la metsotsoana e 1/125, u ka boela ua nka foto ka f-5.6 le f-11 ka lebelo le tšoanang. Ka tsela ena, u lumella filimi ho amohela khanya ka tekanyo e fapa-fapaneng maemong a hlokang khanya e eketsehileng. Ka lehlakoreng le leng, haeba u lakatsa hore sebaka se bonahalang lenseng se hlahe kaofela, nka litšoantšo tse ling ka ho eketsa kapa ho fokotsa lebelo la shutter (metsotsoana e 1/60, 1/125, le e 1/250) ’me u tlohele boahlamo ba lense boemong bo tšoanang.

Khanya ke ea bohlokoa. Haeba ho ka etsahala hore sebaka se ka morao se khanya haholo kapa khanya e matla sebakeng se ka morao ho ntho eo u e nkang foto (lehloa, leoatle le phatsimang kapa lebōpo la leoatle), sena se ka ferekanya k’hemera ea hao ’me se etse hore litšoantšo li be lerootho ka baka la khanya e fokolang. Tharollo ke efe? Atamela haufi le ntho eo u e nkang foto, ’me u sebelise palo e nepahetseng ea khanya e kenang. Joale khutlela morao moo u neng u eme teng, ’me u nke foto ka boahlamo ba lense bo sa tšoaneng. Hangata batho ba nkang lifoto ba nang le phihlelo ba sebelisa “electronic flash” motšehare bakeng sa ho khantša ntho e nkuoang foto ka ho loketseng ha ho na le khanya ka mor’a eona kapa ha e le moriting.

Letsatsi le khanyang haholo (le chabetseng hantle ka mor’a motho eo) le ka hlahisa meriti e mebe tlas’a mahlo, nko le selelu. Haeba ho joalo, beha motho eo u mo nkang foto moriting kapa u sebelise fill-in flash. U ka boela ua etsa hore letsatsi le chabele motho eo ka ho tobileng ka morao kapa ka lehlakoreng bakeng sa ho etsa moritinyana kaha letsatsi le chabela moriring oa hae, ha feela khanya ea letsatsi e sa kene ka har’a lense ka ho tobileng.

Flash ea electronics le eona e na le mefokolo e itseng kaha li-flash tse ngata li khona ho khantša ho fihlela bohōleng ba limithara tse leshome feela. Kahoo, ho leka ho nka foto ka flash sethaleng sa litšoantšo (joaloka kopanong ea Bokreste) kapa sa mohaho o phahameng ka ho fetisisa toropong hoo e mpa e le ho qeta li-battery tsa hao. Flash e tobisitsoeng ho motho e atisa ho hlahisa meriti le lipha sefahlehong. Tharollo ke efe? Leka ho koahela flash ea hao (eseng lense) ka pampiri e bonolo kapa sakatuku hore u se hlahise matheba a totobetseng kapa u lebise khanya ea flash bosoeung ba siling. Sena se tla hloka hore u fetole nako e hlokahalang bakeng sa hore filimi e amohele khanya. U ka beha ntho eo u e nkang foto sebakeng se ka morao se lefifi hore ho se be le meriti.

Lifoto tsa batho bao mahlo a bona a hlahang a le mafubelu ke tšobotsi e ’ngoe ea ho nka lifoto ka flash, haholo-holo ka lik’hemera tse nang le flash e hahelletsoeng ka hare. Haeba u sa khone ho arohanya k’hemera ea hao le flash (joaloka ho sebelisa mounting bracket) etsa hore pele motho ea nkoang foto a talime khanyeng hore a se hlahe a tonne mahlo fotong. Kapa etsa hore a qobe ho talima lense ka mokhoa o tobileng.

Litšoantšo tsa Bohlokoa

Setšoantšo se setle se phetha ho fetang feela ho hlahisa litšobotsi tsa sefahleho sa motho. Se ka fana ka temoho ho botho ba motho le litšoaneleho tsa hae. Hore u tsebe ho nka litšoantšo tse ntle joalo, u tlameha ho ba le tsebo ea ho nka litšoantšo. Ka tsela ena u ka tsepamisa mohopolo ho motho eo u mo nkang foto, eseng ho lisebelisoa tsa hao.

Taba ea pele, etsa hore motho eo u mo nkang foto a lokolohe. Sebelisa lense e telele hore u tsebe ho nka foto e tla mo hlahisa a le haufi ka ntle le ho atametsa k’hemera eo e mo tšosang. ’Mino o loketseng ke o khathollang. Ho qoqa ke tsela e ’ngoe ea ho thusa motho eo u mo nkang foto ho lebala ka k’hemera ’me a finyelle ponahalo ea tlhaho. Sebelisa lipotso tse tla etsa hore a bue ka bolokolohi le ho hlahisa maikutlo ao u batlang ho a hlahisa fotong. Ha u nka bana lifoto, etsa hore hoo e be papali kapa u ba qoqele pale. Ba lumelle hore ba lokolohe le ho bapala. Lintho tse sebelisoang ho bōpa boemo ba sebele li ka thusa motho eo u mo nkang foto hore a phutholohe. Kahoo nka sebini hammoho le seletsa sa sona kapa motho ea sebetsang a ntse a tšoere lintho tseo a sebetsang ka tsona.

Foto ea sehlopha sa batho ha e bolele hore kaofela ha bona ba lokela ho etsa mokoloko. Ba nehe setulo se le seng kapa tse peli ’me u ba hlophise hore ba potolohe setulo seo, mohlomong ba lule ka mokhoa oa sebōpeho sa lebokose le nang le likhutlo tse tharo. Ha ho hlokahale hore motho e mong le e mong a bososele. Joale talima pono eo ka kelo-hloko pele u toboketsa konopo. Na liaparo le moriri li lokisitsoe hantle? Na ho na le lintho tse sitisang sebakeng se ka morao? Na k’hemera e boemong bo tla ntša lifoto tse ntle ka ho fetisisa? (K’hemera e behiloeng tlasenyana ho sefahleho e ka khutsufatsa nko e telele kapa e ka etsa hore moriri o mokhutšoanyane o entseng lefatla o se bonahale haholo.) Joale tsoela pele ’me u nke lifoto tse ngata, ’me ha filimi e se e hlatsoitsoe, u khethe foto e ntle ka ho fetisisa.

Ka boiteko bo bonyenyane—le koetliso—k’hemera ea hao e ka u tlisetsa thabo e khōlō le ho u thusa ho boloka liketsahalo tseo u li ratang, liketsahalo tse bolokiloeng ka ho toboketsa konopo ea k’hemera ea hao ka bohlale!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a ISO ke khutsufatso ea International Standards Organization; ASA ke khutsufatso ea American Standards Association. Likarolong tse ling tsa Europe, DIN (Deutsche Industrie Norm) le eona ea sebelisoa. Filimi e ngotsoeng ISO 100/21 ke ASA 100, kapa 21 DIN.

[Lebokose le leqepheng la 26]

Litsela tse Ling tsa ho Qoba Lifoto tse sa Khahliseng

1. Bala le ho latela litaelo tsa k’hemera ka hloko.

2. Etsa bonnete ba hore u khethile tekanyo e nepahetseng ea lebelo la filimi.

3. Etsa bonnete ba hore lense le flash ha li koaheloe ke menoana ea hao kapa sekoahelo sa lense.

4. Hlopha le ho lekanyetsa lintho tseo u li batlang fotong ea hao ka ho fetola boemo kapa ho sebelisa lense e telele.

5. Tšoara k’hemera ka mokhoa o tsitsitseng ’me u toboketse konopo.

[Litšoantšo tse leqepheng la 24]

Boahlamo bo boholoanyane ba lense (“f-stop” e tlaasana) bo khetholla palesa linthong tse sebakeng se ka mor’a eona; boahlamo bo bonyenyane ba lense bo bontša motho kapa ntho e nkoang foto le batho kapa lintho tse ka mor’a eona

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

“Fill-in flash” e tlosa liriti fotong e ka holimo

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ka ho sebelisa mokhoa o le mong, “molao oa ho arola setšoantšo likarolo tse tharo,” ntho kapa motho ea nkuoang foto o suthisetsoa thōkoana le bohare ba foto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela